Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 7/8 maq. 20-22
  • Ho Sebetsa ka Thata—Na ho Kotsi Bophelong ba Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebetsa ka Thata—Na ho Kotsi Bophelong ba Hao?
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tepella le Khatello
  • Bophelo ba Lelapa bo Behiloe Tsietsing
  • Ba Tsofetse Empa ha baa Khotsofala
  • Ho Khathala ho Feteletseng—Na ke Uena ea Tla Latela?
    Tsoha!—1995
  • Ho Khathala ho Feteletseng—Ke Bo-mang ba Leng Kotsing Hona Hobane’ng?
    Tsoha!—1995
  • Ho Khathala ho Feteletseng—U ka Sebetsana le Hona ka Katleho Joang?
    Tsoha!—1995
  • U ka Hlōla ho Tepella Joang
    Tsoha!—2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 7/8 maq. 20-22

Ho Sebetsa ka Thata—Na ho Kotsi Bophelong ba Hao?

MONNA ea lilemong tse bohareng ea sebeletsang mokhatlo oa inshorense o ile a oela pel’a koloi ea hae ’me a hlatsa a ba a ea le maili-ili. O ne a ntse a kakatletse briefcase ea hae, e leng letšoao la mosebetsi oa hae. A sebetsa ka thata tlas’a lepetjo la k’hamphani ea hae, “Joale ke nako ea bohlokoahali. Ikakhele ka setotsoana ho fihlela ho karolo ea 150 lekholong ea matla a hao,” o ne a tsamaile lik’hilomithara tse ka bang 3 000 ka koloi ea hae hona khoeling eo a ileng a ea le maili-ili ka eona. Matsatsi a mane hamorao o ile a shoa.

Taba e kang ena e tloaelehile. “Bahlabani ba ikopantseng,” joalokaha ba bitsoa joalo Japane, ka mehla ba hlobaetsoa ke ho tšaba karoshi, kapa ho shoa ka baka la ho sebetsa ho feta tekano. Ramolao ea sebetsanang ka ho khetheha le litaba tse joalo o hakanyetsa hore “bonyane ho na le bahlaseluoa ba 30-000 ba karoshi Japane selemo le selemo.” Hase ho makatsang ha haufinyane tjena batho ba fetang karolo ea 40 lekholong ba sebetsang liofising Japane ba ileng ba botsoa ba bile le tšabo ea ho shoa ho ka ’nang ha bakoa ke ho sebetsa ho feta tekano.

Le hoja ho ka ’na ha ba boima ho bontša kamano e teng pakeng tsa ho sebetsa ho feta tekano le mathata a bophelo, malapa a bahlaseluoa ho hang ha a na pelaelo. Ha e le hantle, polelo “ho shoa ho bakoang ke ho sebetsa ho feta tekano” e ile ea qaptjoa ha malapa a shoetsoeng a ne a hlahlela kōpo ea ho fumana matšeliso. Tetsunojo Uehata oa Setsi sa Bophelo ba Sechaba Japane o re: “Ho tsoa ponong ea bongaka, e bolela ho shoa kapa ho holofala ka baka la pokellano ea mali ka mothapong o moholo oa pelo e etsang hore karolo e ’ngoe ea mesifa ea pelo e shoe, kapa lefu la pelo le sekhahla le bakoang ke mosebetsi oo e leng moroalo o eketsang khatello ea mali e sa tloaelehang kapa ho ruruha le ho satalla ha mothapo o moholo oa pelo.” Tlaleho ea haufinyane tjena ea Lekala la Bophelo le Boiketlo Japane e lemosa hore ho sebetsa lihora tse ngata ka tatellano ho amoha motho boroko ’me qetellong ho lebisa bophelong bo seng botle le ho kuleng.

Leha ho le joalo, joalokaha litsubi li sa rate ho amohela likotsi tse bakoang ke ho tsuba, le makhoba a tahi a sa rate ho amohela likotsi tse bakoang ke tšebeliso e mpe ea lino tse tahang, makhoba a mosebetsi ha a batle ho amohela likotsi tse bakoang ke ho sebetsa lihora tse ngata ho sa hlokahale. ’Me lefu hase lona feela kotsi e hlahang.

Ho Tepella le Khatello

Ha makhoba a mang a mosebetsi e e-ba bahlaseluoa ba kholofalo le lefu, a mang a inehella ho tepelleng. Makasine oa Fortune oa hlalosa: “Ha ho na tlhaloso ea bongaka e tobileng ea ho tepella, empa matšoao ao ka tloaelo a amoheloang a akaretsa mokhathala, boikutlo bo seng botle, ho ba sieo mosebetsing nako e telele, mathata a eketsehileng a bophelo, le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi kapa ea lino tse tahang.” Bahlaseluoa ba bang ba fetoha ba se nang botsoalle, ha ba bang ba qala ho etsa liphoso tse sa utloahaleng. Leha ho le joalo, batho ba fetoha bahlaseluoa ba ho tepeletsoa ke mosebetsi joang?

Ka kakaretso batho ba hlaseloang hase ba hlōlehang ho ikamahanya le maemo a tšebetso kapa ba ferekaneng maikutlong. Ka tloaelo ke batho ba amehileng ka ho teba ka mosebetsi oa bona. E ka ’na eaba ba loanela ho tobana ka katleho le tlhōlisano e matla kapa ba tsoela pele ho batla maemo a phahameng haholoanyane a mosebetsi oa bona oa boipheliso. Ba sebetsa ka thata lihora tse ngata, e le ha ba leka ho phetha mosebetsi oa bona ka ho feletseng. Empa ha boinehelo bo sa thekeseleng le mosebetsi o sa khaotseng li sa hlahise khotsofalo le moputso o lebeletsoeng, ba felloa ke tšepo, ba ikutloa ba khathetse haholo, ’me joale ba hlaseloa ke ho tepella ka baka la mosebetsi.

Liphello ke life? Mane Tokyo tšebeletso ea lithelefono e bitsoang Mokhoa oa Puisano o Sireletsang Bophelo, e etselitsoeng ho thusa batho ba batlang ho ipolaea, e amohela mehala e mengata e tsoang ho batho ba feletsoeng ke tšepo ba sebetsang liofising ’me e le batho ba lilemong tse bohareng le ba baholoanyane. Har’a ba fetang 25 000 ba ileng ba ipolaea ka 1986 Japane, ho makatsang ke hore karolo ea ba 40 lekholong ba ne ba le lilemong tsa bo-40 le 50, ’me karolo ea 70 lekholong ea bona e ne e le banna. Moprofesa oa bongaka bo sebetsanang le kelello, Hiroshi Inamura oa tlaleha: “Ke hobane ho tepella maikutlo har’a batho ba sebeletsang moputso ba lilemong tse bohareng ho ntse ho eketseha.”

Joale ho na le ho bitsoang lefu la kelello la ho tšaba ho ea matsatsing a phomolo. Matšoao a lona ke afe? Ho halefisoa ke ho ea matsatsing a phomolo moo u sa etseng letho. A khannoa ke ho tlameha ho sebetsa, letsoalo la motho ea inehetseng mosebetsing lea mo khathatsa matsatsing a phomolo. A sitoa ho fumana khotso ea kelello, o raba-raba ntlong ea hae e nyenyane joaloka phoofolo e koaletsoeng. Ha letsatsi la ’Mantaha le fihla, o laimela ho ea ofising, ’me o ikutloa a lokolohile.

Mofuta o khethehileng oa ho tepella maikutlo oo hona joale o etsang hore basebetsi ba lilemong tse bohareng ba bone ngaka ke o bitsoang bohloko ba ho tšaba lehae. Basebetsi ba khathetseng haholo ba lika-lika matlong a lijo le libareng ka mor’a mosebetsi. Qetellong, ba khaotsa ho ea lapeng ka ho feletseng. Ke hobane’ng ha ba tšaba ho khutlela lapeng? Le hoja sesosa e ka ’na ea e-ba balekane ba lenyalo ba se nang kutloelo-bohloko, Dr. Toru Sekiya, ea fanang ka “Tsamaiso ea Sepetlele Bosiu” bakeng sa bakuli ba joalo, o re “ba bangata ba ’nile ba sebetsa ka thata haholo ’me ba feletsoe ke matla a ho ikamahanya le bophelo bo ka ntle ho tikoloho ea mosebetsi, ’me maemong a mangata esita le bophelo ba malapa a bona.”

Bophelo ba Lelapa bo Behiloe Tsietsing

E ka ’na ea se ke ea e-ba lekhoba la mosebetsi le utloang bohloko haholo. Makasine oa Entrepreneur o hlokomela hore bokhoba ba mosebetsi “hangata ke bothata ka lehlakoreng la batho ba phelang ’moho le lekhoba la mosebetsi.” Molekane oa lenyalo e mong a ka tšoenyeha haholo bophelong. Makasine oa The Bulletin oa Sydney, Australia, o bolela hore lekhoba la mosebetsi “le se le fumane mosebetsi e le ntho ea bohlokoahali bophelong ba lona, ’me ka mehla ha ho bonolo ho amohela ntho e ’ngoe ea bobeli.” Ho etsahala eng lenyalong le joalo?

Nahana ka boemo ba Larry, Moamerika ea hiriloeng ke koporasi ea Majapane e United States. O ne a sebetsa lihora tse ngata tseo a sa lefshoeng bakeng sa tsona hoo tlhahiso ea fektheri eo e ileng ea eketseha ho fihlella karolo ea 234 lekholong. Na hoo ho ile ha fella ka katleho le thabo? Mosali oa hae ha a mo hlala lekhotleng la molao o ile a re: “Oa hlanya!”

Ho hobe le ho feta ke mookameli oa khoebo oa Mojapane ea neng a ea mosebetsing ka hora ea bohlano hoseng ’me a sa fihle lapeng pele ho hora ea borobong bosiu. Mosali oa hae o ile a qalella ho noa lino tse tahang ka ho feteletseng. Ka tsatsi le leng ha ba qabanela ho noa hona ha hae, monna eo o ile a bolaea mosali oa hae. Moahloli o ile a bolela hore o molato oa polao ’me a re: “Kaha u inehetse ka ho feletseng mosebetsing, ha ua ka ua hlokomela bolutu ba mosali ua hao ’me ha ua ka oa etsa boiteko bo lekaneng ba hore a thabele bophelo.”

Ho bolaea molekane oa motho ke phello e sa tloaelehang, empa ho sebetsa ka ho feteletseng ho felisa bophelo ba lelapa ka litsela tse ling. Ha monna a le teng lapeng ka Lisontaha, a ka ’na a roba monakeli ka pel’a thelevishene a buletse lenaneo la lipapali leo a le ratang haholo ’me a qete letšehare leo lohle a ntse a thibasela. Banna bana ha ba hlokomele kamoo ba fetohileng batho ba sa falimehelang litšobotsi tse ling tsa bophelo ka teng. Ba imetsoe ke mosebetsi oa bona, ba hlokomoloha ntho ea bohlokoahali bophelong, e leng malapa a bona. Kaha ba hlokomoloha tlhokahalo ea puisano ka lapeng, ba phehella tsela e tla etsa hore ba jeoe ke bolutu ha ba le pensheneng.

Ba Tsofetse Empa ha baa Khotsofala

Buka At Work e ile ea lemosa tjena selelekeleng sa eona: “Sechabeng sa rōna, . . . khokahano pakeng tsa mosebetsi, boitlhompho ba botho le boemo sechabeng e matla hoo, ha batho ba bang ba ea pensheneng, ba utloang ho le thata haholo ho ikamahanya le bophelo bo se nang likarolo tse kang tsa mosebetsi oa bona oa pele.” Ba etsang hore bophelo ba bona bo likolohe holim’a mosebetsi ba lokela ho ipotsa potso ena: ‘Ke tla be ke saletsoe ke eng haeba nka felloa ke mosebetsi?’ Hopola hore ha motho a ea pensheneng, bophelo ba hae bo ka ’na ba likoloha lelapeng la hae le sechabeng.

Ka mor’a ho ea pensheneng batho ba hlokomolohileng tlhokahalo ea puisano malapeng a bona le ho baahisani ba bona ha ba tsebe hantle hore na ba ka buisana le bona ka eng. Moeletsi oa banyalani ba lilemong tse bohareng ea nang le phihlelo ea nako e telele Japane o re: “Ba kotula liphello tsa ho hana ho nahana ka lintho tse ling ntle le mosebetsi, na ha ho joalo? Bophelo ba bona bo se bo se na tšobotsi ea botho, ’me ba ne ba nahana hore ba na le kananelo ea lelapa e molemo hobane feela ba ne ba phelisa lelapa. Leha ho le joalo, ha ba tla pensheneng boemo boa fetoha.”

Lilemo tseo tse 30 kapa 40 tsa ho sebetsa ka thata, mohlomong bakeng sa lelapa, li ka ba le liphello tse mpe. Ke ho hobe hakaakang haeba ka mor’a lilemo tsa ho sebetsa ka thata, e be bao pele e neng e le ba phelisang malapa ba se ba khelloa fatše ke malapa a bona joaloka “lithōle tsa mesebetsi e meholo” le nureochiba (makhasi a mongobo a foforehileng). Polelo ena ea ho qetela e sebelisoa Japane ho hlalosa banna ba pensheneng ba sa etseng letho haese ho ba le basali ba bona letsatsi lohle. Ka hona ba ntšoantšoa le makhasi a foforehileng a mongobo a khomarelang lefielong a sa hlohlorehe, ntho e khopisang.

Ha re nahana ka likotsi tse amehang, hoa utloahala ho botsa, Ke joang ho sebetsa ka thata ho ka bang molemo? Na ho na le mosebetsi o tlisang khotsofalo ea sebele? Sehlooho sa rōna se latelang letotong lena se tla tsoela pele ka lipotso tsena.

[Lebokose le leqepheng la 22]

Temoso e Nakong

“Haeba monna oa hao a felloa ke takatso ea lijo, a hlobaela, a hana ho bua, joale o bonahatsa matšoao a ho tsieleha. ’Molelle hore a ithabise ka ntho e ’ngoe ho e-na le mosebetsi ’me a leke ho kopana le batho ba bang bao a sa sebetseng k’hamphaning le bona.”—Dr. Toru Sekiya, oa Tleliniki ea Bothata ba Methapo ea Sekiya, Tokyo, Japane.

“Ke rata ho sebetsa lihora tse ngata, empa haeba u lokela ho lahleheloa ke monna oa hao kapa lelapa ketsahalong eo, u etsa lintho ka tsela e fosahetseng. Ho hobe ha ho se na motho eo u arolelanang leruo la hao le eena.”—Mary Kay Ash, molula-setulo oa Mary Kay Cosmetics.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Ho tepeletsoa ke mosebetsi ka linako tse ling ho lebisa mathateng a boima

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela