Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 9/1 leq. 3
  • Mathata ao Basali ba Kopanang le ’Ona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mathata ao Basali ba Kopanang le ’Ona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Ruri Molimo o Tsotella Basali?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Tlhekefetso ea Basali—Bothata ba Lefatše Lohle
    Tsoha!—2008
  • Basali—Na baa Hlomphuoa Kajeno?
    Tsoha!—1992
  • Boemo bo Ntlafalitsoeng ba Basali Mehleng Ena
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 9/1 leq. 3

Mathata ao Basali ba Kopanang le ’Ona

ngoanana a le mong ka tlelaseng ea bashanyana

“Ha ke bona tsela eo basali ba tšoaroang ka eona, ha ke lakatse ho fihla lilemong tsa ho ba mosali.”—ZAHRA, ngoanana ea lilemo li 15 ea qotsitsoeng makasineng ea Sefora ea GEO.

MANTSOE a ngoanana enoa a ka letsohong le letona, a bontša ntho e bohloko e etsahalang—lefatšeng lohle basali le banana baa khetholloa ebile baa hlekefetsoa, bophelo bohle ba bona. Nahana ka lintlha tsena.

  • Khethollo. Naheng ea Asia, batsoali ba bangata ba rata bana ba bashanyana ho feta ba banana. Tlaleho ea 2011 ea Machaba a Kopaneng, e ile ea hakanya hore naheng eo, basali ba ka bang limilione tse 134 ba timetse ka lebaka la ho ntša mpa, ho shoa ha masea le ho se hlokomeloe.

  • Ho se rutehe. Lefatšeng lohle, ho batho ba bang le ba bang ba bararo ba keneng sekolo lilemo tse ka tlaase ho tse ’nè, ba babeli ba bona ke basali le banana.

  • Ho hlekefetsoa ka thobalano. Basali ba fetang libilione tse 2,6 ba lula linaheng tseo ho nkoang hore hase tlōlo ea molao ha monna a beta mosali oa hae.

  • Bophelo bo botle ba ’mele. Linaheng tse futsanehileng, hoo e ka bang metsotso e meng le e meng e ’meli, mosali oa moimana kapa ea pepang oa shoa ka lebaka la mathata a bakoang ke ho hloka litšebeletso tsa bongaka.

  • Ho hloka bolulo. Linaheng tse ngata, molao ha o lumelle basali hore ba be le litša kapa masimo ao e leng a bona, le hoja e le bona ba lemang lijalo tse fetang halofo tse hlahisoang lefatšeng lohle.

Mosali ea tšoenyehileng

Ke hobane’ng ha basali ba haneloa ka litokelo tse joalo tse lokelang ho fumanoa ke batho bohle? Hobane batho ba litso tse ling ba latela litumelo le mekhoa ea bolumeli e khothalletsang kapa e lokafatsang tlhekefetso ea basali. Koranta ea letsatsi le letsatsi ea Fora, e ile ea qotsa leqhoetha la Moindia, e leng Chandra Rami Chopra, ea ileng a re: “Melao ea malumeli ’ohle e na le ntho e le ’ngoe eo e tšoanang ka eona: E tšehetsa ho khetholloa ha basali.”

Na le uena u ikutloa ka tsela ee? Na u nahana hore Bibele le eona e khella basali fatše joaloka libuka tse ngata tsa bolumeli? Batho ba bang ba nahana hore litemana tse ling tsa Bibele li fana ka maikutlo a joalo. Empa ha e le hantle, Molimo ea ngotseng Bibele o talima basali joang? Le hoja batho ba bangata ba ka ba le maikutlo a matla ka taba ena, ho hlahlobisisa seo Bibele e se buang ka botšepehi ho tla re thusa hore re fumane karabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela