Pono ea Bibele
Na Molimo o Hohle?
KE KA nepo Molimo a hlalosoang e le ea matla ’ohle le ea bohlale bohle—ea tsebang tsohle. Leha ho le joalo, ha ba leka ho hlalosa boholo ba hae ka tsela e tsoelang pele, ba bang ba bolela hore Molimo o boetse o teng hohle ka nako e le ’ngoe.
Mantsoe a pele a mabeli a tšehetsoa ke lithuto tsa Mangolo ka ho hlakileng. (Genese 17:1; Baheberu 4:13; Tšenolo 11:17) Efela e le ’nete hore Molimo o matla ’ohle hape o na le bohlale bohle ka kutloisiso ea hore ha ho letho leo a ka le pateloang. Empa na Molimo o teng hohle kapa o na le sebaka se khethehileng seo a lulang ho sona?
Molimo o Hokae?
Litemaneng tse ’maloa tsa Bibele, ho buuoa ka “maholimong” e le ‘sebaka sa Molimo se tiisitsoeng sa bolulo.’ (1 Marena 8:39, 43, 49; 2 Likronike 6:33, 39) Leha ho le joalo, tlaleho e ’ngoe ea Bibele e hlalosa boholo ba Jehova Molimo ka mantsoe a latelang: “Na kannete Molimo o tla lula lefatšeng le moloko oa batho? Bona! Leholimo, e, leholimo la maholimo, le ke ke la u lekana.”—2 Likronike 6:18.
Bibele e re: “Molimo ke Moea.” (Johanne 4:24) Ka hona, o lula sebakeng sa moea se arohileng ka ho feletseng le sepakapaka. Ha Bibele e bua ka “maholimong” e le sebaka seo Molimo a lulang ho sona, e bua ka bophahamo ba sebaka seo a lulang ho sona ha se bapisoa le tikoloho ea lefatšeng eo rōna re lulang ho eona. Habohlokoa le ho feta, Bibele e ruta hore lehae la Molimo, ka sebele le fapane ka ho feletseng le bokahohle ba rōna empa ka nako e tšoanang ke sebaka se itseng ka ho khetheha.—Jobo 2:1, 2.
Molimo ke Motho
Jesu o ile a bua ka sebaka seo Jehova a lulang ho sona ha a ne a re ho barutuoa ba hae: “Ka tlung ea Ntate ho na le libaka tse ngata tsa bolulo. . . . Ke il’o le lokisetsa sebaka.” (Johanne 14:2) Jesu o ile a ea hokae? Qetellong, o ile a “kena . . . leholimong, joale ho hlaha ka pel’a Molimo bakeng sa rōna.” (Baheberu 9:24) Tlaleho ena e re ruta lintlha tse peli tsa bohlokoa ka Jehova Molimo. Ea pele, o na le sebaka sa sebele seo a lulang ho sona, ea bobeli, ke motho, eseng matla feela a sa hlaloseheng a lulang hohle.
Ke ka lebaka leo Jesu a ileng a ruta balateli ba hae ho rapela ka tsela ena: “Ntat’a rōna ea maholimong,” ba lebisa lithapelo tsa bona ho motho, Jehova, ea leng sebakeng se itseng, e leng maholimong a moea. (Matheu 6:9; 12:50) Thuto ena e ne e lumellana le tsela eo batho ba Molimo ba rutiloeng ho rapela ka eona lilemong tse fetang 1 500 tse fetileng. Mangolo a khale-khale a bululetsoeng ke Molimo a na le thapelo e latelang: “Talima tlaase u le sebakeng sa hao se halalelang sa bolulo, maholimong, ’me u hlohonolofatse sechaba sa hao.”—Deuteronoma 26:15.
Moea o Halalelang oa Molimo o Fihlang Hohle
Le hoja kamehla Bibele e bua ka Molimo e le ea nang le sebaka se khethehileng seo a lulang ho sona, hangata e bua ka moea o halalelang joalokaha eka o hohle. Mopesaleme Davida o ile a botsa: “Nka ea hokae ho tloha moeeng oa hao, nka balehela hokae ho tloha sefahlehong sa hao?” (Pesaleme ea 139:7) Ba bang ba ’nile ba ferekanngoa ke lipolelo tse joalo ’me ba ka ’na ba etsa qeto ea hore Molimo o hohle. Empa, ha u nahana ka moelelo oa temana ena le tse ling, hoa hlaka hore moea o halalelang oa Jehova—kapa matla a sebetsang—o ka atolosoa ho tloha sebakeng se itseng ho ea sebakeng leha e le sefe bokahohleng boo re bo bonang.
Joalokaha letsoho la ntate le otlolohela ho tšelisa le ho tšehetsa bana ba hae, letsoho la Jehova—kapa moea o halalelang—le ka otlolohela karolong leha e le efe ea sebaka sa moea kapa bokahohleng ba rōna ho phethahatsa morero oa hae. Kahoo, mopesaleme o ne a ka re: “Haeba ke nka mapheo a mafube, e le hore nka lula leoatleng le hōle ka ho fetisisa, le moo, letsoho la hao le ne le tla ntsamaisa, letsoho la hao le letona le ne le tla ntšoara.”—Pesaleme ea 139:9, 10.
U ka ba Motsoalle oa Molimo
Ka boikokobetso le ka lerato Jehova Molimo o ile a lumella eena le sebaka seo a lulang ho sona hore ba hlalosoe ka tsela eo batho ba tla utloisisa ka eona hore na o lula hokae le hore na ke motho oa mofuta ofe. Ka tsela ena le tse ling, ho joalokaha eka “o inamela ho nyarela maholimong le lefatšeng.” (Pesaleme ea 113:6, Bibele ea Sesotho) Leha ho le joalo, seo Molimo a leng sona ka sebele se phahametse kutloisiso ea batho.
Jehova o khanya haholo, o moholo haholo, ebile o tsoteha haholo hore a ka hlalosoa ka botlalo ka mantsoe a batho. Ka hona ha Mangolo a bua ka lehae la hae la leholimo e le sebaka se itseng se khethehileng, ho utloisisa boholo ba lehae leo la moea ka ho feletseng ke ntho eo batho ba ke keng ba e utloisisa.—Pesaleme ea 139:6.
Ho ntse ho le joalo, ke ntho e tšelisang haholo ho ba le kutloisiso ea ’nete ea seo Jehova a leng sona, ho hlokomela hore hase matla a mang a sa hlaloseheng, ao e seng motho a phunyelletsang ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bokahohleng. Ho e-na le hoo, ke motho, ea nang le sebaka se khethehileng seo a lulang ho sona le botho bo tobileng bo khetholloang ka lerato le bonolo. Tsebo e joalo e bulela batho leha e le bafe monyetla o moholo ka ho fetisisa—monyetla oa ho ba le botsoalle bo sa feleng le ’Musi ea Matla ’Ohle oa bokahohle.—Jakobo 4:8.