Lebala le Lesooana ho ea ho le Lesoothoana—Maikutlo a Ntseng a Fetoha ka Letlalo
HO UENA ke eng e bontšang hore u phetse hantle? Na ke ’mele o shebahalang o phetse hantle, o mosoothoana? Ho batho ba bangata ba Europe le America Leboea ho joalo. Empa ho ne ho ntse ho se joalo pele. Lilemong tse fetileng, basali ba Europe ba ne ba roala likatiba tse maphephe a maholo ’me ba nka le likhele ho itšireletsa letsatsing. Letlalo le lesooana le ne le nkoa e le letšoao la bophahamo sechabeng. Lebala le fifetseng e ne e le pontšo ea motho ea sebetsang mosebetsi o boima.
Mehleng ea khale, litlolo tseo hona joale li nkoang li le kotsi li ne li sebelisoa bakeng sa ho ikhofola. Ka mohlala, khale hoo e ka bang ka 400 B.C.E., Magerike a ne a ikhofola ka poiri ea sefahleho e nang le lead carbonate. Poppaea Sabina, mosali oa Moemphera oa Moroma Nero, o ne a sebelisa poiri ena e chefo ho ikhofola. Lekholong la bo16 la lilemo, arsenic e ne e sebelisoa ke basali ba bang ba Mataliana hore lifahleho tsa bona li shebahale li sotse. Empa esale sesehi sa liaparo Coco Chanel se etsa hore lebala le fifetseng e be ntho e ratoang mathoasong a bo-1920, ho ba mosoothoana ho ’nile ha talingoa ho le fesheneng ke ba bangata. Batho ba qeta lihora tse ngata ba orile letsatsi.
Leha ho le joalo, hase bohle ba ratang ho ba ka ntle ba lakatsang ho ba le letlalo le fifetseng. Ho ora letsatsi hase setso sa bona. Ba thabela ho khatholloa ke letsatsi le futhumetseng le moea o pholileng letsatsing leo ha ba le ka ntle ho e-na le liphello tse bakoang ke ho chesoa ke mahlaseli a letsatsi. Ke hobane’ng ha letlalo la bona le hloka ho sireletsoa letsatsing?
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Kamoo mabōpo a neng a shebahala kateng ho tloha mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Brown Brothers