Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Bulehela Likhopolo Tse Ncha?
HA LESIRA la mouoane butle-butle le apoha, molaoli oa makhotla a Amerika Matthew C. Perry a talima Thaba ea Fuji a le ka sethaleng sa sekepe sa hae, Susquehanna. O ne a ntse a laba-labela ho bona Japane ’me qetellong a fihla teng ka la 8 Phupu, 1853, ka mor’a likhoeli tse supileng tsa leeto la sekepe. Molaoli oa makhotla o ne a ithutile ka tlaleho e ’ngoe le e ’ngoe e fumanehang naheng eo. Lebaka? Hobane o ne a hopotse ho phetlela lefatše “’muso ona o ikarotseng.”
Ka sebele, o ne o ikarotse! Lilemo tse fetang 200 pejana, Japane e ile ea khaola maqhama a khoebo le a tšebelisano le linaha tse ling tsohle ntle ho Chaena, Korea, le Holland. Joale sechaba sa lula morao boemong ba khotsofalo e sa tšoenngoeng. Boemong boo, e ne e tšoana le batho ba bangata ba hanang likhopolo tse ncha ’me ba hana ho mamela likhopolo leha e le life tse sa tšoaneng le tsa bona. Ka litsela tse ling, sena se ka khotsofatsa, hobane likhopolo tse ncha li ka tšoenya, esita le ho tšosa. Empa na boemo bo joalo bo bohlale? Nahana ka liphello tsa molao oa Japane oa ho ikhetha.
Ke Eng se Entseng Hore Japane a Ikarole?
Japane ha e-ea ka ea ikarola ntle ho lebaka. Ka 1549, moromuoa oa Mojesuite Francis Xavier o ile a fihla Japane ho jala bolumeli ba hae. Ka nakoana, tumelo ea Roma e K’hatholike e ne e tletse naheng eo. Babusi ba mehleng eo ba ne ba kile ba bona phutuhelo ea bolumeli e neng e etsoa ke sehlotšoana sa bokhelohi sa Babuddha ’me ba tšoha hore ntho e tšoanang e ka etsahala har’a Mak’hatholike. Ka baka leo, Bok’hatholike bo ile ba thibeloa, le hoja thibelo e sa ka ea tiisoa ka thata.
Ha babusi bao ba bolela hore Japane ke “sechaba sa Molimo,” ba ne ba se na boikemisetso ba ho lumella bolumeli ba “Bokreste” ho sokela tsamaiso ea bona. Joale ke hobane’ng ha ba sa ka ba tiisa thibelo ea Bok’hatholike? Hobane baromuoa ba K’hatholike ba ne ba tla ka likepe tsa khoebo tsa Mapotoketsi, ’me ’muso o ne o thabela melemo ea khoebo e tlang ho bona ka likepe tseo. Leha ho le joalo, butle-butle tšabo ea hore Mak’hatholike a tloha a susumetsa bophelo ba Majapane ea phahamela takatso ea babusi ea khoebo. Ka hona, ba ntša litaelo tse tiisang taolo khoebong ea phahlo e tsoang ka ntle ho naha, ho falla ha baahi, le boeti ba “Bakreste.”
Ha “Bakreste” ba hlorisoang le ba hatelletsoeng ba fetohela morena oa moo, ’muso oa felloa ke mamello ea ’ona ho bona. Ha ’muso oa sesole oa Shogunate o talima phutuhelo eo e hlohlellelitsoeng ke K’hatholike, oa leleka Mapotoketsi ’me oa thibela Majapane ho ea linaheng tse ling. Ka ho ntšoa ha taelo ena ka 1639, ho ikarola ha Japane ea e-ba ntho ea sebele.
Batho ba Bophirimela ba neng ba lumelletsoe ho hoeba le Japane e ne e le Madutch, a neng a lumelletsoe ho lula feela Dejima, eo ka nako eo e neng e le sehleke-hleke se senyenyane sa boema-kepe ba Nagasaki. Ka lilemo tse 200, tsoelo-pele ea Bophirimela e ne e fihla feela Japane ka sebaka sena se nkuoeng hape sa Dejima. Selemo le selemo, mookameli oa liphahlo tse tsoang le tse kenang naheng sehleke-hlekeng sena o ne a nehelana ka “Tlaleho ea Dutch,” e neng e bea ’muso leseling ka se ntseng se etsahala lefatšeng le ka ntle. Empa ’muso oa Shogunate o ne o tiisa hore ha ho mang kapa mang feela ea bonang litlaleho tsena. Ka bona Majapane a phela a ikarotse ho fihlela ha Molaoli oa makhotla Perry a kokota monyakong oa bona ka 1853.
Ho Fela ha ho Ikarola
Likepe tse khōlō tse ntšo tsa Perry li ne li fokhotsa mosi ha li ntse li atamela Kou ea Edo, banna ba moo ba tšoasang litlhapi ba ne ba li makaletse, ba nahana hore ke lithabana tse entsoeng ke seretse se chesang tse tsamaeang. Baahi ba Edo (hona joale Tokyo) ba ne ba tlakasela, ’me ba bangata ba baleha motse-moholo ba jere phahlo ea bona ea ntlo. Paleho ena e ne e le khōlō hoo ’muso o ileng oa lokela ho ntša temoso ea molao ho kokobetsa matšoafo a batho.
E ne e se feela likepe tsena tsa Molaoli oa mabotho a Perry tse tšositseng batho ba ikarotseng. Ba ne ba makalitsoe ke ho utloa batho ba neheletsana melaetsa ka thelefono ho tloha mahahong o mong ho ea ho o mong. Narrative of the Expedition of an American Squadron to the China Seas and Japan, e ngotsoeng tlas’a tlhokomelo ea Perry, e bolela ka matona a Majapane a neng a hlōleha ho itšoara hoo a ileng a qhomela ka tereneng e nyenyane ea maiketsetso e neng e “ke ke ea jara esita le ngoana ea lilemo li tšeletseng.” Esita le mohlomphehi oa naha o ile a itšoarelletsa hloohong ea eona “liaparo li fofa moeeng.”
Qetellong monyako oa Japane oa buleha ka ho ahlameng nakong ea leeto la bobeli la Perry selemong se hlahlamang. ’Muso oa ineela khatellong ea sechaba, oa bula naha. Majapane a neng a lemalletse haholo mokhoeng oo oa ho ikarola a qala ho ineela mesebetsing ea boferekanyi, a bolaea mosebeletsi e moholo oa ’muso, ’me a hlasela baeti ba tsoang ka ntle ho naha. Marena a mang a neng a tšehetsa ho ikarola ha Japane a thunya likepe tsa baeti. Leha ho le joalo, qetellong litlhaselo tsa bona tsa kokobela, ’me moemphera a nka taolo ea ’muso ho Tokugawa Shogunate.
Ka nako eo Perry a neng a bula monyako oa Japane, lichaba tsa Bophirimela li ne li se li hatetse pele moruong ka ho sebelisa mechine e tsoetseng pele. Ka baka la ho ikarola ha Japane, e ne e setse morao-rao. Linaha tse sebelisang mechine li ne li sebelisa matla a mosi a metsi a belang. Ka bo-1830, mechine le lienjine tse sebelisang matla a mosi a metsi a belang li ne li sebelisoa haholo. Molao oa Japane oa ho ikarola o ile oa a etsa hore a salle morao haholo tšebelisong ea mechine e tsoetseng pele. Sena se ile sa hlokomeloa haholo ka lekhetlo la pele ke sehlopha sa baemeli ba Japane Europe. Lipontšong tse neng li tšoaretsoe London ka 1862, mesebetsi e ileng ea hlahisoa ke Japane e ne e le ea pampiri le patsi joalokaha “e bonoa lebenkeleng la lintho tsa khale,” ho hlalositse joalo moemeli e mong ea hlabiloeng ke lihlong.
Baemeli ba Japane Europe le United States ba ile ba bona tlala e khōlō ea ho sebelisa mechine naheng ea habo bona ’me ka cheseho ba hlahisa lintho tsa boqapi ba kajeno le likhopolo tse ncha. Lilemo tse 64 ka mor’a ketelo ea pele ea Perry, setho sa ho qetela sa sehlopha sa hae se ile sa etela Japane ’me sa re: “Tsoelo-pele ea Japane nakong e ka holimo ho lilemo tse mashome a tšeletseng e ile ea ntšosa.”
Ka hona, molao oa Japane oa ho ikarola o ile oa fokotsa haholo matla a eona a khōlo. Ho buloa ha menyako ea eona ho amohela likhopolo tse ncha ho ipakile ho le molemo ho sechaba ka litsela tse ngata. Leha ho le joalo, kajeno ba bang Japane ba qolla “mohopolo o ikarotseng” har’a batho ba bang e le bothata bo lokelang ho lokisoa. Ka sebele, ho hlōla tloaelo ea ho hana likhopolo tse ncha ke phephetso e seng feela ho Majapane a kajeno empa ho batho bohle. Ho thoe’ng ka uena le ka taba ea ho ba le “mohopolo o ikarotseng”? Na u tla fumana molemo ka ho bulela kelello ea hao likhopolo tse ncha, joalokaha ho entse Japane morao koana lilemong tsa bo1850?