Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 8/8 maq. 14-15
  • Ho Leka ho Fepa Batho ba Bilione

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Leka ho Fepa Batho ba Bilione
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liketso li Bua ho Feta Lipuo
  • Motheo oa Tšepo
  • Batšoaruoa ba Bofutsana
    Tsoha!—1998
  • Bofutsana—Ho Fumana Tharollo e sa Feleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ke Mang ea ka Tholisang ‘Sello sa Tlala’
    Tsoha!—1987
  • Boiteko ba ho Felisa Bofutsana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 8/8 maq. 14-15

Ho Leka ho Fepa Batho ba Bilione

LETSATSI le leng le le leng, batho ba bilione ha ba je ka ho lekaneng hore ba khore. Empa boemo bona bo hlomolang pelo bo ne bo sa lokela ho ba teng ho latela Machaba a Kopaneng.

“Le boletse hore ntho ea pele e ka sehloohong ke ho ntša bofutsana bo feteletseng ka metso.” Ho buile joalo Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng Kofi Annan ka la 8 September, 2000, kopanong ea banna le basali ba matla ka ho fetisisa lefatšeng. Ba ne ba bokane hammoho bakeng sa Kopano ea Lilemo Tse Sekete ea Machaba a Kopaneng, nakong eo baeta-pele ba ’maloa ba ileng ba bua phatlalatsa ka mathata a batho ba futsanehileng ba lefatše. Motlatsi oa mopresidente oa Brazil o ile a re: “Bofutsana bo feteletseng ke thohako molokong oa batho.” Tona-khōlō ea Great Britain eena o bile a re: “Ho na le tlaleho e soabisang ea ho hlōleha ha linaha tse tsoetseng pele mabapi le Afrika, ’me e tšositse le hona ho hlabisa linaha tsa rōna tse tsoetseng pele lihlong.”

Libui tseo tse peli li ile tsa hlakisa hore lichaba li itlotlolotse ka ho hlōleha ho etsa seo li ka se khonang ho fepa batho ba lapang. E le bopaki ba hore ba lakatsa ho ntlafatsa maemo a bophelo a bohle lefatšeng, ba neng ba le teng sebokeng seo ba ile ba itlama ho nka bohato qetong e nang le likarolo tse robeli e neng e e-na le se latelang: “Re tla etsa sohle se matleng a rōna ho lokolla banna, basali le bana maemong a bofuma, a eisehang le a nyenyefatsang, ao batho ba fetang bilione ba leng tlas’a ’ona hona joale. . . . Re etsa qeto e tsoelang pele: Hore ka selemo sa 2015 re tla be re fokolitse ka halofo karolo ea batho ba lefatše ba amohelang ka tlaase ho dolara ka letsatsi le karolo ea batho ba bolaoang ke tlala.”

Ke tsoelo-pele efe e entsoeng ho finyella pakane eo e babatsehang haesale ho tloha ka September 2000?

Liketso li Bua ho Feta Lipuo

Ka 2003 Mokhatlo oa Mebuso ea Lefatše Lohle oa Lekhotla la Moruo oa Lefatše o Nkang Bohato, o ile oa qala ho sheba hore na ho se ho entsoe eng ho finyella lipakane tse boletsoeng Phatlalatsong ea Lilemo Tse Sekete ea Machaba a Kopaneng. Tlaleho ea molao, e lokolotsoeng ka la 15 January, 2004, e re: “Bakeng sa lipakane tsohle tsa lona tse bohlokoahali, lefatše le hlōleha ka ho feletseng ho etsa boiteko bo hlokahalang.” Mabapi le tlala, tlaleho eo e re: “Bothata hase khaello ea lijo ka ho feletseng lefatšeng—ho na le tse lekaneng bakeng sa e mong le e mong. Bothata ke hore lijo tse teng le phepo e loketseng ha li fuoe ba haelloang ke chelete.”

Bothateng bo akaretsang ba bofutsana, tlaleho e re: “Boikarabelo ba ho phethahatsa tšepiso eo e sa thahaselloeng hona joale bo itšetlehile haholo-holo ka mebuso, e ruileng le e futsanehileng. Empa tsamaiso ea lefatše ea moruo e entsoeng ke ba ruileng hangata e hanyapetsa ba kollang ntsi-hanong. Linaha tse ruileng, ho sa tsotellehe ho ipolela ha tsona ho se nang thuso, li bontša thahasello e fokolang mabapi le ho fetola tsamaiso eo kapa ho ntlafatsa tsoelo-pele haholoanyane molemong oa ba kollang ntsi-hanong.” Ho sa tsotellehe khalemelo ena, bo-ralipolotiki ba tsoela pele ho ngangisana ho e-na le ho nka bohato ’me mebuso e tsoela pele ho ipetlela litsela, o mong le o mong molemong oa oona. Ho sa le joalo, batho ba futsanehileng lefatšeng ba ntse ba tsoela pele ho bolaoa ke tlala.

Tokomane e tsoang Lekhotleng la Moruo la Lefatše, e nang le sehlooho se reng “Ho Tloha Lipuong ho ea Liketsong,” e lemosa hore “letšoele le leholo la batho le tla tobana le tlala e ntseng e eketseha ntle le hore maano a khoebo a machaba a fetoloe, maano a lichaba a tsepame ho feliseng tlala le hore ho eketsoe boiteko bo atlehang ba sebaka ka seng.” Joale ke mang eo ho hlokahalang hore a etse maano a molemo le “boiteko bo atlehang ba sebaka ka seng”? Ke eona mebuso eo ka 2000 e ileng ea bolela phatlalatsa hore e ikemiselitse ho ntlafatsa boemo ba batho bohle.

Tšepiso e le ’ngoe e sa phethahatsoang e ka ’na ea lebisa ho nyahameng; empa litšepiso tse ’maloa tse sa phethahatsoang li ka etsa hore motho a se ke a tšeptjoa. Ka ho se tšepahalle mantsoe a eona a ho hlokomela mafutsana, mebuso ea lefatše e kotutse ho se tšeptjoe. ’Mè e mong oa bana ba bahlano ea phelang naheng e ’ngoe e futsanehileng ea Caribbean o khona ho fepa lelapa la hae hang ka letsatsi. O re: “Ke khathatsehile feela ka hore na ho na le seo re tla se ja. Ha ho tsotellehe hore na ke mang ea busang. Ha ho mohla re kileng ra fumana melemo ho mang kapa mang ea busang.”

Mongoli oa Bibele Jeremia o itse: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Ho hlōleha ha mebuso ea batho hore e rarolle mathata a mafutsana ho tiisa ’nete eo ea Bibele.

Empa ho na le ’Musi ea nang le matla le tabatabelo tse hlokahalang ho rarolla mathata a motho, ’me Bibele e bua ka eena. Nakong eo ho busang ’Musi eo, ha ho ea tla ke a lape hape.

Motheo oa Tšepo

“Mahlo a bohle a talima ho uena ka tšepo, u ba fa lijo tsa bona ka nako ea tsona.” (Pesaleme ea 145:15) Ke mang Eo ea elang hloko ha motho a hloka lijo? Ke ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo. Le hoja moloko oa batho o hlokofalitsoe ke tlala le ke mathata a mang ka lilemo tse likete, esale Jehova a ntse a thahasella batho. O hlokometse hore mebuso ea batho e hlōlehile, ’me Lentsoe la hae le sa foseng, Bibele, le bontša hore haufinyane o tla e nkela sebaka ka ’muso oa hae.

Jehova o re: “Ke hlomamisitse morena oa ka holim’a Sione, thaba ea ka e halalelang.” (Pesaleme ea 2:6) Lebaka la ho ba le tšepo ke hobane phatlalatso eo e tsoa mohloling o phahameng ka ho fetisisa bokahohleng. Le hoja babusi ba batho hangata ba ile ba hlōleha ho thusa bafo ba bona, Jesu Kreste eena, e le Morena ea khethiloeng ke Molimo, o tla tlisa melemo e e-song ho ka e bonoa ke batho ba futsanehileng ka ho fetisisa ba lefatše.

Ka Morena enoa, Jehova o tla fepa bohle ba lapileng. Esaia 25:6 ho New American Bible, e re: “Morena oa mabotho o tla etsetsa batho bohle mokete oa lijo tse nonneng.” Tlas’a ’Muso oa Molimo matsohong a Kreste, ha ho mohla batho ba tla haelloa ke lijo tse monate, ho sa tsotellehe hore na ba phela hokae. Bibele e bua tjena ka Jehova: “U fuparolla seatla sa hao u khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.”—Pesaleme ea 145:16.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 15]

“Ho na le tlaleho e soabisang ea ho hlōleha ha linaha tse tsoetseng pele mabapi le Afrika, ’me e tšositse le hona ho hlabisa linaha tsa rōna tse tsoetseng pele lihlong.”—Tona-khōlō ea Brithani Tony Blair

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

ETHIOPIA: Naheng ena batho ba ka bang limilione tse 13 ba phela ka lijo tsa liphallelo. Ngoana ea bontšitsoeng ka holimo ke e mong oa bona

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

INDIA: Barutoana bana ba feptjoa lijo sekolong

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 14]

Top: © Sven Torfinn/Panos Pictures; bottom: © Sean Sprague/Panos Pictures

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela