Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 9/8 maq. 4-7
  • Bacha ba Kajeno—Liphephetso Tseo ba Talimanang le Tsona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bacha ba Kajeno—Liphephetso Tseo ba Talimanang le Tsona
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phetoho Lapeng
  • Lipelaelo tsa Moruo
  • Ho Fetola Melao ea Boitšoaro le Lintho tsa Bohlokoa
  • Ho na le Bokamoso ba Mofuta Ofe?
  • Ba Tobana le Mathata Afe?
    Tsoha!—2009
  • Bacha ba Kajeno—Boemo Lefatšeng Lohle
    Tsoha!—1990
  • BIBELE le Boitšoaro ba Bacha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Bacha ba Kajeno—Ba Thulana le Liphephetso tsa bo-1990
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 9/8 maq. 4-7

Bacha ba Kajeno—Liphephetso Tseo ba Talimanang le Tsona

“PHUPUTSO e bontša hore ntle ho pelaelo lilemo tsa bocha ke tse ling tsa linako tse ferekanyang le tse tepelletsang ka ho fetisisa bophelong.” Ke kamoo ho ngotseng Dr. Bettie B. Youngs bukeng ea hae Helping Your Teenager Deal With Stress. Linakong tse fetileng, bocha e ne e le mosebetsi o moholo ho bacha. Leha ho le joalo, mehleng ea joale, ba lokela ho sebetsana le mathata a bocha le khatello e tšosang ea bophelo ba batho ba baholo ba lilemong tsa bo-1990.

Dr. Herbert Friedman o kile a ngola tjena makasineng oa World Health: “Nako ea ho tloha bongoaneng ho fetela mothong e moholo ha ho mohla e kileng ea etsahala nakong ea liphetoho tse khōlō hakaana, ebang ke ho eketseha ho sa tloaelehang ha baahi ba lefatše, tsoelo-pele eo e e finyelletseng, le phetohelo ea boqapi ba saense lipuisanong le maeto tseo ka potlako li bakileng maemo ao ho seng mohla a kileng a bonoa.”

Kahoo ngoanana e mong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ea bitsoang Kathy o re: “Ho boima ho hōlela linakong tse tšoanang le tsa rōna.” Bokhoba ba lithethefatsi, ho ipolaea, tšebeliso e mpe ea joala—tsena ke likarabelo tsa bacha ba bang khatellong ea “linako tse bohloko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.”—2 Timothea 3:1, NW.

Phetoho Lapeng

Dr. Youngs oa hopola: “Batsoali ba rōna ba ne ba e-na le nako ea rōna. Bongata re ne re na le bo-’mè ba neng ba entse mosebetsi oa ho hōlisa bana mosebetsi oa nako e tletseng.” Empa kajeno, “basali ba bangata ha ba khethe ho lula hae kapa ho hōlisa bana ba bona ka nako e tletseng. Baa sebetsa ’me ba lokela ho leka-lekanya mesebetsi le malapa. Ha ho sa na lihora tse lekaneng ka letsatsi; ho na le ntho e lokelang ho teloa. Khafetsa, se teloang ke nako le tšehetso eo motsoali a ka e nehang ngoana oa hae. Nakong ea bohlokoa ea bophelo, ngoana o tloheloa a le mong ho mamella liphetoho ’meleng, kelellong, le maikutlong.”—Helping Your Teenager Deal With Stress.

Ntle ho pelaelo, lilemo tsa bo-1990 li tla tsoela pele ho bona sebōpeho sa lelapa se fetoloa ke tlhalo (malapa a ka etsang karolo ea 50 lekholong a United States a fella ka tlhalo), bana ba matšeo, le tloaelo e eketsehang ea banyalani ba phelang hammoho ba sa nyalana. Hona joale, hoo e ka bang lelapa le le leng ho a mane United States le tsamaisoa ke motsoali a le mong. Lenane le eketsehang la malapa le entsoe ka lenyalo la bobeli.

Na bana sebōpehong se joalo sa lelapa ha ba kotsing ea maikutlo kapa kelello? Ka mohlala, ba bang ba bolela hore bana ba lelapeng la motsoali a le mong ba bolaoa ke bolutu, masoabi le ho se sireletsehe ho feta bana ba malapeng a nang le batsoali ka bobeli. Ke ’nete, malapa a mangata a motsoali a le mong le lelapa la bobeli a sebetsa ka mokhoa o tšoanang o ntšang bana kotsi. Leha ho le joalo, Mangolo a hlakisa hore morero oa Molimo ke hore bana ba hōlisoe ke batsoali ba babeli. (Ba-Efese 6:1, 2) Ntle ho pelaelo, ho kheloha boemo bona bo molemo ho tlisa khatello e eketsehileng.

Phetoho bophelong ba lelapa e ntse e eketseha linaheng tse fokolang moruong. Moo, sebōpeho sa setso e ne e le lelapa le kopanyelletsang litho tse haufi tsa beng ka motho, moo litho tsohle tsa batho ba baholo li neng li kopanela ho hōlisa bana. Ho fallela metseng ea litoropo le tsoelo-pele li potlaka ho khaola maqhama a lelapa le kopanyelletsang litho tse haufi tsa beng ka motho—le tšehetso e hlokahalang bakeng sa bacha.

Moroetsana e mong oa Afrika oa ngola: “Ha ho sa na bo-rakhali kapa setho leha e le sefe sa leloko se nkeletsang ka se boleloang ke ho hōla. Batsoali ba lebelletse hore lintho tsena li tšohloe sekolong—’me sekolo le sona se tlohela sena ho batsoali. Boikutlo ba hore bana ke ba sechaba ha bo sa le eo.”a

Lipelaelo tsa Moruo

Bacha ba boetse ba utloa lipelaelo tsa moruo oa lefatše o senyehang. Ha e le hantle, bacha ba bane ho ba bang le ba bang ba bahlano ba phela linaheng tse fokolang moruong ’me ba tlameha ho talimana le bofutsana ba nako e telele le ho hloka mosebetsi. Luv ea lilemo tse 17 eo e leng moahi oa India o re: “Har’a bacha ba bangata naheng ea rōna, hona joale ho na le leqeme le leholo la ho hloka mosebetsi, kahoo na ke ho makatsang ha bacha ba kula le ho hlonama, e e-ba liphofu tsa boitšoaro bo bobe, ba baleha mahae kapa hona ho ipolaea?”

Bacha linaheng tse ruileng tsa Bophirima ba na le lipelaelo ka chelete. Ka mohlala, nahana ka phuputso ea U.S. e tlalehiloeng makasineng oa Children Today: “Ha ba botsoa ka lintho tse tobileng tseo ba amehileng ka tsona, bacha ba ne ba sekametse ho bolela mathata a amanang le chelete le bokamoso.” Har’a lintho tse ka sehloohong tseo bacha ba amehileng ka tsona ke “chelete ea ho lefella sekolo,” le “naha e tobaneng le ho oa ha [moruo],” le ho se “fumane chelete e lekaneng.”

Leha ho le joalo, ka ho fapaneng, litsebi tse ling li lumela hore esita le bacha ba bang ba emeng hantle licheleteng ba tla ameha ha nako e ntse e tsamaea. Makasine oa Newsweek oa hlokomela: “Bofelong ba lilemo tsa bo-1980, bana ba bararo ho isa ho ba bane ba sekolo se phahameng sa [U.S.] ba ne ba sebetsa karolelano ea lihora tse 18 ka beke ’me ba ne ba amohela chelete e fetang [R520] ka khoeli”—mohlomong ba ne ba na le chelete eo ba itšebelisetsang eona ho feta eo batsoali ba bona ba nang le eona! Mohlomong “chelete ena e ne e sebelisoa ho reka makoloi, liaparo, li-stereo le lintho tse ling tsa bophelo bo monate ba batho ba baholo.”

Mongoli Bruce Baldwin o hlokomela hore bacha ba joalo “ba hōla ba na le litebello . . . tsa hore bophelo bo molemo bo fumaneha ka mehla ka ho botsa hore na ba na le boikarabelo ba botho le sepheo sa ho finyella ho itseng kapa che.” Empa baa “sotleha ha ba tloha lapeng. Mohlomong tikoloho ea lelapa le lecha ha e le hantle e fapana le litebello tsa sebele tsa mosebetsi le tse hlokoang ke motho ea hōlileng tseo ba sa li lebellang.”

Ho Fetola Melao ea Boitšoaro le Lintho tsa Bohlokoa

Liphetoho tse potlakileng boitšoarong le linthong tse ling tsa bohlokoa le tsona ke mohloli oa pherekano har’a bacha. “Likamano tsa botona le botšehali . . . mehleng ea nkhono oa ka e ne e le lentsoe le neng le ke ke la utloahala,” ho bolela Ramani, moroetsana ea tsoang Sri Lanka. “Ho ne ho sa buisanoe ka likamano tsa botona le botšehali lenyalong, lapeng esita le ngaka, ’me likamano tsa botona le botšehali ka ntle ho lenyalo e ne e le ntho e sieo.” Leha ho le joalo, lithibelo tseo tsa boholo-holo li nyametse. Oa tlaleha: “Likamano tsa botona le botšehali har’a bacha li batla li fetohile tsela ea bophelo.”

Ha ho makatse hore ha ho ne ho etsoa phuputso ea liithuti tsa sekolo se phahameng tse 510 United States, ntho ea bobeli eo li neng li amehile ka eona e ne e le hore “li tla tšoaetsoa ke AIDS”! Empa ha e le mona monyako oa “boitšoaro bo bocha” o butsoe, ho bonahala bacha ba ’maloa ba nka puo ea ho koala lekhalo la ho ba le monna kapa mosali a le mong ka botebo—ho ema ho fihlela nakong ea lenyalo. Ho joalokaha mocha e mong oa Fora a botsitse: “Lilemong tsa rōna, na re ka itlama hore re tla tšepahala bophelo bohle ba rōna?” AIDS le mafu a mang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali a tsoela pele ho sokela bophelo bo botle ba bacha ba bangata.

Ho na le Bokamoso ba Mofuta Ofe?

Bacha ba boetse ba na le bothata bo bong boo ba tšoenyehileng ka bona. Tebello ea ho phela lefatšeng le silafetseng—bokahohle boo moea oa bona o thibelang mahlaseli a kotsi o senyehileng, le mofuthu o fetang ho futhumala ha lefatše, meru e mengata ea lona e sentsoeng, metsi a lona le moea tse sa lokelang ho nooa kapa ho phefumolohuoa—ke lintho tse tšoenyang bacha ba bangata. Le hoja tšabo ea ntoa ea nuclear e se e fokotsehile hona joale, e etsa hore ba bang ba ipotse hore na ba na le bokamoso!

Joale, ho hlakile hore bacha ba kajeno ba talimane le liphephetso tse khōlō. Ka ntle ho thuso, keletso, le tataiso, thabo ea bona ea hona joale le ea ka moso e kotsing e khōlō. Ka ntle ho tšepo ea bokamoso, ha ho boikutlo ba tšireletseho bo ka finyelloang. Ka lehlohonolo, thuso bakeng sa bacha ba kajeno e fumaneha habonolo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mantsoe ana le a mang a qotsitsoeng a tsoang ho bacha ba lulang linaheng tse fokolang moruong a nkiloe tokollong ea March 1989 ea makasine oa World Health.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ho qhalana ha malapa ka lebaka la tlhalano le karohano ho amohile bacha ba bangata tšehetso ea batsoali e hlokahalang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela