Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 7/8 maq. 10-11
  • Tsela ea ho Boloka Mosebetsi oa Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Boloka Mosebetsi oa Hao
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tseba ho Buisana le Batho ba Bang
  • Sebelisana le ba Bang Hantle
  • Tšepahala
  • E-ba le Pono e Nepahetseng ea Lintho
  • Bona se Molemo Bakeng sa Mosebetsi oa Hao o Thata
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • U ka Etsa’ng Hore U Thabele ho Sebetsa ka Thata?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Likarabo Tse Sebetsang!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Kamoo re ka Bang le Pono e Loketseng ka Mosebetsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 7/8 maq. 10-11

Tsela ea ho Boloka Mosebetsi oa Hao

“Na u bone motho ea nang le tsebo mosebetsing oa hae? O tla ema ka pel’a marena.”—Liproverbia 22:29.

JOALOKAHA temana e ka holimo ea Bibele e bontša, basebetsi ba nang le tsebo hangata ba nkoa e le ba bohlokoa. Ke tsebo efe le litšoaneleho life tseo bahiri ba li nkang e le tsa bohlokoa ho basebetsi ba bona? George, motsamaisi oa litaba tsa khiro ea basebetsi k’hamphaning e hirang batho ba 700, o ile a bolella Tsoha!: “Seo re se nkang e le sa bohlokoa ho mohiruoa ke bokhoni ba hae ba ho buisana hantle le ho sebetsa ka kutloano le ba bang.” Bibele e na le keletso e ntle e ka thusang ho ntlafatsa tsebong ena, kahoo e eketsa seo u ka se etsang hore u boloke mosebetsi oa hao. Nahana ka mehlala e meng.

Ho Tseba ho Buisana le Batho ba Bang

Mongoli oa Bibele Jakobo o bontša hore mosebetsi oa motho ea tsebang ho buisana le ba bang o qala pele a ahlamisa molomo oa hae. Jakobo o ngotse hore motho ea joalo “a potlakele ho utloa, a liehe ho bua.” (Jakobo 1:19) Ke hobane’ng ha ee e le keletso e ntle? Solomone o ngotse: “Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utloa, hoo ke booatla ho eena le tlotlollo.” (Liproverbia 18:13) Ka sebele, ho mamela mohiri oa hao hantle le basebetsi ba bang ho ka thibela ho se utloisisane ’me ha u thibela ho etsa liphoso tsa booatla.

Ha u bua, tsela eo u buang ka eona le eona ke ea bohlokoa. Haeba u bua ka ho hlaka ebile e le ka lentsoe le lekaneng, ho ka etsahala hore u utloisisoe ’me u tla etsa hore motho ea u mametseng a hlomphe seo u se buang. Brian, setsebi sa khiro se boletsoeng sehloohong se tlang pele ho sena, o re: “U tla makala hore na ke batho ba bangata hakae ba lahleheloang ke mosebetsi, eseng ka lebaka la ho se tsebe mosebetsi, empa hobane ba haelloa ke tsebo ea ho buisana le ba bang.”

Sebelisana le ba Bang Hantle

Ha u sheba nako eo u e qetang le basebetsi ba bang, ha ho pelaelo hore u ba tseba hantle. Ka lebaka leo, u ka ’na ua ba tekong ea ho bua ka bona, u totobatsa liphoso tsa bona le mefokolo. Leha ho le joalo, keletso ea Bibele ke “hore sepheo sa lōna e be ho phela ka khutso le ho hlokomela litaba tsa lōna.” (1 Bathesalonika 4:11) Ka ho etsa joalo, u tla qoba ho ba le botumo ba hore u “ea itšunya-tšunyang litabeng tsa batho ba bang.” (1 Petrose 4:15) Ho feta moo, u tla qoba ho senya nako le ho ba le khohlano ho sa hlokahale le basebetsi-’moho.

Ha u kōptjoa hore u etse mosebetsi o itseng, hopola keletso e bohlale ea Jesu e reng: “Haeba e mong ea nang le bolaoli a u qobella hore u tsamaee le eena maele e le ’ngoe, u ee le eena limaele tse peli.” (Matheu 5:41) Jesu o ne a bua ka bolaoli ba mebuso, empa molao-motheo ona o ka sebetsa le mosebetsing. Haeba u e-na le botumo ba hore u motho ea sebetsang ka thata—ea etsang ho feta seo a se kōpiloeng—ho na le monyetla oa hore u lule mosebetsing oa hao. ’Nete ke hore ho na le moeli oa hore na mohiri a ka u kōpa ho fella kae. Jesu o ile a re motho o lokela ho lefa “Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.” (Matheu 22:21) Ho latela molao-motheo ona, mona Jesu o ne a bontša hore ba maemong a bolaoli ha baa lokela ho lumelloa ho kena-kenana le litaba tsa bohlokoa haholoanyane, tse kang ho rapela Molimo.

Tšepahala

Phuputso e ’ngoe e entsoeng lifemeng tse fetang 1 400 e ile ea senola hore boholo ba bahiri “ba nka ho ba le ’nete le botšepehi e le litšoaneleho tse ba khahlang haholo ho batho ba batlang mosebetsi.” Ho hlakile hore ho ba ea nang le ’nete ho akarelletsa ho se utsoetse mohiri oa hao chelete kapa thepa. Hape ho bolela ho se utsoe nako. Phuputso e entsoeng ke mokhatlo o mong o batlelang batho mosebetsi e ile ea fumana hore nako e utsuoang ka karolelano ke lihora tse 4 le metsotso e 15 ho mosebetsi e mong le e mong beke le beke. Har’a lintho tse ling, masholu ana a nako a ne a tloaetse ho fihla ka mor’a nako mosebetsing, a tloha pele ho nako le hore ha a ntse a le mosebetsing a ne a chakelana.

Bibele e ea eletsa: “Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa, empa ho e-na le hoo, a sebetse ka thata, a etse mosebetsi o molemo ka matsoho a hae.” (Baefese 4:28) Ho phaella moo, Lentsoe la Molimo le khothalletsa Bakreste hore ba sebetse ka thata, esita leha ba boholong ba sa ba sheba ka ho toba. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Nthong e ’ngoe le e ’ngoe le mamele beng ba lōna ka kutloisiso ea nama, eseng ka liketso tsa tšebeletso ea ha le shebiloe, joaloka ba khahlisang batho, empa ka botšepehi ba pelo, ka ho tšaba Jehova.” (Bakolose 3:22) Haeba u tumme ka hore u motho ea hloahloa mosebetsing—esita leha u sa behoa leihlo—u mohiruoa ea ka tšeptjoang.

E-ba le Pono e Nepahetseng ea Lintho

Ka nepo Bibele e ile ea bolela esale pele hore linako tsa rōna e ne e tla ba linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. (2 Timothea 3:1) Ho hloka botsitso lipolotiking le sechabeng le meferefere joang kapa joang li ne li tla fella ka ho se tsitse ha moruo. (Matheu 24:3-8) Kahoo, esita le haeba u sebelisa litlhahiso tsena tse ka holimo, u ntse u ka lahleheloa ke mosebetsi.

Leha ho le joalo, ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ka u thusa ho fokotsa ho ngongoreha ho tsamaeang le ho se sebetse. Jesu o itse: “Joale, haeba Molimo a apesa limela tsa naha joalo, tse leng teng kajeno ’me hosasane li lahleloa ka ontong, na ho e-na le hoo a ke ke a le apesa haholo, lōna ba nang le tumelo e nyenyane? Kahoo le ka mohla le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja’ng?’ kapa, ‘Re tla noa’ng?’ kapa, ‘Re tla apara’ng?’ . . . Etsoe Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle.”—Matheu 6:30-32.

Joaloka batho ba bang ba limilione lefatšeng ka bophara, Ericka, ea boletsoeng pejana, o hlokometse bonnete ba mantsoe a qotsitsoeng ka holimo. O akaretsa maikutlo a hae ka tsela ena: “Ke thabela mosebetsi oo ke nang le oona hona joale haholo. Empa ka phihlelo eo ke nang le eona kea tseba hore lintho li ea fetoha. Leha ho le joalo, ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele le ka ho ithuta ho tšepa Jehova, ke ithutile ho fokotsa ho tšoenyeha ha ke sa sebetse le hore na nka eketsa khotsofalo ea ka joang ka mosebetsi oo ke o fumanang.”

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ho se mamele sebokeng ho ka etsa hore u lahleheloe ke mosebetsi

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela