Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 2/1 maq. 3-4
  • Ho Sireletseha le ho Khotsofala Mosebetsing Hoa Hlaseloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sireletseha le ho Khotsofala Mosebetsing Hoa Hlaseloa
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sebetsa Ka Thata—Ha e le Ntho ea Bohlokoa
    Tsoha!—1993
  • Kamoo re ka Bang le Pono e Loketseng ka Mosebetsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Bona se Molemo Bakeng sa Mosebetsi oa Hao o Thata
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • U ka Etsa’ng Hore U Thabele ho Sebetsa ka Thata?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 2/1 maq. 3-4

Ho Sireletseha le ho Khotsofala Mosebetsing Hoa Hlaseloa

HO LATELA Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo Tsa Botho e entsoeng ke Machaba a Kopaneng, “tokelo ea ho sebetsa” ke ea bohlokoa ho batho bohle. Leha ho le joalo, batho ha ba fumane tokelo eo kamehla. Ho sireletseha ha mosebetsi ho angoa ke lintho tse ngata—tse kang boemo ba moruo ba naha ka ’ngoe le ba limmaraka tsa lefatše. Ho sa tsotellehe seo, ha mosebetsi o senyeha kapa o le makhatheng a ho senyeha, hangata ho ba le mekoloko ea boipelaetso, merusu le literaeke. Ke linaha tse seng kae tse se nang maemo ana. Mongoli e mong o re esita le lentsoe “mosebetsi e ’nile ea e-ba lentsoe le etsang hore batho ba phahamise maikutlo ha ho buuoa ka lona.”

Mosebetsi ke oa bohlokoa ho rōna ka mabaka a mangata. Ka oona re fumana chelete, ’me o etsa hore re ikutloe hantle kelellong le maikutlong. Mosebetsi o khotsofatsa takatso eo batho ba nang le eona ea ho ba le seo ba se etsang sechabeng le ea ho ba le morero bophelong. O boetse o etsa hore re itlhomphe. Ke ka lebaka leo esita le batho ba nang le chelete e ngata kapa ba lokelang ho tlohela mosebetsi, ba khethang ho tsoela pele ba ntse ba sebetsa. E, mosebetsi ke oa bohlokoa hoo hangata ho ba sieo ha oona ho bakang mathata a tebileng sechabeng.

Ka lehlakoreng le leng, ho na le ba sebetsang ba tobanang le mathata a mangata haholo mosebetsing hoo ba seng ba sa khotsofalle mosebetsi oa bona. Ka mohlala, ka lebaka la tlhōlisano e khōlō e teng kajeno mesebetsing, lik’hamphani tse ntseng li eketseha li fokolitse basebetsi ka morero oa ho fokotsa litšenyehelo. Sena se ka imetsa basebetsi ba setseng, bao ho ka hlokahalang hore ba etse mosebetsi o eketsehileng.

Theknoloji ea kajeno, eo ho nahanoang hore e nolofatsa bophelo le ho potlakisa mosebetsi, e ka ’na eaba e ekelitse mathata mesebetsing. Ka mohlala, lik’homphieutha, mechine ea fax le Internet li nolofalletsa batho ho etsetsa mesebetsi malapeng, ’me sena se etsa hore ho se ke ha e-ba le phapang pakeng tsa lapeng le ofising. Mosebetsi e mong o ne a nka hore ka lebaka la pager ea mosebetsing le thelefono ea cellular ea mosebetsing ho tšoana le ha a sa chaisa hobane mookameli oa hae ha a mo fe tšoeea.

Mehleng ea rōna ea liphetoho tse khōlō moruong le mosebetsing, tšabo e ntseng e eketseha ho batho ba bangata ba hōlileng ke ho nkoa ba se na thuso empa ba ntse ba sebetsa. Ha Chris Sidoti eo e kileng ea e-ba Mokomishinara oa Litokelo Tsa Botho a bua ka taba ena, o ile a re: “Ka ho bonolo feela batho ba nahana hore ha u le ka holimo ho lilemo tse 40 u tla sokolisoa ke lik’homphieutha le theknoloji e ncha.” Ka lebaka leo basebetsi ba bangata ba mahlahahlaha bao pele ho neng ho ka nkoa hore ba se ba tiile, hona joale ho nkoa hore ba tsofetse ’me ba ke ke ba hlola ba sebelisoa. Ke bomalimabe bo bokaakang!

Ka ho utloahalang, morao tjena ho sebeletsa k’hamphani ka thata le ka botšepehi ha ho sa nkeloa holimo. Makasine ea Sefora ea Libération e re: “Ha lik’hamphani li leleka basebetsi ha ho qala ho e-ba le bothatanyana limmarakeng tsa matsete a khoebo, ho lebaloa hore na motho o ’nile a tšepahalla k’hamphani hakae. Ha u sebetsa, u lokela ho inahanela, eseng ho nahanela k’hamphani.”

Ho sa tsotellehe mathata ana a ntseng a eketseha, batho ba ntse ba ikutloa ba batla ho sebetsa. Mehleng ea rōna e fetohang ka potlako, ke joang re ka bang le pono e loketseng ka mosebetsi, ’me ka nako e tšoanang ra ikutloa re sireletsehile e bile re khotsofetse mosebetsing?

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Theknoloji ea kajeno e ekelitse mathata mesebetsing

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela