Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 4/8 maq. 3-4
  • Bacha ba Maqakabetsing

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bacha ba Maqakabetsing
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lithethefatsi—Ntho e Khoahlapang ’Mele ea Bacha
  • Boitšoaro bo Hlephileng ba Botona le Botšehali
  • Ba Tobana le Mathata Afe?
    Tsoha!—2009
  • Na ho Nyanyana Litho Tsa Botona Kapa Tsa Botšehali ke ho Etsa Thobalano?
    Bacha Baa Botsa
  • Bua le Bana ba Hao ka ho Kopanela Liphate
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lula U Ruta Bana ba Hao Melao e Nepahetseng ea Boitšoaro
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 4/8 maq. 3-4

Bacha ba Maqakabetsing

◼ United States, seithuti se lilemo li 15 se thunya liithuti-’moho le sona, se bolaea tse peli ’me se lematsa tse 13.

◼ Russia, sehlopha sa bacha ba tahiloeng se bolaea ngoanana ea lilemo li robong ka sehlōhō ’me se khakhatha ntat’ae le ngoan’a ngoan’abo ntat’ae.

◼ Brithani, moshemane ea lilemo li 17 o otla mocha e mong le ho mo hlaba ka thipa. O re ho mapolesa: “Qalong ke ne ke sa rera ho mo bolaea, empa eitse ha ke bona mali, eaba ha ke sa khaotsa.”

LIKETSAHALO tse tšosang joaloka tsena lia ata. Li ke ke tsa nkoa habobebe feela joalokaha eka ke lintho tse etsahalang seoelo. Sehlooho se seng sa Professional School Counseling se re: “Pefo ea bacha ke bothata bo boholo sechabeng sa rōna.” Lipalo-palo li tšehetsa polelo ena.

U.S. National Center for Education Statistics e bolela hore le hoja litlaleho tsa pefo likolong li ’nile tsa fokotseha naheng eo, “ka 2001 liithuti tse lipakeng tsa lilemo tse 12 le tse 18 e bile liphofu tsa litlōlo tsa molao tsa pefo kapa tsa bosholu sekolong tse ka bang limilione tse peli, le hoja ho se ea ileng a shoa.” Ho ’nile ha boela ha e-ba le keketseho ea litlaleho tsa bompoli sekolong.

Empa United States, hase pefo eohle e etsoang ke bacha e amang liithuti-’moho le bona. Setsi sona seo sea tlaleha: “Lilemong tse 5 ho tloha ka 1997 ho ea ho 2001, matichere e bile liphofu tsa litlōlo tsa molao sekolong tse ka bang limilione tse 1,3 le hoja ho se ea ileng a shoa, tse akarelletsang bosholu bo entsoeng ka makhetlo a 817 000 le liketso tse mabifi tse 473 000.” Ho feta moo, “matichere ’ohle a sekolo sa mathomo le a sekolo se bohareng a etsang liphesente tse 9 a ile a sokeloa ke liithuti ka hore li tla a ntša kotsi, ’me a etsang liphesente tse 4 a ile a hlaseloa ke liithuti.”

Boemo ke bofe linaheng tse ling? Mokhatlo o mong oa litaba o tlaleha hore “Chaena ho ile ha tšoaroa bacha ba litlokotsebe ba 69 780 ka 2003, e leng keketseho ea liphesente tse 12,7 ho feta ba ileng ba tšoaroa ka 2002.” Ntlha e ’ngoe e hlahileng litabeng e bontša hore “litlōlong tsa molao tse etsoang ke likenke liphesente tse 70 tsa tsona li etsoa ke bacha ba litlokotsebe.” Tlaleho e tsoang Japane ka 2003 ka ho tšoanang e ile ea bolela hore bacha baa ikarabella bakeng sa halofo ea litlōlo tsa molao tse entsoeng lilemong tse leshome tse fetileng.

Lithethefatsi—Ntho e Khoahlapang ’Mele ea Bacha

Bopaki bo tsoelang pele ba matšoenyeho bo akarelletsa ho ikhoahlapa ’meleng ho etsoang ke bacha ba bangata. Tlaleho ea U.S. National Institute on Drug Abuse e bolela hore hoo e ka bang halofo ea bacha bohle naheng eo e kile ea leka ho sebelisa sethethefatsi se itseng se seng molaong pele e qeta sekolong se phahameng. Tlaleho ena e ea phaella: “Palo ea bacha ba kajeno ba noang joala e lula e eketseha haholo. Hoo e ka bang liithuti tse ’nè ho tse hlano (77%) li ne li se li noele joala (bo fetang methamo e seng mekae feela) le pele li qeta sekolong se phahameng; ’me tse ka etsang halofo (46%) li entse seo ha li le sehlopheng sa borobeli.”

Boitšoaro bo Hlephileng ba Botona le Botšehali

Mehleng ena ea AIDS, ha ho pelaelo hore boitšoaro bo hlephileng ba botona le botšehali bo kotsi. Empa, ho bonahala hore bacha ba bangata ba talima ho kopanela liphate e le feela papali e seng kotsi. Ka mohlala, bacha ba bang ba Amerika ba bua ka ho se tsotelle hohle ka “ho itlosa bolutu ka bosiu bo le bong”—e leng pebofatso ea ho kopanela liphate le motho leha e le ofe ba sa itlame ka eena. Ba bua ka ho ba le “motsoalle eo motho a ruang molemo ka eena”—mocheliete eo ho ka kopaneloang liphate le eena motho a sa itlame ka eena.

Mongoli Scott Walter o hlalosa liphathi tsa boitšoaro bo hlephileng ka ho feteletseng tseo bacha ba metseng ea litoropo ba li etsang ha batsoali ba bona ba le mosebetsing. Phathing e ’ngoe e joalo, ngoanana e mong o ile a phatlalatsa hore “o tla kopanela liphate le bashemane bohle ba leng teng moo. . . . Bana ba lilemo li 12 ba ne ba e-ba teng liphathing tseo.”

Na see ha se tšose? Eseng ho litsebi tse ithutileng boitšoaro ba bacha ba botona le botšehali. Dr. Andrea Pennington oa ngola: “Lilemong tse 20 tse fetileng, re bone ka karolelano lilemo tseo bacha ba kopanelang liphate ba le ho tsona li theohela tlaase. Ha e sa le mohlolo ho fumana bashemane le banana ba qala ho kopanela liphate ha ba le lilemo li 12.”

Se tepelletsang ka ho khetheha e bile tlaleho e koranteng ea USA Today e reng: “Palo e ntseng e eketseha ea bacha ba naha eo ba banyenyane ka ho fetisisa . . . e kopanela ho nyanyaneng litho tsa botona le tsa botšehali. . . . Bana ba ikholisitse hore ‘sena ha e hlile hase ho kopanela liphate.’” Ho latela phuputso e ’ngoe bananeng ba 10 000, “ba etsang 8% ba itse ke baroetsana, empa ba etsang 25% ba ne ba kopanetse ho nyanyeng litho tsa botona. ’Me ba etsang 27% ba boletse ketso eo ‘e le feela ho ithabisa le moshemane.’”

Maikutlo a joalo ka ho kopanela liphate a keneletse butle-butle le libakeng tse ling. Tlaleho ea UNESCO e re: “Palo ea bacha ba Asia ba ntseng ba tšoaetsoa HIV ka ho kopanela liphate e ntse e eketseha kaha ba bangata ba kopanela liphate ba sa le banyenyane,” ebile e phaella ka ho re: “Bacha ba ntse ba hlokomoloha ‘litekanyetso tsa Asia’ tsa batsoali ba bona haholoanyane ka ho kopanela liphate pele ho lenyalo, hangata le batho ba bangata.”

Na ho sa na le pontšo e tsoelang pele ea hore bacha ba khathatsong? Women’s Health Weekly ea Canada e ea tlaleha: “Banana ba etsang liphesente tse 25 ba pakeng tsa lilemo tse 16 le 19 ba tla ba le bothata ba ho tepella ho hoholo maikutlong.” Leha ho le joalo, ho tepella maikutlo ho hlasela batho ba bong bo bong le bo bong. Ho latela U.S.News & World Report, selemo le selemo bacha ba ka bang likete tse hlano baa ipolaea. Tlaleho ena e re ka lebaka le itseng, “palo ea bashemane ba ipolaeang e mena ea banana ba ipolaeang ka makhetlo a tšeletseng.”

Ha ho pelaelo hore, moloko oa bacha ba kajeno o khathatsong e khōlō. Maqakabetsi aa a bakoa ke’ng?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

STR/AFP/Getty Images

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela