Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/09 maq. 3-6
  • Ba Tobana le Mathata Afe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Tobana le Mathata Afe?
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka la ho ba le Tšepo
  • Bacha ba Kajeno—Liphephetso Tseo ba Talimanang le Tsona
    Tsoha!—1990
  • BIBELE le Boitšoaro ba Bacha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Bacha ba Maqakabetsing
    Tsoha!—2005
  • Bacha ba Kajeno—Boemo Lefatšeng Lohle
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 9/09 maq. 3-6

Ba Tobana le Mathata Afe?

U nahana’ng ka see? Na mathata ao bacha ba kajeno ba tobanang le ’ona a boima ho feta ao bacha ba neng ba tobana le ’ona nakong e fetileng? Haeba u re ha ho joalo, e ka ’na eaba u nahana hore bacha ba kajeno ba iketla ho feta bacha ba nakong e fetileng.

Linaheng tse ngata, ho na le meriana e phekolang maloetse ao nakong e fetileng a neng a tšoara bacha esita le ho ba bolaea. Theknoloji e hlahisitse lisebelisoa tsa elektronike le lintho tsa ho bapala tseo batho ba khale ba neng ba sa nahane hore li ka ba teng. Maemo a ntlafetseng a moruo a ntšitse malapa a limilione bofutsaneng. Ha e le hantle, batsoali ba bangata ba sebetsa ka thata e le hore bana ba bona ba phele hantle ’me ba fumane thuto eo bona ba sa kang ba e fumana.

Ha ho pelaelo hore bacha ba kajeno ba na le menyetla e mengata. Empa ba boetse ba tobana le mathata ao ho seng mohla ho kileng ha e-ba le a tšoanang le ’ona. Lebaka ke hore hona joale moloko oa batho o phela nakong eo Bibele e e bitsang “qetello ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 24:3) Jesu Kreste o ile a bolela ka nepo esale pele hore mehla ena e ne e tla tšoauoa ka hore ho be le merusu. (Matheu 24:7, 8) Bibele e re mehla ena ke ‘matsatsi a ho qetela’ ’me e hlalosa hore maemo a teng sechabeng ke ao ho leng “thata ho sebetsana” le ’ona. (2 Timothea 3:1) Ak’u nahane ka a mang a mathata ao ho leng thata ho sebetsana le ’ona, ao bacha ba tobanang le ’ona kajeno.

Bothata ba 1

Ba Qeta Nako e Ngata ba le Bang

Lifilimi, mananeo a TV le limakasine li bontša bacha ba pota-potiloeng ke metsoalle ea bona ea sekolong ka linako tsohle, ’me ba lula e le metsoalle joalo le ha ba se ba hōlile. Empa ’nete ke hore ha ho joalo ka bacha ba bangata.

Barbara Schneider le David Stevenson, e leng bafuputsi ba ileng ba sekaseka lintlha tse boletsoeng ke bacha ba likete ba United States bao ho buisanoeng le bona, ba fumane hore “ke bacha ba seng bakae feela ba lulang e le metsoalle ea hlooho ea khomo kapa e le metsoalle ka nako e telele.” Schneider le Stevenson ba re bacha ba bangata “ha ba na batho bao ba ba tloaetseng haholo ’me ba na le metsoalle e seng mekae feela e haufi eo ba ikutloang ba phutholohile hore ba ka buisana le eona ka mathata a bona kapa ka lintho tseo ba li nahanang.”

Ho bonahala bacha ba nang le metsoalle ba qeta nako e seng kae feela le eona. Phuputsong e ’ngoe e pharaletseng e entsoeng United States, ho fumanoe hore bacha ba bangata ba qeta hoo e ka bang karolo ea 10 lekholong ea nako ea bona ba buisana ba shebane le metsoalle, ’me hoo e ka bang karolo ea 20 lekholong ea nako eo ba shebileng ka eona ba e qeta ba le bang—e leng nako e ngata ho feta eo ba e qetang ba e-na le ba bang ba lelapa kapa metsoalle. Ba ja ba le bang, ba tsamaea ba le bang, ba bapala ba le bang.

Lisebelisoa tsa elektronike le tsona li etsa hore bacha ba qete nako e ngata le ho feta ba le bang. Ka mohlala, ka 2006, makasine ea Time e ile ea tlaleha hore ka karolelano, bacha ba Amerika ba lilemo li 8 ho isa ho 18, ba qeta lihora tse tšeletseng le halofo ka letsatsi ba shebeletse TV, ba mametse ’mino, ba bapala lipapali tsa video kapa ba sebelisa k’homphieutha.a

Ke ’nete hore bacha ba kajeno hase bona ba pele ba ho qeta nako ba mametse ’mino kapa ba bapala ka lintho tsa elektronike. (Matheu 11:16, 17) Empa nako e ngata eo ba e qetang ba sebelisa lintho tsena tsa elektronike, ho e-na le ho qeta nako le ba malapa abo bona e ka ba ntša kotsi. Schneider le Stevenson ba re: “Bacha ba qetang nako e ngata ba le bang ba tlaleha hore baa ikhalala, ha baa thaba, ha ba thabele lintho tseo ba li etsang ebile ba ikutloa ba le monyebe.”

Bothata ba 2

Ba Khanneloa Hore ba Kopanele Liphate

Bacha, ho kopanyelletsa le ba ka tlaase ho lilemo tse 13 ba tlas’a khatello e matla ea hore ba batle ho kopanela liphate. Mocha e mong ea bitsoang Nathan, ea lulang Australia, o re: “Ke tseba bana ba bangata sekolong ba lilemo li 12 ho isa ho 15, ba qalileng ho kopanela liphate.” Moroetsana e mong ea lulang Mexico ea bitsoang Vinbay o re bacha ba bangata sekolong sa hae ba ne ba itlosa bolutu ka ho kopanela liphate. O re: “Ba neng ba sa kopanele liphate ba ne ba nkoa e le mekhelo.” Ana ea lilemo li 15 ea lulang Brazil, o re: “Lithaka tsa ka tse ngata li tloaetse ho itlosa bolutu ka ho kopanela liphate hoo li sa utloeng ha motho a li bolella hanngoe hore ha a batle ho etsa seo. U lokela ho hana ka makhetlo a mangata.”

Bafuputsi ba United Kingdom ba ile ba etsa phuputso ka bacha ba lilemo li 12 ho isa ho 19, ba litso tse sa tšoaneng. Ba ile ba fumana hore bacha ba etsang karolo ea 50 lekholong ba lula ba kopanela liketsong tse itseng tsa thobalano. Ba fetang karolo ea 20 lekholong ea bacha bana ba ne ba le lilemo li 12! Dr. Dylan Griffiths ea neng a okametse phuputso eo, o re: “Tšusumetso eo ka tloaelo batsoali, Kereke le mekhatlo e itseng ba neng ba e-na le eona e feletsoe ke matla, ’me seo se siile bacha ba le maqakabetsing.”

Na bacha ba kopanelang liphate ba hlile ba “maqakabetsing”? Tlalehong e phatlalalitsoeng ka 2003, Rector, Noyes le Johnson, bao e leng bafuputsi, ba bontšitse hore ha bacha ba kopanela liphate, seo se etsa hore ba tepelle maikutlo ’me ba be kotsing e khōlō ea hore ba leke ho ipolaea. Ba ile ba sekaseka lintlha tse fumanoeng ha ho buisanoa le bacha ba 6 500 ’me ba hlokomela hore “monyetla oa hore banana ba kopanelang liphate ba tepelle maikutlo o kopola hararo oa ba sa kopaneleng liphate.” Ho bashanyana teng “monyetla oa hore ba kopanelang liphate ba tepelle maikutlo o kopola habeli oa ba sa kopaneleng liphate.”

Bothata ba 3

Malapa a Qhalaneng

Bacha ba United States ba bone kamoo sebōpeho sa lelapa se fetohileng ka potlako kateng le melao eo batho ba phelang ka eona. Buka ea The Ambitious Generation—America’s Teenagers, Motivated but Directionless, e re: “Lilemong tse mashome a seng makae tse sa tsoa feta ho ’nile ha e-ba le liphetoho tse khōlō sechabeng ’me li ama bacha ka ho toba. Malapa a mangata a Maamerika a se a e-ba le bana ba seng bakae ’me seo se ka ’na sa etsa hore bana ba hōle ba fokola ka palo. Ha malapa a mangata a ntse a qhalana, bana ba ntseng ba eketseha ba hōlisoa ke batsoali ba se nang balekane. ’Me bo-’mè ba bangata ba nang le bana ba ka tlaase ho lilemo tse 18 baa sebetsa, kahoo hase hangata ho bang le motho e moholo lapeng.”

Ho sa tsotellehe hore na bana ba hōlisoa ke motsoali a le mong kapa ba babeli, ba bangata ba ikutloa ba sa phutholoha ho batsoali ba bona ka nako eo ba hlileng ba hlokang thuso ea bona haholo. Phuputso e entsoeng ho bacha ba 7 000 ka lilemo tse ’maloa, e bontšitse hore ba bangata ba nka hore batsoali ba bona baa ba rata ebile baa ba amohela. Leha ho le joalo, “ke ba etsang karolo ea ’ngoe borarong feela ba boletseng hore batsoali ba bona ba ba tsotella ka ho khethehileng le ho ba thusa ha ba e-na le mathata.” Phuputso eo e boetse e bontšitse hore “mathata a bacha ba bangata a hlahella nakong eo ho sa bonahaleng eka batsoali ba tla kenella tabeng kapa ba ithaopele ho thusa.”

Takatso ea ho atleha linthong tse bonahalang e sentse maqhama a matla a lelapa ao batho ba Japane ba neng ba e-na le ’ona. Yuko Kawanishi, eo e leng moprofesa oa thuto ea kahisano, o re: “Batsoali ba bangata kajeno ba nang le bana ba lilemong tsa bocha, ke ba hlahileng ka mor’a ntoa, nakong eo batho ba neng ba e-ba le bana ba bangata, ’me ba ba ruta melao e mecha ea boitšoaro e ba khothalletsang hore ba atlehe moruong ’me ba be le lintho tse bonahalang.” Batsoali baa ba ruta bana ba bona melao efe? Kawanishi o re: “Batsoali ba bangata kajeno ba amehile haholo ka hore bana ba bona ba rutehe. Hafeela bana ba bona ba ntse ba ithuta, lintho tse ling tse etsahalang lapeng li ba boemong ba bobeli, kapa ebile ha li tsotellehe.”

Bacha ba angoa joang ke pono ee e bontšang ho se leka-lekane, e buellang ho atleha linthong tse bonahalang le ho ruteha? Mecha ea phatlalatso, Japane, e atisa ho bua ka kireru—e leng lentsoe le hlalosang tsela eo bacha ba itšoarang ka eona ha ba le tlas’a khatello ’me ba se ba sa khone ho laola maikutlo a bona. Kawanishi o re: “Ha bana ba bonahala eka baa hlanya, e ka ’na eaba ke hobane ba bona eka ba malapa abo bona ha ba laole tsela eo ba itšoarang ka eona.”

Lebaka la ho ba le Tšepo

Ka sebele, re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Empa Bibele ha e bolele feela hore batho ba phelang mehleng ena ba tla tobana le mathata a mangata.

Bibele e fana ka keletso e molemo ea kamoo bacha ba ka ntlafatsang bophelo ba bona kateng. Jehova Molimo, Mongoli oa Bibele, o labalabela ho ruta bacha hore na ke joang ba ka tobanang le mathata. (Liproverbia 2:1-6) O batla hore ba thabele bophelo. Lentsoe la hae le ka ‘fa ba se nang phihlelo masene, la fa mohlankana tsebo le matla a ho nahana.’ (Liproverbia 1:4) Hlahloba kamoo melao-motheo ea Bibele e ka ba thusang kateng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bacha ba bangata ba Japane ba ikoalla ka likamoreng hoo ba rehiloeng lebitso la bo-hikikomori. Batho ba bang ba hakanya hore e ka ’na eaba ho na le bo-hikikomori ba 500 000 ho isa ho ba 1 000 000, Japane.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

Ho ea ka phuputso e ’ngoe, monyetla oa hore banana ba kopanelang liphate ba tepelle maikutlo, o kopola hararo oa ba sa kopaneleng liphate

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ba Intša Kotsi

Tlaleho ea ’muso ea 2006 e senotse hore palo ea bacha ba lilemo li 11 ho isa ho 15, ba sebelisang k’hok’heine, Brithani, e imenne habeli selemong seo. Bacha ba ka bang 65 000 ba boletse hore ba kile ba sebelisa sethethefatsi seo. Naheng ea Holland, ho boleloa hore bacha ba fetang karolo ea 20 lekholong ba lilemo li pakeng tsa 16 le 24 ba lemaletse tahi ho isa bohōleng bo itseng kapa ba tšoeroe ke mafu a bakoang ke tahi.

Bacha ba bangata ba iponahatsa ka ho toba hore ba tsielehile. Baa itšeha, baa itoma, kapa ba ichese. Len Austin le Julie Kortum, bao e leng bafuputsi, ba re: “Ho hakanngoa hore Maamerika a ka bang limilione tse tharo a intša kotsi, ’me mocha a le mong ho ba 200 o lula a itematsa.”

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Bacha ba bangata ha ba na metsoalle e haufi eo ba ka e bolellang mathata a bona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela