Ho Khetholloa ha Batho ba Batšehali
AFRIKA BOPHIRIMELA, rakhoebo o reka ngoana ea lilemo li robong. Asia, lesea le sa tsoa tsoaloa le epeloa le ntse le phela lehlabatheng la lehoatata. Naheng e ’ngoe linaheng tsa Bochabela, ngoana ea ithutang ho tsamaea o bolaoa ke tlala sebakeng sa tlhokomelo ea bana ba likhutsana—ho se ea mo batlang le ea mo hlokomelang. Ho na le tšobotsi e le ’ngoe e tšoanang e hokahanyang liketsahalo tsena tse sehlōhō: Kaofela ha bana bana e ne e le banana. Ho ba ha bona banana ke hona ho entseng hore ba nkoe e se ba bohlokoa.
Ana hase maemo a ikhethileng. Afrika, banana le baroetsana ba likete ba rekisoa bokhobeng, ba bang ka tefiso e tlaase e ka bang R70. ’Me ho tlalehoa hore selemo le selemo, baroetsana ba likete tse makholo baa rekisoa kapa ba qobelloa ho ba matekatse, haholo-holo Asia. Ho hobe ho feta, manane a baahi ba linaha tse ’maloa a bontša hore banana ba ka bang limilione tse 100 baa “nyamela.” Ho totobetse hore ke ka lebaka la ho ntšoa ha limpa, ho bolaoa ha masea, kapa ho hlokomolohuoa ho feletseng ha batho ba batšehali.
Ka nako e telele—ka makholo a lilemo—batho ba batšehali ba ’nile ba talingoa ka tsela ena linaheng tse ngata. ’Me libakeng tse ling ba ntse ba talingoa joalo. Hobane’ng? Hobane linaheng tse joalo, ho nkoa hore bashemane ke ba bohlokoa haholo. Ho nahanoa hore moshemane a ka ntšetsa pele leloko la lelapa, a ja lefa, ’me a hlokomela batsoali ha ba se ba tsofetse, kaha hangata linaheng tsena mebuso ha e fane ka lipenshene ho batho ba hōlileng. Maele a Asia a bolela hore “ho hōlisa ngoanana ho tšoana le ho nosetsa semela se ka serapeng sa moahisani oa hao.” Ha a hōla, o tla tloha a nyaloe kapa mohlomong a rekisoe hore e be letekatse ’me kahoo a se thuse hakaalo kapa a hloke thuso tabeng ea ho hlokomela batsoali ba seng ba hōlile.
Ho Qhetsoleloa
Linaheng tse hlasetsoeng ke bofutsana, boemo bona bo etsa hore banana ka lapeng ba fuoe lijo tse fokolang, tlhokomelo e fokolang ea bophelo le thuto e fokolang ea sekolo. Bafuputsi naheng e ’ngoe ea Asia ba ile ba fumana hore banana ba etsang karolo ea 14 lekholong ba ne ba sa fepeha hantle ’meleng, ha ba bapisoa le bashemane ba etsang karolo ea 5 lekholong feela. Tlaleho e tsoang United Nations Children’s Fund (UNICEF) e hlalosa hore linaheng tse ling palo ea bashemane e tlisoang litsing tsa bophelo e mena ea banana ka makhetlo a mabeli. ’Me baroetsana ba fetang karolo ea 40 lekholong, Afrika hammoho le Asia ka boroa le bophirimela, ha ba tsebe ho bala le ho ngola. Mofu Audrey Hepburn, eo e kileng ea e-ba moemeli oa UNICEF, o ile a tletleba: “Ho na le khethollo e tšabehang ea bong e tsoelang pele linaheng tse e-song ho tsoele pele moruong.”
‘Khethollo ena ea bong’ ha e fele ha banana ba kena bosaling. Bofutsana, pefo le ho lula ba sehla ka thata ke tsela e atileng haholo eo basali ba phelang ka eona, hobane feela e le basali. Mookameli oa Banka ea Lefatše o ile a hlalosa: “Basali ba etsa likarolo tse peli ho tse tharo tsa mosebetsi o etsoang ke baahi ba lefatše. . . . Leha ho le joalo, ba fumana karolo e le ’ngoe feela ho tse leshome tsa chelete ea moputso o fuoang batho ’me ba na le karolo e ka tlaase ho e le ’ngoe lekholong ea thepa e teng mona lefatšeng. Ba har’a bafutsana ba futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng.”
Ho ea ka tlaleho ea Machaba a Kopaneng, ho batho ba limilione tse likete tse 1,3 lefatšeng ba phelang bofutsaneng bo otlang pelo, ba fetang karolo ea 70 lekholong ea bona ke basali. Tlaleho e tsoela pele: “’Me boemo boa mpefala. Lenane la basali ba libakeng tsa mahae ba phelang ka bofutsana ba ho kolla ntsi hanong le phahame ka hoo e ka bang 50% lilemong tse fetang mashome a mabeli tse fetileng. Ka ho eketsehang, basali ke bona ba phelang bofutsaneng.”
Ho sithabetsang ho feta khatello ea bofutsana ke pefo e senyang bophelo ba basali ba bangata. Banana ba hakanyetsoang ho limilione tse lekholo, haholo-holo Afrika, ba lemalitsoe lithong tsa bona tsa botšehali. Peto ke tlhekefetso e jeleng setsi eo hangata e sa tlalehuoeng libakeng tse itseng, le hoja liphuputso li bontša hore linaheng tse ling mosali a le mong ho ba tšeletseng oa betoa bophelong ba hae. Lintoa li hlasela banna le basali ka ho tšoana, empa baphaphathehi ba bangata ba tlamehang ho baleha malapeng a bona ke basali le bana.
Bo-’mè le Bahlokomeli
Hangata moroalo oa ho hlokomela lelapa o sekamela haholo ka ho ’mè. Mohlomong o sebetsa lihora tse ngata ’me mohlomong ke eena feela eo e leng mohlokomeli. Libakeng tse ling tsa mahae, Afrika, hoo e ka bang halofo ea malapa a teng a eteletsoe pele ke basali. Libakeng tse ling linaheng tsa Bophirimela, malapa a ’maloa a eteletsoe pele ke batho ba batšehali.
Ho feta moo, haholo-holo linaheng tse sa tsoelang pele moruong, ka tloaelo basali ke bona ba etsang e meng ea mesebetsi e boima ka ho fetisisa, e kang ea ho kha metsi le ho roalla patsi. Ho senngoa ha meru le ha lekhulo ka lebaka la ho fulisa ho lona ka nako e telele ho etsa hore mesebetsi ena e be boima le ho feta. Linaheng tse ling tse otliloeng ke komello, basali ba qeta lihora tse tharo kapa ho feta letsatsi le leng le le leng ba roalla patsi le lihora tse ’nè ba kha metsi. Ka mor’a ho qeta mosebetsi ona o khathatsang ke hona feela ba ka qalang ho etsa oo ba lebeletsoeng hore ba o etse lapeng kapa masimong.
Ka ho totobetseng, banna hammoho le basali baa sotleha linaheng tseo ho tsona bofutsana, tlala, kapa ntoa e leng boemo ba letsatsi le letsatsi. Empa basali ba sotleha ka tekanyo e fapaneng. Na boemo boo bo tla ke bo fetohe? Na ho na le tebello leha e le efe e tiileng ea hore ka letsatsi le leng hohle basali ba tla tšoaroa ka tlhompho le ka kananelo? Na ho na le seo basali ba ka se etsang hona joale ho ntlafatsa boemo ba bona?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]
Banana ba Matekatse—Molato ke oa Mang?
Selemo le selemo, bana ba hakanyetsoang ho milione—boholo ba bona e le banana—ba qobelloa kapa ba rekisoa hore e be matekatse. Araya,a ea tsoang Boroa-bochabela ho Asia, o pheta se ileng sa etsahalla tse ling tsa liithuti-’moho le eena. “Kulvadee e ile ea e-ba letekatse a le lilemo li 13 feela. E ne e le ngoanana e motle, empa hangata ’mè oa hae o ne a tahoa ’me a atisa ho bapala papali ea ho becha ka likarete, kahoo a se na nako ea ho hlokomela morali oa hae. ’Mè oa Kulvadee o ne a mo khothalletsa ho etsa chelete ka ho intša le banna, ’me ka mor’a nakoana, o ile a fetoha letekatse.
“Sivun, seithuti-’moho le ’na sehlopheng, o ne a hlaha seterekeng se ka leboea. O ne a le lilemo li 12 feela ha batsoali ba hae ba mo romela motse-moholo hore e e’o ba letekatse. O ile a tlameha ho sebetsa lilemo tse peli a lefella konteraka e neng e tekenetsoe ke batsoali ba hae. Sivun le Kulvadee hase mekhelo—banana ba 5 ho ba 15 sehlopheng sa ka ba ile ba fetoha matekatse.”
Ho na le bacha ba limilione ba kang Sivun le Kulvadee. Wassyla Tamzali, oa UNESCO (United Nations Educational, Scientific, and Cultural Organization) oa tletleba: “Khoebo ea likamano tsa botona le botšehali ke khoebo e khōlō e nang le tšusumetso. Ho rekisa ngoanana ea lilemo li 14 ho tloaelehile, ho qaphakile.” ’Me hang ha banana bana ba se ba rekisitsoe bokhobeng ba likamano tsa botona le botšehali, ho khutlisa chelete e ba rekileng ho ka ’na ha ipaka ho ke ke ha khoneha. Manju, eo ntate oa hae a ileng a mo rekisa a le lilemo li 12, o ne a ntse a kolota R1400 le ka mor’a lilemo tse supileng tsa botekatse. Oa hlalosa: “Ho ne ho se letho leo nka le etsang—ke ne ke tšoasehile.”
Ho qoba AIDS ho ka ’na ha e-ba thata ho banana bana joalokaha ho le thata hore ba qobe batho ba ba etsang makhoba a botekatse. Phuputso e entsoeng Boroa-bochabela ho Asia e ile ea bontša hore karolo ea 33 lekholong ea bana bana ba matekatse e tšoaelitsoe kokoana-hloko ea AIDS. Hafeela khoebo ea botekatse e etsang liranta tse limilione tse likete tse 23 e ntse e atleha, ho bonahala eka banana bana ba tla lula ba sotleha.
Molato ke oa mang ka tloaelo ee e tšosang? Ho hlakile hore ba rekang kapa ba rekisang banana botekatseng ke bona ba jarang karolo e khōlō ea molato. Empa hape ba lokelang ho jarisoa molato ke banna ba litšila ba sebelisang banana bana ho khotsofatsa litakatso tsa bona tse litšila tsa likamano tsa botona le botšehali. Hobane ka ntle ho batho ba boitšoaro bo litšila joalo, botekatse ba banana bana bo ka be bo le sieo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe.
[Setšoantšo]
Selemo le selemo, banana ba ka bang milione ba qobelloa ho ba matekatse
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
Mosebetsi oa Mosali oa Letsatsi Afrika Bohareng
Mosali o tsoha ka hora ea botšelela ’me o lokisa lijo tsa hoseng bakeng sa hae le lelapa, tseo ba tla li ja ha ho futhumala. Ka mor’a ho ea kha metsi nōkeng e haufi, o ea tšimong ea hae—a ka ’na a qeta hora a tsamaea ho ea ho eona.
Ho fihlela ka bo-hora ea bone thapama, oa lema, a hlaole, kapa a nosetse tšimo, a phomola ka nakoana feela ho ja mofaonyana oo a inketseng oona. Lihora tse peli tse setseng pele letsatsi le likela o li sebelisetsa ho roalla patsi le ho khoahlapisa cassava kapa meroho e meng bakeng sa lelapa—tseo kaofela a li roalang ho ea hae.
Ka tloaelo, o fihla lapeng ha le ea malikelong. Joale o na le mosebetsi oa ho lokisa lijo tsa mantsiboea oo a lokelang ho o etsa, ’me o ka ’nang oa nka lihora tse peli kapa ho feta. Ka matsatsi a Sontaha o hlatsoa liaparo nōkeng e haufi le ho li otlolla, ha li oma.
E ba ka seoelo monna oa hae a mo rorisang ka mosebetsi ona o boima kapa a mamelang litlhahiso tsa hae. Ha a tsoafe ho rema lifate kapa ho chesa lihlahla tse tlas’a lifate e le hore mosali a khone ho lema tšimo, empa ho se letho leo a mo thusang ka lona. Ke ka seoelo, a felehetsang bana ho ea itlhatsoa nōkeng, ’me a ka ’na a tsōma kapa a tšoasa litlhapi ka nakoana e itseng feela. Empa boholo ba letsatsi o bo qeta a qoqa le banna ba bang ba motse.
Ka mor’a lilengoana li se kae, haeba monna a khona, o tlisa mosali e mocha lapeng, ea ntseng a le mocha, eo e tlang ho ba eena thatohatsi ea hae. Leha ho le joalo, mosali oa hae oa pele o tla ’ne a lebelloe hore a sebetse joaloka mehleng, ho fihlela mohla a kulang kapa a shoang.
Basali ba Maafrika ba jara moroalo o boima oa mosebetsi