Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/06 maq. 28-29
  • Maikutlo a Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a Babali
  • Tsoha!—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha ke Intša Kotsi?
    Tsoha!—2006
  • Nka Khaotsa Joang ho Intša Kotsi?
    Tsoha!—2006
  • Ha Mocha a Intša Kotsi
    Tsoha!—2013
  • Maikutlo A Babali
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 10/06 maq. 28-29

Maikutlo a Babali

Sebōpeho se Secha sa Tsoha! Bosiung bo fetileng ke qetile ho bala Tsoha! ea January 2006. Ka sebele ke rata sebōpeho sena sa eona se secha! Tsoha! e se e le makasine eo batho ba lokelang ho ithuta eona ka hloko, e entsoe ka tsela e susumeletsang ’mali hore a nahane. Ho tloha qalong ho fihlela qetellong, kea bona hore Jehova o keneletse hore re tsoele pele ho hōla moeeng.

B. N., Canada

Ke lilemo li 16. Sebōpeho se secha sa Tsoha! se tla re thusa haholo ha re ithuta Bibele. Lihlooho tse ling li na le lipotso tse thusang ’mali hore a nahanisise ka seo a se balileng. Ke rata ho sebelisa Tsoha! ha ke etsa mesebetsi ea ka ea sekolo. Ke tšepa hore le tla tsoela pele le re fa boitsebiso bona bo hlollang le bo molemo.

S. N., Namibia

Ke Matlafalitsoe ke Tumelo ea Ka—Ho Phela le Lefu la ALS (January 2006) Ka mor’a ho bala ka phihlelo ea Jason Stuart, ke ile ka utloa mathata ’ohle ao ke nang le ’ona e se letho. Ke ile ka lemoha hore Jehova o nka tšebeletso ea rōna ho eena e le ea bohlokoa ho ea ka maemo a rōna. Ke tsota mosali oa Jason ka boitelo ba hae le ho tšepa ha hae Jehova. Ke tla lula ke hopola phihlelo ena ’me e tla nthusa hore ke sebetsane le mathata a hlahang ka moso.

C.R.S., Peru

Ke ile ka lla ka mor’a ho bala pale ea Jason, ke sa llisoe feela ke ho ameha maikutlo ha ke bala ka mathata a hae, empa ke llisoa le ke hore joaloka e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ke ikutloa ke le motlotlo hore ebe ke na le mor’eso oa moea ea kang Jason. Ha ke bala sehlooho sena, ke bona bohlokoa ba ho itokiselletsa liteko, kaha “nako le ketsahalo e sa lebelloang” li ka oela leha e le mang oa rōna.—Moeklesia 9:11.

T. A., Hungary

’Mè oa ka o bolailoe ke ALS. Ka hona, pale ea Jason e nkamme maikutlo. Mohlala oa hae o nkhothalitse hore ke tsoele pele ke etsa sohle se matleng a ka tšebeletsong. Ke rapela Jehova hore a tsoele pele ho matlafatsa mora enoa oabo rōna le mosali oa hae.

L.Z.G., Paraguay

Taba ea hore Jason o ne a qetile nako e ngata a ithuta ha a ntse a phela hantle, e leng letlotlo la moea leo a ipoloketseng lona hore le mo thuse ha a le hloka, e entse hore ke nahane ka thata. E matlafalitse boikemisetso ba ka ba hore ke chesehe ka ho eketsehileng ho ithuteng Bibele.

Y. M., Japane

Bacha Baa Botsa—Ke Hobane’ng ha ke Intša Kotsi? (January 2006) Joaloka mocha, ke bile le bothata ba ho sebelisa lithethefatsi le joala, empa bothata bo boima haholo boo ke ileng ka tlameha ho loana le bona ke ba ho intša kotsi. E bile ntoa e tsoelang pele, empa lihlooho tse kang sena li mphile matla a ho tsoela pele. Ke sitoa ho hlalosa kamoo ke ananelang kateng.

E. C., United States

Ho intša kotsi e bile karolo ea bophelo ba ka ho tloha ha ke sa le lilemong tsa bocha. Hona joale ke lilemo li 56. Ke khaolitse mokhoa ona oa ho intša kotsi lilemong tse ’nè tse fetileng, empa ka linako tse ling ke apareloa ke mathata hoo ke lakatsang ho intša kotsi hape. Sehlooho sena se nkamme ka ho teba. Se tla thusa batho ba kang ’na hore re boele re tsoele pele ka bophelo.

Lebitso ha lea boleloa, Netherlands

Ke lilemo li 17 ’me ke rata ho le leboha ka sehlooho sena. Ke na le bothata ba ho intša kotsi. Haufinyane tjena ke sa tsoa itšeha hape. Ka mor’a moo, ke ile ka bolella ’Mè ka mo kōpa hore a rapele le ’na. Ho sa tsotellehe bothata bona, ke ithutile hore Jehova oa nthata. Sehlooho sena seo le se ngotseng ke thuso e khōlō, ’me ke leboha Molimo haholo bakeng sa sona!

N. M., Czech Republic

“Ebe ke bona hantle?” Ke se ileng sa fihla kelellong ea ka ha ke bona sehlooho sena. Ke lilemo li 18. Ke ’nile ka intša kotsi. Bohloko bo nthusa hore ke hatelle bohloko ba maikutlo. Hangata hore ke ikutloise bohloko, ’me ha ke tsebe hore na ke loantše maikutlo ao joang. Ke ne ke hloletsoe ha ke bona sehlooho sena. Ke ile ka tlala likeleli ka mahlong ’me ka leboha Jehova ka thapelo. Ke mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova feela moo motho a ka fumanang matšeliso a tšoanang le ana!

A. P., Russia

Ha ke ne ke le lilemo li 14, ke ile ka qala ho ikimolla bohloko ba maikutlo ka ho intša kotsi. Ka lekhetlo le leng ke ile ka ba ka tlameha ho ea sepetlele. Ho ngola fatše ketsahalo ka ’ngoe ho nthusitse hore ke lemohe matšoao a ha ke batla ho intša kotsi. Hape, ha ke utloa ke ba tekong, ke letsetsa motsoalle ea utloisisang. Thapelo e ’nile ea nthusa ka ho khetheha. ’Me ha ke ikutloa ke sa tšoanelehe ho rapela, metsoalle le baholo ba Bakreste ba rapela le ’na. Ke ntoa e thata, empa ke ithutile ho sebetsana le boemo le ho amohela thuso eohle e fumanehang e le hore ke se ke ka intša kotsi.

N. W., Jeremane

Setšoantšo se leqepheng la pele la sehlooho sena se bontša ngoanana ea itlhothang moriri, ’me ho na le moo ho buuoang ka “Sara” ea neng a itlhotha moriri e le ho itlhokofatsa. Morali oa ka o na le lefu le bitsoang trichotillomania, le bonahalang ka hore motho a itlhothe moriri. Boemo bona bo amana le boloetse ba kelello bo etsang hore motho a etse lintho ka tsela e sa laoleheng. Bo bakoa ke ho susumelletseha ho etsa ntho e itseng, e seng hobane motho a batla ho intša kotsi. Ho itlhotha moriri ha ho etse hore motho a qetelle a intša kotsi ka ho itšeha.

M. H., United States

Karabo ea “Tsoha!”: Lentsoe “trichotillomania,” le qapiloeng ho ella bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo, le bolela boloetse bo bonahalang ka hore motho a be le takatso eo a sitoang ho e thiba ea ho itlhotha moriri. Joalokaha setšoantšo sa rōna se ne se leka ho bontša ka tsela e nahanelang, ba bang ba ’nile ba itlhotha moriri ho intša kotsi. Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore motho e mong le e mong ea itlhothang moriri ka tsela e sa laoleheng ke e mong oa batho ba intšang kotsi bao ho builoeng ka bona sehloohong sena. Joalokaha ’mali ea ngotseng ka holimo a bontša, ka linako tse ling mokhoa ona o amana haufi-ufi le boloetse ba menahano e sa laoleheng e susumelletsang motho ho etsa lintho ka ho sa laoleheng.

Boemong leha e le bofe, litsebi tse ling li hlalosa hore ke habohlokoa ho hlahloba sesosa sa hore motho a be le “trichotillomania,” e le hore a ka phekoloa ho latela litlhoko tsa hae. Ka hona, ho ka ba molemo hore ba nang le bothata bona ba bone ngaka e le hore ba tle ba bolelloe hantle hore na ba jeoa ke eng le hore na ba ka phekoloa joang.

U Tla Araba Joang? (January 2006) Ke thabile haholo ka lebaka la sebōpeho sena se secha! Litloholo tsa rōna li ithutela lapeng ’me sena se tla li thusa haholo lenaneong la tsona la letsatsi le letsatsi la ho bala Bibele le lihlooho tsa Tsoha! tseo li li balang e le karolo ea mosebetsi oa tsona oa sekolo. Re leboha haholo ka tlhokomelo eo le e fang bana.

B. E., United States

Karolo ena e batla e le thata, empa ha ke fumana likarabo, ke thaba haholo! Mantsiboea a maobane ke a qetile ke bala leqephe lena; ho ne ho thahasellisa haholo! Ha ke se ke hōlile, ke batla ho thusa ho hlahisa makasine ena e le hore ba bang ka ba ithuta ka Jehova!

D. H., United States

Ke lilemo li robeli. Lapeng ho tšoaroa thuto ea lelapa ka leqephe lena. Re thabela ho etsa lipatlisiso tseo re lokelang ho li etsa. Karolo e reng “Ke ’na Mang?” e batla e le thata, empa re rata phephetso eo. Tsoelang pele ka mosebetsi oa lōna o motle.

C. W., United States

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela