Re Ithutile ho Phela le Lefu la Sethoathoa
Ke ile ka tsosoa ke lentsoe le phahameng. Ka tšethema betheng pele ke hlokomela hore le ne le tsoa ho mosali oa ka, Sandra. O ne a raha-raha holim’a bethe, a phethola mahlo, ’me o ne a sa phefumolohe. Melomo ea hae e ne e le meputsoa, ’me makoeba a mali a ne a e-tsoa ka molomong oa hae. Ke ile ka nahana hore oa shoa. Ke ile ka mo jabela sefahlehong, ke nahana hore ho tla mo etsa hore a hlaphoheloe. Ho tsitsipana hona ho ile ha ’na ha tsoela pele, kahoo ke ile ka mathela fono-fonong ho ea bitsa ngaka ea rōna. Mosali oa ka o tla hlalosa se ileng sa etsahala.
HA KE tsoha hoseng hoo, ka utloa mantsoe a bonolo, ’me ke ne ke sa robala betheng ea ka. Ke ile ka lula ke tutubetse ke mametse. Ka utloa lentsoe la monna oa ka, hammoho le la ’mè oa ka le la ngaka. Ho ne ho etsahetse eng?
Ke ile ka bula mahlo ’me ka bona kamoo ba amehileng kateng. Ha ke leka ho lula, hlooho e bohloko haholo e ile ea mpolella hore ba amehile ka ’na. Ke kamoo lefu la sethoathoa le ileng la qaleha kateng lelapeng la rōna, kapa seo kajeno se bitsoang lefu la ho oa. Nakong ena, ka 1969, ’na le monna oa ka David, re ne re e-na le lilemo tse 23 feela.
Lipakane tsa Rōna tsa Bophelo Lia Fetoloa
Ke hōlisitsoe ke le e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me ke ile ka qala ho kopanela le batsoali ba ka tšebeletsong ea phatlalatsa ha ke le lilemo li hlano. Ha ke shebelletse e mong oa liithuti tsa ka tsa Bibele a kolobetsoa, ke ile ka iketsetsa pakane ea ho ba moromuoa. Nakong ea phomolo ea sekolo, ke ne ke bula maliboho, e leng seo re se bitsang tšebeletso ea nako e tletseng. Hoba ke qete sekolong se phahameng ka 1964, ke ile ka qala ho bula maliboho.
Ha ke utloa David a nehelana ka lipuo tse monate tsa Bibele le ho utloa hore o batla tšebeletso e khethehileng ho Jehova, u ka inahanela ka se ileng sa etsahala. Re ile ra nyalana ’me ra thabela katleho e ntlehali hammoho ea ho thusa ba bang ho ithuta litsela tsa Jehova.
Na u ka nahana ka thabo ea rōna ha ka April 1970 re ne re amohela limemo tsa ho ea Sekolong sa Bibele sa Watchtower sa Gileade ho ba baromuoa? Re ile ra tlatsa likopo tsa rōna. Lengolong le hoketsoeng kōpong ea ka, ke ile ka bolela hore le hoja ke ne ke sa ikutloe ke amehile ka hona, ke ne ke ile ka tšoaroa ke sethoathoa ka makhetlo a mabeli selemong se fetileng. Kapele re ile ra amohela lengolo le mosa le re bolellang hore ho fihlela nka qeta lilemo tse tharo kantle ho lefu la sethoathoa, e ne e ke ke ea ba taba e bohlale ho re romela naheng e ’ngoe. Nakong ea matsatsi a seng makae, ke ile ka tšoaroa ke lefu la sethoathoa ka lekhetlo la boraro.
Ka lebaka la ho hlōleha ho ea Gileade, re ile ra tšepa ho sebetsa ntlo-kholo ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova e New York. Re ile ra etsa kōpo hamorao lehlabuleng leo sebokeng se neng se tsamaisoa ke mookameli oa nakong eo oa Mokhatlo oa Watch Tower, Nathan Knorr. Nakong ea lipuisano tsa hae le rōna, ka mosa o ile a hlalosa lebaka leo ka lona mosebetsi oa Bethele o neng o tla ba thata ho ’na. O ile a hlalosa hore ke tlameha ho lokoloha lefung lena la sethoathoa lilemo tse tharo pele re ka amoheloa bakeng sa tšebeletso ea Bethele. Leha ho le joalo, o ile a nka likōpo tsa rōna ’me a li kenya mokotlaneng oa hae. Ka mor’a libeke tse tšeletseng re ile ra amohela kabelo ea bopula-maliboho bo khethehileng ho ea sebeletsa Pennsylvania.
Ho Sebetsana le Bothata ba Lefu la Sethoathoa
Qalong mafu a sethoathoa a ne a sieana ka khoeli, empa nakong ena se ne se ntšoara khafetsa. Ha ho mohla ke neng ke ile ka bona motho ea tšoeroeng ke sethoathoa se matla; ke ne ke tseba feela seo motho ea joalo a se utloang. Pele e-ba bohatsu—boikutlo bo fetang kapele, bo ferekanyang bo ka ’nang ba tšoantšoa le boikutlo bo bang teng ha u feta lifate tseo mahlaseli a letsatsi a phunyeletsang har’a tsona ka lebelo. Sena se nka nakonyana, ebe ke lahleheloa ke boikutlo.
Ke tsoha ke tšoeroe ke hlooho; ke tseba ho nahana, empa ke sa tsebe ho bua seo ke se nahanang—kaofela se senyehile. Ke ne ke sa utloisise leha e le puo. Liphello tsena li tšoarella lihora tse ’maloa tse latelang. Leha ho le joalo, ke ho nyahamisang ’me ka linako tse ling ke ho hlabisang lihlong ho tsoha u le sebakeng se seng le ho bolelloa hore u ile ua tsitsipana methapo hape, haholo haeba re ne re le kopanong ea Bokreste.
Haeba ke hlokomeloa ke motho ea hlokang phihlelo kapa haeba ke le mong ha ke tšoaroa ke sethoathoa, ke loma lehlakore la molomo oa ka ’me ke atisa ho hlahlatha leleme la ka. Joale ho nke matsatsi hore molomo oa ka o fole. David o ne a tseba ho ntlhokomela, kahoo ho molemo haholo ha a e-na le ’na. Oa tseba hore o lokela ho kenya ho hong ka molomong oa ka ho o sireletsa. Ho seng joalo ke ne ke tla utloa bohloko matsatsi a mangata, kapa ho hobe le ho feta, ke ne ke tla koaleha moea.
Ho hlokahala ntho e sireletsang molomo. David o ile a hlokomela hore libuka tse nyenyane, joaloka ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng, li boholo bo lekaneng, li fumaneha habonolo. Re na le libuka tse ngata tse nyenyane tse nang le matšoao a meno a ka lintlheng.
Sesosa ke Sefe?
Sethoathoa e ka ’na ea e-ba matšoao a mangata a mathata a bophelo. Metsoalle e amehileng e ne e fana ka lihlooho tse mabapi le ho tsitsipana ha methapo le kamoo ho ka bakoang ke masapo a mokokotlo a sa lulang hantle, ke ho hloka lithibela-mafu kapa matsoai a lekaneng, ke ho hloka maro a ’mele a lekaneng kapa ho theoha ha tsoekere maling, esita le ke linoa-mali. Ka botšepehi ke ile ka leka liphekolo tsohle tseo ke neng ke li fuoe. Ke ile ka ea lingakeng tse ngata ’me ha etsoa liteko tse ngata. Ebile hona re hlokomelang hore ke ne ke phela ka ho sa tloaelehang, empa lefu la sethoathoa le ile la tsoela pele.
