Ho Sebetsa Ka Thata—Ha e le Ntho ea Bohlokoa
HOHLE Asia Boroa-bochabela, banana ba bangata ba bacha ba basebeletsi ba behella mesebetsi ea bona ea kichineng ka thōko ’me ba lula ba tsepamisitse tlhokomelo lithelevisheneng tsa bona ha letoto la lipale tsa TV le entsoeng Japane la Oshin le hlahella. Ke pale ea mosali ea ileng a tloha bofutsaneng a kena boruing ea atlehang ka mor’a ho mamella lilemo tse ngata tsa ho sebetsa ka thata le litsietsi. Ba sekisitse meokho, banana bana ba amahanya boemo ba bona le Oshin, mohale oa mosali. Liketsahalo tseo tsa pale li bonahala e le sona hantle seo ba se hlokang ho ba thusa ho tobana le letsatsi ka leng la ho sebetsa ka thata.
Ka sebele, ha batho ba sebetsa ka thata joaloka makhoba letsatsi le letsatsi hoo ba behang bophelo ba bona kotsing, ’meleng le bophelong, ba tlameha ba e-na le mabaka a ho etsa seo. Ke hobane’ng ha ba etsa seo? Joalokaha ho ne ho le joalo ka banana ba basebeletsi ba Asia, ho batla ho ntlafatsa boemo ba bophelo ba motho ka sebele ke eona tšusumetso e tloaelehileng le e matla ea ho sebetsa ka thata. Leha ho le joalo, kamoo ho bonahalang ka teng, moputso oa lintho tse bonahalang hase sona sohle se amehang.
Stephen D. Cohen oa ngola mabapi le tekanyetso ea Majapane ea mosebetsi: “Moputso oa chelete oa lakatseha, empa hase ka mehla, ebang oona tšusumetso.” Joale, ke’ng e susumetsang Majapane ho sebetsa ka thata hakaale? Cohen oa hlalosa: “Ho atleha ha k’hamphani ka lithekiso tsa eona ha ho bapisoa le tseo e hlōlisanang le tsona ke mohloli o moholo oa ho ba motlotlo le khotsofalo ea botho. Mosebetsi o thata o tlatselitseng sephethong sena ke oona moputso oa teng.” Ho tšepahalla k’hamphani ea bona ke lona lebaka le etsang hore basebetsi ba sebetse ka thata, ’me mosebetsi o fetoha tsela e le ’ngoe feela ho bona ea hore ba ipake e le ba bohlokoa. Ho hong hape, ho sa lokelang ho tlōlisoa mahlo holimo ke takatso ea ho okamela ba bang. Monyetla oa ho finyella maemong a ka holimo-holimo ka tsatsi le leng o sala e le tšusumetso e matla bakeng sa ho sebetsa ka thata.
Na ke Mabaka a Behang Bophelo ba Hao Kotsing?
Na ana ke mabaka a loketseng ao motho a ka behang bophelo bo botle ’meleng le bophelo ba hae kotsing ka ’ona? Ka motho ea sebeletsang maruo a lintho tse bonahalang ka thata Bibele e supa hore, “mahlo a hae ha a khore moruo.” Qetellong motho ea joalo a ka ’na a ipotsa: “Ke ikhathaletsa mang, ’me ke tima moea oa ka lehlohonolo ka baka la mang?” (Moeklesia 4:8) Ba sebetsang ka thata bakeng sa ho fumana leruo ha ho bonahale ba tseba hore na ba lokela ho khaotsa neng kapa hokae. Ba iphumana ba tetebetse mathateng a fetisisang a mosebetsi, mosebetsi, mosebetsi o mongata haholo. Ka bonolo Bibele ea lemosa: “U se ke ua ikhathatsa ho bokella leruo.”—Liproverbia 23:4.
Ho thoe’ng ka ho tšepahala k’hamphaning? Le hoja e ka ba ntho ea bohlokoa, phello e ka hlahisoang ke ho sebetsa ka ho tlōlisang e tlameha ho nahanisisoa. Ofisiri e ’ngoe e ka holimo-limo ea k’hamphani ea Amerika e ile ea re: “Haeba motho a khathala, ha ke batle hore e ka ba mohiruoa oa ka ho hang.” Mosali oa setho sa “bahlabani ba ikopantseng” se ile sa ngolla koranta kamor’a hore monna oa sona a bolaoe ke ho sebetsa haholo pele a ba lilemo tse 40: “Ke matšeliso afe ao re a fumanang polelong ea bona, ‘Re masoabi ho lahleheloa ke motho oa bohlokoa joalo’? Baikopanyi bao ba intšang sehlabelo, hang ha ba se ba shoele, ba nkoa feela joaloka ‘phahlo tse lokeloang ho lahloa.’”
Esita le haeba motho a ka pholoha mokhathala o tlōlisang o tlisoang ke ho sebetsa ka thata ka ho tlōtseng kapa lefu, ho etsahala joang ha ho fihla nako ea hore a phomotsoe mosebetsing? Motoyo Yamane eo e leng seboholi sa Japane o re: “Ho sa tsotellehe hore ba sebelelitse k’hamphani ea bona ka thata hakae, ba etsoa hore ba hlokomele ntlha ea hore k’hamphani ha e sa ba hloka le hore ha ba na thuso.” Ho lik’hamphani tse hlokang kutloelo-bohloko, bahiruoa ba sebetsang ka thata ke likarolo tseo eseng tsa bohlokoa tsa mekhatlo ea bona e meholo, tse lokelang ho nkeloa sebaka ka tse ling ha li khathala. Hase feela Majapane a mangata a lahleheloang ke tšepo lik’hamphaning tsa ’ona! Ba qala ho elelloa hore boinehelo ba bona lik’hamphaning ke lerato le sa buseletseng motho letho.
Ho ka thoe’ng ka ho phahamela ka holim’a ba bang mosebetsing? Ba ileng ba finyella bookameli bo boemong bo bohareng ka potlako baa elelloa hore hase bohle ba tlang ho finyella maemong a ka holimo-limo. Joale ho etsahala eng? Ba lahlehetsoe ke litebello tsa ho phahamisoa, ba qalella ho tlohela mosebetsi o mong ho ea ho o mong. Ho tšepahala ha bona k’hamphaning ha hoa ipaka e le ntho ea bohlokoa bo hlahisang molemo!
Pono e Leka-lekaneng ka ho Sebetsa ka Thata
Le hoja ho sebetsa ka thata ho susumetsoang ke lerato la chelete, ho tšepahala mokhatlong o ikopantseng, kapa moea oa tlhōlisano ho qetella ka ho ferekanya le ho soabisa, Bibele ha e behelle bohlokoa ba ho sebetsa ka thata ka thōko. “Motho e mong le e mong o lokela ho ja ’me ka sebele a noe ’me a bone molemo oa mosebetsi ’ohle oa hae o thata. Ke mpho e tsoang ho Molimo.” (Moeklesia 3:13, NW) Bibele e buella hore motho a thabele moputso oa ho sebetsa ha hae ka thata. Sena se re fa leseli la hore na pono e loketseng ke efe ka ho sebetsa ka thata.
Lefapha la Bophelo le Boiketlo la Japane haufinyane le ile la eletsa basebetsi ho “tlohela ho sebetsa ka mor’a lihora tsa mosebetsi (’me) ba je lijo tsa mantsiboea le malapa a bona.” Baeta-pele ba bang ba khoebo kamoo ho bonahalang ka teng ba ananela bohlale ba keletso ena. Ka mohlala, mopresidente oa feme e hōlang ea biotechnology o ile a bolela hore: “Ke batla hore bahiruoa bohle ba rōna ba fane ka tlhokomelo e molemo ho malapa a bona pele ho ntho efe kapa efe. Tšebeletso ea bona k’hamphaning ea rōna hase letho haese feela tsela ea ho fana ka chelete bakeng sa ho phelisa lelapa.”
Ka sebele, kamano e ntle ea lelapa ke pakane ea bohlokoa e ka sebeletsoang ka thata. Haeba tikoloho e mofuthu ea lelapa e behoa kotsing kapa bophelo ba hao bo sotleha ka lebaka la mosebetsi oa hao, ha u bone molemo oa mosebetsi ’ohle oa hao o thata.
Leha ho le joalo, sechabeng sa Japane, moo tsamaiso ea boemo bo phahameng mosebetsing e nang le tšusumetso e matla, ba bang ba hōlisitse boikutlo bona: “U se ke oa ba sieo mosebetsing, u se ke oa ba botsoa, u se ke oa sebetsa.” Ba iketsa eka ba mahlaha-hlaha ka ho lula moo ba sebetsang ho fihlella morao empa e le hobane feela ba emetse hore motsamaisi a ee hae. Kenji, morekisi k’hamphaning ea mekhabiso ea ka tlung ea Hiroshima, o ne a e-na le pono e joalo. O ne a nyolosa a theosa mosebetsing, a senya nako ea mosebetsi k’hefing kapa phaposing ea casino ea boithabiso e nang le mochine oa pinball.
Na boikutlo bo joalo boa thabisa? Maele a Bibele a re: “Sekhoba sona se tla fetoha lekhoba.” Kajeno motho a ka ’na a se ke a fetoha lekhoba la sebele ka lebaka la botsoa ba hae. Empa leha ho le joalo, mosebetsi o ka fetoha o tenang, bokhoba ha ho tluoa boemong ba kelello. Ka lehlakoreng le leng, maele ’ona ao a supa molemo oa mahlaha-hlaha: “Ea sebetsang ka thata ke eena ea tla busa.” (Liproverbia 12:24, BPN) Esita le haeba u ke ke oa busa naha kapa k’hamphani, bonyane u tla hlomphuoa ke lelapa la hao ’me u tla ba monghali oa hao ka bouena. Ho phaella moo u ka ’na oa hapa mohiri oa hao hore a u tšepe, hammoho le ho fumana letsoalo le hloekileng.
Kenji o ile a fumana sena e le ’nete. O ile a etsa qeto ea ho ithuta Bibele, ’me bophelo ba hae bo ile ba fetoha ka ho babatsehang. O itse: “Ka ho sebelisa molao-motheo oa botšepehi mosebetsing, ke ile ka qala ho sebetsa ka hlokolosi ebang mong’a ka a le teng kapa che. Seo se ile sa etsa hore a ntšepe.”
Ha ho Sebetsa ka Thata e E-ba Ntho ea Bohlokoa
’Nete ke hore, hore mosebetsi o tle o be le morero, o tlameha ho ruisa ba bang molemo. Mongoli e mong oa khoebo o ile a hlalosa, ‘Mosebetsi o khotsofatsang, ke mosebetsi o tlisang molemo, khotsofalo kapa thabo bophelong ba batho ba bangata.’ Tšebetso e joalo e tlisa khotsofalo e tebileng ho mosebetsi. Ho joalokaha Jesu Kreste a itse: “Ho na le thabo e khōlō ho faneng ho fetisa ho amoheleng.”—Liketso 20:35, NW.
Le hoja ho etsetsa ba bang molemo e le ho babatsehang, ho boetse ho na le senotlolo se ka sehloohong sa ho fumana khotsofalo mosebetsing le bophelong. Morena Salomone, ka mor’a hore a latsoe bophelo bo mabotho-botho le maruo ao bophelo bo fanang ka ’ona, o ile a fihlela qeto ena ea bohlokoahali: “Tšaba Molimo, u boloke litaelo tsa oona, hobane, ke eona tšoanelo eohle ea motho.”—Moeklesia 12:13.
Ka ho hlakileng, re tlameha ho nahanisisa ka thato ea Molimo linthong tsohle tseo re li etsang. Na re sebetsa tumellanong le thato ea hae kapa re sebetsa khahlanong le eona? Na re ikemiselitse ho mo thabisa kapa re mpa feela re ikhahlisa? Haeba re hlokomoloha ho etsa thato ea Molimo, ha re be letho haese ho ba ba lelekisang lintho tse bonahalang kapa ba lumelang hore menyaka ke ntho ea sehlooho bophelong ’me qetellong re tla utloa bohloko ba ho hlora, ho hloka, le ho nyahama.
Kahoo hopola hore ho sebeletsa Jehova Molimo—ho etsa mosebetsi o thabisang ’Mōpi oa rōna—le ka mohla ho ke ke ha re siea re sa khotsofala. Jehova ka boeena ke motho ea sebetsang ka thata, ’me o re memela ho ikopanya le eena ’me re be ‘basebetsi-’moho le eena.’ (1 Ba-Korinthe 3:9; Johanne 5:17) Empa na mosebetsi o thata joalo ruri o fela o tlisa thabo ea sebele?
Mookameli ea ka holimo-limo oa feme ea khatiso o kile a chakela mechineng ea khatiso ea Watch Tower Japane e le ho ea ithuta motheo oo mechine e hlophisitsoeng ka oona. Tlhokomelo ea hae e ile ea leba ’nģa e ’ngoe ho feta mechineng. O ile a bona bahlankana ba thabetse mosebetsi oa bona, ’me o ile a makatsoa ke ho utloa hore kaofela ha bona ke baithaopi le hore ba bang ba bongata bo se nang palo ka taba-tabelo ba se ba entse likōpo tsa ho tla ikopanya le bona. Ke hobane’ng ha a ne a maketse? O ile a hlalosa: “K’hamphaning ea rōna, ha re hira batho ba leshome, re tlameha ho ho nka e le ntho e ntle haholo haeba ba bane ba bona ba ntse ba sebetsa le rōna ka mor’a selemo. Lōna batho ba Watchtower le na le letlotlo la bohlokoa ka basebetsi bana ba bacha!”
Ke’ng se etsang hore bahlankana bana e be ba thabileng le ba sebetsang ka thata hakaale? Joaloka baithaopi, ho totobetse hore ha ba sebeletse chelete. Joale, ke’ng se ba susumetsang? Boinehelo ba bona le kananelo ho Jehova, ’Mōpi oa bona, le lerato la bona ho moahelani. Boikutlo ba bona bo bontša hore ha ba sebetse “joaloka ba ratang ho khahlisa batho, empa joaloka makhoba a Kreste a etsang thato ea Molimo ka pelo eohle.”—Ba-Efese 6:6, BPN.
Sena sohle ke selelekela feela sa se tlang ho tla. Bao ba sebetsang ka thata hona joale ho sebeletseng Jehova ba ka talima pele nakong e haufi ha a tla tsosolosa Paradeise ’me lefatše lohle le tla be le tletse ka mesebetsi e molemo. Esaia, moprofeta oa boholo-holo oa Molimo, o ile a bolela esale pele ka bophelo boo: “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. Ba ke ke ba haha matlo osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je litholoana tsa eona. . . . ’Me bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona.”—Esaia 65:21, 22.
Mosebetsi e tla ba tlhohonolofatso e kaakang! Ka ho ithuta hore na thato ea Molimo ke efe bakeng sa hao le ho sebetsa tumellanong le eona, e se eka u ka ba har’a ba hlohonolofalitsoeng ke Jehova ’me ka mehla u ‘bone molemo oa mosebetsi ’ohle oa hao o thata.’—Moeklesia 3:13, NW.
[Lebokose le leqepheng la 24]
Pono e Leka-lekaneng ka Mosebetsi e Boloka Lenyalo
Ho Yasuo, ea phelang Hokkaido, Japane, mosebetsi e ne e le feela ntho eo a itlosang bolutu ka eona ho fihlela lilemong tse seng kae tse fetileng. E ile ea e-ba mookameli maemong a bohareng, ’me o ne a lula a tšoarehile feela ka ho eketsa lithekiso. Letsatsi le leng le le leng o ne a sebetsa ho fihlela ka bo-11:00 bosiu ka ntle le ho nka matsatsi a phomolo. Joale, oa hopola: “Ke ile ka hlokomela hore ho sa tsotellehe hore na ke ikitlaetsa ka thata hakae, mosebetsi oa ka o ne o sa ntlisetse thabo ho hang.” Maemo a bophelo ba ’mele ba Yasuo a ile a qala ho theoha. Ha ba buisana le mosali oa hae, o ile a hlokomela hore ho ne ho e-na le ntho ea bohlokoa ho feta mosebetsi oa hae—lelapa la hae. O ile a fetola tsela ea hae ea bophelo ’me a kopanela le mosali oa hae ho ithuteng Bibele. Hona joale ke hlooho e ratoang le e hlomphuoang ea lelapa le thabileng.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Mosebetsi oa hao ha oa lokela ho beha likamano tsa lelapa kotsing
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Haufinyane bohle ba tla thabela ho sebetsa ho etsa hore lefatše e be paradeise