Ho Khathala ho Feteletseng—Na ke Uena ea Tla Latela?
KA MONGOLLI OA TSOHA! JAPANE
“Basebetsi ba matlong a ho jela Sweden, matichere Japane, basebetsi ba poso Amerika, bakhanni ba libese Europe le basebetsi ba libaka tsa ho kopanya likaroloana tsa mechine kaofela ba bontša matšoao a eketsehileng a khatello ea mosebetsi.”—MAINICHI DAILY NEWS.
NOBUAKI o ne a khathetse. Ka lebaka la ho sebetsa bosiu le motšehare, o ne a thaothile basebetsi ba 130 nakong ea likhoeli tse ’nè. E ne e le mookameli oa lefapha la thekiso lekaleng le lecha la letoto la mabenkele a maholo a lijo le thepa ea lelapa Japane, ’me boitekong ba hae ha a le tlas’a khatello, o ile a hira batho ba ileng ba hlōleha ho finyella litekanyetso tseo a neng a li lebelletse. Ba ne ba loantšana ’me ba tletleba ka boemo ba bona. Ho phaella moo, mohiruoa oa monna o ile a shobelisa mohiruoa oa mosali. Nobuaki o ne a tšoaroa ke hlooho letsatsi le letsatsi. Kapele o ne a se a sa ee mosebetsing, ’me matsatsing ao a iqobeletseng ho ea mosebetsing ka ’ona, o ne a khutlela lapeng hang-hang. O ne a khathetse ka ho feteletseng, a tšoana le thutsoana ea mollo e batlileng e cha kaofela.
Bo-’malelapa ba linako tsohle le bona ba khathala ka ho feteletseng. Sarah ka mor’a ho qeta lilemo tse peli lapeng le bana ba hae ba bararo, o ne a ba fella pelo. O re: “Ke ne ke ikutloa joaloka hoja ke etsetsa bana lintho mocha-o-chele, empa e le mosebetsi o sa feleng.” Ha ’mè a sebetsa mosebetsing oa boipheliso ’me a hōlisa bana, monyetla oa ho khathala ho feteletseng oa eketseha. Betty, ea leng lilemong tsa bo-40, o ne a iphumana a le boemong ba ho leka-lekanya ho sebetsa le ho ba ’mè oa lelapa, a leka ho phetha likarolo tsena ka bobeli ka ho phethahetseng. O ne a leka ho khotsofatsa motho e mong le e mong—monna oa hae, bana ba hae, mohiri oa hae, le basebetsi-’moho. Khatello ea hae ea mali e ne e phahama, ’me lintho tse nyenyane li ne li mo khopisa. O ne a hlokofatsoa ke ho khathala ho feteletseng.
Ho khathala ho feteletseng ho ama le batho ba neng ba sa ho lebella. Shinzo, mosebeletsi oa Mokreste ea nang le matla, o ne a tletse sehlahlo le likhopolo tse ngata. O ile a ea thusa sebakeng seo ho neng ho e-na le tlhokahalo e khōlō ea matichere a Bakreste. Leha ho le joalo, nakong ea likhoeli li se kae, o ile a ikutloa a khathetse, ’me o ile a ikoalla ka kamoreng ea hae letsatsi lohle. O ne a ikutloa joaloka hoja a le ka har’a kotopo ho se moo a ka tsoang le teng. O ne a thatafalloa ho etsa liqeto, esita le ka seo a neng a tla se ja bakeng sa lijo tsa motšehare. O ne a se na takatso ea ho etsa ntho leha e le efe. O ne a khathetse ka ho feteletseng.
Ho Khathala ho Feteletseng ke Eng?
Joale, ho khathala ho feteletseng ke eng? Herbert Freudenberger le bafuputsi ba bang ba ile ba qala ho sebelisa poleloana ena bohareng ba bo-1970, ’me e ile ea bolela “boemo ba ho khathala bo bakoang ke ho sebelisana le batho bo khathatsang maikutlo.” Hape, ke “ho khathala ’meleng kapa maikutlong, haholo-holo ho bakoang ke khatello ea nako e telele kapa e feteletseng.” (American Heritage Dictionary) Leha ho le joalo, ho itšetlehile ka mofuputsi, ho na le phapang e fokolang litlhalosong tsa poleloana ena.
Le hoja ho khathala ho feteletseng ho se na tlhaloso e nepahetseng ea bongaka, bahlaseluoa ba khetholloa ka matšoao a bohloko a kang mokhathala, ho se be mafolo-folo, boikutlo ba ho hloka thuso, ho hloka tšepo, le boikutlo ba nako e telele ba ho kula. Mohlaseluoa o ikutloa a khathetse ka ho feteletseng ’me o khopisoa ke lintho tse nyenyane. Ha ho letho le mo susumeletsang ketsong. Ho bonahala ntho e ’ngoe le e ’ngoe e sithabetsa mohopolo, ’me mohlomong ka ho tsieleha a ka kōpa thuso ho mang kapa mang eo a kopanang le eena. Boiteko ba hae bohle mosebetsing le lapeng bo ka bonahala bo se na thuso. Boikutlo ba ho ba ea se nang thuso boa hōla. Haeba u na le matšoao ana a bohloko a tsamaisanang le boikutlo ba nako e telele ba ho kula, ho haelloa ke thabo nthong leha e le efe, joale mohlomong u khathetse ka ho feteletseng.
Ho khathala ho feteletseng ho ka ama mosebetsi le bophelo ba lelapa. U batla ho o qoba. Empa joang? Bakeng sa karabo, ha re ke re boneng pele hore na ke bo-mang bao e leng bahlaseluloa le lebaka.
[Lebokose le leqepheng la 4]
Matšoao a ho Khathala ho Feteletseng
“Ho khathala ho feteletseng mosebetsing ho supa boemo ba ho fokola kelellong bo bakoang ke khatello e sa feleng ea mosebetsi, e fellang ka:
1. Matla a fokolang
2. Bofokoli ba ’mele ho itšireletsa mafung
3. Ho se khotsofale ho eketsehileng le ho felloa ke tšepo ea katleho
4. Ho se be teng mosebetsing ho eketsehileng le ho se atlehe mosebetsing.
“Boemo bona boa fokolisa hobane bo qeta matla, esita le ho lematsa batho ba bang bao ha e le hantle ba phetseng hantle, ba leng mahlaha-hlaha, le ho ba ba tšoanelehang. Sesosa se seholo sa hona ke khatello e sa feleng, e tsoelang pele letsatsi le letsatsi, khoeli le khoeli le selemo le selemo.”—The Work/Stress Connection: How to Cope With Job Burnout, ka Robert L. Veninga le James P. Spradley.