Ha ke ne ke tšoaroa ke sethoathoa hape, lelapa le metsoalle e ne atisa ho re: “U lokela ho itlhokomela hamolemo.” Qetellong sena se ile sa nkutloisa bohloko. Se ile sa etsa hore ho bonahale eka ke etsa ho hong ho bakang sethoathoa; empa ke ne ke leka ka hohle ho hlokomela bophelo ba ka. Ha ke hetla morao, ke hlokomela hore sena e ne e le boikutlo ba tlhaho. Bona joaloka rōna, ba ne ba e-na le nako e thata ea ho amohela sethoathoa. Joaloka moapostola Pauluse, ke ne ke e-na le bothata ba ho sebetsana le “phatsa e hlabang ka nameng.”—2 Ba-Korinthe 12:7-10.
Ka mor’a hore ngoana oa rōna oa letsibolo a hlahe ka 1971, ke ile ka hlakoloa lenaneng la bo-pula-maliboho, ’me re ile ra rera hore ke bone ngaka ea mafu a methapo ea hlooho. Litlhahlobo li ne li pheta-phetoa. Pele, ke ile ka hlahlobuoa boko ho bona haeba ho na le lihlahala tsa boko. Li ne li le sieo. Eaba mochine o tlalehang maqhubu a boko oa sebelisoa ho lekanya maqhubu a boko ba ka. Ho ’na, ho ne ho e-na le lehlakore le tšehisang tlhahlobong.
Ke ile ka bolelloa hore ke se robale haholo bosiu ba pele le ho se noe lintho tse robatsang. Letsatsi le hlahlamang, ha ke paqame betheng e seng mabotho-botho ka kamoreng e batang, li-electrode li ne li hoketsoe sefahlehong sa ka, ka holim’a hlooho, esita le litsebeng tsa ka. Ngaka e ile ea tsoa ka kamoreng, ea tima mabone, ’me ea mpolella hore ke robale! Haeba ke ne ke meneka hanyenyane feela, lentsoe la eona le ne le tsoa sebuela-hōleng, le re: “Ka kōpo, se ke oa sisinyeha.” Esita le tlas’a maemo ao, ke ile ka robala! Ka mehla David o ne a ntloka ka hore nka robala hohle moo ke ratang, ka nako efe kapa efe.
Tlhahlobo e ile ea fihla. Ho ile ha fumanoa kotsi e fokolang bokong karolong e ka pele ea boko. Sesosa se seholo e ne e ka ’na eaba ho belehoa ka thata kapa feberu e matla haholo khoeling tse seng kae tsa pele tsa bophelo. Batsoali ba ka ba ile ba hlongoa lipotso, e leng se neng se le bohloko ho bona. Ba ile ba bolela hore lisosa tsena ka bobeli li ne li tšoanetse. Mofuta oa sethothoa o neng o ntšoere, re ile ra hlokomela hore e ne e se lefutso.
Ntoa ea ho se Fenya
Joale ha qaleha lilemo tsa seo ho ’na e neng e le mokhoa oa phekolo o tšosang, phekolo ea lithethefatsi. Teko ea pele ea lithethefatsi ha ea ka ea ntšoara hantle, ’me ea bobeli ha ea ka ea sebetsa. Ka sethethefatsi sa boraro Mysolene, re bile le katleho e fokolang ea ho fenya sethoathoa. E ne e le moriana o bonolo, empa ho ne ho hlokahala lipilisi tse hlano ka letsatsi. Batho ba bang ba ile ba hlokomela liphello tseo sethethefatsi sena se neng se e-ba le tsona ho ’na, empa kapele ke ne ke khona ho se mamella. Ke ne ke roala sepetja se neng se nkhetholla ke e-na le lefu la sethoathoa le se neng se fana ka lebitso la sethethefatsi.
Ke ile ka lokoloha lefung la sethoathoa ka nako e telele ka ho lekaneng hore nka fumana lengolo la ho khanna hape. Ho ’na litokelo tsa ho khanna li ne li le bohlokoa haholo kaha re ne re lula mapolasing, ’me hape ke ne ke batla ho bula maliboho. Empa e itse feela ha ke loketse ho qalisa, bofelong ba 1973, re ile ra hlokomela hore ngoana e mong o se a le tseleng. Kahoo ha kea ka bula maliboho, empa ho fapana le hoo re ile ra fallela phuthehong e nyenyane e Appalachian Ohio moo ho neng ho hlokahala malapa. Re ile ra lula torotsoaneng e nang le baahi ba 4 000 moo ho neng ho se na Lipaki tsa Jehova nakong eo.
Kapele ka mor’a hore re fallele mona, ke ile ka ea lingakeng tse fapaneng tsa mafu a methapo ea hlooho. Le hoja ke sa ka ka tsitsipana methapo kapa ho lahleheloa ke boikutlo, ke ne ke sa ntse ke e-na le sethoathoanyana se neng se ka ntšiea ke ferekane. Ngaka e ile ea eketsa ka sethethefatsi sa bobeli, phenobarbital, ho seo ke neng ke se sebelisa. Kaofela, ke ne ke e-noa lipilisi tse robong ka letsatsi.
Lilemo tse peli tse latelang li bohloko haholo ho ’na hore nka bua ka tsona, ’me ka baka la boemo bo tšosang boo lithethefatsi tsena li ileng tsa ntšiea ho bona, ha ke tiisehe haholo hore nka hlalosa lintho ka ho lekaneng. A ke bolele feela hore Ba-Filippi 4:7 ebile lengolo leo ke neng ke le rata haholo. Le re: “Khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle e tla boloka mehopolo ea lona.”
Lithethefatsi li ile tsa theola puo ea ka le liketso tsa ka ’me tsa ama mohopolo oa ka. Ke ile ka boela ka ba le phihlelo ea phetoho ea botho, ka tepella maikutlong le ho halefa nako le nako. David o ile a ikutloa a le tlas’a tlhaselo, ’me ho ne ho hlokahala hore a rapele hore a se arabele ka ho hlokang mosa boitšoarong ba ka. Ntle ho moo, re ne re e-na le bana ba babeli ba banyenyane bao re lokelang ho ba hlokomela. Baholo ba Bakreste phuthehong ea rōna ba ne ba re khothatsa ha re nyahame.
Ka 1978 nakong ea selemo, ke ile ka rera, ntle le tumello ea David, ho khaotsa ho sebelisa meriana. Ke ne ke hloka thuso ka ho khethehileng. Ka hloko, ke ile ka fokotsa halofo ea lipilisi libeke tse ling le tse ling tse peli. Ho ne ho tšoana le ho tsoha borokong. Ke ne ke ikutloa ke nyakaletse. Ke kholisehile hore leholimo le ne le le leputsoa haholoanyane.
Ke ile ka tsoela pele ke lokolohile lefung la sethoathoa, kahoo ke ile ka qala ho bula maliboho ka la 1 September 1978. David o ne a le motlotlo haholo ka ’na, ’me ke ne ke tletse thabo. Koana, meriana e ile ea bokellana ’meleng, kahoo e nka nako pele e tsoa ’meleng. Bekeng ea bobeli ea October ka mor’a ho bula maliboho ka libeke tse tšeletseng feela, ho tsitsipana ha methapo ha khutla ka sekhahla ho feta leha e le neng pele, ’me ho sieana ka matsatsi a mararo feela! Ka mor’a beke ea bohlano, re ile ra ea ngakeng e ncha ea methapo ea hlooho.
Ke ile ka e bolella: “Ho molemo hore ke shoe ho e-na le ho noa lithethefatsi.”
Ea arabela: “Ho tla ba joalo ha u sa li noe! Joale ho tla etsahala eng ka barali ba hao?”
Ho Ithuta ho Phela le Lefu la Sethoathoa
Bekeng eo ke ile ka qalisa sethethefatsi se secha, Tegretol. Ke ile ka noa lipilisi tse hlano tsa limiligrama tse 250 ka letsatsi ho hlōla sethoathoa sena. Leha ho le joalo, sethethefatsi sena se fapane le tse ling tseo ke neng ke li noa. Hase bokellane ’meleng kapa ho ba le liphello tse fetolang kelello.
Leha ho le joalo, ka nakoana ha kea ka ka khanna. Re ne re lula moo ke neng ke le kathōko ho moo motho a neng a ka nkuka har’a beke ho ea mosebetsing oa boboleli. Ke ile ka ikutloa ke ferekane. David o ile a nkhothatsa ka hore: “Ke hobane’ng ha o sa emele nako ea selemo ebe o tlohela ho bula maliboho? Se ke oa etsa liphetoho tse potlakileng hona joale.”
Ke ne ke ikemiselitse ho bona haeba Jehova o ne a tla hlohonolofatsa boiteko ba ka haeba ke mo leka. Lillo tsa Jeremia 3:24-30 (NW) ebile tsa bohlokoa ho ’na. Ke ne ke e-na le hoo ke ho ‘jarisitsoeng,’ ’me ke ne ke “bontša boikutlo ba ho leta.” Hape, ke ile ka qala ho nka meriana ka ho fapaneng, e le motsoalle.
Nakong ena Cara o ne a le sekolong, ’me Esther o ne a le lilemo li tharo. Kahoo Esther ebile pula-maliboho ’moho le ’na. Re ile ra tsamaea, ra tsamaea butle har’a lehloa le tebileng le ho mamella serame. Ka nako ea selemo toropo eohle e ne e re tseba hore na re bo-mang.
Ka nako e tšoanang, ke ile ka noa moriana ka hloko. Haeba ke ne ke ile ka noa lipilisi tse tšoanang haholo, ke ne ke e-ba le lipono tse peli tse matla. Leha ho le joalo, haeba ke ne ke lebetse lipilisi tse peli kapa tse tharo, ke ne ke tšoaroa ke sethoathoa ka matla. Selemong sa pele, ke ile ka hlahlojoa mali libekeng tse ling le tse ling tse tharo ho isa ho tse tšeletseng ho tiisa hore moriana o ne o se na liphello tse kotsi.
Ke habohlokoa ho batho ba tšoeroeng ke sethoathoa ho boloka mesebetsi ea bona ea ka mehla—ho ja, ho robala, le tse ling—kemisong e ntle ’me ke ne ke le hlokolosi ho etsa lintho tsena. Ho tloha mariheng ao, ke ile ka finyella lihora tsa bo-pula-maliboho. Ha nako e ntse e tsamaea, sethoathoa se ile sa hlōloa, hoo ke ileng ka tseba ho khanna hape, ’me ke ile ka khona ho bula maliboho ho tloha nakong eo ho tla fihlela kajeno.
Cara o ile a qeta sekolong se phahameng ’me hona joale le eena o bula maliboho. Haesale ho tloha mariheng ao ha Esther a ntse a tsamaea le ’na ha ke bula maliboho, o ile a ba le moea oa bopula-maliboho. Ka nako e ’ngoe kopanong ea setereke, bo-pula-maliboho ba ile ba koptjoa ho ema. Ha ke sheba ka hohle, Esther ea lilemo tse ’nè o ne a eme setulong sa hae. Le eena o ne a inka e le pula-maliboho!
Ke sa ntse ke leboha haholo hore e be ke sebeletsa Jehova le David le ba bang ba bangata bao re ileng ra ithuta Bibele le bona. Thapelo ea ka ea hore eka David le eena a ka qalisa bopula-maliboho e arabetsoe. O boetse o sebeletsa e le molebeli oa rōna oa kopano ea potoloho hammoho le mothusi oa molebeli ea tsamaeang. Qeto ea rōna e tiileng ke hore haufinyane, lefatšeng le lecha la ho loka la Molimo, Jesu Kreste o tla phethahatsa lefatšeng ka bophara ho phekoloa ha ba hlokofatsoang ke mafu, ho kopanyelletsa le ba tšoeroeng ke sethoathoa. (Mattheu 4:24)—Kamoo ho boletseng Sandra White.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
’Na le monna oa ka le barali