Ho Khathala ho Feteletseng—Ke Bo-mang ba Leng Kotsing Hona Hobane’ng?
AK’U inahane u le mosebetsi oa ofising ea nang le lelapa—kapa mohlomong u eena. Mosebetsi o phaellana deskeng ea hao. Thelefono e lla e sa khaotse mabapi le litlhoko tsa bareki tseo ho leng thata ho li finyella. Mookameli oa hao ha a khotsofale hobane u sa finyelle karolo ea mosebetsi oo a u lebeletseng ho uena. Mor’a hao o ile a itšoara hampe sekolong. Tichere e batla ho u bona hang-hang. Molekane oa hao o iphapanyetsa likōpo tsa hao hore a u thuse. Ha ho bonahala boemo bo tsoile taolong, khatello e fetoha tsieleho, ’me e lebisa ho khathaleng ho feteletseng.
Na ho khathala ho feteletseng ho bakoa ke ho sebetsa haholo? Ann McGee-Cooper, mofuputsi ka boko, o boletse hore ho khathala ho feteletseng ke “phello ea ho phela bophelo ba ho se leka-lekane, ho sebetsa nako e ngata ka ho eketsehileng le ho phomola hanyenyane.” Leha ho le joalo, ho sebetsa haholo hase hona feela lebaka; tlas’a khatello e tšoanang le maemo, ba bang ba khathala ka ho feteletseng ha ba bang ba sa khathale.
Bao ho ka Etsahalang Ebe ke Bahlaseluoa ba ho Khathala ho Feteletseng
Feela joalokaha ho ka ba le batho ba ka tšoaetsoang ke lefu le itseng haholo, ho na le mefuta ea batho eo ho ka etsahalang hore e khathale ka ho feteletseng. Elliot Aronson, moprofesa oa sechaba oa thuto ea kelello Univesithing ea California o re: “Hore u hlokofatsoe ke ho khathala ho feteletseng, u tlameha hore pele u chesehele ntho e itseng.” Ka hona ba nang le tšekamelo ea ho khathala ka ho feteletseng ba na le lipakane le likhopolo tse phahameng haholo. Ho boleloa hore ba hlokofatsoang ke ho khathala ka ho feteletseng hangata ke basebetsi ba hloahloa ba k’hamphani.Ha Moprofesa Fumiaki Inaoka oa Koleche ea Booki ea Sefapano se Sefubelu Japane a akaretsa litšobotsi tsa botho tsa bao e ka bang bahlaseluoa ba ho khathala ho feteletseng, o ile a ngola ho Moetsukishokogun (Matšoao a ho Khathala ka ho Feteletseng): “Bao ho ka etsahalang hore ba khathale ka ho feteletseng ba na le tšekamelo e matla ea kutloelo-bohloko, mosa, ho ameha maikutlong kapele, ho inehela, le ho iqapela likhopolo. Ba ‘khetha ho sebelisana le batho ho e-na le ho sebetsa ka mechine.’”
Ha setsebi se kōptjoa ho hlahloba bao ho ka etsahalang hore ba khathala ka ho feteletseng, se boletse hore teko eo e lokela ho sebelisoa e le tekanyetso ea ho hira. Se itse: “Seo ho hlokahalang hore lik’hamphani li se etse ke ho fumana batho ba hlokomelang ka ho lekaneng ho khathala ka ho feteletseng . . . ebe joale li etsa mananeo a fokotsang ho khathala ho feteletseng.”
Ba hlaseloang habonolo ke ba amehang litšebeletsong tsa sechaba, tse kang basebeletsi ba sechaba, lingaka, baoki, le matichere. Ba ikitlaetsa ka matla ho leka ho thusa batho, ba inehela bakeng sa ho ntlafatsa bophelo ba ba bang, ’me ba ka khathala ka ho feteletseng ha ba hlokomela hore ka linako tse ling ha ba finyelle lipakane tseo ba ipehetseng tsona. Bo-’mè ba malapa le bona ba ka khathala ka ho feteletseng ka lebaka le tšoanang.
Lebaka la Hore Batho ba Khathale ka ho Feteletseng
Patlisiso e entsoeng har’a baoki e senotse lisosa tse tharo tse lebisang ho khathaleng ho feteletseng. Sesosa sa pele ke lepotla-potla le lengata le tenang la letsatsi le letsatsi le bakang pherekano. Ka mohlala, boholo ba baoki bo lokela ho jara boikarabelo bo boima, ba lokela ho sebetsana le mathata a amanang le bakuli, ho tloaelana le lisebelisoa tse ncha, ho tobana le litšenyehelo tse phahamang, le ho mamella mekhoa ea bophelo e feto-fetohang. Buka Moetsukishokogun e re: “Lepotla-potla la letsatsi le letsatsi le tlatsetsa haholo ho khathaleng ha bona ho feteletseng.” Ha mathata a sa rarolloe, ho ferekana hoa phaellana ’me ho lebise ho khathaleng ho feteletseng.
Sesosa sa bobeli se hlokometsoeng ke khaello ea tšehetso, ho hloka motho eo ba ka mo phetlelang sefuba. Ka hona, ’mè ea itšehlang thajana ho bo-’mè ba bang sebakeng seo a lulang ho sona ho ka etsahala hore a khathale ka ho feteletseng. Patlisiso e boletsoeng ka holimo e fumane hore baoki ba seng lenyalong ke bona ba khathalang ka ho feteletseng ho feta ba leng lenyalong. Leha ho le joalo, ho ba lenyalong ho ka eketsa lepotla-potla la letsatsi le letsatsi haeba ho se puisano e bulehileng mahareng a monna le mosali. Esita leha bohle ba le teng lapeng, motho a ka iphumana a le bolutu hobane lelapa la hae le shebeletse thelevishene.
Sesosa sa boraro e bile boikutlo ba ho hloka thuso. Ka mohlala, baoki ba ba le boikutlo ba ho hloka thuso ho feta lingaka hobane baoki ba haelloa ke matla a ho fetola lintho. Ba leng sehlopheng se bohareng sa lefapha la tsamaiso mosebetsing ba ka khathala ka ho feteletseng ha ba ikutloa hore boiteko ba bona bo boholo ka ho fetisisa ha bo hlahise litholoana tseo ba li lakatsang. Joalokaha motsamaisi oa liphuputso ka batho a boletse, ho khathala ho feteletseng ho bakoa ke “ho ferekanngoa ke ho leka ho etsa tlatsetso ea bohlokoa le ho se sekeheloe tsebe.”
Boikutlo ba ho hloka thuso bo hōlisoa ke ho hloka kananelo ’me bo baka ho khathala ho feteletseng. Basali ba khathala ka ho feteletseng ha banna ba bona ba hlōleha ho lumela hore ho ameha mosebetsi o mongata tlhophisong ea lelapa le ho hlokomela bana. Batsamaisi ba bohareng ba khathala ka ho feteletseng ha mookameli a hlokomoloha mosebetsi o entsoeng ka bokhabane bo boholo ’me a ba nyatsa-nyatsa bakeng sa liphoso tse nyenyane. Makasine oa Parents o re: “Ntlha ea bohlokoa ke hore bohle re batla ha boiteko ba rōna bo ananeloa le ho lumeloa, ’me haeba re sebeletsa lelea bakeng sa boiteko ba rōna—ebang ke lapeng kapa ofising—joale ho ka etsahala hore re khathale ka ho feteletseng.”
Ka ho thahasellisang, le hoja karolo e khōlō ea baoki e hlokofatsoa ke ho khathala ho feteletseng, lingaka tse belehisang li hlokofatsoa ke ho khathala ho feteletseng ka mokhoa o fokolang. Ka kakaretso, mosebetsi oa lingaka tse belehisang o akareletsa ho thusa bana ba hlahang. Bo-’mè le bo-ntate baa ba leboha bakeng sa mosebetsi oa bona. Ha batho ba ananeloa, ba ikutloa ba e-na le molemo ’me ba susumeletseha.
Kapele-pele ha motho a tseba hore ke bo-mang ba ka khathalang ka ho feteletseng le lebaka, ho bonolo ho sebetsana le bothata. Sehlooho se latelang se ka thusa bahlaseluoa ba ho khathala ho feteletseng ho ba le katamelo e leka-lekaneng bophelong.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Ho khathala ho feteletseng ke phello ea ho sebetsa nako e ngata ka ho eketsehileng le ho phomola hanyenyane