Ho Tlatlaptjoa ha Bana ka Likamano Tsa Botona le Botšehali Bothata ba Lefatše ka Bophara
KA MONGOLLI OA TSOHA! SWEDEN
Mokhatlo oa batho o tsukutloa ke mokhoa o tšosang oa tlhekefetso ea bana o moholo le oo sebōpeho sa oona se neng se sa tsejoe hohle ho fihlela lilemong tsa morao tjena. E le ho bona hore na ho ka etsoa eng ka hona, baemeli ba lichaba tse 130 ba ile ba kopana Stockholm, Sweden, World Congress Against Commercial Sexual Exploitation of Children ea pele. Mongolli oa Tsoha! Sweden le eena o ne a le teng.
HA Magdalen a le lilemo li 14, o ile a hohelloa mosebetsing e le “ea ikarabellang ho amohela batho” bareng e ’ngoe Manila, Philippines. Ha e le hantle, mosebetsi oa hae o ne o akarelletsa ho isa bareki ba banna kamoreng e nyenyane le ho tsola bakeng sa hore ba tlatlape ’mele oa hae ka likamano tsa botona le botšehali—karolelano ea banna ba 15 bosiu bo le bong ’me ka Meqebelo ba 30. Ka linako tse ling, ha a ne a bolela hore a ke ke a khona ho mamella, mookameli oa hae o ne a mo qobella hore a tsoele pele. Hangata o ne a qeta mosebetsi oa hae oa letsatsi ka hora ea bone hoseng, a ikutloa a khathetse haholo, a tepeletse maikutlo ’me a hlomola pelo.
Sareoun e ne e le moshanyana oa khutsana oa seterateng Phnom Penh, Cambodia. O ne a e-na le mokaola ’me o ne a tsebahala e le ‘ea neng a intša’ le melata. O ne a filoe sebaka sa bolulo mekatong ea tempele, moo a neng a tla ‘hlokomeloa’ ke eo e kileng ea e-ba moitlami oa monna. Leha ho le joalo, monna enoa, o ne a hlekefetsa moshanyana enoa ka likamano tsa botona ’me a mo bolokela ho ba le likamano tsa botona le botšehali le melata. Ha sebaka sa bolulo sa Sareoun se heletsoa mekatong ea tempele, o ile a qala ho lula le rakhali’ae empa o ne a ntse a qobelloa ho sebetsa e le letekatse la monna.
Ena ke mehlala feela e ’meli ea bothata bo tšabehang boo ho ileng ha sebetsanoa le bona World Congress Against Commercial Sexual Exploitation of Children bofelong ba selemo se fetileng. Mokhoa oo o atile hakae? Ho ameha bana ba makholo a likete—ka sebele, ba bang ba re limilione. Moemeli e mong o ile a akaretsa bothata ka hore: “Bana baa rekoa le ho rekisoa e le thepa e rekisetsoang likamano tsa botona le botšehali le moruo. Ba mokoloa ka ntle le ka hare ho naha joaloka thepa e thibetsoeng ka molao, ba thibeletsoe matlong a botekatse ’me ba qobelloa ho inehela palong e khōlō ea batlatlapi ba likamano tsa botona le botšehali.”
Polelong ea hae e bulang seboka seo, tona-khōlō ea Sweden, Göran Persson, o ile a khetholla tlatlapo ena e le “karolo ea tlōlo ea molao e sehlōhō ka ho fetisisa, e hlaha le e nyonyehang ka ho fetisisa.” Moemeli oa Machaba a Kopaneng o ile a re “ke ho hlasela bana ka mabifi ka litsela tse sa tšoaneng . . . , ke ketso e nyonyehang ka ho feletseng hape ke ho tlōla litokelo tsa botho ho nyatsehang ka ho fetisisa ho ka nahanoang.” Lipolelo tse ngata tse tšoanang tse bontšang khalefo ka ho tlatlaptjoa ha bana ka likamano tsa botona le botšehali li ile tsa buuoa sebokeng seo kaofela ke ba neng ba le sethaleng ha ho hlahlojoa boholo, sebōpeho, lisosa le liphello tsa hona.
Mohloli o mong o ile oa beha taba tjena: “Boholo ba hona bo fetela ka ’nģane ho meeli ea lichaba, tšusumetso ea hona e tloha molokong o mong ho ea ho o mong.” O mong o ile oa re: “Ho hakanngoa hore selemo le selemo bana ba ka bang milione ho lumeloa hore ba kenela ’maraka o seng molaong oa likamano tsa botona le botšehali oa lidolara tse limilione-milione.” Ka phello efe? “Boikutlo ba bana ba ho ba ba hlomphehang, hore na ke bo-mang le boitlhompho boa fokolisoa le matla a bona a ho ba le tšepo aa fokotsoa. Bophelo ba bona ba ’mele le ba maikutlo bo behoa kotsing, litokelo tsa bona lia hatakeloa le bokamoso ba bona bo behoa kotsing.”
Lisosa Tse Ling
Tse ling tsa lisosa tsa khōlo e potlakileng hakaale tsa bothata boo ke life? Ho ile ha boleloa hore bana ba bang ba “sutumelletsoa botekatseng ke maemo, e le tsela ea ho phela literateng, ho thusa ho phelisa malapa abo bona, kapa ho lefella liaparo le lijo. Ba bang ba thetsoa ke ho hobelloa ka litšoantšo tsa bareki litabeng tsa papatso.” Ha ba bang bona ba koeteloa le ho qobelloa ho kena botekatseng. Ho hlepha ho hōlang ka potlako ha litekanyetso tsa boitšoaro hohle, hammoho le boikutlo bo akaretsang ba ho hloka tšepo, li ile tsa boleloa har’a lisosa.
Banana le bashanyana ba bangata ba kenella khoebong ea likamano tsa botona le botšehali ka lebaka la tšoaro e mpe ea lelapa—pefo le likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa litho tsa lelapa tse haufi-ufi li ba lelekela seterateng. Ha ba le moo, ba kotsing ea ho tšoaroa hampe ke ba lakatsang likamano tsa botona le botšehali le bana le ba bang, esita le mapolesa a mang, kamoo ho bonahalang kateng. Tlaleho e ’ngoe bothateng bona e nang le sehlooho se reng Kids for Hire e bolela ka Katia ea lilemo li tšeletseng, Brazil. Ha a ne a tšoaroa ke lepolesa, le ile la mo qobella hore a etse liketso tse lihlong ’me la mo tšosa ka hore le tla bolaea lelapa labo haeba a ka bolella hlooho ea lona ea sepolesa. Letsatsing le latelang la khutla le e-na le banna ba bang ba bahlano, bao kaofela ba neng ba batla litšebeletso tse tšoanang tsa botona le botšehali ho eena.
Children’s Ombudsman, mokhatlo oa Sweden, o ile oa bolella baemeli: “Ha ho se ho entsoe liphuputso mabapi le hore na ke eng e bakang botekatse ba bana, ha ho pelaelo hore ho hahlaulela [likamano tsa botona le botšehali] ke se seng sa lisosa tse ka sehloohong.” Tlaleho e ’ngoe e itse: “Ho phahama ho tšosang ha botekatse ba bana lilemong tse fetileng tse leshome ka ho toba ho bakoa ke khoebo ea bohahlauli. Botekatse ba bana ke khoheli e ncha-ncha ea bohahlauli e fanoang ke linaha tse hōlang moruong.” “Maeto a ho hahlaulela likamano tsa botona le botšehali” ho tloha Europe, United States, Japane, le kae-kae a baka tlhoko e khōlō bakeng sa matekatse a bana ho pholletsa le lefatše. Tsamaiso e ’ngoe ea lifofane ea Europe e ile ea sebelisa setšoantšo se qabolang sa ngoana seo ka ho totobetseng se khothalletsang maeto a ho hahlaulela likamano tsa botona le botšehali. Makala a maeto a lokisetsa maeto a ho hahlaulela likamano tsa botona le botšehali bakeng sa ba likete selemo le selemo.
Hape lethathamong le lelelele la lisosa ho na le ho buella ha machaba indasteri ea likamano tsa botona le botšehali le bana ka theknoloji e ncha. Internet, e kopane le litheknoloji tse ling tse amanang le eona tsa k’homputha, ho tlalehoa hore ke mohloli o le mong o moholohali oa litšoantšo tsa bootsoa. Thepa ea livideo e theko e tlaase ka ho tšoanang e nolofalitse ho hlahisoa ha litšoantšo tsa bootsoa ba bana.
Ke Bo-mang?
Batho ba baholo ba bangata ba hlekefetsang bana ka likamano tsa botona le botšehali ke li-pedophile. Pedophile e na le khoheli e sothehileng ea likamano tsa botona le botšehali baneng. Ho latela Children’s Ombudsman ea Sweden, “hase hakaalo-kaalo hore ke banna ba tsofetseng, ba bokhoahlapa ba aparang lijase tsa pula kapa mofuta o mabifi oa linatla. Pedophile ea sebele ke motho ea rutehileng haholo ea lilemong tse bohareng, hangata a sebetsa le bana e le tichere, ngaka, mosebeletsi oa sechaba kapa moprista.”
Sehlopha sena sa Sweden se ile sa hlahisa mohlala oa Rosario, ngoanana oa Lefilipino ea lilemo li 12 ea ileng a hlekefetsoa ka likamano tsa botona le botšehali ke motho ea hahlaulelang likamano tsa botona le botšehali, ngaka e tsoang Austria. Ho hlekefetsoa ha hae ho ile ha fella ka lefu.
Carol Bellamy, molaoli ea ka sehloohong oa UNICEF (United Nations Children’s Fund) Geneva, o ile a bolela se latelang ka ngoanana eo oa Lefilipino ea lilemo li 12: “Hangata ke bona batho ba baholo ba tšepetsoeng ho hlokomela le ho sireletsa bana bana ba lumellang le ho rotelletsa mokhoa ona o ke keng oa mamelloa. Ho na le matichere, litsebi tsa bophelo, liofisiri tsa sepolesa, bo-ralipolotiki le litho tse ling tsa sehlopha sa baruti ba sebelisang botumo ba bona le matla a bona a ho laela ho tlatlapa bana ka likamano tsa botona le botšehali.”
Bolumeli Boa Ameha
Moemeli e mong oa Kereke ea Roma e K’hatholike sebokeng sa Stockholm o ile a bolela hore ho tlatlaptjoa ha bana ke “tlōlo ea molao e mpe ka ho fetisisa” le “phello ea ho khopama ho totobetseng le ho hlepha ha litekanyetso.” Leha ho le joalo, Kereke e K’hatholike e ’nile ea ameha hampe ka mekhoa e joalo har’a baruti ba eona.
Tokollong ea Newsweek ea la 16 August, 1993, sehlooho se neng se re “Baprista le Tlhekefetso” se ile sa tlaleha ka “mahlabisa-lihlong a tšabehang ka ho fetisisa a baruti historing ea kajeno ea Kereke e K’hatholike ea United States.” Se ile sa re: “Ha ho ne ho hlahisoa liqoso khahlanong le baprista ba ka bang 400 ho tloha ka 1982, banna ba bang ba kereke ba pheta hore baprista ba ka bang 2500 ka bongata ba hlekefelitse bana kapa bacha ka likamano tsa botona le botšehali. . . . Ntle le hore a batla chelete, mahlabisa-lihlong ana a baketse kereke lihlong tse fetisisang—le ho lahleheloa ke matla a mang a eona a ho laela boitšoarong.” Malumeli a mang ho pholletsa le lefatše a boemong bo tšoanang.
Ray Wyre, setsebi tlōlong ea molao ea likamano tsa botona le botšehali sa United Kingdom, o ile a bolella seboka sa Stockholm ka bashanyana ba babeli ba ileng ba hlekefetsoa ke moprista ka likamano tsa botona ka tsela e sehlōhō. E mong oa bashanyana bao hona joale o tsamaisa mokhatlo oa mahlatsipa a bana ba hlekefelitsoeng ke baprista, ha e mong eena e le mohlekefetsi.
Mettanando Bhikkhu, setsebi sa Mobuddha sa Thailand, o ile a tlaleha hore “mefuta e itseng ea mokhoa oa Bobuddha e na le boikarabelo tlatlapong ea bana ka khoebo ea likamano tsa botona le botšehali Thailand maemong a ’maloa. Metseng ea sebaka ka seng Thailand, ka linako tse ling baitlami ba banna ba ’nile ba rua molemo cheleteng e khutliselitsoeng motseng ke bana ba ’nileng ba qobelloa ho kena botekatseng.”
Ho ka Etsoa Eng?
Dr. Julia O’Connell Davidson, oa Univesithi ea Leicester United Kingdom, o ile a ipiletsa sebokeng seo hore se phephetse ho itokafatsa ha batlatlapi ka boitšoaro ba bona. Hangata bahlekefetsi ba tsepamisa mohopolo ho hoo ho thoeng ke ho hlepha ha boitšoaro ba botona le botšehali le boitšoaro bo bobe ba ngoana, ba pheha khang ka hore ngoana o se a ntse a le litšila ’me a senyehile. Batlatlapi ba bang ba sebelisa boipolelo bo sothehileng le ba bohata ba hore ha ho kotsi e tlang ho tsoaloa ke liketso tsa bona le hore ngoana eo o ruile molemo.
Moifo o sebetsanang le ho hahlaulela likamano tsa botona le botšehali o ile oa buella ho ho loantša ka thuto ea lenaneo la thuto la sekolo. Ho phaella moo, boitsebiso bo khahlanong le ho tlatlaptjoa ha bana ka likamano tsa botona le botšehali bo lokela ho fihla ho batsamai leetong lohle—pele ba tloha, nakong ea leeto le qetellong ea leeto.
Mabapi le litheknoloji tse ncha tsa puisano, moifo o mong o ile oa hlahisa hore lichaba li lokela ho fuoa lintlha tse tataisang ka ho tlosoa ha boitsebiso bo tlatlapang bana. Ho ile ha nahanoa ka ho thehoa ha mokhatlo o le mong oa machaba bakeng sa ho hokahanya tšebetso lefapheng lena. Moifo o mong o ile oa buella hore lingoliloeng tsa bootsoa tsa bana tse tsamaisoang ka k’homputha le ho ba le lingoliloeng tsa bootsoa tsa bana ka kakaretso li lokela ho etsoa tlōlo ea molao e tebileng linaheng tsohle, kotlo e fanoa ke molao.
Batsoali ba ka etsa’ng? Moifo o sebetsanang le karolo e phethoang ke ba mecha ea phatlalatso ea litaba o ile oa hlahisa hore batsoali ba nke boikarabelo ba ho sireletsa bana ba bona. O ile oa bolela: “Batsoali ba ke ke ba tataisa bana feela ha ba ntse ba hōla ’me ba qala ho sebelisa mecha ea liphatlalatso tsa litaba empa ba fana ka boitsebiso bo eketsehileng, tlhaloso le mehloli e sa tšoaneng ea boitsebiso bakeng sa ho leka-lekanya tšusumetso ea mecha ea phatlalatso ea litaba le ho thusa ngoana ho hōla kutloisisong.”
Lenaneo le leng la TV ea Sweden ha le tlaleha ka seboka sena le ile la hatisa hore hoa hlokahala hore batsoali ba lebele bana ba bona hamolemo le ho ba hlokomelisa likotsi. Leha ho le joalo, le ile la eletsa: “Le se ke la lemosa bana ka ‘banna-baholo ba litšila’ feela, hobane bana . . . ka tsela eo ba nahana hore ba lokela ho sheba feela banna ba hōlileng, ba khoahlapehileng, ha motho ea etsang litlōlo tse joalo tsa molao e ka ba ea apereng junifomo kapa ea apereng sutu e makhethe. Kahoo, ba lemose ka batho basele ba ba thahasellang ka ho sa tloaelehang.” Ha e le hantle, bana ba lokela hore hape ba lemosoe ka motho leha e le ofe ea ba atamelang ka mokhoa o sa lokelang—ho akarelletsa le batho bao ba ba tsebang—’me ba khothalletsoe ho mo tlaleha ho ba boholong.
Tharollo e le ’Ngoe Feela
Seo seboka sa Stockholm se sitiloeng ho se hlahisa e bile mokhoa oa ho hlōla lisosa tsa ho tlatlaptjoa ha bana ka likamano tsa botona le botšehali. Tsena li akarelletsa ho senyeha ka potlako ha litekanyetso tsa boitšoaro hohle; ho eketseha ha boithati le ho lakatsa lintho tse bonahalang; ho hōla ha ho se hlomphe melao e etselitsoeng ho sireletsa batho ho hlokeng toka; ho eketseha ha ho se hlomphe boiketlo ba ba bang, seriti sa bona le bophelo ba bona; ho qhalana ka potlako ha tokisetso ea lelapa; bofutsana bo pharaletseng ka lebaka la sepenya sa baahi, ho hloka mesebetsi, ho phela bophelo ba litoropong le ho falla; khethollo ea morabe e hōlang khahlanong le basele le baphaphathehi; tlhahiso e hōlang e sa khaotse ea lithethefatsi le thekiso ea tsona; le lipono, mekhoa le lineano tse litšila tsa bolumeli.
Le hoja ho tlatlaptjoa ha bana ka likamano tsa botona le botšehali e le ho tšosang, bobe bo joalo hase bo makatsang ho babali ba hlokolosi ba Bibele. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Hobane hona joale re phela ho seo Bibele e se bitsang ‘matsatsi a ho qetela’ ’me ho latela Lentsoe la Molimo “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,” li teng. (2 Timothea 3:1-5, 13) Kahoo, na hoa makatsa hore ebe boitšoaro bo ntse bo mpefala le ho feta?
Leha ho le joalo, Bibele e supa tharollong e le ’ngoe feela mathateng a maholo a lefatše—ho hloekisa ka ho feletseng ha Molimo ea Matla ’Ohle. Haufinyane o tla bonahatsa matla a hae ’me a tlose bohle ba lefatšeng ba sa amoheleng melao-motheo ea hae e lokileng le melao: “Ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua. Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše.”—Liproverbia 2:21, 22; 2 Bathesalonika 1:6-9.
Ba ‘khaotsoeng’ ba tla akarelletsa bohle ba etsang bana matekatse le batho ba silafetseng ba sebelisang bana hampe. Lentsoe la Molimo lea bolela: “Leha e le lihlola . . . kapa bafebi . . . kapa banna ba robalang le banna [kapa bashanyana] . . . ha ba na ho rua ’muso oa Molimo.” (1 Bakorinthe 6:9, 10) Le phaella ka hore “ba nyonyehang litšileng tsa bona . . . le lihlola” ba tla neheloa ‘lefung la bobeli’—timetso ea ka ho sa feleng.—Tšenolo 21:8.
Molimo o tla hloekisa lefatše ’me a tlise tsamaiso e ncha ea lintho ka ho feletseng le e lokileng, “maholimo a macha le lefatše le lecha.” (2 Petrose 3:13) Joale, lefatšeng leo le lecha leo a le entseng, batho ba silafetseng, ba sothehileng, ba ke ke ba hlola ba nka monyetla ka batho ba hlokang molato. Hape ha ho mohla ba hlokang molato ba tla lokela ho tšaba ho hlaseloa, hobane ho tla be “ho se ea ba tšosang.”—Mikea 4:4.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]
“Karolo ea tlōlo ea molao e sehlōhō ka ho fetisisa le e nyonyehang ka ho fetisisa.”—Tona-khōlō ea Sweden
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
“Beke le beke, banna ba limilione tse 10 ho ea ho tse 12 ba etela matekatse a manyenyane.”—The Economist, London
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 30]
Ho hahlaulela likamano tsa botona le botšehali ke sesosa se seholo sa ho tlatlaptjoa ha bana linaheng tse hōlang moruong
[Lebokose le leqepheng la 29]
Ho Hahlaulela Likamano Tsa Botona Le Botšehali—Hobane’ng?
(Mabaka a mang ao ka ’ona bahahlauli ba kopanelang likamano tsa botona le botšehali le bana)
(1) Ho se tsejoe hoo mohahlauli a ho thabelang ho mo lokolla lithibelong tsa ha habo
(2) Ka lebaka la ho se tsebe kapa ho se utloisise puo ea sebaka seo, bahahlauli ba ka khelosoa habonolo hore ba lumele hore ho lefella likamano tsa botona le botšehali le ngoana hoa lumelloa kapa hore ke tsela ea ho thusa bana ho tsoa bofumeng
(3) Maikutlo a ba nang le khethollo ea morabe a etsa hore baeti ba tlatlape ba bang bao ba nahanang hore ke ba tlaasana
(4) Bahahlauli ba ikutloa ba ruile ha ba bona hore litšebeletso tsa likamano tsa botona le botšehali li fumaneha habonolo linaheng tse ntseng li hōla moruong
[Lebokose le leqepheng la 31]
Tekanyetso Ea Lefatše Ka Bophara Ea Bothata Bona
(Tse latelang ke likhakanyo tse entsoeng ke ba boholong mebusong e sa tšoaneng le mekhatlong e meng)
Brazil: Bonyane matekatse a bana a 250000
Canada: Banana ba lilemong tsa bocha ba likete ba etsoa matekatse ke maquloana a thaothelang matekatse
Chaena: Ho tloha ho bana ba entsoeng matekatse ba 200 000 ho ea ho ba 500 000. Lilemong tsa morao tjena banana ba Machaena ba ka bang 5000 ba ’nile ba hoheloa ho tšela meeli le ho rekisoa e le matekatse Myanmar
Colombia: Palo ea bana ba tlatlaptjoang ka likamano tsa botona le botšehali literateng tsa Bogotá e eketsehile ka makhetlo a mahlano lilemong tse supileng tse fetileng
Europe Bochabela: Bana ba seterateng ba 100-000. Ba bangata ba romeloa matlong a matekatse Europe Bophirimela
India: Bana ba 400 000 baa ameha indastering ea likamano tsa botona le botšehali
Mozambique: Mekhatlo ea lithuso e ile ea qosa masole a bolokang khotso a Machaba a Kopaneng ka hore a tlatlapa bana ka likamano tsa botona le botšehali
Myanmar: Banana le basali ba 10 000 ba isoa matlong a matekatse ka lipalangoang Thailand selemo le selemo
Philippines: Ho ameha bana ba 40000
Sri Lanka: Bana ba 10 000 ba lilemo tse 6 ho ea ho tse 14 ba entsoe makhoba matlong a botekatse ’me ba 5000 ba lilemo tse 10 ho ea ho tse 18 ba sebetsa e le ba ikemetseng libakeng tsa boikhathollo tsa bahahlauli
Taiwan: Ho ameha bana ba 30000
Thailand: Ho ameha bana ba 300000
United States: Mehloli ea ’muso e bua ka bana ba fetang 100 000 ba amehang