Bacha Baa Botsa . . .
Na re Tlameha ho Etsa Lechato?
“Cindy, molebeletsuoa oa ka, ke eena ea ileng a tla ka maikutlo a hore na ho ka ba joang ha re ka nyenyelepa ra ea nyalana sekhukhung ho se motsoalle kapa beng ka rōna ba tsebang. Ka mor’a hore re e tšohle, ka bobeli re ile ra bona khetho ena e le e ke keng ea re hloka matla le nako e ngata, ebile e le e ke keng ea re bakela khatello kelellong.”—Allen.a
HAEBA u se u le lilemong tsa ho kena lenyalong ’me ho na le motho eo u ratanang le eena, khetho ea hore le e’o nyalana sekhukhung e ka ’na ea le khahla. Maemong a mang baratani ba ka ba ba e-ba tekong ea hore ba nyenyelepe ’me ba nyalane ba sa bolella le batsoali ba bona.b Ke melao-motheo efe e ka u thusang hore u etse khetho?
Na Mekhoa e Tloaetsoeng ke ea Bohlokoa?
Le hoja lenyalo e le ntho e tloaelehileng lichabeng tse ngata, mekhoa ea ho etsa mokete oa lona e fapane haholo. Ho Bakreste ba lebeletsaneng, ntho eo ba amehileng ka eona ka ho fetisisa hase hore lechato la bona le latele mekhoa eohle e tloaetsoeng sebakeng sa habo bona. (Baroma 12:2) Ho e-na le hoo, takatso ea bona e ka sehloohong ke hore ba be le lefereho le lenyalo le tlotlisang Jehova Molimo.—1 Bakorinthe 10:31.
Kaha lenyalo ke tokisetso e hlomphehang, hase ntho eo baratani ba bangata ba ka ratang ho e boloka e le lekunutu. Linaheng tse ngata tsa Bophirimela, baratani ba Lipaki Tsa Jehova ka tloaelo ba lokisetsa ho nyalana Holong ea ’Muso ea sebaka sa habo bona.c Ka mor’a moo, ba ka ’na ba rata ho ea ba le moketjana moo ho bang le lijo le boithabiso bo itseng bakeng sa lelapa le metsoalle ea bona. Ha ho hlokahale hore ketsahalo e joalo e be e majabajaba. Leha ho le joalo, hoa lumeloa hore ho hlophisetsa lechato ho baka khatello kelellong ebile ho ka ba le litšenyehelo tse ngata. Ka mohlala, United States, mokete oa lechato hangata o ja lidolara tse likete.
E le ho fokotsa khatello ea kelello le litšenyehelo, baratani ba bang ba khethile mokhoa o bonolo haholoanyane. Cindy o re: “Re ile ra bolella batsoali ba rōna hore ha re na ho etsa lechato le tloaelehileng hobane re ne re batla e be ketsahalo e itekanetseng le e sa re hlokeng chelete e ngata. Batsoali ba rōna ba ile ba re tiisetsa hore ba utloisisa boemo ba rōna. Ba ile ba re tšehetsa haholo.” Ka lehlakoreng le leng, ha mohlankana ea lebelelitseng Cindy, e leng Allen ea boletsoeng pejana, a bolella batsoali ba hae hore na ba rerile eng, ba ile ba thatafalloa ke ho utloisisa qeto eo. Allen o re: “Ba ne ba nahana hore ke phoso ea bona, ba nahana hore re entse qeto eo ka lebaka la ho itseng hoo ba ho entseng. Empa seo e ne e se ’nete.”
Batsoali ba hao le bona ba ka ’na ba soetseha ha u khetha ho ba le mokete o itekanetseng oa lenyalo, kaha e ka ’na eaba ba ne ba rata hore ho tle batho ba bangata ho tla thaba le bona letsatsing lena la bohlokoa. Joale, ho thoe’ng haeba u nahana ho nyala kapa ho nyaloa u sa bolella esita le batsoali ba hao hobane u tseba hantle hore lelapa leno le tla u hanela ha u kena lenyalong?
Nahanela Maikutlo a Lelapa Leno
Batsoali ba hao ba ka ’na ba hana hobane ba nka hore u sa le monyenyane haholo hore u etse qeto ea bohlokoa joalo. Ba ka ’na ba tšaba hore seo u se ratang se tla fetoha ha u ntse u hōla le hore kapele u tla ikoahlaela khetho ea hao ea molekane. Ka lehlakoreng le leng, ba ka ’na ba u nka u le moholo ka ho lekaneng hore u ka kena lenyalong, empa ba bona liphoso tse itseng bothong ba moratuoa oa hao. Kapa mohlomong ba ka ba ba u hanela ho nyala kapa ho nyaloa hobane motho eo u mo khethileng e se oa tumelo e le ’ngoe le uena.
Haeba batsoali ba hao ke Bakreste ba ’nete, mohlomong ba na le mabaka a thehiloeng Bibeleng a etsang hore ba tšoenyehe. Ho loketse hore ba ntše maikutlo leha e le afe a bona a ba tšoenyang. Ka sebele, Jehova o ne a tla ba nka ba sa tsotelle ba bile ba se na lerato haeba ba ne ba ke ke ba etsa joalo. ’Me ho mamela maikutlo a bona ho tla u tsoela molemo.—Liproverbia 13:1, 24.
Ho etsa mohlala: Ha u reka seaparo se itseng, u ka ’na ua batla maikutlo a motho e mong ho utloa hore na sea u tšoanela kapa che. Hase kamehla u ka lumellanang le maikutlo a bona, empa le teng u ntse u lebeletse hore metsoalle e haufi-ufi e u bolelle haeba e nka hore seaparo ha se u tšoanele kapa hase setaele sa hao. U ananela maikutlo a bona, kaha ba ka u thusa hore u se ke ua senya chelete. Joale u lokela ho ananela hakaakang maikutlo a lelapa leno ka khetho ea hao ea molekane oa lenyalo. Le hoja seaparo u ka se chencha kapa ua se lahla, Jehova o lebeletse hore molekane eena e be oa bophelo bohle. (Matheu 19:5, 6) Haeba u khetha molekane eo a hlileng a sa tšoaneleng botho ba hao le bomoea ba hao, tlamo ea lenyalo e tla etsa hore u lule u tšoenyehile ho-ea-ho-ile ho feta ho apara seaparo se sa u tšoaneleng. (Genese 2:18; Liproverbia 21:9) Ka lebaka leo, e ka ’na eaba e se e le ha u lahlehetsoe ke monyetla oa ho fumana thabo ea sebele.—Liproverbia 5:18; 18:22.
Ke ’nete hore batsoali ba bang ba ka ’na ba ba le mabaka a boithati a ho hanela lenyalo—ka mohlala, e le hore ba lule ba laola ngoana oa bona. Leha ho le joalo, pele u ka qhelela thōko lingongoreho tsa batsoali ba hao e le tsa boithati ebe u tiisa lenyalo ka sekhukhu, ke hobane’ng ha u sa hlahlobe mabaka a bona pele?
Lebaka Leo ho Hlokahalang Temoho
Ke ’nete hore ha u hōla lintho tseo u li ratang li tla fetoha. Moapostola Pauluse oa ngola: “Ha ke ne ke le ngoana, ke ne ke bua joaloka ngoana, ke nahana joaloka ngoana, ke beha mabaka joaloka ngoana; empa kaha joale ke monna, ke lahlile mekhoa ea bongoana.” (1 Bakorinthe 13:11) Ka ho tšoanang, mekhoa e itseng e u khahlang ka motho e mong hona joale ha u sa le mocha e ka ’na ea se ke ea hlola e u khahla ha u se u le moholoanyane. Ka hona, Bibele e khothalletsa hore u eme ho fihlela u “fetile palesa ea bocha”—lilemo tseo ka tsona takatso ea botona le botšehali e leng matla ka ho fetisisa—pele u ka nka khato e tebileng ea ho khetha molekane oa lenyalo.—1 Bakorinthe 7:36.
Ho thoe’ng haeba batsoali ba hao ba bona bofokoli bo itseng motsoalleng oa hao? Kaha ba na le phihlelo bophelong, matla a batsoali ba hao a ho lemoha lintho e ka ’na eaba a koetlisehile haholoanyane hore ba lemohe se nepahetseng ho se fosahetseng. (Baheberu 5:14) Ka hona, ba ka ’na ba bona bofokoli bo tebileng bothong ba motho eo u rerang ho nyalana le eena, athe uena ha u bo bone. Nahana molao-motheo o amehang ho seo monna ea bohlale Solomone a ileng a se ngola: “Oa pele nyeoeng ea hae o lokile; oa habo oa kena ’me ka sebele oa mo phenya.” (Liproverbia 18:17) Ka ho tšoanang, mohlomong moratuoa oa hao o u kholisitse hore ke eena motho ea nepahetseng bakeng sa hao. Empa ka mor’a hore batsoali ba hao ‘ba mo phenye,’ ba ka ’na ba u lemosa ka lintho tse itseng tseo u lokelang ho nahana ka tsona.
Ka mohlala, ba ka ’na ba u hopotsa ba tiile hore Bibele e laela Bakreste ba ’nete hore ba nyale “feela Moreneng.” (1 Bakorinthe 7:39) U ka ’na ua hana ka ho beha lebaka la hore u tseba ba bang ba ileng ba nyalana le batho bao e seng Bakreste-’moho le bona, empa hona joale ka bobeli ba sebeletsa Jehova ka thabo. Ke ’nete hore sena sea etsahala. Leha ho le joalo, maemo a joalo a fokola haholo. Haeba u nyalana le motho ea seng tumelong le uena, hase feela hore u tlōla litekanyetso tsa Jehova empa u boetse u ipeha kotsing e khōlō moeeng.—2 Bakorinthe 6:14.d
Lebaka le Bontšang ho Hloka Bohlale la ho Kena Lenyalong
Bacha ba bang ba ’nile ba baleha ’me ba nyalana hobane ba kopanetse boitšoarong bo bobe ’me ba nahana hore ha ba nyalana le batho bao, matsoalo a bona a tla kokobela. Kapa mohlomong ba etsa joalo ka khopolo ea ho pata liphello tsa sebe sa bona, tse kang ho ima ho sa lebelloang.
Haeba u kena lenyalong hore u pate sebe, ha e le hantle u pata phoso e ’ngoe ka e ’ngoe. Solomone o ile a lemosa: “Ea koahelang litlōlo tsa hae a ke ke a atleha, empa ea li bolelang ’me a li tlohela o tla bontšoa mohau.” (Liproverbia 28:13) Ntat’a Solomone le ’m’ae, e leng Davida le Bathe-sheba, ba ile ba ithuta booatla ba ho leka ho pata boitšoaro ba bona bo bobe. (2 Samuele 11:2–12:25) Ho e-na le hore u pate sebe sa hao, bolella batsoali ba hao le baholo ba phutheho. Sena se tla u hloka sebete, empa u ka kholiseha hore Jehova o tla u tšoarela haeba u baka. (Esaia 1:18) Hang ha u se u fumane letsoalo le hloekileng hape, u tla ba boemong bo botle ba ho etsa qeto e tsitsitseng ka lenyalo.
Qoba ho Ikoahlaea Hamorao
Ha a hopola lechato la hae, Allen o re: “Qeto ea rōna ea ho ba le lechato le itekanetseng e ile ea fela ea re fokoletsa khatello ea kelello. Ke ikoahlaela feela hore ha kea ka ka thusa lelapa leso hore le utloisise haholoanyane hore na ke hobane’ng ha re ile ra etsa qeto eo.”
Ha e le hantle, hore na batho ba hōlileng ba nyalanang ba batla ho etsa lechato le tloaelehileng kapa che, eo ke qeto ea botho. Leha ho le joalo, ha u etsa qeto leha e le efe ka lenyalo, nka nako, buisana le lelapa leno ’me ‘u nahane ka mehato ea hao.’ U tla fokotsa mabaka a ho ikoahlaea hamorao.—Liproverbia 14:15.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe.
b Ka linako tse ling mokhoa ona o bitsoa ho shobela.
c Libaka tsena tsa borapeli ke libaka tse loketseng machato a Lipaki Tsa Jehova. Mokete e ba o itekanetseng ’me ho ba le puo e khutšoanyane ea melao-motheo ea Bibele eo e leng motheo oa lenyalo le letle. Ha ba lefisoe chelete bakeng sa ho sebelisa Holo ea ’Muso.
d Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng bo tšohlang taba ena, bona Molula-Qhooa oa July 1, 2004, leqepheng la 30-1, le oa November 1, 1989, leqepheng la 18-22.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ha u etsa qeto leha e le efe ka ho kena lenyalong, buisana le lelapa leno