Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 7/15 maq. 3-4
  • Na ho Sebetsa ka Thata ho Tlisa Thabo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Sebetsa ka Thata ho Tlisa Thabo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mabaka a ho Sebetsa ka Thata
  • Ho Sebetsa Ka Thata—Ha e le Ntho ea Bohlokoa
    Tsoha!—1993
  • U ka Etsa’ng Hore U Thabele ho Sebetsa ka Thata?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Bulehela Likhopolo Tse Ncha?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Sebetsa Ka Thata—Liphello ke Life?
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 7/15 maq. 3-4

Na ho Sebetsa ka Thata ho Tlisa Thabo?

“MOSEBETSI ke ntho ea bohlokoahali ho motho, na ha ho joalo?” ho ile ha botsa Bunpei Otsuki, mookameli ea ka sehloohong oa khoebo Japane. O ne a hlalosa lebaka leo ka lona a sa kang a rata ho ea phomolong ea lehlabula. Mantsoe a hae a hlalosa hantle boikutlo ba Majapane a ileng a tsosolosa naha eo mofere-fereng oa ka mor’a ntoa. Majapane a ’nile a hlalosoa e le batho ba khothetseng haholo haesale Molaoli Perry oa United States a bula naha ea Japane ka mor’a hore ka nako e telele e lule e ikarotse ho linaha tse ling. ’Me ba motlōtlō ka ho ba basebetsi ba khothetseng.

Leha ho le joalo, ha joale Japane e nyatsetsoa ho sebetsa ka thata haholo, ho sebetsoa lihora tse telele ka selemo ho feta lichaba tse ling tse tsoetseng pele khoebong. ’Muso oa Japane o leka ho felisa lebitso lena la ho tsejoa e le basebetsi ba baholo. Sehlooho sa koranta e ’ngoe se ne se bolela tjena: “Lekala la mesebetsi le re ‘Emisang ho Sebetsa ka Thata Hakana.’” Lepetjong la eona la phutuho la 1987 la nako ea phomolo ea lehlabula, e ekellelitse ka hore, “Ho nka matsatsi a phomolo ke bopaki ba hore u hloahloa mosebetsing.” Ka mantsoe a mang, ’muso o botsa sechaba, “Ke hobane’ng ha le sebetsa ka thata hakana?”

Ha e le hantle, hase bohle Japane bao e leng basebetsi ba inehetseng, ba sebetsang ka thata. Phuputso ea haufinyana ea Setsi sa Mosebetsi sa Japane e entsoeng ho basebetsi ba bacha ba fetang 7 000 e senotse hore ke feela karolo ea 7 lekholong ea bona e nkang mosebetsi o le bohlokoa ho feta bophelo ba bona ba boinotši. Tšekamelo ena e ka bonoa le linaheng tse ling. Jeremane Mokhatlo oa Allensbacher Institut für Demoskopie o ile oa hlokomela hore ke feela karolo ea 19 lekholong ea Majeremane a pakeng tsa lilemo tse 18 le 29 a boletsoeng hore a inehela ka hohle mosebetsing ho sa tsotellehe moputso.

Ha basebetsi ba baeti ba Japane ba bapisoa le mocha ea ipatlelang bophelo bo bonolo, ba sebetsa ka thata haholo. Mohiri e mong Tokyo o bua ka cheseho ka mohiruoa oa hae oa Algeria ea etsang mosebetsi oa matsoho. O re: “Majapane a ke ke a etsa kōpo ea mosebetsi oa mofuta ona, ’me esita le haeba a ka etsa joalo, a ne a tla o tlohela kapelenyana.” Che, esita le Majapane a sebetsang ka thata ha a joalo ka tlhaho. Ha batho ba sebetsa ka thata, ho tlameha ho be le tšusumetso e matla.

Mabaka a ho Sebetsa ka Thata

“Moruo, botsitso, matlotlo, le katleho”—ke lintho tseo Majeremane a sebetsang ka thata a li batlang ka matla, ho tlaleha koranta ea beke le beke ea Jeremane Der Spiegel. E, batho ba bangata ba sebetsa ka thata ho fumana matlotlo a lintho tse bonahalang ka sepheo sa ho thabela bophelo bo tsitsitseng. Ba bang ba sebetsa ka thata ka sepheo sa “katleho” kapa ho fihlela maemo a phahameng mosebetsing. Ka bomalimabe ba bangata ba susumelitsoeng ka matla ke tsamaiso ea tlhōlisano ea thuto hore ba phehelle lipheo tse joalo ba qetella ba tšoana le lebili le potolohang ka mokhoa o sa fetoheng la moruo oa sechaba—ba ikhathatsa empa ha ba finyelle letho.

Leha ho le joalo, chelete le boemo hase ’ona feela mabaka ao ka ’ona batho ba sebetsang ka thata. Ba bang ba sebetsa hobane feela ba batla ho sebetsa. Ho bona, mosebetsi ke oa bohlokoahali. Ba bang ba thabela mosebetsi oa bona. “Ke ne ke thahasella ka matla seo ke neng ke se etsa phapusing ea lipatlisiso tsa mahlale, ’me hoo ha khina mosebetsi oa ho phehella lintho tsa moea,” ho lumetse Haruo.

Hape ho na le ba inehetseng bakeng sa tšebeletso ea bohlokoa le boiketlo ba ba bang. Ba sebetsa ka thata ho pholosa bophelo. Ka mohlala, motho ea timang mollo o sebetsa ka thata ka mehla ho boloka lisebelisoa tsa hae li le boemong bo botle.

Empa na mabaka ana ’ohle ke a utloahalang a ho sebetsa ka thata? Na a tla lebisa thabong? Ha e le hantle, ke mosebetsi ofe oo ka sebele o ka u thabisang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela