Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 2/8 maq. 5-8
  • Ke Hobane’ng ha e le Bothata bo Hōlang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha e le Bothata bo Hōlang?
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bofutsana le Botekatse ba Bana
  • Na Botekatse ba Bana bo Tla Fela?
  • “Tlōlo ea Molao e Sehlōhō ka ho Fetisisa”
    Tsoha!—2003
  • “Ke Tla Felisa Botekatse ba Hao”
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Ho Khetholloa ha Batho ba Batšehali
    Tsoha!—1998
  • Ho Tlatlaptjoa ha Bana ka Likamano Tsa Botona le Botšehali Bothata ba Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 2/8 maq. 5-8

Ke Hobane’ng ha e le Bothata bo Hōlang?

NA U ne u tseba hore ho hoeba ka batho ke bomokolara ba boraro lefatšeng bo kenyang chelete e ngata ka ho fetisisa, bo fetoang feela ke ho mokola lithethefatsi le libetsa? Ho latela Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Thuto, Saense le Setso, ho na le keketseho e sa khaotseng mefuteng eohle ea botekatse.

Naheng e ’ngoe ea Latin America, Komiti ea Lipatlisiso ea Mak’honkerese e ile ea tlaleha hore ho na le bananyana ba fetang 500 000 bao e leng matekatse, le hoja botekatse bo se molaong.

Naheng e ’ngoe, ho na le bana ba matekatse ba ka bang 300 000 literateng, haholo-holo moo ho mokoloang lithethefatsi teng.

Linaheng tsa Asia, ho tlalehoa hore bananyana ba ka bang milione ba sebelisoa e le matekatse tlas’a boemo bo kang ba makhoba. Linaha tse ling li tumme ka hore ke litsi tsa botekatse ba bana le tsa ho hahlaulela ho kopanela liphate.

Ka lebaka la mafu a atileng haholo a boitšoaro bo bobe a kang AIDS, bareki ba ikemisetsa ho lefa chelete e phahameng haholo bakeng sa bana bao ba nkang hore mohlomong ha ba e-s’o kopanele liphate ’me ka tsela eo, ha ba na tšoaetso. Luíza Nagib Eluf oa Lekala la Toka la Brazil oa hlalosa: “Ho tšaba AIDS ho entse hore banna ba bangata ba batle bana ba banyenyane ba banana le ba bashanyana, e leng ho mpefatsang boemo le ho feta.” O itse: “Ho sebelisa bananyana le bacha hampe ka ho kopanela liphate ke bothata bo tebileng basaling ba futsanehileng ba Brazil.”

Bofutsana le Botekatse ba Bana

Botekatse ba bana bo atleha haholo sebakeng seo batho ba teng e leng mafutsana ’me ba le mahlomoleng. Ho latela ofisiri e ’ngoe ea ’muso, ho sebelisa bana hampe le botekatse naheng ea habo eona “ka ho hlaka ho amana le ho qhalana ha malapa ’me ke liphello tsa masisa-pelo le tlala.” Batsoali ba bang ba re bofutsana ke bona bo entseng hore ba rekise bana ba bona botekatseng. Bana ba literateng ba retelehetse botekatseng hobane ba bona e le oona feela mokhoa oo ba ka iphelisang ka oona.

Koranta ea O Estado de S. Paulo e hlalosa hore ngoanana o qetella e le letekatse ka lebaka la ho tsamaea le kenke ea seterateng. E le hore a fumane ho eang ka maleng, a ka ’na a utsoa ’me ka linako tse ling a ithekisa. Ho tloha moo, o tla qetella e le letekatse la popota.

Ka linako tse ling bacha ba romeloa linaheng tse ling ho ea sebetsa e le matekatse. UNESCO Sources ea tlaleha: “Matekatse a linaheng tse ling a atisa ho romela malapa a booona chelete e ngata ho latela bofutsana bo teng linaheng tse ling tsa Asia le tsa Afrika. Botekatse bo boetse boa khothalletsoa linaheng tsena, kaha bahahlauli ba tsoang linaheng tse ruileng ba tla ka morero oa ho nka monyetla oa ‘litšebeletso’ tse fanoang ke bacha le bana.”

Ha e hlalosa likotsi tseo bana ba matekatse ba seterateng ba pepesehetseng ho tsona motseng o mong oa Latin America, makasine ea Time ea tlaleha: “Matekatse a mang a lilemo li 12 feela. Hangata bana ba tsoang malapeng a qhalaneng ba robala hohle moo ba ka sunyang hlooho teng motšehare, ’me bosiu ba lalasa li-disco, moo ba fumanang basesisi ba likepe teng.”

A le tlas’a tšusumetso ea lithethefatsi, ngoana oa letekatse a ka ’na a etsisoa lintho tse hlabisang lihlong tseo a neng a ke ke a lumela ho li etsa. Ka mohlala, ho latela makasine ea Veja, mapolesa a fumane litheipi tsa video tse 92 tseo ho tsona ngaka e ’ngoe e rekotileng liketso tse sehlōhō tsa ho hlokofatsa basali ba fetang 50, bao ba bang ba bona ba leng lilemong tse tlaase ho ea ka molao.

Ho sa tsotellehe ’nete ena e bohloko, letekatse le leng le lenyenyane le itse: “Haeba ke ne nka leka ho fumana mosebetsi, ke ne ke sa tl’o fumana chelete e lekaneng hore ke je hobane ha ho na mosebetsi oo ke ithutetseng oona. Lelapa leso le tseba seo ke se etsang ’me ha ke batle ho tlohela mokhoa ona oa bophelo. ’Mele ona ke oa ka, ka hona, ke etsa ntho leha e le efe eo ke e ratang ka oona.”

Leha ho le joalo, ha ho mohla banana ba kileng ba ipehela pakane ea ho ba matekatse. Ho latela mosebeletsi e mong oa sechaba, matekatse a mangata a manyenyane “a batla ho nyaloa” ’me a lakatsa ho iphumanela “banna ba litoro tsa bona.” Le hoja ho e-na le maemo a rarahaneng a entseng hore ba qetelle ba fetohile matekatse, mofuputsi e mong o re: “Ho nyarosang ka ho fetisisa ke taba ea hore boholo ba bona ba ile ba betoa malapeng a bo bona.”

Na Botekatse ba Bana bo Tla Fela?

Ho na le tšepo, leha ho le joalo, bakeng sa bana bana ba malimabe. Matekatse a lilemo tsohle a ile a furalla tsela eo ea ’ona ea bophelo. (Bona lebokose le reng “Batho ba ka Fetoha,” leqepheng la 7.) Lentsoe la Molimo, Bibele, le thusitse batho ba limilione lefatšeng ka bophara hore ba fetohe baahi ba molemo le ho ba litho tse tšepahalang tsa malapa. Mabapi le batho bao pele e neng e le lihlola, bafebi, masholu, ba meharo le matahoa, rea bala: “Ke seo ba bang ba lōna ba neng ba le sona. Empa le hlatsoitsoe hore le hloeke, empa le halalelitsoe, empa ho boletsoe hore le lokile ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste le ka moea oa Molimo oa rōna.”—1 Bakorinthe 6:9-11.

Kajeno, joaloka mehleng ea Bibele, ho na le batho ba fetolang tsela eo ba phelang ka eona bakeng sa e molemo. Leha ho le joalo, ho hlokahala ho eketsehileng ho thibela mokhoa o atileng oa ho sebelisa hampe ho kopanela liphate. Mebuso le mekhatlo e meng e loantša ho hahlaulela ho kopanela liphate le botekatse ba bana. Empa ha e le ho bua ’nete, batho ba ka etsa ho fokolang ho felisa mahlomola le bofutsana. Baetsi ba molao ba ke ke ba thibela monahano le maikutlo a batho tseo e leng tsona lisosa tsa boitšoaro bo bobe.

Leha ho le joalo, ho e-na le boiteko ba batho, ho na le mokhoa o mong o tla rarolla mathata ana ’ohle—e leng ’Muso oa Molimo. Sehlooho se latelang se tla hlalosa.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Hangata bofutsana bo tlatsetsa botekatseng ba bana

[Lebokose le leqepheng la 6]

Ho Lefa Haboima

Ha a ne a le lilemo li tšeletseng feela Daisy o ile a hlekefetsoa ka ho kopanela liphate ke abuti oa hae e mong. Ka lebaka leo, o ile a ea lula le abuti oa hae ea moholo ho fihlela a le lilemo li 14 ’me a qala ho sebetsa sebakeng sa boithabiso ba bosiu. Ka mor’a matsatsi a ’maloa, Daisy o ile a kula. Ha a hlaphoheloa, bahiri ba hae ba ile ba mo bolella hore oa kolota, ba mo qobella hore a sebetse e le letekatse. Ka mor’a selemo, o ne a ntse a kolota ’me ho ne ho bonahala eka a ke ke a hlola a lokoloha. Leha ho le joalo, mosesisi e mong oa likepe o ile a lefa sekoloto sohle sa hae ’me a mo isa motseng o mong moo a ileng a mo tšoara joaloka lekhoba. O ile a mo siea, ’me hamorao a lula le monna e mong lilemo tse tharo, ’me ka mor’a moo ba nyalana. O ile a leka ho ipolaea makhetlo a mararo ka lebaka la mathata a mangata a tebileng lenyalong.

Qetellong eena le monna oa hae ba ile ba qala ho ithuta Bibele. Empa Daisy o ne a ikutloa a sa tšoanelehe ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ha a bontšoa ka Bibeleng hore Jehova Molimo o amohela batho ba etsang liphetoho tse hlokahalang, o ile a nehela bophelo ba hae ho eena. Daisy o ile a etsa boiteko bo matla ho etsa se nepahetseng, empa o ne a sa ikutloe a etsa se lekaneng, ’me ka lebaka leo, ka linako tse ling o ne a tepella maikutlong. Leha ho le joalo, ho thabisang ke hore o amohetse thuso ea ho hlōla ho ferekana maikutlong ho bakoang ke ho hlekefetsoa ka ho kopanela liphate le ke bophelo ba hae ba ho ba letekatse e sa le ngoana, ’me o leka ho ba le botsitso kelellong le ho lula a e-na le bona.

[Lebokose le leqepheng la 7

Batho ba ka Fetoha

Ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng, o ile a utloela batho ba baetsalibe, ba mahlomoleng bohloko. O ne a utloisisa hore matekatse a ka fetola bophelo ba ’ona, ho sa tsotellehe hore na a makae lilemong. Jesu o bile a re ho baeta-pele ba bolumeli: “Kannete ke re ho lōna babokelli ba lekhetho le liotsoa ba le etella pele ho kena ’musong oa Molimo.” (Matheu 21:31) Le hoja ba ne ba khesoa ka lebaka la tsela eo ba phelang ka eona, batho bao ba lipelo li lokileng ba ile ba tšoareloa ka lebaka la ho ba le tumelo ho Mora oa Molimo. Baetsalibe ba bakileng ba ne ba ikemiselitse ho furalla bophelo ba bona ba botekatse e le hore ba fumane litlhohonolofatso tsa ’Muso oa Molimo. Ka mor’a moo, ba ile ba phela tumellanong le litekanyetso tse lokileng tsa Molimo. Le kajeno, batho ba mefuta eohle ba amohela ’nete ea Lentsoe la Molimo ’me ba fetola tsela ea bona ea bophelo.

Nahana se ileng sa etsahalla Maria, Carina le Estela ba boletsoeng sehloohong sa pele. Ntle le hore o ile a loana le khatello e matla ea ’mè oa hae ea hore a tsoele pele ka botekatse, Maria o ile a boela a loana ka matla hore a khaotse ho sebelisa lithethefatsi. Oa hlalosa: “Ke ne ke sebelisa lithethefatsi e le ho kokobetsa maikutlo a hore ha ke na thuso ka lebaka la ho phela ka botekatse.” Maria o bolela kamoo a ileng a amoheloa kateng ke phutheho ea Bokreste ea Lipaki Tsa Jehova: “Ke ile ka khahloa ke lerato leo litho tsa phutheho li ileng tsa mpontša lona. Bohle ba ile ba ntšoara ka tlhompho—bana le batho ba baholo. Ke ile ka lemoha hore banna ba nyetseng ba ne ba tšepahala ho basali ba bona. Ke thabile haholo hore ebe ba nkamohetse joaloka motsoalle oa bona.”

Ha Carina a ne a le lilemo li 17, o ile a eteloa ke Lipaki Tsa Jehova. O ile a qala ho ithuta Bibele le hoja a ile a tsoela pele ka mosebetsi oa hae oa botekatse ka nakoana. Butle-butle o ile a qala ho ananela ’nete ea Bibele. Ka hona, a etsa qeto ea ho fallela motseng o mong o hōle, ’me ha a le moo ea e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

Estela, eo pele bophelong a neng a ameha botekatseng, meketjaneng e lerata le ho noeng ho tlōla o ile a thahasella Bibele. Leha ho le joalo, o ile a etsa qeto ea hore Molimo a ke ke a mo tšoarela. Empa ha nako e ntse e tsamaea, o ile a utloisisa hore Jehova Molimo o tšoarela ba bakang. Hona joale e se e le setho sa phutheho ea Bokreste, a nyetsoe ’me a hōlisa bana ba bararo, Estela o re: “Ke thabile haholo ’me ke leboha Jehova hore ebe o ntšitse qhafutsong ’me o nkamohetse mokhatlong oa hae o hloekileng.”

Litlaleho tsena li tšehetsa polelo ea Bibele ea hore thato ea Molimo ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Timothea 2:4.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Matekatse a bana a atisa ho sebelisa lithethefatsi

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]

© Jan Banning/Panos Pictures, 1997

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela