Ho Khathala ho Feteletseng—U ka Sebetsana le Hona ka Katleho Joang?
BATHO ba bangata ha ba sithabelitsoe ke khatello e bakoang ke matšoenyeho le lepotla-potla la letsatsi le letsatsi, ba leka ho itebatsa ho ferekana ha bona. Joala, sethethefatsi se sebelisoang hampe ka ho fetisisa kajeno, bo sebelisoa ke batho ba bangata ho balehela linnete tseo ho leng thata ho li mamella. Ba bang ba ile ba itšetleha ka lithethefatsi tse laetsoeng ke ngaka ho sebetsana le matšoenyeho. Leha ho le joalo, ba bang ba retelehela ho tse thethefatsang kelello, tse kang matekoane, li-methamphetamine, le cocaine. Esita le bana ba banyenyane ho tsebahala ba sebelisa lithethefatsi tsena ho balehela linnete tsa bophelo. Ho boleloa hore karolo ea 95 lekholong ea bacha ba Amerika ba tla be ba sebelisitse sethethefatsi se le seng kapa ho feta tse sa lumelloang ke molao pele ba qeta sekolong se phahameng.
Joale ho boetse ho teng ba lekang ho balehela khatello ea letsatsi le letsatsi ka ho iketsa ba thabileng empa ka hare ba ikutloa ba tepelletse. Kapa ka mabaka a fosahetseng, ba batla botsoalle le boikutlo bo mofuthu ba ba batona kapa ba batšehali. Empa ho itebatsa boemo bakeng sa ho sebetsana le khatello ho eketsa ho ferekana. Ha batho ba leka ho hlapolla khatello ka joala kapa lithethefatsi tse ling, ho e-na le ho tsoha molota, ba potlakisa ho khathala ho feteletseng. Joale, ke’ng seo u ka se etsang ha butle-butle u ikutloa u felloa ke matla?
Tsela ea ho Hlaphoheloa
Tsoha! ha e buelle tsela e itseng ea phekolo kapa meriana. Leha ho le joalo, e nehelana ka litlhahiso tse ’maloa tse ka thusang tse thehiloeng melao-motheong ea Bibele e ka u thusang ho tsosolosa maikutlo a fokolang ka hare ho uena. Dr. Yutaka Ono, mookameli Univesithing ea Sekolo sa Bongaka sa Keio o buella “lintlha tse tharo” bakeng sa ho sebetsana le ho khathala ho feteletseng ka katleho. Oa hlalosa: “‘Lintlha tse tharo’ ke taolo, puisano, le temoho.”
Bakeng sa ho hlōla boikutlo ba ho hloka thuso, u tlameha ho tseba ho laola maikutlo a hao le boitšoaro. Ha letsatsi le letsatsi maikutlo a hao a busoa ke ho ferekana ’me a fokolisa matla a hao a ho rarolla mathata, ho bonolo ho lumela hore lintho li tsoile taolong. Leha ho le joalo, se lule fatše le ho phutha matsoho le ho nahanisisa ka likhopolo tse mpe. Leka ho rarolla mathata a hao mohato ka mohato. (Bona lebokose, leqepheng la 10.) Se liehe ho etsa lintho. Ka ho qalisa liketso tse lokileng, u tla qala ho ikutloa hamolemo le ho laola maikutlo.
Leka ho fokotsa litšitiso tse fellang ka boikutlo ba ho felloa ke tšepo ea katleho. Ka mohlala, ho bonahala ba bang ba tenoa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe e sa reng letho bophelong. Ba tsitlella tseleng e itseng ea ho etsa lintho le ho teneha ha ba bang ba sa sebetse tumellanong le seo, kapa mohlomong ba ka ferekanngoa ke ho hlōleha ha bona. Monna oa boholo-holo ea bohlale o ile a re: “U se ke ua iketsa ea lokileng ka ho fetisisa, u se ke ua ipea ea hlalefileng ka ho tlōlisa hobane ke ha u no u tla itimeletsa’ng na?” (Moeklesia 7:16) Ho khomarela litekanyetso tse phahameng ka ho fetisisa ’me nako le nako u ikutloa u sa li finyelle ke tsela e tiileng ea ho khathala ho feteletseng.
Keletso e eketsehileng e molemo e fumanoang Bibeleng ke “ho tsamaea ka boikokobetso le Molimo oa hao.” (Mikea 6:8) Ho ikokobetsa ho bolela ho ela mefokolo ea hao hloko kapa ho “lekanyetsa ka ho leka-lekaneng matla a hao.” Sena se ka bolela ho hana ho amohela likōpo tse sa utloahaleng mosebetsing.
Ba tsebang mefokolo ea bona ba thabela thuso. Motsamaisi e mong oa mosali ea bileng le phihlelo ea ho khathala ho feteletseng o boletse hore senotlolo sa ho qoba ho khathala ho feteletseng ke ho kōpa thuso. Ho sa le joalo, kamoo a bolelang kateng, “batho ba bangata ba tšaba ho kōpa thuso hobane ba ka talingoa joaloka ba hlōlehang mosebetsing oa bona.” Ebang ke mosebetsing oa lelapa, oa sekolo, kapa oa boipheliso—ho sa tsotellehe hore na ke’ng se u sokelang ka ho khathala ho feteletseng—aba mosebetsi moo u ka khonang. U tla makala ho bona kamoo lintho li finyelloang kateng ka ntle le hore u tsamaise ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ho tobileng.—Bapisa le Exoda 18:13-27.
Mohlomong u hloka phomolo e itseng. Nako ea phomolo mosebetsing e ka tsoela mohlaseluoa oa ho khathala ho feteletseng molemo o makatsang. Leha ho le joalo, haeba maemo a hao ha a u lumelle ho etsa joalo, mofuputsi Ann McGee-Cooper o re, “haeba u tseba mokhoa oa ho etsa metlae, sena se etsa phapang.” Ho nka nakoana ea phomolo bakeng sa ho fetola maoa ho ka eketsa litholoana, ha susumetsa monahano oa hao bakeng sa ho qapa lintho. Seo Morena Salomone a ileng a eletsa ka sona lilemong tse fetileng e sa ntse e le ’nete: “Empa seatla se le seng se tletseng phomolo se molemo ho e-na le liatla tse peli tse tletseng mokhathala le mosebetsi o nyopileng.”—Moeklesia 4:6.
Tšehetso e Potolohang ea Puisano
“Ntlha” ea bobeli eo Dr. Ono a e boletseng e akareletsa puisano. Ke ho thahasellisang ho hlokomela hore ke ka seoelo bo-ralitima-mollo ba eeng ba khathale ka ho feteletseng. Ho ka ba joalo hobane, ho phaella ho talingoeng joaloka bahale, ba kopantsoe hammoho ke tlamo e matla ea moea oa botsoalle o molemo. Ho ba le sehlopha sa tšehetso seo u ka itšetlehang ka sona, u ka fumana thuso. Ke hokae moo u ka fumanang sehlopha se tšehetsang ka ho tšelisang kajeno? Ha buka Moetsukishokogun (Matšoao a ho Khathala ho Feteletseng) e hlalosa litsela tseo lingaka li sebetsanang ka katleho le ho khathala ho feteletseng, e itse: “Ho lingaka, malapa a tsona, haholo-holo balekane ba tsona, ke bona batšehetsi ba molemo ka ho fetisisa le ba tšepahalang maikutlong.” E mong le e mong o hloka motho eo a ka tšollelang maikutlo a hae ho eena. Tabeng ena ea puisano, Bibele e fana ka keletso e sebetsang. E khothaletsa banyalani ho boloka likamano tsa lerato e mong ho e mong le hore bohle ba be le metsoalle e ka fanang ka litlhahiso tse sebetsang.—Liproverbia 5:18, 19; 11:14.
USA Today e re: “Re tlameha ho iketsetsa tsamaiso ea rōna ea tšehetso ea metsoalle e haufi le lelapa.” Joale e ile ea phaella: “Re tlameha ho ikutloa re lokolohile ho sebelisa mehloli ea litsi tsa rōna tsa bolumeli le litšebeletso tsa bophelo bo botle ba kelello.” Mabapi le tsela ea ho sebelisa mehloli ea bolumeli bakeng sa thuso, ngoan’abo Jesu Jakobo o ile a ngola: “Na ho teng leha e le mang har’a lōna ea kulang? Ha a ke a bitse banna ba hōlileng ba phutheho, ’me ba ke ba mo rapelle, ba ntse ba mo tlotsa ka oli ka lebitso la Jehova.” (Jakobo 5:14, NW) Bakreste ba nang le mathata ba ka fumana khatholoho ka ho buisana le e mong oa baholo liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova. Le hoja baholo e se litsebi tsa ho sebetsana le ho khathala ho feteletseng, tšehetso ea moea eo ba fanang ka eona ke ea bohlokoa.
Le hoja tsamaiso ea batho ea tšehetso e ka ’na ea re tlatsa matla hape bakeng sa letsatsi le leng, hase kamehla e leng e lekaneng. Martin E. P. Seligman ho selelekela sa buka ea hae, Helplessness, o bontšitse hore moea oa ho ipusa le oa ho itšepa o bonahetseng lefatšeng la Bophirimela ke oona sesosa sa khatello e eketsehileng kajeno, ’me o boletse ka tlhoko ea ho fumana morero oa bophelo. Joale o ile a bontša hore “boemo bo bong bo hlokahalang bakeng sa ho fumana morero oa bophelo ke ho fumana matla a fetang a hao.” Le hoja batho ba bangata kajeno ba sa nke kamano ea bona le Molimo ka ho tebileng, puisano le ’Mōpi—eo ka sebele a nang le “matla a fetang a hao”—e ka u thusa ho sebetsana ka katleho le boikutlo ba ho hloka thuso.
Morena Davida, ea neng a talimane le litlokotsi tse ngata, o ile a khothatsa sechaba sa hae: “Lōna, sechaba, le itšepise ka [Molimo] ka mehla, le tšollele lipelo tsa lōna pel’a oona! Molimo ke setšabelo sa rōna.” (Pesaleme ea 62:8) Molimo o ikemiselitse ho re mamela, esita le “mefehelo e ke keng ea boleloa.” (Ba-Roma 8:26) Ho mo rapela ka tieo ho ka fella ka khotso ‘e tla lebela lipelo tsa rōna le matla a rōna a kelello’ khahlanong le ho khathala ho feteletseng.—Ba-Filippi 4:6, 7.
Ho Fetola Pono ea Hao
Qetellong, ho ka ’na ha hlokahala phetoho kamoo u talimang boemo ba hao. Temoho ke “ntlha” ea ho qetela eo Dr. Ono a fanang ka tlhahiso ka eona e le tsela ea ho sebetsana le ho khathala ho feteletseng ka katleho. Ha re le tlas’a khatello e matla ka ho fetisisa, re na le tšekamelo ea ho nahana hampe ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe le ho iphumana re tšoasehile maikutlong a ho se be le tšepo. Leha ho le joalo, re lokela ho talima lintho ka tsela ea sebele. Hlahlobisisa hore na ho teng motheo oa sebele oa monahano o joalo o fosahetseng kapa che. Na liphello li tla ba mpe haholo joalokaha u ne u nahana? Leka ho talima lintho ka pono e fapaneng.
Makasine oa Parents o re: “U ka qala ho nahana hore haeba u khathala ka ho feteletseng, mohlomong ke hobane u le ‘molemo,’ eseng hobane u le ‘mobe.’” Hopola: Batho ba ka khathalang ka ho feteletseng ba na le litekanyetso tse phahameng haholo le ho tsotella ba bang. Se molemo ka ho fetisisa ho thusa mohlaseluoa oa ho khathala ka ho feteletseng ke lentsoe la kananelo. Ho tla etsa phapang e khōlō ho ’mè haeba monna oa hae le bana ba bolela le ho bontša kananelo bakeng sa mosebetsi oohle o amehang ho tsamaisa lelapa. Haeba motsamaisi ea bohareng a khathala ka ho feteletseng mosebetsing, tlhaloso e bontšang kananelo e ka ntlafatsa pono ea hae.
Bibele e bontša kamoo mosali ea khabane a lokeloang ke pabatso: “Bara ba hae ba tsoha, ’me ba ’mitsa ea lehlohonolo. Monna oa hae le eena oa mo rorisa o re: Barali ba bangata ba bile khabane, empa uena, u ba feta bohle.” (Liproverbia 31:10‚ 28‚ 29) Ka sebele “puo tse ntle ke lekheha la linotši, li monate moeeng oa motho, li matlafatsa masapo a hae.”—Liproverbia 16:24.
Shinzo, moholo oa Mokreste ea boletsoeng sehloohong sa pele, o ile a hlaphoheloa haholo mokhathaleng oa hae o feteletseng. Le hoja a ile a fumana thuso ea litsebi, se thusitseng Shinzo haholo e bile lithapelo tsa hae ho Jehova. Ka mor’a lithapelo tsa hae tse tšepahalang bakeng sa thuso, ho ile ha etsahala hore a kopane le moholo eo a ileng a ithuta Lentsoe la Molimo le eena pele. Moholo eo, esita le baholo-’moho ba bang, ba ile ba mo tšehetsa ka ho mamela matšoenyeho a hae. Ho tsoa tokollong ea pelenyana ea makasine oo u ntseng o u bala hona joale, mosali oa hae o ile a mo balla lihlooho tse buang ka maikutlo a mabe. (October 8, 1992) Butle-butle o ile a hlokomela kamoo a neng a leka ho etsa lintho tsohle a le mong. Tsela eo a neng a talima se etsahalang ho mo potoloha e ile ea qala ho fetoha. Le hoja pele a ne a ikutloa joaloka hoja a le ka mochophorong oa kotopo ka ho nyahamisang, o ile a bona leseli qetellong ea eona le ntseng le khanya haholoanyane ho fihlela a ba a e-tsoa ka kotopong.
Joaloka Shinzo, le uena u ka sebetsana ka katleho le ho khathala ho feteletseng le ho talimana le bophelo hape.
[Lebokose le leqepheng la 10]
Litsela tse 12 tsa ho Thusa ho Thibela ho Khathala ho Feteletseng
LINTLHA tse latelang li theiloe litlhahisong tse seng kae tse fanoeng ke litsebi tsa tleliniki ea phekolo ea bohloko ba kelello.
1. Laola menahano ea hao, maikutlo le boitšoaro—thapelo e thusa haholo.
2. Ha u qala ho tšoenyeha, fetolela monahano linthong tse molemo.
3. Ha u khopehile, ak’u khe moea le ho phomola.
4. Leka ho talima maemo ponong ea motho e mong bakeng sa ho utloisisa kamoo khatello e bileng teng kateng.
5. Nahana ka seo u se ananelang ho batho ba bang le ho ba babatsa. Rorisa eseng ka thoriso ea boikaketsi empa ea sebele.
6. Khetholla monahano o mobe, o kotsi, ’me u o sitise.
7. Tseba mokhoa oa ho hana ha u haelloa ke matla a lekaneng kapa ha kemiso e sa lumele.
8. Etsa lihlakiso tse itseng tsa ’mele letsatsi le letsatsi—ho hoanta ho loketse.
9. Tšoara ba bang ka tlhompho, etsa hore ba bontše botho ba bona bo botle.
10. Boloka boikutlo ba ho tšeha le ba tšepo.
11. Siea mathata a hao a mosebetsi mosebetsing.
12. Etsa se lokelang ho etsoa kajeno—se ke ua lieha ho etsa lintho.
(Li nkiloe ho “Ho Sebetsana le Maikutlo, Ho Loantša ho Khathala ho Feteletseng,” ka Ruth Dailey Grainger, American Journal of Nursing, January 1992.)