Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 9/8 maq. 23-25
  • Bokamoso ba Bohahlauli

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokamoso ba Bohahlauli
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mathata a Tikoloho
  • Liphello Tse Mpe Sechabeng
  • Melemo ea ho Eta
  • Se Lebeletsoeng ka Moso
  • “Mohiri ea Itlhommeng Pele Lefatšeng”
    Tsoha!—2005
  • Tsa Mona le Mane
    Tsoha!—2014
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Ho Tlatlaptjoa ha Bana ka Likamano Tsa Botona le Botšehali Bothata ba Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 9/8 maq. 23-25

Bokamoso ba Bohahlauli

“E batla e le naha e ’ngoe le e ’ngoe moo ho nang le mehlala e hlokometsoeng ea hore tsoelo-pele bohahlauling ke sesosa se ka sehloohong sa ho senyeha ha tikoloho.”—An Introduction to Tourism, ea Leonard J. Lickorish le Carson L. Jenkins.

HASE feela hore tsoelo-pele bohahlauling e ka beha tikoloho kotsing empa hape e ka tlatsetsa mathateng a mang. A re hlahlobeng ka bokhutšoanyane a mang a ’ona. Ka mor’a moo, re tla tšohla menyetla e tla ba teng ka moso ea ho hahlaula lefatšeng lena la rōna le tsotehang hammoho le ho tloaelana le limakatso tsa lona, haholo-holo baahi ba lona ba ratehang.

Mathata a Tikoloho

Boieane ba bahahlauli kajeno bo bakile mathata. Lickorish le Jenkins, bao e leng bafuputsi, baa ngola: “India, Taj Mahal e sohlokehile joale ke baeti.” Baa phaella: “Egepeta, liphiramide le tsona li kotsing ka lebaka la tšubuhlellano ea baeti.”

Ho phaella moo, bangoli bana ba lemosa hore ha bohahlauli bo sa laoloe hantle, bo ka bolaea kapa ba khina khōlo ea limela ha matšoele-tšoele a baeti a lula a tsamaea libakeng tse sirelelitseng lintho tsa tlhaho. Ho feta moo, mefuta e itseng e ka ba kotsing ha bahahlauli ba bokella lintho tse kang likhaketla tsa maoatleng tse sa tloaelehang le likorale kapa ha baahi ba sebaka ba bokella lintho tsena molemong oa ho li rekisetsa bahahlauli.

Bahahlauli ba baka tšilafalo—ka karolelano moeti a le mong ka letsatsi o baka toti e boima ba k’hilograma, ho latela se hakantsoeng ke Lenaneo la Tikoloho la Machaba a Kopaneng. Ho bonahala le libaka tse hōle ka ho fetisisa li ameha. Tlaleho ea morao tjena e tsoang mokhatlong oa Rainforest Action Network e re: “Litseleng tse ratoang haholo tsa bohahlauli Himalaya, ho siiloe mophula oa lithōle litselaneng ’me meru e nang le lithaba tse phahameng e ’nile ea senngoa ke baeti ha ba batla libeso tsa ho futhumatsa lijo le metsi a ho hlapa.”

Ho feta moo, bahahlauli ba atisa ho sebelisa lintho tsa bohlokoa ka bongata haholo ho feta kamoo baahi ba sebaka ba li sebelisang kateng. Ka mohlala, James Mak o ngola tjena bukeng ea hae ea Tourism and the Economy: “Bahahlauli Grenada ba sebelisa metsi ka makhetlo a imenang hasupa ha ho bapisoa le baahi.” Oa phaella: “Ebang ke ka tsela e tobileng kapa e sa tobang, bohahlauli bo ikarabella bakeng sa liphesente tse 40 tsa motlakase o sebelisoang Hawaii, le hoja ka ho tloaelehileng, e le motho a le mong feela ho ba bang le ba bang ba robeli Hawaii eo e leng mohahlauli.”

Le hoja bahahlauli ba ka ’na ba sebelisa chelete e ngata ho etela linaheng tse tsoelang pele moruong, bongata ba chelete eo ha bo tsoele baahi ba sebaka molemo. Banka ea lefatše e hakanya hore ke chelete e etsang karolo ea 45 lekholong feela e kentsoeng ke bohahlauli e eang ka ho toba naheng e etetsoeng—boholo ba chelete bo khutlela lichabeng tse tsoetseng pele moruong ka lebaka la litšebeletso tsa linaheng tsa mose tsa ho etela libaka le ka lebaka la libaka tsa bolulo tse entsoeng ke batho ba linaha lisele.

Liphello Tse Mpe Sechabeng

Bahahlauli ba linaha tse batlang li ruile tsa Bophirimela ba etelang linaha tse tsoelang pele moruong ba ka ba le liphello tse poteletseng tse mpe mekhoeng ea bophelo sebakeng ka seng—athe ka linako tse ling e ba tse totobetseng. Ka mohlala, bahahlauli ba atisa ho tla le thepa ea bona e majabajaba. Batho ba libakeng tsena ba ka ’na ba nka leruo le joalo e le le ke keng la lekanngoa. Batho ba bangata ba libaka tsena ba lakatsa ho ba le lintho tsena tse turang empa ba ke ke ba khona ho li lefella ntle le hore ba etse liphetoho tse khōlō tseleng eo ba phelang ka eona—liphetoho tse ka ’nang tsa e-ba le liphello tse mpe tseleng eo ba itšoarang ka eona.

Ha Mak a bolela mathata a ka hlahang, o ile a bontša hore ho eketseha ha bohahlauli ho ka etsa hore “sechaba se qetelle se lahlehetsoe ke mekhoa ea setso e se khethollang lichabeng tse ling, ha baka lintoa sechabeng se le seng mabapi le ho sebelisoa ha libaka tsa sechaba le lirafshoa, ha ba ha eketsa mekhoa e sa amoheleheng sechabeng, e kang bokebekoa le botekatse.”

Hangata kajeno bahahlauli ba ikutloa ba lokolohile, ka hona ba etsa lintho tseo ba neng ba ke ke ba li etsa ha ba le ha habo bona haufi le malapa a bona kapa metsoalle. Ka lebaka lena, boitšoaro bo bobe ba bahahlauli bo se bo fetohile bothata bo nang le litholoana tse babang. Ha a bua ka mohlala o tsebahalang, Mak o ile a re: “Batho ba tšoenyeha ka ho eketsehileng ka liphello tsa bohahlauli mabapi le botekatse ba bana.” Ka 2004, mokhatlo oa litaba oa CNN o ile oa tlaleha: “‘Mehloli e ka tšeptjoang e hakanya hore Mexico, bana ba 16 000 ho ea ho ba 20 000’ ke bahlaseluoa ba liketso tsa ho kopanela liphate, ‘haholo-holo meeling, libakeng tsa litoropo le libakeng tse eteloang ke bahahlauli.’”

Melemo ea ho Eta

Lefatše la rōna ke lehae le babatsehang, le lulang le e-na le limakatso—ho likela ha letsatsi ka mebala e metle, linaleli tse phatsimang sepakapakeng, le mefuta e mengata-ngata ea limela le liphoofolo. Ho sa tsotellehe hore na re lula hokae, re thabela tse ling tsa lintho tsena le lintho tse ling tse hlollang tsa lefatše la rōna. Leha ho le joalo, ho ne ho tla ba monate hakaakang haeba re ne re ka ba le monyetla oa ho etela libaka tse ling ho ea bona limakatso tse ling tsa lefatše la rōna!

Ho sa tsotellehe ho khahloa ke limakatso tsa lintho tse ntle tse fumanoang lefatšeng, bahahlauli ba bangata ba bolela hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ea ho etela libaka tse ling ke ho tseba batho ba litso tse fapaneng le tsa bona. Hangata bahahlauli ba fumana hore lintho tse mpe tse buuoang ka ba bang hase linnete. Ho tsamaea ha bona ho etsa hore ba utloisise batho ba merabe le litso tse ling ’me ba etse botsoalle ba bohlokoa le bona.

Thuto eo bahahlauli ba bangata ba e fumanang ke ea hore lintho tseo batho ba nang le tsona hase tsona tse etsang hore e be ba thabileng. Ntho ea bohlokoahali ke kamano ea motho le ba bang—ho ba le metsoalle e tsitsitseng le ho etsa e meng e mecha. Tlaleho ea Bibele e bua ka “mosa” o ileng oa bontšoa ke “batho ba buang puo esele” ba Malta, ba o bontša batsamai ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba iphumana ba robehetsoe ke sekepe moo. (Liketso 28:1, 2) Ho etela linaha tse ling le batho ba bang kajeno ho thusitse ba bangata hore ba hlokomele hore kannete re lelapa le le leng la batho le hore ke ntho e ka etsahalang hore re phele kaofela lefatšeng ka khotso.

Hona joale ke batho ba ’maloa feela ba khonang ho etela libaka tse ling. Empa ho thoe’ng ka bokamoso? Na ho ka etsahala hore ho eta ho joalo e be ntho e etsoang ke batho ba bangata, kapa mohlomong ke batho kaofela?

Se Lebeletsoeng ka Moso

’Nete ke hore kaofela rea amana, re litho tsa lelapa la motho. Ke ’nete hore batho ba babeli ba pele ba ile ba shoa joalokaha ba ne ba lemositsoe hore ba tla shoa haeba ba sa mamele Molimo. (Genese 1:28; 2:17; 3:19) Ka hona, bana bohle ba bona, ho kopanyelletsa le rōna kaofela kajeno, rea tsofala ’me rea shoa. (Baroma 5:12) Empa Molimo o tšepisa hore morero oa hae oa tšimolohong oa hore lefatše le ahoe ke batho ba mo ratang, o tla phethahala. Lentsoe la hae le re: “Ke o boletse . . . ke tla boela ke o phethe.”—Esaia 45:18; 46:11; 55:11.

Nahana feela hore na seo se tla bolela eng! Bibele e tšepisa tjena ha ’Muso oa Molimo o se o busa: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29; Matheu 6:9, 10) Ha e hlalosa boemo ba ka moso ba batho lefatšeng, Bibele e re: “Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”—Tšenolo 21:3, 4.

Nahana ka menyetla eo e tsotehang ea ho etela libaka tsa lefatšeng ’me u tloaelane le limakatso tsa lona, haholo-holo batho ba ratehang ba lona. Ka nako eo ho tla be ho se ea amehileng ka tšireletseho! Bohle lefatšeng e tla be e le metsoalle ea rōna—ka sebele, e tla be e le seo Bibele e se hlalosang e le ‘mokhatlo oohle oa bara ba motho lefatšeng.’—1 Petrose 5:9.

[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ea ho eta e ka ba ho etsa metsoalle le batho ba setso se seng

Tebello ea ka moso ea ho etela merabe e meng le libaka ha e-na meeli

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela