Maikutlo A Babali
Bacha Baa Botsa . . . Na ke na le Bothata ba ho Ja? (October 2006) Ka mor’a hore ke bale sehlooho sena, ke ile ka nyahama. Ke ’nile ka loantšana le bothata ba ho ja bophelo bohle ba ka. Sehlooho sena se entse hore ke utloe eka e ne e tlameha ebe ke khale ke ne ke “rarolle” bothata bona ke sa le mocha. Empa ho fihlela le holimo lena, ke loantšana le bothata bona bo nkimelang, ’me hona joale ke bona eka ke suoa lerapo la puleng. Sehlooho sena se fana ka maikutlo a hore ha motho a e-na le tumelo e matla, a ka hlōla bothata bona habonolo feela.
J. J., United States
Karabo ea “Tsoha!”: Le hoja litaba tse tšohloang lihloohong tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li reretsoe bacha ka ho khetheha, melao-motheo e sebelisoang lihloohong tsena e sebetsa ho batho ba lilemo tsohle. Rea hlokomela hore bothata ba ho ja ke bo bong ba mathata a boima ka ho fetisisa ho a hlōla. Sehlooho sena ha sea re ba loantšanang le bothata bona ba ho ja ba haelloa ke tumelo. Se mpa se fane ka tlhahiso ea hore ba nang le bothata bona ba ka rapela Jehova hore a ba thuse ho bo hlōla. Ho phaella tabeng ea ho kōpa Molimo hore a ba thuse, ba nang le bothata bona ba khothalelitsoe hore ba kōpe thuso ho “motsoali kapa motho e moholo.” Ho feta moo, sehlooho sena se lumetse pepenene hore “ha ho bonolo ho hlaphoheloa” le hore motho a ka ’na a khutlela morao. Taba ea hore u ntse u loantšana le bothata bona ba ho ja ka mor’a lilemo tse ngata e bontša hore ha u ua lahla tšepo.
Bacha Baa Botsa . . . Ke Lokela ho Etsa’ng ka Bophelo ba Ka? (July 2006) Ena ke nako ea hore ke nahane ka seo ke tla se etsa bophelong kaha ke se ke le haufi le ho qeta sekolong. Sehlooho sena se nthusitse le ho feta hore ke ikemisetse ho finyella pakane ea ka ea ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Ha ho na mosebetsi o mong oa bohlokoa le o ka nthabisang joaloka ona.
H. W., Hong Kong
Ke thabetse sehlooho sena haholo hobane se nthusitse ho lemoha hore lefatšeng lena leo ho lona batho ba ratang lintho tse bonahalang, ntho e molemo ka ho fetisisa eo bacha ba joaloka ’na ba ka e etsang ke ho etelletsa pele lintho tsa moea.
A. S., Brazil
Bophelong ba ka bo phathahaneng ba letsatsi le letsatsi, ke atisa ho lebala seo ke ikemiselitseng sona bophelong. Ho bala sehlooho sena ho nthusitse hore ke boele ke ikemisetse ho etsa sohle ho sebeletsa Jehova. Ke le leboha haholo ka ho re hlokomela rōna bacha.
E. M., Japane
Kamoo U ka Hahang Lenyalo le Thabileng (July 2006) Lihlooho tsena ke mosebetsi o tsoileng matsoho. Mohlala o sebelisitsoeng oa tsela eo Jesu a neng a tšoara baapostola ba hae ka eona ho bontša hore na balekane ba lokela ho tšoarana joang, o motle haholo. Tsoelang pele ho etsa mosebetsi ona oa bohlokoa. Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe re lebella ka cheseho makasine e ncha.
S. C., United States
Ke Ikutloa ke Thabile ka Mor’a ho Felloa ke Tšepo (July 2006) Joaloka Mor’abo Rōna González, le ’na ke ’nile ka ba le bothata ba ho ikutloa ke sa tšoanelehe. Ke ’nile ka ipolella hore ‘Jehova a ke ke a nthata, haholo-holo ka lebaka la libe tsa ka tsa nakong e fetileng.’ Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore Jehova o mosa, oa tšoarela ’me o lerato! Ke ’nile ka thusoa ke likeletso tse ngata tseo ke li filoeng, tšehetso e lerato ea phutheho, hammoho le moea oa Jehova o halalelang hore ke sebelise linnete tsa Bibele bophelong ba ka. Kea le leboha ka lijo tsena tsa moea tse fihlang ka nako e loketseng.
T. A., United States