Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 2/1 leq. 5
  • Na Molimo ke Motho oa Sebele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo ke Motho oa Sebele?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Molimo o Hohle?
    Tsoha!—2005
  • Kamoo Re Ka Tsebang Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Molimo ke Mang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Na Moea o Halalelang ke Motho?
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 2/1 leq. 5

Na Molimo ke Motho oa Sebele?

Batho ba tloaetse ho araba tjena:

◼ “Molimo o hohle, o nthong e ’ngoe le e ’ngoe. Molimo ke moea.”

◼ “Molimo ke bohlale le matla a sa hlaloseheng.”

Jesu o itse’ng?

◼ “Ka tlung ea Ntate ho na le libaka tse ngata tsa bolulo.” (Johanne 14:2) Jesu o ile a bua joalokaha eka Molimo o na le ntlo kapa moo a lulang teng.

◼ “Ke tsoile ho Ntate ’me ke tlile lefatšeng. Ho ekelletsa moo, ke tloha lefatšeng ’me ke ea ho Ntate.” (Johanne 16:28) Jesu o ne a lumela hore Molimo ke Motho oa sebele ea lulang sebakeng se itseng.

HA HO mohla Jesu a ileng a bua ka Molimo e le matla a sa hlaloseheng. Ho fapana le moo, o ne a bua le Molimo a bile a mo rapela. Hangata o ne a bitsa Jehova Ntate oa hae oa leholimo, e leng mantsoe a neng a bontša hore o na le kamano e matla le Molimo.—Johanne 8:19, 38, 54.

Ke ’nete hore “ha ho motho ea boneng Molimo ka nako leha e le efe” le hore “Molimo ke Moea.” (Johanne 1:18; 4:24) Empa seo ha se bolele hore ha a na ’mele kapa sona sebōpeho. Bibele e re: “Haeba ho na le ’mele oa nama, ho boetse ho na le oa moea.” (1 Bakorinthe 15:44) Kahoo, na Jehova o na le ’mele oa moea?

E, o na le oona. Ha Jesu a tsosoa, o ile “a kena . . . leholimong, joale ho hlaha ka pel’a Molimo bakeng sa rōna.” (Baheberu 9:24) Sena se re ruta lintlha tse peli tsa bohlokoa ka Molimo. Ea pele, ke ho re ho na le moo a lulang teng. Ea bobeli, ke hore ke Motho, eseng feela matla a sa hlaloseheng a lulang hohle.

Joale, Molimo a ka ba le matla a ho laola lintho hohle joang? Molimo a ka romela moea oa hae o halalelang, kapa matla a sebetsang kae kapa kae bokahohleng. Molimo o sebelisa moea oa hae o halalelang ho finyella morero oa hae joalokaha ntate a tšelisa bana ba hae le ho ba tšehetsa ka hore a ba tšoare ka letsoho.—Pesaleme ea 104:30; 139:7.

Kaha Molimo ke Motho, o na le botho bo mo khethollang ka lintho tseo a li ratang le tseo a sa li rateng. Bibele e re bolella hore o rata batho ba hae, o thabela mesebetsi ea hae, o hloile borapeli ba litšoantšo ebile bokhopo bo mo utloisa bohloko. (Genese 6:6; Deuteronoma 16:22; 1 Marena 10:9; Pesaleme ea 104:31) Ho 1 Timothea 1:11, o bitsoa “Molimo ea thabileng.” Hase feela Jesu a ileng a re re ka ithuta ho rata Molimo enoa ka pelo eohle!—Mareka 12:30.a

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le taba ena, sheba khaolo ea 1 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

Molimo o sebelisa moea oa hae o halalelang ho finyella morero oa hae joalokaha ntate a tšelisa bana ba hae le ho ba tšehetsa ka hore a ba tšoare ka letsoho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela