Thuso Bakeng sa Bacha ba Kajeno
KAJENO bacha ba hōlela lefatšeng leo ka linako tse ling le bonahalang le tšosa. Ba bang ba bona ba shebella ha batsoali ba bona ba hlalana ho se seo ba ka se etsang. Ba bang ba bona liithuti-’moho le bona li inehella lithethefatsing le tlōlong ea molao. Ba bangata ba talimana le khatello ea lithaka tsa ba batona le ba batšehali ea hore ba kopanele liphate. ’Me hoo e ka bang bacha bohle nako le nako ba ikutloa ba sa utloisisoe, ba jeoa ke bolutu, ’me ba tepeletse maikutlo.
Bacha ba hloka’ng e le hore ba sebetsane ka katleho le liphephetso tseo ba talimanang le tsona? Dr. Robert Shaw o oa ngola, o re: “Bana ba hloka taolo ea boitšoaro e tsitsitseng, setšehetso se ba thusang ho khetha metsoalle e nepahetseng, ho etsa liqeto tse nepahetseng le ho nahanela ba bang.” Bibele e fana ka setšehetso sa boitšoaro se molemohali, hobane e jere mehopolo ea ’Mōpi. Ke mang ea ka bang le tsebo e fetang ea Jehova Molimo mabapi le seo re se hlokang e le hore re sebetsane ka katleho le linako tse likhathatso tseo re phelang ho tsona?
Tataiso ea Sebele, e Molemo
Melao-motheo ea Bibele ke ea sebele ebile e molemo. Ke ea bohlokoa ho batsoali le ho batho ba bang ba baholo ba batlang ho thusa bacha ho tsamaea ka katleho tseleng ea bona ea ho ba batho ba baholo.
Ka mohlala, ka ho utloahalang Bibele e ea lumela hore “booatla bo tlameletsoe pelong ea moshanyana,” kapa, joalokaha e fetoletsoe ho Today’s English Version, “ka tlhaho bana ba etsa lintho ka booatla, ba sa tsotelle.” (Liproverbia 22:15) Bacha ba bang ba bonahala ba hōlile ho feta lilemo tsa bona, empa ba sa ntse ba hloka phihlelo. Ka hona, ba pepesehetse likotsi, litakatso le maikutlo a ho tšoenyeha ao e leng karolo ea ho hōla. (2 Timothea 2:22) Bacha baa ba ka thusoa joang?
Bibele e khothalletsa puisano e sa khaotseng pakeng tsa batsoali le bana. E phehella batsoali e re: ‘Le bue ka [litekanyetso tsa Molimo] ha le lutse ka tlung ea lōna le ha le tsamaea tseleng le ha le robala le ha le tsoha.’ (Deuteronoma 6:6, 7) Moqoqo o joalo o na le melemo e ’meli. Oa pele, o ruta mocha litsela tsa Molimo. (Esaia 48:17, 18) Oa bobeli, o etsa hore batsoali le bana ba tsoele pele ho buisana. Sena ke sa bohlokoa ka ho khetheha ha bana ba le lilemong tsa bocha, nakong eo ba ka ’nang ba ikarola bathong ba bang ’me ba jeoa ke bolutu.
Ho hlakile hore bacha ba bangata ba ba le boikutlo ba nakoana ba hore ba bang. Leha ho le joalo, ba bang ba jeoa ke bolutu molebe. Buka e ’ngoe ea boitsebiso bo mabapi le lilemo tsa bocha, e re: “Bana bana ba re ba thatafalloa ke ho etsa metsoalle sekolong, hore ha ba na eo ba ka buang le eena, hore ba ikutloa ba le bang, ba thatafalloa ke ho etsa hore bana ba bang ba ba rate le hore ba ikutloa ho se eo ba ka eang ho eena ha ba hloka thuso.”a
Batsoali le batho ba baholo ba amehileng ba ka bontša thahasello ho bacha ’me ba ba thusa ho sebetsana ka katleho le mathata a bona. Joang? Molaoli oa bahlophisi ba makasine e ’ngoe ea bacha o oa ngola: “Tsela feela ea ho fumana seo mocha a se nahanang ke ho mo botsa.” Ho totobetse hore ho nka nako ebile ho hloka mamello ho thusa bacha ho senola seo ba amehileng ka sona. Empa melemo e fumanoang e tšoaneloa ke boiteko bo etsoang.—Liproverbia 20:5.
Ba Hloka ho Beheloa Meeli e Loketseng
Ho tlatsetsa puisanong, bacha ba hloka—le ho batla ho tloha botebong ba pelo—meeli e loketseng. Bibele e bolela hore “moshanyana ea itaolang o tla hlabisa ’m’ae lihlong.” (Liproverbia 29:15) Litsebi li lumela hore sesosa se ka sehloohong sa botlokotsebe ba bana ke ho hloka meeli e hlakileng. Shaw ea qotsitsoeng pejana o re: “Haeba ngoana a lumelloa sohle ho se thibelo ’me ho se mohla a utloang lentsoe ‘che’ kapa a beheloang meeli, ha ho mohla a bang le monyetla oa ho ithuta hore batho ba bang le bona ba na le bophelo ba bona, ba na le maikutlo, litlhoko le seo ba se ratang. Ha ngoana a sa nahanele batho ba bang, a ke ke a ba le lerato.”
Dr. Stanton Samenow, ea sebetsaneng le bacha ba nyahameng ka lilemo tse ngata, o na le maikutlo a tšoanang. O oa ngola: “Batsoali ba bang ba lumela hore bana ba lokela ho ba mohlape-moipusi. Ka ho se tsotelle, ba lumela hore ho laela bana hore ba lokela ho etsa ho itseng kapa ho hlokahala hore ho etsoe tjena, hoo ho tla imetsa bana ba bona ka sehlōhō le ho ba senyetsa bongoana ba bona. Empa ho hlōleha ha bona ho beha meeli ho ka ba le liphello tse kotsi. Batsoali bana ha ba hlokomele hore moshanyana kapa ngoanana ea tšohang a khalemetsoe a ka ’na a thatafalloa ke ho ikhalemela.”
Na see se bolela hore ho hlokahala feela hore batsoali ba tšoare bana ka thata? Le hanyenyane. Ho beha meeli ke karolo e ’ngoe feela ea ho atleha khōlisong ea bana. Haeba e feteletsoa, melao e thata e ka fella ka tsitsipano ka lapeng. Bibele e re: “Lōna bo-ntate, le se ke la khentša bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.”—Bakolose 3:21; Baefese 6:4.
Kahoo, nako le nako, ho hlokahala hore batsoali ba hlahlobe mekhoa ea bona ea ho ruta le ho laea, haholo-holo ha bana ba bona ba ntse ba hōla ’me ba qala ho bontša matšoao a ho hōla kelellong. Mohlomong melao e itseng kapa lithibelo li ka nyehlisoa hanyenyane kapa tsa fetoloa, ha ho ntse ho iphaphathoa le matla a ngoana a ho etsa lintho tse bontšang hore o na le boikarabelo.—Bafilipi. 4:5.
Ho Koala Lekhalo
Joalokaha sehlooho se etellang sena pele se bontšitse, Bibele e boletse esale pele hore pele Molimo a kenella ka ho felisa bobe lefatšeng, lefatše le ne le tla talimana le “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Bopaki bo bontša hore re phela nakong eona eo—‘matsatsi a ho qetela’ a tsamaiso ena ea lintho e khopo. Joaloka batho ba baholo, bacha ba tlameha ho loanela ho phela lefatšeng lena leo batho ba ho lona e leng “baithati, . . . ba se nang lerato la tlhaho, . . . ba hlokang boitšoaro.”—2 Timothea 3:1-5.b
Batsoali ba nang le maikutlo a hore ha ba na kamano le mora kapa morali oa bona ea lilemong tsa bocha, ba ka nka bohato ba ho koala lekhalo, ba bua ka taba e le ’ngoe ka nako. Hoa babatseha hore ebe batsoali ba bangata ba leka ka matla ho ba tšusumetso e molemo ’me ba phethe karolo e itseng bophelong ba bana ba bona.
Bibele ke thulusi ea bohlokoahali tabeng ena. E thusitse batsoali ba bangata ho phetha karolo ea bona ’me e thusitse bacha ho qoba maraba a kotsi. (Deuteronoma 6:6-9; Pesaleme ea 119:9) Kaha Bibele e tsoa ho ’Mōpi, Jehova Molimo, re ka kholiseha hore e thusa bacha ba kajeno hamolemohali.c
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Buka eona eo e bolela hore ho fapana le bacha ba jeoang ke bolutu ka linako tse ling, bacha ba jeoang ke bolutu molebe ba ba le boikutlo ba ho ba bang boholo ba nako, ka nako e telele. Mocha ea joalo “o lumela hore ho hloka metsoalle ke ntho ea nako eohle, ha ho letho leo a ka le etsang ka hona le hore ho bakoa ke bofokoli ba hae bo itseng” le hore boemo bona “bo ke ke ba fetoha ebile ha bo na ho fetoha.”
b Bona khaolo ea 11 ea buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
c Lipaki Tsa Jehova li fumane buka e thehiloeng Bibeleng e reng Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e fana ka thuso e khōlō. Khaolo e ’ngoe le e ’ngoe ho tse 39 tsa eona e tšohla potso e susumetsang motho hore a nahane ka ho teba. Tse ling tsa lihlooho tsa eona li re: “Ke joang Nka Etsang Metsoalle ea Sebele?” “Nka Hlōla Khatello ea Lithaka Joang?” “Nka Leleka Bolutu ba ka Joang?” “Na ke se ke Loketse ho Laetsana?” “Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Hana Lithethefatsi?” “Ho Thoe’ng ka Likamano Tsa Botona le Botšehali Pele ho Lenyalo?”
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Buisana le motho e moholo ea tsotellang ka seo u amehileng ka sona