Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/06 maq. 25-29
  • Ke Matlafalitsoe ke Tumelo ea Ka—Ho Phela le Lefu la ALS

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Matlafalitsoe ke Tumelo ea Ka—Ho Phela le Lefu la ALS
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Toro ea ha ke sa le Moshanyana e ea Phethahala
  • Ke Qala ho Kula
  • Ho Lemoha Kamoo ke Leng Lehlohonolo Kateng
  • Ho Fumana Litsela Tsa ho Bua
  • Ho Lula ke Ntse ke Rata ho Soasoa
  • Ho Sebetsana le Mathata a Letsatsi le Letsatsi
  • Ho Loantša ho Sithabela Maikutlong
  • Na Ebe oo e ka ba Oona Mosebetsi o Molemo ka ho Fetisisa Bakeng sa Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2006
  • Tšebeletso ea Bethele—Ho Hlokahala Baithaopi ba Eketsehileng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Na U ka Ithaopa?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 1/06 maq. 25-29

Ke Matlafalitsoe ke Tumelo ea Ka—Ho Phela le Lefu la ALS

JOALOKAHA HO BOLETSE JASON STUART

“Ke masoabi haholo Monghali Stuart. U na le lefu la ‘amyotrophic lateral sclerosis,’ kapa ALS, leo hape le tsebahalang e le boloetse ba Lou Gehrig.”a Joale ngaka e ile ea mpolella litaba tsena tse tepeletsang ka monyetla oa ho fola: E se khale ke ne ke sa tl’o hlola ke tseba ho tsamaea kapa ho bua, ’me qetellong ke ne ke tla shoa. Ke ile ka botsa: “Ke saletsoe ke nako e kae?” E ile ea araba: “Mohlomong lilemo tse tharo ho ea ho tse hlano.” Ke ne ke le lilemo li 20 feela. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe litaba tseo tse bohloko, ke ile ka ikutloa ke hlohonolofalitsoe ka litsela tse ngata. Ak’u re ke hlalose na joang.

KE HLAHILE ka la 2 March, 1978, Motseng oa Redwood, California, U.S.A., ke le ngoana oa boraro ho ba bane ba Jim le Kathy Stuart. Batsoali ba ka ba ne ba rata Molimo haholo, ’me ba ile ba etsa hore ’na le banab’eso—Matthew, Jenifer le Johnathan—re hlomphe lintho tsa moea ka ho tebileng.

Ho tloha bonyenyaneng, ke hopola hore ho bolela ka ntlo le ntlo, ho ithuta Bibele le ho kopanela libokeng tsa Bokreste e ne e le tloaelo ea lelapa leso. Khōliso eo ea moea e ile ea nthusa hore ke be le tumelo e matla ho Jehova Molimo. Ke ne ke sa tsebe hore tumelo ea ka e ne e tla lekoa.

Toro ea ha ke sa le Moshanyana e ea Phethahala

Ka 1985 Ntate o ile a re isa New York, re le lelapa hore re etele Bethele ea Brooklyn, ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki Tsa Jehova. Le hoja ke ne ke le lilemo li supileng feela, ke ile ka bona hore ho na le ntho e itseng e ikhethang ka Bethele. Ho ne ho bonahala e mong le e mong a thabela mosebetsi oa hae. Ka ipolella, ‘Ha ke hōlile, ke tl’o tla Bethele ’me ke thuse ho etsa Libibele tsa Jehova.’

Ka la 18 October, 1992, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka ho kolobetsoa metsing. Lilemo tse ’maloa hamorao, ha ke le lilemo li 17, Ntate o ile a nkisa Bethele hape. Kaha ke ne ke se ke le moholoanyane, ke ile ka ananela le ho feta bohlokoa ba mosebetsi o etsoang moo. Ke ile ka khutlela hae ke ikemiselitse le ho feta hore ke finyelle pakane ea ka ea ho ea Bethele.

Ka September 1996, ke ile ka qala ho sebeletsa ke le pula-maliboho oa kamehla, kapa moevangeli oa nako e tletseng. E le ho tsepamisa mohopolo pakaneng ea ka, ke ile ka ikakhela ka setotsoana linthong tsa moea. Ke ile ka eketsa ’malo oa ka oa letsatsi le letsatsi oa Bibele le thuto ea ka ea botho. Bosiu ke ne ke mamela lipuo tse rekotiloeng tse thehiloeng Bibeleng. Tse ling tsa lipuo tsena li ne li bua ka liphihlelo tsa Bakreste ba ileng ba tobana le lefu empa tumelo ea bona ka Paradeise e tlang le tsoho ea bafu ha ea ka ea sisinyeha. (Luka 23:43; Tšenolo 21:3, 4) Ka mor’a nakoana ke ne ke se ke tseba lipuo tseo ka hlooho. Ke ne ke sa tsebe ka nako eo hore boitsebiso bo hahang joalo e ne e tla ba ba bohlokoa hakaakang ho ’na e se khale.

Ka la 11 July, 1998, ke ile ka fumana lengolo le tsoang Brooklyn. Ka sebele ke ne ke memeloa ho ea Bethele. Khoeli hamorao ke ne ke le kamoreng ea ka Bethele. Ke ile ka abeloa ho sebetsa moo ho kopanngoang libuka, re etsa libuka tse romeloang liphuthehong tse ngata. Toro ea ka ea boshanyaneng e ne e phethahetse. Ke ne ke le Bethele, ‘ke etsa Libibele tsa Jehova’!

Ke Qala ho Kula

Leha ho le joalo, khoeli kapa nakoana e isang moo pele ke ea Bethele, ke ne ke hlokometse hore ha ke khone ho otlolla ka ho feletseng monoana oa ka o supang oa letsoho le letona. Ka nako eona eo, ke ne ke khathala kapele ha ke etsa mosebetsi oa ka oa ho hloekisa letamo la ho sesa. Ke ile ka nahana hore ke mpa ke sa ikitlaetse ka matla. Etsoe ke ne nkile ka etsa mesebetsi e boima ho feta eo ntle le bothata ba letho nakong e fetileng.

Libekeng tse seng kae ke fihlile Bethele, matšoao a ho kula a ile a tota. Ke ne ke sitoa ho charola joaloka bahlankana ba bang ha ba ngoangoarela litepisi kapa ba li theoha ka potlako. Mosebetsi oa ka, moo ho kopanngoang libuka, o ne o akarelletsa ho phahamisa lihlopha tsa maqephe a kopanngoang ho etsa buka. Hase feela hore ke ne ke khathala ka potlako empa hape letsoho la ka le letona le ne le kobeha. Hape mosifa oa monoana oa ka o motona o ne o felloa ke matla, ’me ka potlako ke ne ke se ke sitoa ho o tsamaisa.

Bohareng ba October, likhoeli tse peli feela ka mor’a ho fihla Bethele, ngaka e ile ea mpolella hore ke tšoeroe ke lefu la ALS. Ha ke tsoa ka ngakeng, ka potlako ke ile ka hopola lipuo tse thehiloeng Bibeleng tseo ke neng ke li tšoere ka hlooho. E tlameha ebe moea oa Jehova o ne o e-na le ’na hobane khopolo ea ho shoa ha ea ka ea ntšosa. Ke ile ka tsoela ka ntle ’me ka emela koloi e tl’o ntata ho khutlela Bethele. Ke ile ka rapela Jehova hore a matlafatse lelapa leso ha ke le bolella litaba tsena.

Joalokaha ke boletse selelekeleng, ke ile ka lula ke nahana ka tsela eo ke hlohonolofalitsoeng ka eona. Toro ea ka ea boshanyaneng ea ho ea Bethele e ne e phethahetse. Mantsiboeeng ao, ke ile ka ea Borokhong ba Brooklyn ’me ka leboha Jehova ka ho ntumella hore ke finyelle pakane ea ka. Ke ile ka boela ka mo kōpa ka tieo hore a nthuse ho tobana le boemo bona bo sithabetsang.

Metsoalle e mengata e ile ea ntetsetsa ho ntšehetsa le ho nkhothatsa. Ke ile ka leka ho itiisa le ho se nahane ka lintho tse nyahamisang. Leha ho le joalo, beke ka mor’a ho bolelloa hore na ke tšoeroe ke eng, ke ne ke bua le ’Mè thelefonong ’me o ile a re ke ntho e ntle ha ke le sebete joalo, empa a re le teng ho lokile hore ke lle. O ne a e-s’o qete le ho bua ha ke qala ho lla. Ho ile ha chaba joale kelellong hore ke ne ke tl’o lahleheloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke ile ka e labalabela.

’Mè le Ntate ba ne ba potlaketse ho ntata ho nkisa lapeng, ka hona, ke ile ka makala ha hoseng ho hong bofelong ba October ke utloa ba se ba kokota monyako. Matsatsi a ’maloa a latelang, ke ile ka ba bontša Bethele ’me ka ba tsebisa metsoalle ea ka hammoho le ba baholo, litho tsa khale tsa lelapa la Bethele. Matsatsi ao a babatsehang ao ke ileng ka ba le monyetla oa ho thabela ho ba Bethele le batsoali ba ka a har’a lintho tseo ke li hopolang ka thabo e khōlō bophelong ba ka.

Ho Lemoha Kamoo ke Leng Lehlohonolo Kateng

Ho tloha ka nako eo, Jehova o ’nile a tsoela pele ho ntlhohonolofatsa ka litsela tse ngata. Ka September 1999, ke ile ka fana ka puo ea ka ea pele ea phatlalatsa. Ke ile ka khona ho fana ka tse ’maloa liphuthehong tse fapaneng, empa ka potlako ke ile ka qala ho bua ka thata hoo ke ileng ka tlameha ho khaotsa ho fana ka lipuo tsa phatlalatsa.

Tlhohonolofatso e ’ngoe e bile ea lerato le tiileng le tšehetso eo ke e fuoang ke lelapa leso hammoho le lelapa la moea la bara le barali beso. Ha maoto a ka a qala ho fokolloa ke matla, metsoalle e ile ea ntšoara ka letsoho ho nthusa ho tsamaea ha ke le tšebeletsong. Ba bang ba bile ba tla le lapeng ho tla thusa ho ntlhokomela.

Tlhohonolofatso e ’ngoe e khōlōhali e bile mosali oa ka, Amanda. Ha ke khutla Bethele, re ile ra ba metsoalle, ’me ke ile ka khahloa ke tsela eo a hōlileng ka eona moeeng. Ke ile ka mo bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka lefu la ka la ALS le hore na ngaka e itse’ng. Re ne ile ra qeta nako e ngata re le ’moho tšimong pele re ka ba leferehong. Re ile ra nyalana ka la 5 August, 2000.

Amanda oa hlalosa: “Ke ile ka khahloa ke Jason ka lebaka la tsela eo a neng a rata Molimo ka eona le ho chesehela ha hae lintho tsa moea. Ho ne ho le bonolo ho batho ba bacha le ba hōlileng ho mo atamela. ’Na ke motho ea thōtseng le ea lihlong ka tlhaho, ’me eena o ne a le mahlahahlaha, e le motho ea botsoalle haholo. Ka bobeli re rata ho soasoa, ka hona re ne re lula re tšeha. Ke ne ke lokoloha haholo ha ke e-na le eena, joalokaha eka ke khale re tsebana. Jason o ile a etsa bonnete ba hore ke tseba ka ho feletseng ka lefu la hae le hore na ho tla etsahala eng. Empa ke ile ka ipolella hore re tla thabela nako eohle eo re tla ba le eona re le hammoho. Etsoe tsamaisong ena bophelo bo ka fetoha neng kapa neng. ‘Nako le ketsahalo e sa lebelloang’ li hlahela le bona ba phetseng hantle.”—Moeklesia 9:11.

Ho Fumana Litsela Tsa ho Bua

Ha seo ke se buang se qala ho se utloahale, Amanda o ile a qala ho ntolokella. Ha ke se ke sitoa ho bua ho hang, re ile ra qapa mokhoa o khethehileng oa ho bua. Amanda o bua litlhaku tsa alfabeta, ’me ha a bua tlhaku eo ke e batlang, kea panya. O tšoara tlhaku eo ka hlooho ebe re fetela ho e latelang. Ka tsela ena, ke khona ho bua polelo eohle. ’Na le Amanda re se re tseba mokhoa ona oa puisano hantle haholo.

Joale ka thuso ea theknoloji ea morao-rao, ke na le k’homphieutha ea laptop e ’nolofaletsang ho bua. Ke thaepa seo ke batlang ho se bua ebe k’homphieutha eona e bua sohle seo ke se thaepileng. Kaha ha ke sa khona ho sebelisa matsoho a ka, ho na le khanya ea elektronike e nepanang le lerama la ka ’me e tsamaisane le tsela leha e le efe eo ke sisinyehang ka eona. Lebokose le nang le litlhaku tsa alfabeta le hlaha k’honeng ea k’homphieutha. Ha ke sisinya lerama, ke tseba ho khetha lentsoe leo ke le batlang ebe ke thaepa mantsoe.

Ka k’homphieutha ena ke khona ho ngolla batho ba thahasellang Bibele—bao mosali oa ka a ba fumanang tšebeletsong. Ke sebelisa lentsoe la k’homphieutha ea ka, ke tseba ho fana ka boboleli bo lokiselitsoeng pele ka ntlo le ntlo le ho tšoara lithuto tsa Bibele. Ka tsela ena ke khonne ho tsoela pele ke le pula-maliboho oa kamehla. Haufinyane tjena, ke ile ka boela ka khona ho fana ka lipuo le ho phetha likabelo tse ling tsa ho ruta ka phuthehong, moo ke leng mohlanka ea sebeletsang.

Ho Lula ke Ntse ke Rata ho Soasoa

Re ’nile ra ba le liketsahalo tse bohloko. Ha maoto a ka a ntse a fokola ho ea pele, ke ne ke e-oa ka makhetlo a mangata. Ka makhetlo a ’maloa, ke ile ka oa ka sanketse ’me ka tsoa leqeba hloohong. Mesifa ea ka e ne e satalla ka tšohanyetso ebe ke oa joaloka mokopu. Batho ba haufi ba ne ba tšoha ’me ba potlakele ho tla nthusa. Empa hangata ke ne ke soasoa e le hore ba se ke ba tšoha haholo. Kamehla ke ’nile ka leka ho lula ke soasoa. Etsoe ke eng e ’ngoe eo ke neng nka e etsa? Ke ne nka ’na ka halefisoa ke tsela eo bophelo ba ka bo ntseng bo thatafala ka eona, empa ke ne ke tla rua molemo ofe?

Mantsiboea a mang ha re intšitse le Amanda le metsoalle ea rōna e ’meli, ke ile ka oa ka tšohanyetso ka sanketse ’me ka otlana ka hlooho. Ke sa hopola ke ba bona ba nchebile ka ho tšoenyeha boraro ba bona ’me e mong a mpotsa hore na ha kea lemala na.

Ke ile ka re: “Ha kea lemala empa ke bona linaleli.”

Motsoalle oa ka o ile a botsa: “U tiile?”

Ke ile ka araba ke supa sepakapakeng: “Kannete, bonang, ha li ntle lekhale.” Bohle ba ile ba tšeha.

Ho Sebetsana le Mathata a Letsatsi le Letsatsi

Ha mesifa ea ka e ntse e felloa ke matla, ke ile ka thatafalloa le ho feta. Mesebetsi e bonolo e kang ho ja, ho hlapa, ho ea ntloaneng le ho konopela liaparo, e ile ea qala ho ba boima ’me ea ntšithabetsa letsatsi le letsatsi. Hona joale boemo ba ka bo mpefetse hoo ke sitoang ho sisinyeha, ho bua, ho ja, kapa ho hema ntle ho thuso. Ke na le phaephe e kenang mpeng e mphepang lijo tse metsi. Ke na le mochine o hokeletsoeng qoqothong ka phaephe, o nthusang hore ke heme.

Le hoja ke ne ke ikemiselitse ho iketsetsa lintho ka hohle kamoo nka khonang, kamehla Amanda o ’nile a ikemisetsa ho nthusa. Ha ke ntse ke hlōleha le ho feta ho iketsetsa lintho, ha ho mohla a kileng a etsa hore ke ikutloe eka ha ke motho. Kamehla o ’nile a ntšiela seriti. Ruri mosebetsi oo a o etsang oa ho ntlhokomela oa tsoteha, empa kea tseba hore ha ho bonolo.

Amanda oa itlhalosa: “Boemo ba Jason bo ile ba mpefala butle-butle, ka hona ke ithutile ho mo hlokomela ho latela boemo. Kaha o thusoa ho hema ke mochine, o hloka ho hlokomeloa lihora tse 24. Matšoafo a hae a tlala likhohlela le mathe ’me li tlameha ho ntšoa ka mochine o monyenyane o li monyang. Ka hona, ha ho bonolo ho rōna ka bobeli ho robala hantle bosiu. Ka linako tse ling kea hlora ’me ke ferekana maikutlo. Le hoja re lula re le hammoho, ho thata hore re qoqe. E ne e le motho ea nang le bophelo haholo, empa hona joale mahlo a hae ke ’ona feela a setseng a e-na le bophelo. O ntse a rata ho soasoa ’me kelello ea hae e chatsi. Empa ke hopotse lentsoe la hae. Hape ke hopotse ha a ne a nkopa ka matsoho le ha a ne a ntšoara feela ka letsoho.

“Ka linako tse ling batho baa mpotsa hore na ke khona joang. Boemo bona bo bohloko bo nthutile bohlokoa ba hore na ke lokela ho itšetleha ka Jehova hakaakang. Haeba ke tšepa matla a ka, ke lula ke ngongorehile ka boemo ba ka hoo ke ikutloang eka ke bipetsane. Thapelo ea thusa, kaha Jehova ke eena feela ea nkutloisisang hantle le ho utloisisa bohloko boo ke leng ho bona. Batsoali ba Jason ba ’nile ba thusa haholo. Ba lula ba le teng ho nthusa ha ke hloka ho phomola kapa ke batla ho ea tšebeletsong ea tšimo. Ke ananela thuso le tšehetso tseo re ’nileng ra li fumana ho bara le barali babo rōna phuthehong ea rōna. Ntho e ’ngoe hape e nthusang ke ho hopola hore bohloko leha e le bofe tsamaisong ena ke ba ‘motsotsoana ’me bo bobebe.’ (2 Bakorinthe 4:17) Ke leka ho tsepamisa mohopolo oa ka lefatšeng le lecha le tlang, moo Jehova a tla lokisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Kea kholoa ke tla tšeha ke be ke lle ka nako e tšoanang ha bothata bona kaofela bo se bo felile ’me Jason a khutletse boeeneng.”

Ho Loantša ho Sithabela Maikutlong

Ho bua ’nete, ka linako tse ling ke nyahama haholo hore ebe, ke le monna, ke lutse setulong sena sa likooa, ha ho letho leo nka le etsang. Ke hopola ka lekhetlo le leng ha re ne re etetse ausi oa ka ’me lelapa le kopane hammoho. Ke ne ke e-s’o je, ka hona ke ne ke lapile. Bohle ba ne ba thabela li-hamburger tse besitsoeng le poone e liqong. Ha ke ntse ke shebile ba bang ba e-ja ’me ba bapala le bana, ke ile ka sithabela maikutlong. Ke ile ka qala ho fihleloa ke mohopolo oa hore, ‘Che ena hase toka! Ke hobane’ng ha ’na ke fetoa ke lintho tsee?’ Ke ne ke sa batle ho senya mantsiboea a monate a ba bang, ka hona ke ile ka kōpa Jehova hore a nthuse hore ke thibe likeleli.

Ke ile ka ikhopotsa hore ha nka lula ke tšepahala, ke tla fa Jehova monyetla oa hore a ‘arabele Satane, ea mo nyelisang.’ (Liproverbia 27:11) Sena se ile sa ’matlafatsa, kaha ke ile ka elelloa hore ho na le lintho tsa bohlokoa ho feta ho ngongoreha ka hore na nka ja poone kapa ka bapala le bana.

Ke tseba hantle hore na ho bonolo hakaakang hore motho ea kulang joaloka ’na a lule a nahana ka mathata a hae. Empa ke fumane ho nthusa ho ba le ‘ho hongata hoo nka ho etsang mosebetsing oa Morena.’ (1 Bakorinthe 15:58) Ka ho ipoloka ke tšoarehile tšebeletsong, ha ke be le nako ea ho lula ke ngongorehile ka mathata a ka. Ho tsepamisa mohopolo ho thuseng ba bang hore ba be le tumelo ho Jehova e ’nile ea e-ba eona ntho e ntlisetsang thabo.

Ho na le ho hong hape ho nthusitseng hore ke loantše ho sithabela maikutlong. Ke nahana ka liphihlelo tsa ba tšepahalang ba ileng ba kenngoa literonkong, ba bang ba koalloa ba le bang feela, hobane feela ba hanne ho khaotsa ho bolela ka ’Muso oa Molimo. Ke etsa eka kamore ea ka ke sele ea ka ea teronko ’me ke koalletsoe ka lebaka la tumelo ea ka. Ke nahana ka melemo eo ke nang le eona ha ke bapisoa le ba bang ba bona. Ke na le lingoliloeng tsa Bibele. Nka ea libokeng tsa Bokreste, ebang ke ka seqo kapa ka ho li mamela ka thelefono. Nka etsa tšebeletso ea ka ka bolokolohi. Ke na le mosali ea babatseng ea bang le ’na ka linako tsohle. Ho thuisa ka tsela ena ho nthusa hore ke ananele kamoo ke leng lehlohonolo kateng.

Mantsoe a moapostola Pauluse ke a bohlokoa ka ho fetisisa ho ’na: “Ha re tele, empa le haeba motho eo re leng eena ka ntle a ntse a senyeha, ka sebele motho eo re leng eena ka hare o ntse a nchafatsoa letsatsi le letsatsi.” Ka sebele ’mele oa ka o ntse o senyeha. Empa ke ikemiselitse hore ke se ke ka felloa ke tšepo. Ke matlafatsoa ke ho lula ke shebile ka mahlo a tumelo “lintho tse sa bonoeng” tse akarelletsang mahlohonolo a lefatše le lecha le tlang, moo ke tsebang hore Jehova o tla etsa hore ke nchafale.—2 Bakorinthe 4:16, 18.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E le hore u utloisise matla a lefu lena, re u khothalletsa hore u bale lebokose le reng “Boitsebiso ka Lefu la ALS” leqepheng la 27.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 27]

Boitsebiso ka ALS

◼ ALS ke Eng? ALS (amyotrophic lateral sclerosis) ke lefu le totang ka potlako ’me le hlasela methapo ea kutlo e lesapong la mokokotlo le bokong bo karolong e ka sekotlong. Methapo ea kutlo ke eona e fetisetsang melaetsa e tsoang bokong mesifeng ea ’mele kaofela. ALS e etsa hore methapo ena ea kutlo e senyehe butle-butle kapa e shoe, e leng ho etsang hore motho a qetelle a shoele litho.b

◼ Ke hobane’ng ha ALS e boetse e bitsoa lefu la Lou Gehrig? Lou Gehrig e ne e le sebapali se tummeng sa baseball sa Moamerika seo ho ileng ha fumanoa hore se tšoeroe ke ALS ka 1939 ’me sa shoa ka 1941 se le lilemo li 38. Linaheng tse ling ALS e bitsoa lefu la methapo ea kutlo e laolang ho sebetsa ha litho tsa ’mele, e leng tlhaloso e pharaletseng e akarelletsang lefu la ALS. Ka linako tse ling ALS e boetse e bitsoa lefu la Charcot, le rehelletsoe ka Jean-Martin Charcot, ngaka ea Mofora ea boloetse ba methapo eo e leng eona ea pele e ileng ea le hlalosa ka 1869.

◼ ALS e bakoa ke eng? Ha ho tsejoe hore na ALS e bakoa ke eng. Ho latela bafuputsi, lisosa tse belaelloang li akarelletsa livaerase, ho haelloa ke liprotheine, ho ba le khaello e itseng liphatseng tsa lefutso (haholo-holo mofuta o futsoang oa ALS), manya a tšepe, lintho tse chefo methapong ea boko (haholo-holo ALS ea Guam), ho se sebetse hantle ha tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung le ho se sebetse hantle ha motsoako o potlakisang tšebetso ea lik’hemik’hale ’meleng.

◼ Menyetla ea ho fola e mekae? Ha lefu lena le ntse le tota, mesifa e qala ho fokola ’me ho name le ’mele. Ka mor’a nako, lefu lena le fokolisa mesifa e tsamaisanang le ho hema, ’me qetellong mokuli o tlameha ho hema ka mochine. Kaha lefu lena le ama methapo ea kutlo e fetisetsang melaetsa mesifeng ea ’mele, ha le ame kelello, botho, bohlale, kapa mohopolo oa motho. Hape ha le ame matla a kutlo—bakuli ba khona ho bona, ho fofonela, ho latsoa, ho utloa le ho utloa ha ba tšoaroa. Ka tloaelo ALS e bolaea bakuli nakong ea lilemo tse tharo ho ea ho tse hlano ho tloha ha matšoao a qala ho bonahala, empa bakuli ba ka etsang liphesente tse leshome ba ka phela lilemo tse leshome kapa ho feta.

◼ Ho etsoa eng ho phekola lefu lee? Ha ho e-s’o fumanoe pheko bakeng sa ALS. Ngaka e ka fana ka meriana e thusang ho fokotsa bohloko bo bakoang ke matšoao a itseng. Ho itšetlehile ka matšoao le hore na lefu lena le se le le boemong bofe, mokuli a ka fumana melemo e itseng litšebeletsong tse thusang motho hore boemo ba hae bo ntlafale, tse akarelletsang phekolo ea ’mele, ea mokhoa oo motho a etsang lintho ka ’ona le ea puo, hammoho le mechine e thusang ea mefuta-futa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

b Ho na le mefuta e meraro e tloaelehileng ea ALS: o mong ke oo e seng oa lefutso (o tloaelehile haholo), o mong ke oa lefutso (o tšoere bakuli ba ka etsang liphesente tse 5 ho ea ho tse 10) ’me o mong ke oa Guam (o tšoere batho ba bangata ba Guam le ba linaha tse sa ipuseng tsa Pacific).

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Lou Gehrig: Photo by Hulton Archive/Getty Images

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ha ke chaketse Bethele ka 1985

[Setšoantšo se leqepheng la 26, 27]

’Na le Amanda ka letsatsi la rōna la lechato

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Ke sebelisa k’homphieutha e khethehileng ea “laptop” ha ke bua

[Setšoantšo se leqepheng la 28, 29]

Ke thabela ho fana ka lipuo phuthehong ea rōna

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela