Ho Ikemisetsa ho Finyella Pakane ea Ka
JOALOKAHA HO BOLETSE MARTHA CHÁVEZ SERNA
Ka letsatsi le leng ha ke ne ke le lilemo li 16, ke ile ka ilibana ha ke ntse ke sebetsa lapeng. Ha ke phaphama, ke ne ke le betheng. Ke ferekane ke bile ke ngabaoloa ke hlooho, ke ile ka qeta metsotso e ’maloa ke sitoa ho bona kapa hona ho utloa. Ke ne ke tšohile. Ho ne ho etsahetse eng ka ’na?
BATSOALI ba ka ba tšoenyehileng ba ile ba nkisa ngakeng, e ileng ea mpha livithamine. E ile ea re ho oa hoo ha ka ho ne ho bakiloe ke ho se robale ka ho lekaneng. Likhoeli tse ’maloa hamorao, ke ile ka boela ka oa, ka ba ka oa hape la boraro. Re ile ra ea ngakeng e ’ngoe, e ileng ea nahana hore ke na le bothata ba methapo ’me ea mpha lithethefatsi tse kokobetsang boikutlo ba kelello ba ho tšoenyeha.
Leha ho le joalo, ho oa ha ka ho ile ha ’na ha eketseha. Ke ne ke ee ke ilibane ’me ke oe, ke intše likotsi. Ka linako tse ling ke ne ke itoma leleme le ka hanong. Ha ke hlaphoheloa, ke ne ke ngabaoloa ke hlooho e bohloko-hloko ’me ke nyekeloa ke pelo. ’Mele ’ohle o ne o opa, ’me ke ne ke atisa ho se hopole hore na ho etsahetse’ng pele ke oa. Hangata ke ne ke hloka letsatsi kapa a mabeli ke phomotse betheng pele nka hlaphoheloa hantle. Leha ho le joalo, ke ne ke lumela hore bothata bona ke ba nakoana—ke nahana hore haufinyane ke tla fola.
Kamoo Lipakane Tsa ka li Ileng Tsa Ameha Kateng
Ha ke sa le monyenyane haholo, lelapa leso le ile la qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Batho ba neng ba re ruta e ne e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba babeli, kapa basebeletsi ba nako e tletseng ba iteletseng ho qeta lihora tse ngata khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ba ruta ba bang linnete tsa Bibele. Ke ne ke bona hore mosebetsi oa bo-pula-maliboho bao o ne o ba fa thabo. Ha ke bua le mosuoe oa ka le bana bao ke kenang sekolo le bona ka litšepiso tsa Bibele, le ’na ke ile ka qala ho latsoa thabo eo.
Nakoana ka mor’a moo, ba bangata lapeng e ile ea e-ba Lipaki Tsa Jehova. Ke ne ke thabela ho bolela litaba tse molemo hakaakang! Ha ke le lilemo li supileng, ke ne ke ipehetse pakane ea hore le ’na ke be pula-maliboho ea khethehileng. Ha ke le lilemo li 16, ke ile ka nka khato e khōlō e lebisang pakaneng eo ea ka ka ho kolobetsoa. Joale eaba ke moo ke qalang ho oa.
Tšebeletso ea Bopula-maliboho
Ho sa tsotellehe bokuli ba ka, ke ne ke ntse ke ikutloa nka ba mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki Tsa Jehova. Empa kaha ke ne ke oa hoo e ka bang habeli ka beke, ba bang ka phuthehong ba ne ba nahana hore ha kea lokela ho nka boikarabelo bo boima hakaalo. Seo se ile sa nkutloisa bohloko le ho ’nyahamisa. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e e-ea, banyalani ba bang ba sebeletsang lekaleng la Lipaki Tsa Jehova le Mexico ba ile ba tla phuthehong ea rōna. Ba ile ba tseba takatso ea ka ea ho ba pula-maliboho ’me ba nkhothatsa haholo. Ba ile ba nkholisa hore bokuli ba ka ha boa lokela ho nthibela ho bula maliboho.
Ka hona, ka la 1 September, 1988, ke ile ka khethoa joalo ka pula-maliboho oa kamehla motseng oa heso oa San Andrés Chiautla, Mexico. Ke ile ka qeta lihora tse ngata khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ke bolela litaba tse molemo. Ha ke ne ke sitoa ho bolela phatlalatsa ka lebaka la ho oa, ke ne ke ngolla batho ba sebaka sa heso mangolo a nang le litaba tsa Mangolo ’me ka tsela eo ke ba khothalletse hore ba ithute Bibele.
Ho Fumanoa se Ntšoereng
Nakong ena, ka lichelete tse ngata batsoali ba ka ba ile ba nkisa ngakeng ea boloetse ba methapo. Ngaka ena e ile ea fumana hore ke tšoeroe ke lefu la sethoathoa. Ka lebaka la phekolo eo ke ileng ka e fumana, bokuli ba ka bo ile ba lula bo le tlas’a taolo ka lilemo tse ka bang ’nè. Khabareng, ke ile ka khona ho ea Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho, moo ke ileng ka fumana khothatso e ileng ea eketsa takatso ea ka ea ho sebeletsa moo tlhokahalo ea boboleli e leng khōloanyane teng.
Batsoali ba ka ba ne ba tseba hore na ke batla ho eketsa tšebeletso ea ka ho le hokae. Kaha bokuli ba ka bo ne bo batla bo le tlas’a taolo, ba ile ba ntumella hore ke ee Zitácuaro, Michoacán State, e bohōle ba lik’hilomithara tse 200 ho tloha hae. Ho ba le bo-pula-maliboho ba bang kabelong eo ho ile ha nthusa hore ke nke tšebeletso ea nako e tletseng e le ea bohlokoa le ho feta.
Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse peli ke le Zitácuaro, ke ile ka qala ho oa hape. Ke ile ka khutlela lapeng, ke ferekane ke bile ke utloile bohloko ’me hape ke hloka tlhokomelo ea lingaka. Ke ile ka ea ngakeng ea boloetse ba methapo e ileng ea fumana hore phekolo eo ke neng ke e sebelisa e ne e senya sebete sa ka. Ke ile ka qala ho sheba mekhoa e meng ea phekolo, kaha ke ne ke se ke sitoa ho lefella ho bona lingaka tse ithutetseng mafu a itseng ka ho khetheha. Boemo ba ka bo ne bo mpefala, ’me ke ile ka tlameha ho tlohela bopula-maliboho. Ho oa ho hong le ho hong ho ne ho nkhutlisetsa tetete. Empa ha ke bala Lipesaleme ’me ke rapela Jehova, ke ne ke utloa a nkhothatsa le ho ’matlafatsa.—Pesaleme ea 94:17-19.
Ke Finyella Pakane ea Ka
Nakong eo boemo ba ka bo neng bo le bobe ka ho fetisisa, ke ne ke oa habeli ka letsatsi. Joale ho ile ha ba le phetoho e khōlō e ileng ea nketsahalla. Ngaka e ile ea mpha phekolo e fapaneng ea sethoathoa, ’me ke ile ka qala ho ba betere ka nako e telele. Ka hona, ka la 1 September, 1995, ke ile ka boela ka nka tšebeletso ea bopula-maliboho. Bophelo ba ka bo ile ba lula bo tsitsitse, ka hona ka mor’a lilemo tse peli ke sa oa leha ’ngoe feela, ke ile ka etsa kōpo ea ho ba pula-maliboho ea khethehileng. Seo se ne se tla bolela ho qeta nako e ngata le ho feta tšebeletsong le ho ea sebeletsa leha e le kae moo tlhokahalo e leng hona teng. U ka inahanela hore na ke ile ka ikutloa joang ha ke fumana karabo! Ke ne ke finyelletse pakane eo ke neng ke ipehetse eona ha ke sa le ngoana.
Ka la 1 April, 2001, ke ile ka qala kabelo ea ka e ncha motseng o sa tsoa ahoa lithabeng tsa Hidalgo State. Hona joale ke sebeletsa motsaneng o Guanajuato State. Ke lokela ho ba hlokolosi haholo ka ho noa meriana le ho phomola ka ho lekaneng. Ke hlokolosi ka seo ke se jang, haholo-holo ha ho tluoa linthong tse mafura, k’hafeine le lijo tse ka makotikoting. Hape ke leka ho qoba ho nkoa ke maikutlo, joaloka ho koata kapa ho tšoenyeha ho tlōla tekano. Empa ho phela ka tsela ena e thata ho ntsoetse melemo. Haesale ke le pula-maliboho ea khethehileng, nkile ka oa hanngoe feela.
Kaha ha kea nyaloa ’me ha ke na boikarabelo ba lelapa, ke thabela ho tsoela pele ho sebeletsa ke le pula-maliboho ea khethehileng. Ke khothatsoa ke ho tseba hore ‘Jehova hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa rōna le lerato leo re ileng ra le bontša bakeng sa lebitso la hae.’ O lerato hakaakang, kaha ha a batle seo re ke keng ra khona ho mo fa sona! Ho amohela ’nete eo ho nthusitse hore ke nahane ka tsela e leka-lekaneng, kaha haeba ho kula ho ka nqobella hore ke khaotse ho bula-maliboho hape, kea tseba hore Jehova o ntse a tla thabisoa ke tšebeletso ea ka ea moea oohle.—Baheberu 6:10; Bakolose 3:23.
Ntle ho pelaelo, ho bolella ba bang tumelo ea ka letsatsi le letsatsi hoa ’matlafatsa. Hape ho boloka kelello ea ka e nahanne haholo ka litlhohonolofatso tseo Molimo a li boloketseng bokamoso. Bibele e tšepisa hore lefatšeng le lecha, ho ke ke ha hlola ho e-ba le ho kula, “’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele [li tla be] li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4; Esaia 33:24; 2 Petrose 3:13.
[Litšoantšo tse leqepheng la 14]
Ha ke batla ke le lilemo li 7 (ka holimo); ha ke batla ke le lilemo li 16, nakoana ka mor’a hore ke kolobetsoe
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ke etsa mosebetsi oa boboleli le motsoalle oa ka