Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 8/8 leq. 3
  • Ho Phela Tšabong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phela Tšabong
  • Tsoha!—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Mohlomong Lekhetlong Lena o Tla Fetoha”
    Tsoha!—2001
  • Ke Hobane’ng ha ba Bangata Hakaale ba Phela Tšabong?
    Tsoha!—2005
  • Ho Tšaba Molimo—Na ho ka U Tsoela Molemo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tšaba Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 8/8 leq. 3

Ho Phela Tšabong

ROXANAa o tšaba ho bolella monna oa hae hore o batla mosebetsi oa nakoana. Ha Roxana a ne a mo kōpa chelete ea bese ha a etela ’mè oa hae, o ile a mo otla hoo a ileng a lokela ho ea ngakeng. O phela a tšohile.

Rolando o ne a tlohella mosali oa hae hore a khutlele hae bosiu ka lipalangoang tsa sechaba, empa hona joale o mo lata ka koloi. Ho se ho bile le litlaleho tse ngata tsa pefo sebakeng sa habo ’me o tšaba hore ha a sa sireletsehile.

Haidé o sebetsa har’a motse-moholo. Ka lekhetlo le leng ha a ne a ea hae, o ile a iphumana a itse soalakahla ka har’a sehlopha sa batho ba neng ba etsa boipelaetso, se ileng sa qetella se le mabifi. Joale nako le nako ha a utloa batho ba ipelaetsang ba feta ka tsela, oa tsitsipana. O re: “Ha ke ikutloe ke sireletsehile. Ha ke sa batla ho sebetsa mona. Empa ha ke na boikhethelo.”

Roxana, Rolando le Haidé ba na le tšabo—le hona hase ea ha ho hlahile boemo ba tšohanyetso. Ke tšabo ea kamehla. Ha batho ba tlameha ho phela tšabong, ba ka ’na ba ikutloa ba feletsoe ke matla. Tšabo e ka ba amoha thabo ka ho ba thibela ho etsa lintho tseo ba batlang ho li etsa. Tšabo e ka laola monahano oa batho ea ba ea ba thibela ho tsepamisa mohopolo linthong tse ling.

Ho phela tšabong ho hatella kelello haholo. Hangata ho lebisa motho ho tepelleng maikutlo, e leng ntho e ka mo kulisang. Makasine e ’ngoe ea bophelo bo botle ea hlalosa: “Khatello ea kelello e thibela tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ho sebetsa hantle ’me ke eona ntho e tlatsetsang maloetseng a mangata. ’Mele o tla ba le matšoao a ho sohlokeha, haholo-holo lithong tsa ’mele tse amehang. Motho a ka tšoaroa ke khatello e phahameng ea mali, lefu la pelo, lefu la liphio, mathata a ka maleng, liso tsa ka maleng, ho tšoaroa ke hlooho, lefu la ho hlobaela, ho tepella maikutlong le ho tšoenyeha. Ho ba boemong bona nako e telele ho ka etsa hore ’mele o khathale.”

Lefatšeng la kajeno ho tloaelehile hore batho ba phele tšabong. Na re tla ke re bone lefatše leo batho ba ka thabelang bophelo ho se seo ba se tšabang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela