Tlhekefetso ea Basali—Bothata ba Lefatše Lohle
LA 25 November ke Letsatsi la Machaba la ho Felisoa ha Tlhekefetso ea Basali. Ka 1999 Seboka se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng se ile sa amohela ka molao letsatsi lena ka sepheo sa ho lemosa batho ka ho hatakeloa ha litokelo tsa basali. Ke hobane’ng ha see se ile sa nkoa se hlokahala?
Litsong tse ngata, basali ba nkoa e le batho ba tlaasana kapa ba tšoaroa joaloka baahi ba tlaasana. Ba khetholloa ka tsela e tebileng. Ho hlekefetsa basali ka litsela tse sa tšoaneng ke bothata bo tsoelang pele, esita le linaheng tseo ho thoeng li tsoetse pele. Ho ea ka mongoli-kakaretso oa mehleng oa Machaba a Kopaneng, e leng Kofi Annan, “ho hlekefetsa basali ke kobo-anela lefatšeng lohle, ’me ho etsahala lichabeng tsohle le litsong tsohle. Ho ama basali ho sa tsotellehe hore na ke ba moloko ofe, morabe ofe, sechaba sefe, lelapa lefe kapa hona hore na ke ba boemo bofe sechabeng.”
Radhika Coomaraswamy, eo e kileng ea e-ba Motlalehi ea Khethehileng oa Moifo oa Machaba a Kopaneng oa Litokelo Tsa Botho tabeng ea ho hlekefetsoa ha basali, o re basali ba bangata ba nka ho hlekefetsoa e le “sekhobo, taba e patoang sechabeng hape e le karolo ea bophelo e soabisang.” Lipalo-palo tse ntšitsoeng ke mokhatlo o sebetsanang le batho ba hlekefetsoang, Holland, li bontša hore basali ba etsang liphesente tse 23 naheng e ’ngoe ea Amerika Boroa, kapa mosali a le mong ho ba bang le ba bang ba bane, o hlekefetsoa ka tsela e itseng lapeng. Ka ho tšoanang, Lekhotla la Europe le hakanya hore mosali a le mong ho ba bang le ba bang ba bane ba Europe oa hlekefetsoa ka lapeng. Ho latela Lefapha la Litaba Tsa Lehae la Brithani, selemong se seng morao tjena ka karolelano ho ile ha bolaoa basali ba babeli beke le beke Engelane le Wales, ba bolaoa ke batho bao ba ratanang le bona kapa bao ba neng ba ratana le bona. Makasine ea India Today International e tlalehile hore “basali ba India ba lula ba tšohile ’me ba ka betoa k’honeng leha e le efe, tseleng kapa sebakeng leha e le sefe sa sechaba, horeng efe kapa efe.” Mokhatlo oa Tšoarelo ea Machaba o hlalosa hore ho hlekefetsa basali le banana ke “bothata ba kajeno bo atileng haholo tabeng ea litokelo tsa botho.”
Na lipalo-palo tse boletsoeng ka holimo li bontša tsela eo Molimo a ikutloang ka eona ka basali? Potso ena e tla tšohloa sehloohong se latelang.