Ho Sebetsa Ka Thata—Liphello ke Life?
Ka mongolli oa Tsoha! Japane
KORANTA e ka sehloohong Japane, Mainichi Daily News e tlaleha hore: “‘Lino-mapholi tse fanang ka matla a eketsehileng’ li fetohile tse ratoang haholo, ’me li fumaneha ka mefuta e fetang 200 eo ka kakaretso e rekisoang ka li-yen tse limillione tse 900 [R20 000 000] ka selemo.” Ho ratoa ha lihlahisoa tsena, tseo ho boleloang hore li fana ka matla hang-hang ho basebetsi ba khathetseng, “li tiisa mokhoa oa Majapane oa ho tsoela pele ka matla mosebetsing ho sa natsoe khatello ea methapo, ho felloa ke boroko le boemo ba leholimo bo tepeletsang ba lehlabula,” tlaleho e tsoela pele joalo.
Ka lehlakoreng le leng ho Leoatle la Pacific, ho latela Lekala la Lipalo tsa Basebetsi U.S., “hoo e ka bang Moamerika a le mong ho ba robeli o tlalehiloe a sebetsa lihora tse 60 kapa ho feta ka beke.” Ba nkileng maemo a botsamaisi lihlopheng tse bohareng ba fumana ho hlokahala hore ba nehelane ka nako ea bona e ngata le matla ba sebetsa hoo ka nako e ’ngoe mosebetsi oa bona o fetohang ntho e laolang bophelo ba bona.
Hoo e ka bang lichabeng tsohle, batho bao e leng likhothali, ba hlokolosi, le ba sebetsang ka thata ba rorisoa haholo hore ba molemo. Esita le mongoli oa boholo-holo oa Bibele o itse: “Ha ke re, ho molemo ho motho ke hore a ’ne a je, a noe, a batlele moea oa hae boiketlo ka ho sebetsa ha hae na? Empa le teng, ke lemohile hobane hoo ho tsoa letsohong la Molimo.” (Moeklesia 2:24) Ka kakaretso, hohle batho ba lumela mekhoeng e joalo. Hore na ba ho talima e le ho ba matla kapa che, batho ba bangata ba sebetsa ho tloha hoseng ho fihlela bosiu, ka matsatsi a mahlano, a tšeletseng, kapa esita le a supileng ka beke.
Leha ho le joalo, ke eng se finyeletsoeng ke ho sebetsa ka thata hakaale? Linaheng tse kang Japane le Jeremane, “mehlolo” ea moruo e bileng teng ho tloha bofelong ba Ntoa ea II ea Lefatše ke e tsosang mōna ho linaha tse futsanehileng. Linaha tseo ka bobeli li ne li hlōtsoe ntoeng empa li ile tsa fetoha tse matla moruong hoo lefatše le lokelang ho li ela hloko. Leha ho le joalo, ke eng seo ho inehela mosebetsing ho se entseng ho batho ba bangata?
Le hoja boemo ba bophelo Japane bo phahame haholo, Mainichi Daily News e tlaleha hore, Majapane a mangata a “ntse a thatafalloa ke ho ikutloa a ruile ka sebele bophelong ba oona ba letsatsi le letsatsi.” Ho ntse ho le joalo, ho hobe le ho feta ke hore ha ba ntse ba lelekisa ba sa tele se bitsoang bophelo bo molemo, ba bangata baa kula kapa esita le ho shoa ka lebaka la ho sebetsa ka ho feteletseng le khatello ea methapo. Ka ho tšoanang, phuputsong e ’ngoe United States, karolo ea boraro ea baokameli ba likete tse tharo ba ileng ba botsoa ba ne ba ikutloa hore ba sebetsa ka thata haholo, ba khathetse, ’me ha ba chesehele mosebetsi oa bona.
Ka ho tšoanang basali ba sebetsang ba bonahatsa matšoao a ho tsieleha. Phuputso ea Italy e senotse hore basali ba sebetsang naheng eo ka karolelano ba sebetsa lihora tse 30 ho feta tsa balekane ba bona ba lenyalo beke e ’ngoe le e ’ngoe. Ho kopanyeletsa ho sebetsa lihora tse ngata ofising kapa fekthering, ba lokela ho hlokomela mesebetsi ea ntlo ha ba khutlela hae. Mosali e mong ea sebetsang o lumetse sena ho makasine oa Europeo: “Ke hoo e ka bang ntho e sa nketsahalleng ho thaba le metsoalle bophelong ba ka. Ha ke na nako bakeng sa ka. Nke ke ka tsoella boemong bona.”
Ho thoe’ng ka bophelo ba lelapa? Setsebi se sebetsanang le ba khathalitsoeng ke mosebetsi sa New York, Herbert Freudenberger, se re: “E le ha re phehella khopolo ea Amerika e hatellang ho lekana ka lintho tse bonahalang, rea itela le ho tela lelapa bakeng sa chelete le matla.” Ka lebaka la hobane banna ba bona ba tšoarehile ka ho feletseng mosebetsing, ho tlalehoa hore basali ba bo-rakhoebo ba Brithani ba sebetsang hōle le hae ba ikutloa ba le inotši ’me ba sa thaba. Empa tabeng ena ha se bona feela ba ikutloang ka tsela ena.
Nahana ka liphello tsa bophelo ba lelapa Japane, moo ba ka tlaase ho halofo ea basebetsi bohle ba ofisi ba lilemong tse bohareng ba fihlang lapeng pejana ho hora ea borobeli mantsiboea. Basali ba bang ba se ba bile ba sa talime banna ba bona e le balekane ba sebele ba lenyalo; ha ba sa ba batla lapeng ho feta nako eo ba leng teng ka eona. Phatlalatso ea thelevishene e akaretsa masoabi a basali, ka ho re: “Ho molemo ha banna ba phela hantle empa ba le sieo lapeng.”
Ho tsoa ho se boletsoeng, ho hlakile hore ho sebetsa ka thata ho na le litšobotsi tse ntle le litšobotsi tse mpe. Ha ho etsoa ka ho feteletseng, ho ka fetoha ho se nang molemo. Ka hona ke joang ho sebetsa ka thata, e ke keng ea e-ba moroalo, empa ho ka bang le molemo oa sebele ’me ha fetoha mohloli oa thabo?
Ka lehlakoreng le leng, ke ho tebileng hakae ha batho ba beha mosebetsi ka pele ho tsohle kapa ba peselletsa ho sebetsa ka thata ho sa tsotellehe liphello? A re keng re shebisise litšobotsi tsena tsa ho sebetsa ka thata.