Na u Bulehetse Likhopolo Tse Ncha?
BATHO ba bang ba koala likelello tsa bona hore ba se utloe likhopolo leha e le life tse ncha. Ba ka li hana hobane li fapana le pono ea bona. Ka mohlala, mosali e mong Denmark o ile a ngolla koranta ea beke le beke Hjemmet ’me a re: “Re khathatsoa ka mehla ke Lipaki tsa Jehova menyakong ea rōna. Li nkhopisa hampe-mpe, empa ha ke fumane hore na nka li leleka joang. . . . Na ho khathatsa hona ha bona ho ke ke ha thibeloa ka molao?”
Ho Majapane a bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo, ho kokota ha batho ba Bophirimela monyakong oa bona le hona ba ne ba ho talima e le ‘khathatso.’ Mahlong a ba bangata ba bona, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e amana le batho ba tsoang ka ntle ho naha e ne e se na thuso kapa e le kotsi. Ho joalokaha maele a Bochabela a bolela, “Pelaelo e bōpa lintho tse tšabehang lefifing.” Mokhoa oo Majapane a neng a nahana ka ’ona o ile oa bontšoa hantle litšoantšong tse ngotsoeng tsa Molaoli oa mabotho Perry. Har’a litsǒantšo tse 50 tse setseng, ke feela tse 2 kapa tse 3 tseo a tšoantšitsoeng e le molaoli ea tloaelehileng oa makhotla a U.S. Tse ling li ’montša e ne e le motho ea tšabehang ea nko e telele kapa oa sefahleho se hloentseng, joalokaha ho bontšitsoe mona.
Leha ho le joalo, ka ho buloa ha naha, Majapane a likelello li bulehileng a hlokomela hore batho ba tsoang ka ntle ho naha e ne e se maqaba. Ho Majapane a mang a neng a rometsoe ka lekhetlo la pele United States, e ile ea e-ba joaloka hoja makhapetla a oa mahlong a ’ona ha a bona mekhoa ea tšebetso ea Bophirimela. Matona a maholo a ne a belaela kamoo Maamerika a seng mosa kateng ho ea ka pono ea Majapane. Empa moloko o mocha o ile oa etsa kahlolo e leka-lekaneng haholoanyane ka mokhoa ona o mocha oa batho bana.
Molebeli e mong ea lilemo li 19 oa letona le leholo hamorao o ile a ngola: “Boholo ba baemeli ba Majapane ba 70 ba neng ba ronngoe ketelong eo ba ne ba sa rate kapa ba hloile [Maamerika]. Leha ho le joalo, ha ba bona maemo a sebele, ba bang har’a rōna ba hlokomela hore re ne re fositse ’me ra utloa bohloko hore ebe re ile ra e-ba le maikutlo a joalo. Ho talima batho ba naha esele e le ba tlaase joaloka lintja kapa lipere le ho ba rohaka ho re pepesa ho bona re le batho ba se nang mohau le ba babe.” Na u bulehile kelello ka ho lekaneng hore u ka sheba likhopolo tse ncha ka boikutlo bo seng leeme joaloka ba molebeli eo e mocha?
Mohlala oa Baberea
Lekholong la pele la lilemo C.E., Bajode ba bangata ba ne ba le leeme ka ho sa utloahaleng khahlanong le lithuto tsa Bokreste. Ka litsela tse ling, leeme la bona le ile la tšoana le la Majapane a neng a tšehetsa haholo ho ikarola ha Japane lefatšeng le ka ntle. Bajode ba Roma ea boholo-holo ba ile ba re: ‘[Bokreste] bo hanoa ka hohle.’ (Liketso 28:22) Bajode ba neng ba e-na le leeme khahlanong le Bakreste ba bang motseng oa Thessalonika ba ipelaetsa ka matla: “Batho bao ba ferekantseng lefatše lohle, ba tlile le koano.”—Liketso 17:6.
Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le batho ba neng ba ikemiselitse ho iphapanyetsa leeme la bona. Ka mohlala, batho ba Berea ba ile ba arabela joang litabeng tse molemo tse neng li boleloa ke Pauluse le motsoalle ea hae Silase? Ka Baberea, mongoli oa Bibele Luka o ile a ngola: “Bao ba fetisa Bathessalonika ka ho ba le likelello tse ntle, hobane ba amohetse lentsoe ka cheseho e khōlō, ba hlahlobisisa Mangolo ka mehla ho tseba hore na litaba li joalo ruri na.” (Liketso 17:11, NW) Na u na le ‘kelello e ntle’ joaloka ea Baberea bao?
Ka kōpo nahana ka taba ea Masaji. Ka nako e ’ngoe o ile a ba le lehloeo le matla bakeng sa Bakreste. O ne a tšoana le Majapane a neng a batla ha Japane e ka lula e ikarotse ’me e se bulehele linaha tse ling. Ha mosali oa hae, Sachiko, a qala ho ithuta Bibele, a mo hanyetsa ka mabifi. O ne a bile a nahana ho bolaea lelapa la hae a ntoo ipolaea. Ka baka la khanyetso ea hae e mabifi, lelapa la hae le ile la lokela ho balehela ha moholoane oa Sachiko ea lulang karolong e ka leboea ea Japane.
Qetellong, Masaji a rera ho bula kelello ea hae ho se hokae ’me a hlahloba bolumeli ba masali oa hae. Ka mor’a hore a bale libuka tse ling tsa Bibele, a bona ho hlokahala hore a etse liphetoho. Ha a ntse a ithuta Mangolo, boikutlo ba hae bo mabifi ba fetohela ho ba bo bontšang litholoana tsa moea oa Molimo. (Ba-Galata 5:22, 23) Masaji a qea-qea ho ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova hobane a tšaba hore Lipaki li ka ’na tsa batla ho iphetetsa ka baka la khanyetso ea hae e mabifi ho tsona. Empa qetellong a chakela Holong ea ’Muso, o ile a amoheloa ka mofuthu oo a ileng a ba a keleketlisa meokho.
E, ho hlōla leeme le ho hlahloba likhopolo tse ncha ho ka atolosa pono ea rōna ka lintho ’me ho ka re ruisa molemo ka litsela tse ling. Leha ho le joalo, na hoo ho bolela hore re lokela ho ba ba bulehetseng khopolo leha e le efe e ncha e ka tlang?
Hloaea!
Ha Japane e qetella e felisitse ho ikarola ha eona, likhopolo tse ncha tsa tšolohela ka naheng eo. Tse ling tsa tsona tsa ruisa Majapane molemo, empa a ka ba a ile a tsoela pele hantle haeba a ne a sa amohela likhopolo tse ling. Ha molaoli-kakaretso Douglas MacArthur a amohela ho inehela ha Japane ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, o ile a re: “Khahlanong le boikemisetso ba Molaoli Perry, Japane e ile ea fetolela tsebo ea Bophirimela ho ba sesebelisoa sa khatello le bokhoba.” E etsisa batataisi ba eona ba Bophirimela, Japane ea tšoareha tseleng e ileng ea e lebisa letotong la lintoa. Tsena li ile tsa fihla sehlohlolong sa Ntoa ea II ea Lefatše, qetellong ea eona libomo tse peli tsa athomo tsa liheloa sebakeng sa Japane.
Re ka ithuta eng ho see? Hore re lokela ho hloaea tabeng ea ho amohela likhopolo tse ncha. Re tla be re etsa hantle ha re etsisa Baberea ka ho “hlahlobisisa mangolo ka mehla ho tseba hore na litaba [tse neng li rutoa ke Pauluse] li joalo ruri na.” (Liketso 17:11, NW) Lentsoe la Segerike leo mona le fetoletsoeng e le ho “hlahlobisisa” le bolela ho “etsa patlisiso e seli le e tobileng joaloka litabeng tsa lekhotla.” (Word Pictures in the New Testament, ka A. T. Robertson) Ho e-na le hore ka bofofu re amohele khopolo e ’ngoe le e ’ngoe e ncha eo re e fuoang, re hloka ho etsa patlisiso e seli le e tobileng, e kang eo moahloli a neng a ka e etsa ha a mamela taba ea lekhotla.
Haeba re hloaea, re ke ke ra khelosoa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlahang e bile e feta kapa likhopolo tse ncha tseo ka ’nete li leng kotsi. Ka mohlala, ho neng ho boleloa e le boitšoaro bo bocha ba lilemong tsa bo-1960 ho ile ha bonahala e le khopolo e ncha e hapang maikutlo a ba bang. Empa tlhahlobisiso e seli e ka be e ile ea bo senola e le boitšoaro ba khale bo bobe le bo kotsi empa bo hlahisoang ka lebitso le lecha. Ka baka la boemo ba moruo bo neng bo khathalitse Jeremane lilemong tsa bo-1920, ba bangata ba ile ba talima Bonazi e le khopolo e ncha e thahasellisang empa ke masisapelo a makaakang ao bo ileng ba a baka!
Ka thabo, Molimo o fane ka tekanyetso e ka sebelisoang ho leka likhopolo tse ncha. Ke Lentsoe la oona le bululetsoeng, Bibele. Ho sebelisa litataiso tsa eona bophelong ba lelapa le likamanong tsa botho ho tla re thusa ho hlahloba likhopolo tse ncha tseo re li utloang ho litsebi tsa khahisano, lingaka tsa likelello, le ba bang ba ipolelang hore ba na le tsebo mafapheng ana. (Ba-Efese 5:21–6:4; Ba-Kolosse 3:5-14) Keletso ea Bibele mabapi le kamano ea rōna le Molimo le moahisani e re fa mokhoa oa ho hlahloba likhopolo tse ngata tse ncha tse jaloang ka thuto ea bolumeli. (Mareka 12:28-31) Tsebo e nepahetseng ea Bibele e tla re hlomella ho hlalohanya hore na khopolo e ncha ke e nang le molemo oa sebele kapa che. Joale re tla nolofalloa ho ‘hlahloba tsohle, le ho boloka tse ntle.’—1 Ba-Thessalonika 5:21.
Lipaki tsa Jehova li etela baahisani ba tsona ho ba khothalletsa ho ithuta ka Bibele ’me ka hona ba nolofalloe ho ahlola ka nepo likhopolo tse ncha. Lipaki li boetse li hlahisa mehopolo ea Bibele e mecha ho ba bangata. Har’a mehopolo ena ho akarelletsa taba e mabapi le mehla eo re phelang ho eona le seo ka sebele bokamoso bo se tšoaretseng batho. (Mattheu 24:3-44; 2 Timothea 3:1-5; Tšenolo 21:3, 4) Ka hona se be le boikutlo bo kang ba batho ba batlang ho lula ba ikarotse ha Lipaki li etela ha hao. Ho e-na le hoo, ke hobane’ng ha o sa bule monyako oa hao ’me u mamele seo ba tlileng ka sona? Se koalle kelello ea hao likhopolo tseo e ka bang tse molemo ka ho sa feleng ho uena.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]
Foto ea Laebrari ea Congress LC-USC62-7258