Kamoo Re Ka Tsebang Molimo
BATHO ba bang ba lumela hore Molimo o hohle, o teng linaleling le linaletsaneng, mookoling, ka hare ho lepheo la nonyana, ka hare ho lekala la joang. Leha ho le joalo, Bibele e ruta hore Molimo, joaloka Motho, o na le tulo e khethehileng. Thapelong ho Molimo Morena Salomone ea bohlale o itse: “U mamele . . . u le maholimong, tulong tsa hao.” ’Me bukeng ea Bibele ea Esaia, Molimo ka booona o qotsoa o re: “Leholimo ke terone ea ka.”—1 Marena 8:49; Esaia 66:1.
Le hoja Molimo ka booona o le sieo ka har’a pōpo ea oona, litšobotsi tsa botho ba oona lia bonahatsoa ho eona. Ho Ba-Roma 1:20, TLP, moapostola Pauluse o itse: “Ho tloha tlholehong ea lefatše, tse sa bonoeng tsa hae, ke ho re matla a hae a sa feleng le bomolimo ba hae, haesale li bonoa hantle, ’me li utloisisoa ka tse entsoeng ke eena.” Mopesaleme Davida ka ho tšoanang o ngotse: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo, ’me sebaka sa leholimo se bonahatsa mosebetsi oa liatla tsa oona. Letsatsi le ho pakela letsatsi le leng, bosiu bo ho tsebisa bosiu bo bong.”—Pesaleme ea 19:1, 2.
E, ak’u talime kantle leholimo le tletseng linaleli bosiu ’me u nahane ka motsotsoana ka bohlale bo boholo le matla tse ileng tsa hlokahala ho bōpa le ho hlokomela bokahohle ba rōna! (Bapisa Esaia 40:26.) Ka sebele, pōpo ke mohloli o sa feleng oa boitsebiso mabapi le botho ba Molimo. ’Me ha ho mohla motho a ka utloisisang ka ho feletseng bopaki bo boholo boo e fanang ka bona mabapi le litšoaneleho le litšobotsi tsa Molimo. Buka ea Jobo ea re hopotsa: “Bonang, tseo ke bokantle ba litsela tsa oona; ka litsebe tsa rōna re utloa oeoetso e nyenyane ea tsona.” (Jobo 26:13, 14) Ho na le polelo ea khale ea Sesweden e reng: ‘Moetsi o moholo ho mesebetsi ea hae.’ Ka baka leo, haeba pōpo e khōlō, Molimo o tlameha ho ba moholo le ho feta; haeba pōpo e bontša bohlale, Molimo o tlameha ho ba bohlale le ho feta; haeba pōpo e bontša matla, Molimo o tlameha ho ba matla le ho feta!
Bibele—Buka ea Molimo
Kahoo pōpo e fana ka boitsebiso bo boholo ka Molimo. Leha ho le joalo, na boithuto ba pōpo bo ka u bolella lebitso la Molimo? Na bo ka u senolela hore na morero oa pōpo ke ofe kapa hore na ke hobane’ng ha o lumelletse bokhopo? Likarabelo lipotsong tse joalo li hloka ho fetang feela boithuto ba mesebetsi e bonahalang ea Molimo. Ka lehlohonolo, Molimo o hlokometse hore boitsebiso bo joalo ka oona boa hlakisoa ka Bibeleng.
Mono ha ho mohla Molimo o hlalosoang e le bohlale bo ke keng ba hlalosoa, bo se nang boikutlo kapa tšusumetso kapa matla a teng hohle. Ho Liketso 3:19, NW, re bala ka “Jehova ka boeena.” Ha Mora oa hae, Jesu Kreste, a tsosoa bafung, Bibele e re o kene leholimong la sebele ho hlaha ka pel’a “sefahleho sa Molimo.” (Ba-Heberu 9:24) Ka sebele, ha ho mohla Jesu a kileng a bitsa Molimo Matla a Maholo, Bohlale bo ke keng ba Lekanngoa, kapa a ’mitsa ntho leha e le efe e se nang boikutlo ha a ne a bua ka oona kapa o mo rapela. Ho fapana le hoo, kamehla o ne a ’mitsa Ntate ea maholimong, lentsoe le senolang kamano ea hae e tebileng le Molimo.—Mattheu 5:48; 6:14, 26, 32.
Ka hona Molimo hase “ntho e ’ngoe” e se nang lebitso, empa ke Motho ea nang le lebitso. Pesaleme ea 83:18 e re: “Ba tle ba tsebe hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, u rena u ’notši lefatšeng lohle.” Ke ’nete hore Bibele e boetse e sebelisa litlotla kapa mantsoe a hlalosang bakeng sa Molimo: “Ea matla ’ohle,” “Morena ea se nang ho fela,” “’Moloki,” “Molisa,” “Moholo oa matsatsi,” “Molebeli,” “Moruti e Moholo,” “’Mōpi,” “Lefika.” (Ruthe 1:20; 1 Timothea 1:17; Esaia 43:11; Pesaleme ea 23:1; Daniele 7:9, 13, 22; 1 Petrose 2:25; Esaia 30:20, NW; Deuteronoma 32:4) Leha ho le joalo, mantsoe a joalo, a senola ka ho eketsehileng mahlakore a mang a botho ba Molimo, joaloka ho ba ha hae ea matla ’ohle, ho tsotella batho ba oona ho lerato, le bohlale ba hae bo ke keng ba lekanngoa.
Kaha Molimo ke Motho, o boetse o na le lintho tseo o li ratang le tseo o sa li rateng—ha esita le maikutlo. Bibele e re bolella hore o rata batho ba oona (1 Marena 10:9), kamoo o ithabelang mesebetsing ea oona (Pesaleme ea 104:31), kamoo o hloileng borapeli ba litšoantšo (Deuteronoma 16:22), le kamoo o utloang bohloko ka baka la bokhopo. (Genese 6:6) Ho 1 Timothea 1:11, NW, o bile o bitsoa “Molimo o thabileng.”
Ho Tseba Molimo Haufi-ufi
Ka ’nete, ha ho kelello ea motho e khōlō ho lekana ho utloisisa tšenolo eohle ea botho ba Molimo. “A boliba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa oona ha li hlalohanngoe hakakang! Litsela tsa oona ha li na ho fihleloa hakakang! Hobane ke mang ea tsebileng khopolo ea Morena, kapa ke mang e bileng moeletsi oa hae?” (Ba-Roma 11:33, 34) Leha ho le joalo, ho motho ea nang le tumelo, Molimo e ka ba oa sebele joaloka motho leha e le ofe. Bibele e re bolella hore “Noe o ne a tsamaea le Molimo,” joaloka hoja Jehova a ne a le lehlakoreng la hae. (Genese 6:9) Ka ho tšoanang, Molimo e ne e le oa sebele ho Moshe hoo e neng e ka o “bona ea sa bonoeng.” (Ba-Heberu 11:27) ’Me Abrahama a bitsoa “motsoalle oa Molimo.”—Jakobo 2:23.
Ha e le hantle, Molimo o ile oa itlhahisa ka booona ho Noe, Abrahama, le Moshe. Ba bang ba ka ’na ba re, ‘E, haeba Molimo o ne o ka itlhahisa ho ’na ka tsela ea botho joalo, e ne e tla ba oa sebele le ho ’na.’ Leha ho le joalo, hopola hore Noe, Abrahama le Moshe ba ne ba se na Bibele. Ba ne ba sa tsebe ka Jesu Kreste leha e le ka boprofeta bo bongata boo a bo phethahalitseng. Ka baka leo, sohle seo Jesu Kreste a se senotseng ka Molimo ba ne ba sa se tsebe. Tlas’a maemo a joalo, ho ne ho hlokahala ho bile ho loketse hore Molimo o itšenole ka mokhoa o tobileng joalo.
Leha ho le joalo, kajeno re na le Bibele le liketsahalo tsa ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ka makholo-kholo a lilemo. Re na le litlaleho tsa Molaetsa tsa bophelo, mesebetsi, le mantsoe tsa Jesu Kreste. ’Me Pauluse o re: “Hobane botlalo kaofela ba bomolimo bo ahile ho eena [Kreste] ka ’mele.” (Ba-Kolosse 2:9) E, re boemong ba ho tseba Molimo ka katamelo e haufi-ufi e neng e ke ke ea etsahala mehleng ea bapatriareka. Na sekheo sa hore ha a itšenola ho rōna ka ho tobileng ha se koaloe ka mokhoa o moholohali?
Ho Bala Bibele ho Re Atametsa Haufi le Molimo
Ho Jakobo 4:8 rea bala: “Atamelang Molimo, ’me o tla le atamela.” Ka ho bala Bibele, re ka atamela haufi le Molimo. Empa joang? Ntlheng ea pele, ka ho bala karolo ea Bibele letsatsi ka leng, u ithuta litšobotsi tse ncha le litšoaneleho tsa botho ba oona. Ha u bala, nako le nako emisa ’me u ipotse: ‘Ke ithutile eng ka Molimo temaneng ee kapa karolong ee?’ Ho feta moo, u ka rapella moea oa Molimo hore o sebetse joaloka “Mothusi” kutloisisong le ho atameleng ha hao haufi le Molimo.—Johanne 14:26, TLP.
“Ke ananetse ho fumana kutloisiso e molemo ka Jehova joaloka motho,” ho boletse mosali e mong oa Mokreste ea ileng a bala Bibele ho tloha leqepheng la ho qala ho isa ho la ho qetela. E ne e le seithuti Sekolong sa Gileade sa Bibele sa Watchtower, se koetlisang baromuoa ba romelloang lefatšeng lohle. Ho sebelisoa mokhoa ofe oa ho ithuta Bibele sekolong see? E mong oa barupeli oa hlalosa: “Re ile ra qala kemiso ea ho ithuta Bibele eohle re le sehlopha. Re ne re nka maqephe a 10 ho isa ho a 15 ka letsatsi, ’me liithuti tsohle . . . li etsa lipatlisiso le ho nka karolo puisanong ea rōna. Ha re thulana le temana e thata, re ne re hlahloba (1) moelelo, (2) maemo ka nako eo e neng e ngoloa, le (3) se boleloang ke mantsoe a sehlooho temaneng eo. Nako le nako re ne re botsa, ‘temana ee e re bolella eng ka Jehova le litšoaneleho tsa hae?’ Kamehla re ne re fumana hore e re bolella ho hong ka eena.”
Le hoja mohlomong u ke ke ua ba le monyetla oa ho ithuta Bibele ka mokhoa o hlophisitsoeng sekolong sena, e meng ea mekhoa ena ea ho ithuta e ka ’na ea sebetsa hamolemo bakeng sa hao le lelapa la hao. Ka mohlala, ke tloaelo har’a Lipaki tsa Jehova ho ithuta likhaolo tse seng kae tsa Bibele beke ka ’ngoe ho lokisetsa liboka tsa tsona tsa phutheho. Ke hobane’ng ha le sa latele kemiso ee ea ho bala Bibele ’moho le lelapa? Ho feta moo, Mokhatlo oa Watch Tower o hatisa lithuso tsa ho etsa lipatlisiso, tse kang Aid to Bible Understanding le New World Translation Reference Bible, e ka u thusang ka likarolo tse thata tsa Bibele.a Kemiso ea ho bala Bibele kamehla e ka hōlisa kananelo ea hao ea botho ba Jehova haholo.
U ka ’na ua boela ua khetha karolo ea Bibele e nang le boipiletso bo khethehileng ho uena. Haeba, ka mohlala, u khetha ho ithuta litemana tse 17 ho Pesaleme ea 86, u tla fumana bonyane litšobotsi tse 15 ka botho ba Molimo: O molemo, oa tšoarela, o tletse mosa, o ithaopela ho arabela lithapelo, har’a melimo ha ho o lekanang le oona, oo ho seng letho le lekanang le mesebetsi ea oona, ke Morena ’Musi, ke moetsi e moholo oa limakatso, o lopolla moea nqalong ea bafu, o na le kutloelo bohloko, o mosa, o lieha ho halefa, o tletse botšepehi, oa thusa, oa tšelisa. Ke pakane efe e molemo eo u ka bang le eona ho feta ho leka ho ithuta ka ’Mōpi oa hao?
Melemo e Meholo ea ho Tseba Molimo
Ho finyella pakane ea rōna e ka sehloohong ea bophelo bo sa feleng ke o mong feela oa melemo ea ho tseba Molimo. (Johanne 17:3) Ho phaella moo, ho na le molemo oa ho ba le motsoalle ea u tsotellang le ea tiileng joaloka lefika letsatsi le leng le le leng. (Pesaleme ea 18:31) Ha Morena Davida a ikutloa a pota-potiloe ke lira ’me a sithabelitsoe ke mathata, o ne a fumana Molimo e le eena feela mothusi oa sebele ea fumanehang. Ka baka leo, a re: “Jarisa Jehova phahlo tsa hao, ’me o tla u tšehetsa; a ke ke a lumela hore ea lokileng a ’ne a sisinngoe.”—Pesaleme ea 55:22.
Le uena, u ka thabela kamano e joalo le Molimo, haeba feela u ipha nako ea ho mo tseba. Ha ho thata haholo. Etsa boiteko ba ho bala Lentsoe la oona. Kopanela ’moho le bao bophelo ba bona bo pakang hore ba tseba Molimo, ba kang ba u tliselitseng koranta ena. Bitsa ho Jehova ka thapelo. Hobane Molimo hase matla a itseng ao e seng a botho a se nang ho utloa mehoo ea hao. Ke Molimo o phelang le “ea utloang merapelo.” ’Me “ha u mo batla, u tla fumanoa ke uena.”—Pesaleme ea 65:2; 1 Likronike 28:9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Watch Tower Publications lndex 1930-1985 e ka u thusa ho fumana litlhaloso le lipuisano tsa likarolo tse joalo lithusong tsena tsa ho etsa lipatlisiso.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Molimo o ile oa itlhahisa ka booona ho Noe, Abrahama le Moshe
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Pōpo ke Mohloli o sa feleng oa boitsebiso ka botho ba Molimo