Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 6/8 maq. 16-17
  • Ke Mang ea ka Tholisang ‘Sello sa Tlala’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang ea ka Tholisang ‘Sello sa Tlala’
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Re ka Jarisa Boemo ba Leholimo Molato?
  • Na Lithuso tsa Linaha tse Ka ntle li ka Tholisa ‘Sello sa Tlala’?
  • ’Muso o Tla Tholisa ‘Sello’
  • Ke Hobane’ng ha Afrika e Hlōleha ho Iphepa?
    Tsoha!—1987
  • Ho Leka ho Fepa Batho ba Bilione
    Tsoha!—2005
  • Komello e Tšabehang Afrika e ka Boroa
    Tsoha!—1994
  • Bibele e re’ng ka Tlala e Teng Mehleng Ee?
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 6/8 maq. 16-17

Pono ea Bibele

Ke Mang ea ka Tholisang ‘Sello sa Tlala’

“’MUSO o hlōleha ho re fepa hobane re bangata haholo. Ke lilemo tse peli naha ea rōna e omelletse. Ho ne ho se pula. Likhomo li shoele kaofela ka lebaka la tlala le lenyoroa. E mong le e mong o lla ka tlala,” ho hlalosa rapolasi oa Moafrika ea lulang naheng e nonneng Afrika e ka boroa a bolella Tsoha!

Matsatsi a ’maloa hamorao, lipula tse thophothelang tsa tlisa thuso sebakeng seo. Empa ho tla nka nako pele lintho li khutlela malulong, ’me ‘sello sa tlala’ se tsoela pele libakeng tse ngata tsa Afrika; empa tlala ha e naheng eo feela. Ho ea ka The Hunger Primer, e hatisoang ke Mokhatlo o Fanang ka Lijo ho ba Lapileng, linaha tse 43 tsa Asia le Latin Amerika li na le “khaello e khōlō ea phepo e ntle.”

Empa morao tjena, tlhokomelo ea lefatše e lebisitsoe tlaleng ea sekoboto e Afrika, eo “Ba limillione tse 150 ba leng kotsing” ho ea ka sehlooho sa The Times ea London. Libini tsa Brithani le United States li bokelletse limillione tsa liponto le lidolara ho thusa Maafrika a lapileng. Mohlomong u tšositsoe ke ho bona batho ba bangata ba bolaoa ke tlala thelevisheneng, u ile ua ipotsa, ‘Hobane’ng tlala?’

Na Re ka Jarisa Boemo ba Leholimo Molato?

“Batho ha ba khotsofatsoe ke ho bolelloa hore tlala Afrika e bakoa ke komello,” ho ngotse mookameli oa tšebeletso ea litaba tsa tikoloho oa Phuputso ea Lefatše, makasineng People oa Brithani. Hobane’ng? Hobane makholo a lilemo a fetileng komello ha e’a qetella ka koluoa kamehla.

Afrika e na le mobu o nonneng o lekaneng ho melisetsa baahi ba eona lijo. Empa tsamaiso ea lefatše ea moruo ha e khothalletse sena. ’Muso o ineela khatellong ea moruo, boramapolasi ba fumanehileng ba lelekoa naheng e nonneng—naha ea bona e sebelisoa ho fepela limmaraka tsa mose ho maoatle ka lijo le thepa e ’ngoe. Kahoo, batho ba amehile ka matšoele a fumanehileng a lulang libakeng tsa mahae tsa Afrika, ba ipotsa hore na ba tla ke ba fumane lijo tse lekaneng.

Lebaka le leng ke tsela eo mebuso e abang chelete ea naha kateng. “Litoropo tseo babusi ba lulang ho tsona,” ho hlalosa Lloyd Timberlake bukeng ea hae Africa in Crisis, “pele e ne e le metse ea mahae, empa licheletehali li sebelisitsoe ho tlatsa metse eo ka lihotele, lifeketheri, liunivesithi le makoloi. Sena se entsoe ka ho amoha Maafrika a supileng ho a leshome chelete ea ’ona.”

Na Lithuso tsa Linaha tse Ka ntle li ka Tholisa ‘Sello sa Tlala’?

“Ha linaha tse ka ntle li thusa ka letsoho le leng, li amoha batho ka le leng,” ho bolela Famine: A Man-Made Disaster?, tlaleho ea Mokhatlo oa Machaba Thusong ea Botho. “Mebuso e fanang ka thuso ha ea lokela ho ithetsa. E amohela phaello e fetang hōle lithuso tsa eona.” Hobane’ng? Hobane linaha tse thusang li fumana puseletso e ngata ho feta thuso eo li fanang ka eona. “Afrika ke mohloli o moholo oa lijo-thollo tsa rōna tsa kamehla UK. . . . Hape [ke] mohlahisi e moholo oa raba, tšoele, lehong, likhomo, meroho, le lipalesa tse ncha,” ho hlalosa buka ea Brithani The Ecologist.

Ke ’nete, Afrika e fumana chelete ka lithomello tsena kaofela, empa ke ka ngope-a-setšoha chelete e sebelisoang ho thusa ba lapileng. Ho e-na le hoo, e sebelisetsoa ntšetsopele ea metse ea litoropo, lithomello tsa ka ntle ho naha, ho reka libetsa, le ho lefa molato oa lithuso tsa linaha tse ka ntle. “Hobane bafumanehi ba fepa barui,” ho bolela makasine oa U.S. The Nation, “tlala likarolong tse ngata tsa lefatše e tla eketseha. . . . Lithomello tse eketsehileng li tla thusa khoebong ea machaba ea temo, . . . empa li ke ke tsa fepa Maafrika a lapileng.”

’Muso o Tla Tholisa ‘Sello’

Tlala ea Afrika e re hopotsa maele a khale: ‘Batho ba rena holim’a ba bang . . . ho ba etsa hampe.’ Ha Bibele e hlalosa lebaka la khatello ena e re: ‘Se sothehileng se ke ke sa otlolloa.’ (Moeklesia 8:9, NW; 1:15, NW) E, mebuso ea batho e entsoe ka batho ba sa phethahalang ba sekametseng boithating. Litsamaiso tse joalo li tla ‘otlolloa’ joang ’me li ele litlhoko tsa bafumanehi ba lefatše hloko ka sebele?

Bakeng sa karabo, nahana kamoo komello e khōlōhali paleng ea Afrika e ileng ea hlōloa kateng. E qalile hoo ekabang ka 1730 B.C.E. ’me ea nka lilemo tse supileng. Morena oa Egepeta o ile a amohela keletso ea Molimo ka ho boloka koro e ngata lilemong tsa nala. Ka lebaka la sena, ha ho mofo le a mong oa hae ea tlalehiloeng a bolailoe ke tlala. Batho ba linaha tse ling ba tla Egepeta ho reka koro “hobane tlala e ne e le khōlō lefatšeng lohle.”—Genese 41:1-57; 47:13-26.

Keletso ea Molimo e tobisitsoe ho mang kajeno? Ho Jesu Kreste—eo e bileng mokhelo tlalehong e soabisang ea pale ea batho ea khatello le bolotsana. ‘O ne a tsamaea hohle, a ntse a etsa hantle,’ ho tlaleha Bibele. “Ea sa kang a etsa sebe.” (Liketso 10:38; 1 Petrose 2:22) ‘Empa’ u ka ’na ua botsa, ‘seo se amana kae le ’muso o ka tholisang “sello sa tlala”?’ Kamano e khōlō hobane Jesu o khethiloe ke Molimo ho ba ’Musi oa batho bohle. Sohle se molemo seo Jesu a se entseng, ho akarelletsa le ho feptjoa ha matšoele a lapileng ka mohlolo, se bontšitse bophahamo ba ’Muso oa Molimo oa leholimo ho feta ’muso leha e le ofe oa batho. Hape, o profetile ka nako eo ’Muso oa Molimo o tlang ho nka taolo e feletseng ea lefatše lohle.—Mareka 8:1-9; Tšenolo 11:15.

Haufinyane ’Musi enoa ea khethiloeng ke Molimo o tla hlokomela kabo e lokileng ea lijo. A ka ‘tholisa sello sa tlala.’ (Luka 21:10, 11, 31) Bibele e tšoere tšepiso ena e futhumatsang pelo ka puso ea Kreste: “O tla busa ho nka leoatleng le leng ho isa leoatleng le leng, . . . ho isa pheletsong ea lefatše. O tla utloela ea malimabe le mohloki bohloko, a boloke bophelo ba ea lesitsi. Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng.” Nakong eo ha ho motho ea tla re, “’Muso o hlōleha ho re fepa,” tlala, hammoho le matšoenyeho le lefu, li ke ke tsa hlōla li eba teng.—Pesaleme ea 72:8, 13, 16; Tšenolo 21:3-5.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Lefatše le hlahisa lijo tse ngata

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela