Kamoo re ka Bang le Pono e Loketseng ka Mosebetsi
LEFATŠENG la kajeno le bakang khatello la limmaraka tsa lefatše, tlhōlisano e sehlōhō le lihlahisoa tse etsoang ka bongata, batho ba bangata ha ba thabele ho ea mosebetsing letsatsi le leng le le leng. Leha ho le joalo, re lokela ho thabela mosebetsi. Hobane’ng? Hobane re bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo—’me Molimo o thabela mosebetsi oa hae. Ka mohlala, Genese 1:31 e re ha Molimo a hlahloba seo a se entseng qetellong ea “matsatsi” a tšeletseng a pōpo kapa qetellong ea nako e telele, ‘o ile a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng ’me, bonang! e ne e le molemo haholo.’
Ha ho pelaelo hore Jehova o bitsoa hore ke “Molimo ea thabileng” ka lebaka la hore o rata mosebetsi. (1 Timothea 1:11) Joale, na hase ho utloahalang hore ha re mo etsisa haholoanyane, re tla thaba haholoanyane? Tabeng ena, Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo, eo e neng e le sehahi se tummeng hape a tseba ho hlophisa lintho, o ile a ngola a re: “Motho e mong le e mong [o lokela hore] a je ’me a noe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o thata. Ke mpho ea Molimo.”—Moeklesia 3:13.
Kajeno ho thata ho ba le pono e loketseng le e ntle ka mosebetsi hobane mosebetsi o lula o fetoha. Empa Jehova Molimo o hlohonolofatsa ba mamelang tataiso ea hae e lerato. (Pesaleme ea 119:99, 100) Ba joalo e ba bahiruoa ba bohlokoa le ba ka tšeptjoang ’me ha ho bonolo hore ba felloe ke mosebetsi. Ba boetse ba ithuta hore bophelong le mosebetsing ba se ke ba ameha ka chelete feela empa ba amehe le ka litaba tsa moea. Sena se ba thusa hore ba etse liqeto tse bohlale bophelong le ho bona hore thabo ea bona le tšireletseho ea bona ha ea itšetleha ka mesebetsi e sa tsitsang. (Matheu 6:31-33; 1 Bakorinthe 2:14, 15) Se ba thusa hore ba be le mekhoa e metle ha ba sebetsa.
Loanela ho ba le Mekhoa e Thabisang Molimo ha U Sebetsa
Batho ba bang ke makhoba a mosebetsi. Ba bang bona ba potlakela ho chaisa mosebetsing ba tsebe ho ea hae. Pono e loketseng ke efe? Bibele ea araba e re: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.” (Moeklesia 4:6) Ha e le hantle, ho sebetsa ka thata haholo kapa ka nako e telele haholo ho baka mathata—ke “ho lelekisa moea” ho se nang thuso. Hobane’ng? Hobane re ka senya lintho tse re tlisetsang thabo ka ho fetisisa: e leng kamano ea rōna le ba malapa a rōna le metsoalle, bomoea ba rōna, bophelo ba rōna esita le litšiu tsa rōna. (1 Timothea 6:9, 10) Pono e loketseng ke hore motho a khotsofalle bonyenyane boo a nang le bona bo mo tlisetsang khotso ka tekanyo e itseng ho e-na le ho imeloa ke mosebetsi o tsamaisanang le liqabang le masisa-pelo.
Le hoja Bibele e khothalletsa pono ena e loketseng, ha e buelle botsoa. (Liproverbia 20:4) Botsoa bo etsa hore re se ke ra itlhompha ’me re se ke ra hlomphuoa ke ba bang. Ho hobe le ho feta ke hore bo senya kamano ea rōna le Molimo. Bibele e bolela ka ho toba hore motho ea hanang ho sebetsa a se ke a ja lijo tsa ba bang. (2 Bathesalonika 3:10) Ho e-na le hoo, o lokela ho fetola mekhoa ea hae ’me a sebetse ka thata, a tle a tsebe ho iphelisa le ho hlokomela baphelisuoa ba hae. Ha a sebetsa ka thata, a ka tseba le ho thusa ba hlokang e le kannete—e leng seo Lentsoe la Molimo le se khothalletsang.—Liproverbia 21:25, 26; Baefese 4:28.
Ho Koetlisetsoa ho Nka Mosebetsi e le oa Bohlokoa ho Tloha Bonyenyaneng
Ho ba le mekhoa e metle ha u sebetsa ha ho itlele feela; u lokela ho ithuta hona u sa le monyenyane. Bibele e fa batsoali keletso ena: “Koetlisa moshanyana [kapa ngoanana] ho ea ka tsela e mo loketseng; esita le ha a tsofala a ke ke a e kheloha.” (Liproverbia 22:6) Batsoali ba bohlale ha ba behe feela mohlala o motle ka hore bona ka bobona ba sebetse, empa ba qala ho koetlisa bana ba bona ka ho ba fa mesebetsi lapeng ho ea ka lilemo tsa bona. Esita le hoja bana ba ka tletleba ha ba lokela ho etsa mesebetsi e itseng, ba tla ipona e le litho tsa bohlokoa tsa lelapa—haholo haeba ba babatsoa ke batsoali ha ba entse mosebetsi oa bona ka bokhabane. Ka masoabi, batsoali ba bang ba etsetsa bana ba bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe, mohlomong ba nahana hore ba mosa. Batsoali ba joalo ba lokela ho nahana ka mantsoe a Liproverbia 29:21, a reng: “Haeba motho a bokotsa mohlanka [kapa ngoana] oa hae ho tloha bocheng ho ea pele, bophelong ba hae hamorao o tla fetoha ea se nang teboho.”
Batsoali ba nang le boikarabelo ba boetse ba thahasella mosebetsi oa bana ba bona oa sekolo, ba ba khothalletsa ho ithuta le ho sebetsa ka thata sekolong. Sena se tla tsoela bana molemo hamorao ha ba se ba sebetsa.
Khetha Mosebetsi ka Bohlale
Le hoja Bibele e sa re bolelle hore na re khethe mosebetsi oa mofuta ofe, e re fa tataiso e molemo e le hore tsoelo-pele ea rōna moeeng, tšebeletso ea rōna ho Molimo le boikarabelo bo bong ba bohlokoa, li se ke tsa behoa kotsing. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Nako e setseng e fokotsehile. Ho tloha joale ho ea pele . . . ba sebelisang lefatše ba be joaloka ba sa le sebeliseng ka botlalo; etsoe boemo ba lefatše lena boa fetoha.” (1 Bakorinthe 7:29-31) Ha ho na letho le sa feleng kapa le tsitsitseng ka ho feletseng tsamaisong ena ea kajeno ea lintho. Ha re tela nako eohle ea rōna le matla bakeng sa eona ho ka tšoana le ha re haha ntlo sebakeng se ratoang ke moroallo ka chelete eohle eo re e bolokileng. See e ka ba tšebeliso e booatla hakaakang ea chelete!
Liphetolelo tse ling tsa Bibele li fetolela poleloana e reng “ba sa le sebeliseng ka botlalo” e le “ba sa ikakhelang ka setotsoana ho lona” le “ba sa tšoarehang ka ho feletseng ka lona.” (The Jerusalem Bible; Today’s English Version) Batho ba bohlale ha ba hlokomolohe ’nete ea hore nako ea tsamaiso ea hona joale “e fokotsehile” ’me joang kapa joang ho ‘ikakhela ka setotsoana’ kapa ‘ho tšoareha ka ho feletseng’ ho eona ho tla tsoala masoabi le ho ikoahlaea.—1 Johanne 2: 15-17.
‘Ho Hang Molimo a ke ke a U Furalla’
Jehova o tseba litlhoko tsa rōna ho re feta. Hape oa tseba hore na re hokae phethahatsong ea merero ea hae. Ka lebaka leo, oa re hopotsa o re: “Mokhoa oa lōna oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng. Etsoe [Molimo] o itse: ‘Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.’” (Baheberu 13:5) Mantsoe aa ke a tšelisang hakaakang! Ha Jesu a etsisa kameho ea Molimo e lerato ka batho ba hae, o ile a sebelisa boholo ba Thuto ea hae e tsebahalang ea Thabeng ho ruta barutuoa ba hae ho ba le pono e loketseng ka mosebetsi le lintho tse bonahalang.—Matheu 6:19-33.
Lipaki Tsa Jehova li loanela ho ela hloko thuto eo. Ka mohlala, ha mohiri a ne a kōpa Paki ea setsebi sa motlakase hore e sebetse nako e eketsehileng kamehla, mohiruoa enoa o ile a hana. Hobane’ng? Hobane o ne a sa batle hore mosebetsi oa hae oa boipheliso o kena-kenane le nako eo a e nehang lelapa la hae le litaba tsa moea. Kaha e ne e le mosebetsi ea hloahloa le ea tšeptjoang, mohiri oa hae o ile a mo nahanela. Empa ha ho be joalo kamehla, ’me ho ka ’na ha hlokahala hore motho a batle mosebetsi o mong e le hore a phele bophelo bo khotsofatsang moeeng le nameng. Leha ho le joalo, hangata ba tšepang Jehova ka ho feletseng ba ratoa ke bahiri ba bona ka lebaka la boitšoaro ba bona bo botle le ka lebaka la mekhoa ea bona ea ho sebetsa.—Liproverbia 3:5, 6.
Nako eo ka Eona Mosebetsi Oohle o Tla be o Khotsofatsa
Tsamaisong ea hona joale ea lintho e sa phethahalang, kamehla ho hiroa le ho lebella ho hiroa ho tla ba le mathata. Ha e le hantle, lintho li ka ’na tsa mpefala ha lefatše le ntse le hloka botsitso ka ho eketsehileng ’me le moruo o ntse o feto-fetoha kapa o oa. Empa boemo bona ke ba nakoana. Haufinyane, bohle ba tla ba le mosebetsi. Ho feta moo, mosebetsi oohle e tla ba o thabisang le o khotsofatsang. See se ka etsahala joang? Ke eng e tla tlisa phetoho e joalo?
Jehova o ile a bua ka nako e joalo ka moprofeta oa hae Esaia. Jehova o ile a re: “Ke bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha; ’me lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.” (Esaia 65:17) O ne a bua ka puso ea hae e ncha, eo tlas’a eona batho ba tlang ho phela ka mokhoa o mocha le o fapaneng ka ho feletseng.—Daniele 2:44.
Mabapi le tsela eo batho ba tla phela ka eona le ho sebetsa ka eona, boprofeta bona bo tsoela pele bo re: “Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je. Etsoe matsatsi a sechaba sa ka a tla ba joaloka matsatsi a sefate; ’me bakhethoa ba ka ba tla sebelisa mosebetsi oa matsoho a bona ka botlalo. Ba ke ke ba sehlela lefeela, kapa ba tsoalla pherekano; kahobane ke bana ba entsoeng ka ba hlohonolofalitsoeng ba Jehova, hammoho le litloholo tsa bona.”—Esaia 65:21-23.
Lefatše leo le lecha la Molimo le tla tlisa phetoho e kaakang! Na ha u lakatse ho phela lefatšeng le joalo, leo ho lona ‘u ke keng ua sehlela lefeela’ empa u tlang ho thabela ka botlalo “litholoana” tsa mosebetsi oa hao? Leha ho le joalo, hlokomela hore na ke bafe ba tla thabela mahlohonolo ao: “Ke bana ba entsoeng ka ba hlohonolofalitsoeng ba Jehova.” U ka ba e mong oa “ba hlohonolofalitsoeng” ka hore u ithute ka Jehova ’me u etse seo a se hlokang. Jesu o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa hore u fumane tsebo eo e isang bophelong ka thuto ea kamehla ea Lentsoe la Molimo Bibele.
[Lebokose le leqepheng la 6]
‘LI BATLOA KA HOHLE’
Bibele e re: “Eng kapa eng eo le e etsang, le e sebetse ka moea oohle joalokaha eka le sebeletsa Jehova, eseng batho.” (Bakolose 3:23) Ho totobetse hore motho eo mekhoa ea hae ea ho sebetsa e laoloang ke molao-motheo ona o molemo e ka ba mohiruoa eo batho ba mo batlang. Ka lebaka leo, J. J. Luna, bukeng ea hae ea How to Be Invisible, o eletsa ba batlang ho hira basebetsi hore ba batle litho tse mafolofolo tsa lihlopha tse itseng tsa bolumeli, empa o eketsa ka ho re: “Ha e le hantle, qetellong re hira Lipaki [Tsa Jehova].” Har’a mabaka ao a fanang ka ’ona ke hore li tsebahala ka botšepehi ’me sena se etsa hore “li batloe ka hohle” mesebetsing e fapaneng.
[Litšoantšo tse leqepheng la 5]
Ho arola nako hantle pakeng tsa mosebetsi, lintho tsa moea le boikhathollo hoa khotsofatsa