Bacha ba Kajeno—Boemo Lefatšeng Lohle
BATHO ba tsebahalang ba nang le monahano o koalehileng ba tšoantša bacha e le marabele a hlanyetsang lithethefatsi, ba haelloang ke tsebo, baithati le batho ba botsoa, ba sa nahaneng letho haese liaparo, TV, le likamano tsa botona le botšehali. Leha ho le joalo, ho ba bangata, pono ena e fosahetseng ka bacha e bonahala e se ’nete.
Phuputso e tlalehiloeng ho Psychology Today e fumane hore ‘hoo e batlang e le likarolo tse tharo tsa bao ho buisanoeng le bona, ho bonahala ba fetohile ka ho khotsofatsang. Ka kakaretso ba ne ba thabile, ba na le boitšoaro, ba tsotella ba bang, ba amehile ka liphello tsa liketso tsa bona.’ Ka ho ikamahanya le batsoali ba bona, ho fumanoe bacha ba bangata “ba na le boikutlo bo botle haholo ka malapa a habo bona.”
Liphuputso tse ling li senola hore litebello tse ngata, litšusumetso, le tšabo ea bacha ba kajeno ka ho tšoanang li bontša monahano o hlaphohileng le o tšepahalang. Ka 1985 Unesco Courier e ile ea botsa bacha linaheng tse 41: “Ke bothata bofe boo bacha bohle ba amehileng ka bona ka ho fetisisa kajeno?” Ba ile ba fumana likarabelo tse bontšang ho nahana tse kang “mathata a ntoa le khotso” (karolo ea 50 lekholong), “ho se hiroe le mosebetsi” (karolo ea 30 lekholong), le “bokamoso” (karolo ea 10 lekholong).
Esita leha seo ba nahanneng ka sona se fetohela litaba-tabelong tsa botho, ka ho makatsang bacha ba nka bohato ba pele ho ithaopela ho etsa lintho. Ka mor’a ho buisana “le sehlopha sa machaba sa bacha ba [U.S.] bahlankana le baroetsana ba mahareng a lilemo tse 14 ho isa ho tse 21,” makasine oa Seventeen o ile oa bolella babali ba oona ba bacha: “Ho feta ntho leha e le efe, u batla ho kena lenyalong ’me u be le lelapa. Ntho ea bobeli eo u e batlang ke mosebetsi. Boikemisetso bo boholo ke ho ba le chelete. U boetse u tšoenyehile ka chelete le thuto. Empa ba fetang karolo ea 60 lekholong ho lōna ha ba lumele hore mathata a lefatše a maholo haholo hoo moloko oa lōna o ke keng oa lokisa lintho.”
Ka kakaretso, bacha lefatšeng lohle ba batla lintho tse tšoanang le tseo batho ba baholo ho bona ba li batlang: thabo, tšireletseho, le malapa a momahaneng. Ba amehile ka lefatše leo ba phelang ho lona ’me ba rata ho le ntlafatsa. Leha ho le joalo, ho na le lehlakore le lebe boemong bona.
Bacha ba Masoabing le ba Ipolaeang
Phuputso e boletsoeng pelenyana e entse tlaleho ena e tšosang: “Kotara ea batho ba baholo bao ho buisanoeng le bona e boletse hore nako le nako e masoabing le hoba bolutu le ho ikutloa e le lephaka maikutlong, esita le ho sithabetsoa ke mathata a bophelo. Ba ’maloa ba ile ba lumela hore ba ne ba na le likhopolo le menahano ea ho ipolaea.” Linaheng tse ling bacha ba nahana ka ho tebileng. Lenane la ho ipolaea har’a bacha ba baholoanyane United States le ile la batla le imena ka makhetlo a mabeli lilemong tse 20 tse fetileng!a
Lebaka le leng la kameho e khōlō lefatšeng ka bophara ke keketseho ea bacha ba sebelisang lithethefatsi tse kang matekoane, heroin, cocaine, le crack, e leng mofuta o mong oa cocaine. Ngoanana e mong oa United States ea lilemo tse 14 o itse ka ho tsuba matekoane: “Ha e sa le ‘feshene.’ E se e le karolo ea bophelo ba e mong le e mong.”
Linaha tse fokolang moruong ha lia pholoha bothata bona. Ho bona bacha ba tsubang coca paste le metsoako e tšoanang ho tloaelehile linaheng tse ngata tse joalo. Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng Javier Pérez de Cuéllar o boletse hore bothata ba ho rekisa lithethefatsi le tšebeliso ea tsona e mpe “bo fana ka tšabo e bolaeang melokong ea joale le e tlang joaloka seoa se ileng sa thefula likarolo tse ngata tsa lefatše mehleng ea pele.”
Ho sebelisa lithethefatsi tse lumelloang ke molao tse kang joala le koae har’a bacha ho tšoenya litsebi le batsoali. UN Chronicle ea tlaleha: “Lilemong tse 30 ho ea ho tse 40 tse fetileng, ho latela WHO [World Health Organization (Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle)], karolo e eketsehang ea bana le batho ba baholo e qalile ho noa joala; tekanyo eo bo nooang ka eona le ho nooa ha bona khafetsa li eketsehile; ’me lilemo tseo motho a qalang ho noa ka tsona li fokotsehile.”
Bonneteng, ke feela karolo e nyenyane ea bacha e tepelletseng maikutlong kapa e amehang boitšoarong ba ho ipolaea. Leha ho le joalo, lefatšeng ka bophara e sa ntse e le bacha ba limillione ba nang le mathata a tebileng. Joalokaha re tla bona, kajeno bacha ba pepeselitsoe ho imeloa maikutlong le likhatellong tse ikhethang tsa mehleng eo re phelang ho eona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ea ka buka Helping Your Teenager Deal With Stress, ba bang ba lumela hore “likotsi tsa makoloi ke mokhoa o sebelisoang haholo ke bacha ba baholoanyane ba ipolaeang.” Kaha hangata likotsi tsa makoloi ha li baloe e le ho ipolaea, likotsi tsa ho ipolaea ha bacha li ka ’na tsa ba ngata.