Komello e Tšabehang Afrika e ka Boroa
KA MONGOLLI OA TSOHA! AFRIKA
BA BANGATA ba ile ba re e ne e le komello e mpe ka ho fetisisa lekholong lena la lilemo. Ba bang ba bile ba re e ne e le e mpe ka ho fetisisa historing ea Afrika e ka boroa. Komello ena e nkileng lilemo tse peli e ileng ea otla Afrika e ka boroa e ile ea siea mophula oa likoluoa. Hlooho ea Operation Hunger, mokhatlo oa thuso o itšebetsang oa Afrika Boroa, e ile ea re: “E mpe ho feta, ho fetisa seo re neng re se lebelletse. Maeto a entsoeng ke maeto a tšibollo ea ho teba ho neng ho ntse ho sa tsejoe ha masisa-pelo, ho utloa bohloko le ho hloka ha batho.”
Molemi e mong o ile a bontša ho nyahama: “Ha ho letho le ka lengoang. Lefatše le shoele.” Libakeng tse ling baahi ba metsana ba lapileng ba ne ba ja seretse kapa metso ea lijalo tsa naha. Mekhatlo ea boemeli e fanang ka thuso ea lijo e ne e hlolletsoe ke tlhoko. Ho latela The Guardian Weekly, “Afrika e ka boroa e lahlehetsoe ke karolo ea lijalo tsa eona e khōloanyane ho feta e ileng ea lahlehela Ethiopia le Sudan komellong e tšabehang ea 1985.”
Komello eo e ile ea beha batho ba ka bang limilione tse 18 lintšing tsa tlala e khōlō. Angola koluoa eo e ne e le e mpe ka ho fetisisa historing ea naha eo. Ho hakanngoa hore ho shoele likhomo tse ka bang milione, ’me ka selemo se le seng ho ile ha lahleha ho ka etsang karolo ea 60 lekholong ea lijalo. Ho ne ho sa khonehe ho fihla ho batho ba anngoeng haholo ho ba fa thuso. Ka August 1992, likarolo tse peli ho tse tharo tsa lijalo tsa Zambia li ile tsa lahleha, ’me ho ile ha hlokahala ho kenngoa ho neng ho lebelletsoe ha poone e etsang litone tse milione. Batho ba ka bang limilione tse 1,7 ba ne ba lapa haholo.
Zimbabwe, e kileng ea bitsoa seroto sa bohobe sa Afrika e ka boroa, ba limilione tse ’nè ba ile ba hloka ho phalleloa ka lijo—hoo e batlang e le halofo ea baahi. Sebakeng se seng tichere ea sekolo e ile ea re: “Ho na le metsi a fokolang ’me ho se ho batla ho se lijo tse setseng. Ha ho lekhasi la joang le setseng fatše.”
Metsaneng e meng batho ba ne ba hloa lifate ho khola makhasi ao ba tla a pheha le ho a ja. ’Muso o ile oa lokela ho fokotsa thuso ea oona ea lijo ho tloha ho lik’hilograma tse 15 ho ea ho lik’hilograma tse 5 motho ka mong ka khoeli. Letša le leholo le chekiloeng la Kariba le ne le chele ho feta leha e le neng pele, ’me ho ile ha beoa tekanyetso ea metsi Bulawayo.
Liphoofolo tse likete tse mapolasing a linyamatsana Zimbabwe li ile tsa lokela ho bolaoa, kaha ho ne ho se metsi a li lekaneng. Koranta e ’ngoe e ile ea tlaleha: “Linonyana tse shoeleng li oele lifateng tse omeletseng, likolopata, linoha, liphoofolo tse nyenyane le likokoanyana li nyametse.”
Mozambique e ne e le har’a linaha tse maqakabetsing a fetisisang ho tse anngoeng ke komello. Naha eo e ile ea fumana karolo ea 80 lekholong ea lijo tsa eona liphallelong tsa machaba, ’me khakanyo e ’ngoe e ne e re batho ba limilione tse 3,2 ba ne ba lapa haholo. Baphaphathehi ba ile ba tšolohela Malawi, Afrika Boroa, Swaziland, le Zimbabwe. Empa ka ho fokotseha ha matla a komello ha morao tjena, baphaphathehi ba bangata ba khutlile.
Baahi ba litoropo hangata ha ba hlokomele phello ea komello bophelong ba batho ba mahaeng. Moemeli ea amehang liphallelong tsa lijo o ile a hlokomela: “Tšenyo e bakiloeng ke komello e bonahala e sa tšoenye ho batho ba libakeng tsa litoropo tse khōlō ba balehetseng liphello tse bohloko tsa khaello ea lijo le metsi.”
Le hoja lipula li ile tsa hlahisa thuso e itseng libakeng tse ngata, likarolo tsa Mozambique, Swaziland, le Afrika Boroa li ntse li hloka pula e eketsehileng. Ntle le pelaelo liphello tsa komello ena li tla ’ne li latsuoe le ka mor’a lilemo tse tla tla.
Ka lebaka leo, ka ho hlakileng lebaka le leng la komello ke khaello ea pula. Empa liphello tsa eona li totisoa ke mathata a mang a lokelang ho hlahlojoa.
Mathata a Mang
Phello ea komello Afrika e phahamisoa haholo ke ho se tsitse ha lipolotiki. Linaha tse thulaneng le likhaello tse khōlō ka ho fetisisa tsa lijo ke tse nang le ho se tsitse ho joalo. Mehlala ke Angola, Ethiopia, Mozambique, le Somalia. Lintoa li sitisitse temo ’me tsa qobella balemi ba bangata ho baleha, ba siea mapolasi a bona a sa hlokomeloa.
Lebaka le tsosang khang komellong ke tšilafatso ea motho ea tikoloho le seo ba bang ba bolelang hore ke phello ea ho futhumala ha lefatše. Lebaka le leng ke keketseho ea baahi. Tekanyo ea karolelano ea khōlo ka selemo Afrika ke karolo ea 3 lekholong, e ’ngoe ea tse phahameng ka ho fetisisa lefatšeng. Ho kopa batho ba eketsehileng ba lokelang ho fepuoa, balemi ba lema naheng e sa lokelang temo ’me ha ba tlohele tšimo e letse hore e nonopele.
Ho feta moo, meru e ea senngoa, haholo-holo e le ho etsa hore sebaka sa ho lema se be teng. Ho latela makasine African Insight, lilemo tse 20 tse fetileng karolo ea 20 lekholong ea Ethiopia e ne e le meru; joale e se e le karolo ea 2 lekholong feela. Har’a mathata ’ohle a tikoloho a sokelang lefatše, litsebi tse ling li re ho rengoa ha meru ke bo boholo ka ho fetisisa. Ho ama litsamaiso tsa boemo ba leholimo le ho tlatsetsa khoholehong ea mobu, haesita le keketseho ea litikoloho tsa mahoatata.
Mebuso e meng ea Afrika e bolokile litheko tsa lijo le liphoofolo li le tlaase e le hore e ratoe ke bareki ba litoropo. Sena se khathatsa balemi matla, kaha ba sa khone ho etsa phaello temong. ’Muso oa Zimbabwe o ile oa arabela ka ho eketsa theko ea poone ka karolo ea 64 lekholong e le khothaletso ea hore balemi ba hlahise ho eketsehileng.
Tharollo ke Efe?
Litsebi li na le litlhahiso tse ngata. Empa hangata li elelitse linaha tsa Afrika ho sebelisa mekhoa ea temo ea Bophirimela, e sa ipakang e loketse tikoloho ea Afrika.
Ho hlokoa litharollo tse sebetsang haufinyane. Moemeli ea ka sehloohong oa Moafrika oa Lekhotla la Moruo oa Afrika la Machaba a Kopaneng o ile a re: “Motheong oa merero eohle ea moruo eo re e boneng ho tla fihlela joale, ka selemo sa 2000 Afrika e tla be e se khohlong eo e leng ho eona hona joale. E tla be e le qetellong ea sekoti se setelele se setšo.”
Tlhokahalo e hlakileng ke botsitso ba lipolotiki le ho fela ha pefo le ntoa. Ho boetse ho hlokahala tšebelisano-’moho ea linaha tse ahelaneng.
Ho latela Mokhatlo oa Lijo le Temo oa Machaba a Kopaneng, Afrika e na le matla a ho fepa palo ea baahi ba eona ba hona joale e imenne hararo. Empa tlhahiso ea eona ea lijo e ’nile ea theoha ho ea le mashome a lilemo, ’me ka tekanyo ea khōlo ea hona joale, palo ea baahi ba eona e ka imena habeli nakong ea lilemo tse 30.
Thuso ea lijo ho tsoa linaheng tse ling ha ho pelaelo hore e pholositse ba bangata tlaleng e khōlō. Leha ho le joalo, thuso e joalo motheong oa ka mehla hase tharollo ’me e na le phello e seng ntle ka hore ha e khothalletse balemi ba moo ho lema. Bana ba ke ke ba khona ho rekisa tlhahiso ea bona ka theko e ntle, ’me batho hangata ba khetha lijo tsa matšela-nōkana ’me ha ba sa lakatsa lithollo tsa lapeng.
Ho Ntse ho Etsoa Eng?
Boiteko bo sa khathaleng ba ba bangata bao ka sebele ba batlang ho thusa batho ba Afrika bo lokeloa ke pabatso. Libakeng tse ling boiteko bo joalo bo hlahisitse liphello. Zimbabwe sehlopha sa lipatlisiso sa machaba se qalile tšebetso ea ho jala lifate tse hōlang hantle kapele haholoanyane libakeng tse ommeng. Morero ke ho jala lifate tsena haholo ho thusa ho hlōla maqakabetsi a libeso, kaha karolo ea 80 lekholong ea batho e sebelisa patsi e le libeso tsa ho pheha.
Motsaneng oa Charinge o tikolohong e otliloeng ke komello ea Masvingo, Zimbabwe, balemi ba khothallelitsoe ho sebelisa majoe e le ho boloka mongobo merohong ea bona le lifateng tsa litholoana. E le phello ea hoo, ba hloka metsi a fokolang, ’me lijalo li metse hantle haholo. Balemi ba bile ba khona ho rekisetsa ba bang ba hlokang lijo.
Afrika Boroa k’hamphani e khōlō e ile ea ntlafatsa boemo ba fektheri ea eona ea ho fetola mashala mafura e le hore hoo e ka bang metsi ’ohle a hlokahalang bakeng sa tšebetso eo a ka sebelisoa hape. Le hoja ho hloekisoa ha metsi a liindasteri ho le theko e boima, Afrika Boroa e rerile hore qetellong e hloekise ho ka etsang karolo ea 70 lekholong ea metsi a eona a liindasteri.
Luanshya, Zambia, linaoa tse tšehla li ile tsa hlahisoa e le lijo tse kenellang tse nang le phepo. Mosebetsi e mong oa thuso ea liphallelo o ile a re: “Mafu a mangata a khaello ea phepo e ntle a hlaha ka March le June ha lijo tse tloaetsoeng li haella. Leha ho le joalo, linaoa tse tšehla li kotuloa ka April ebile li bolokoa ka tsela e bobebe ho feta lijo tse tloaetsoeng tse kang poone le mabele.”
Le hoja boiteko ba ho hlōla mathata a komello le khaello ea lijo e le bo loketseng hakaalo, motho, ka theknoloji eohle ea hae le tsoelo-pele, ha a e-s’o khone ho kholisa komello Afrika. Ke Ea Mong feela ea utloisisang mathata ’ohle, ’me o ile a bolela tharollo khale. Ka tlas’a puso ea ’Muso ea Jehova Molimo ka Morena oa hae ea khethiloeng, Jesu Kreste, haufinyane mantsoe a moprofeta Esaia a tla phethahala ka sebele lefatšeng lohle: “Metsi a tla kolla naheng e tšehla, melatsoana e phalle mahalaopeng. Mahoatata a mahlabathe a tla fetoha matša a metsi, naha e omeletseng e be le liliba tsa metsi; setša sa liphokojoe, moo mesima ea tsona e neng e le teng, e tla ba setša sa moseme le loli.”—Esaia 35:6, 7.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Baahi ba metsana ba ne ba etsa masiea-sieane le liphoofolo bakeng sa metsi a fokolang a neng a setse likhatamping
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
The Star, Johannesburg, S.A.