Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 2/8 maq. 26-29
  • Ke Eng se Bakang Bothata ba ho Ja?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng se Bakang Bothata ba ho Ja?
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tloaelo ea Bosesaane
  • Ho ja le Maikutlo
  • Bothata ba ho Ja—Ke Eng se ka Thusang?
    Tsoha!—1999
  • Ha Lijo e E-ba Sera sa Hao
    Tsoha!—1999
  • Ho Thusa Batho ba Nang le Bothata ba ho Ja
    Tsoha!—1992
  • Ke Hobane’ng ha ke Tšoenyeha ka Boima ba Ka ba ’Mele?
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 2/8 maq. 26-29

Ke Eng se Bakang Bothata ba ho Ja?

“Bothata ba ho ja ha bo itlhahele feela tjee. Ke letšoao, pontšo ea hore ho na le ho hong ho phoso bophelong ba motho.”—Mosebeletsi oa sechaba Nancy Kolodny.

BOTHATA ba ho ja ha bo fihle. Bothata ba ho ipolaisa tlala bo qalile ho lemohuoa ka molao ka 1873, ’me ho ea ka tlaleho matšoao a bona a ’nile a hlokomeleha lilemong tse ka bang 300 tse fetileng. Leha ho le joalo, ho tloha nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, palo ea batho ba bonahalang ba e-na le bothata ba ho ipolaisa tlala e eketsehile ka tsela e tšosang. Boemo boa tšoana le ka bothata ba bonyollo. Boemo boo bo ’nile ba tsebahala ka makholo a lilemo, empa mashomeng a lilemo morao tjena bo “eketsehile ka sefutho,” joalokaha buka e ’ngoe e buang ka bona e beha taba.

Ke eng se bakang bothata ba ho ja? Na ke lefutso, kapa ke boitšoaro bo sa tloaelehang ba batho ba nkang hore bosesaane ke mokhabo? Tikoloho ea lelapa e phetha karolo efe? Ha ho bonolo ho araba lipotso tsena. Mosebeletsi oa sechaba Nancy Kolodny, o re ho hlalosa bothata ba ho ja “hase ntho e bonolo joaloka ho hlalosa boloetse bo kang maselese kapa ’mokoana, boo ngaka e tsebang hantle hore na bo bakoa ke eng, bo tšoara motho joang, bo nka nako e kae le hore na bo ka phekoleha hamolemo joang.”

Leha ho le joalo, bafuputsi ba supa lisosa tse ’maloa tse ka ’nang tsa tlatsetsa bothateng bona ba ho ja. A re hlahlobeng tse seng kae tsa tsona.

Tloaelo ea Bosesaane

Indasteri ea lifeshene linaheng tse ruileng e khaba ka limotlelara tse ’mele e mesesaane ka pel’a bashebelli ba bacha le ba nkehang habonolo, e ba fa maikutlo a hore ngoanana o motle hafeela a le mosesaane. Molaetsa ona o khopamisitsoeng o qobella basali ba bangata ho leka ka matla ho ba le boima ba ’mele bo kotsi bophelong le boo e seng ba sebele. Dr. Christine Davies o re: “Mosali ea itekanetseng o bolelele ba maoto a mahlano le linōkō tse hlano [limithara tse 1,65] ’me o boima ba 145 Ib [lik’hilograma tse 66]. Motlelara ea itekanetseng o bolelele ba maoto a mahlano le linōkō tse 11 [limithara tse 1,8] ’me o boima ba 110 Ib [lik’hilograma tse 50]. Karolo ea 95 lekholong ea rōna ha e fihle moo ’me e bile ha ho mohla e tla fihla teng.”

Ho ntse ho le joalo, basali ba bang ba feteletsa lintho hore ba finyelle ’mele oo ba nahanang hore o motle. Ka mohlala, phuputsong e entsoeng ka 1997 ho basali ba 3 452, ba etsang karolo ea 24 lekholong ba ile ba bolela hore ba ikemiselitse ho tela lilemo tse tharo tsa bophelo ba bona ba ntse ba lelekisa ho finyella pakane ea bona ea boima ba ’mele. Phuputsong eo ho boletsoe hore ho ba ’maloa, “bophelo bo natefisoa feela ke haeba u le mosesaane.” Kaha karolo ea 22 lekholong ea bao ho entsoeng phuputso ho bona e boletse hore limotlelara tsa feshene tse hlahang limakasineng li susumelitse maikutlo a eona ka ponahalo ea ’mele ho tloha bonyenyaneng, tlaleho e ile ea phetha: “Ha ho sa le bonolo ho latola ’nete ea hore ponahalo ea limotlelara tsa mecha ea phatlalatso e ba le phello e mpe tseleng eo basali ba italimang ka eona.”

Ho hlakile hore ba kotsing ea ho oela habonolo maikutlong a iqapetsoeng a mecha ea phatlalatso ke batho ba seng ba ntse ba ikhalala. Ho joalokaha mosebeletsi oa sechaba tleleniking Ilene Fishman a bolela hore “ntlha-khōlō ke boitlhompho.” Ho hlokomelehile hore batho ba amohelang tsela eo ba shebahalang ka eona ke ka seoelo ba amehang ka ho feteletseng ka lijo.

Ho ja le Maikutlo

Litsebi tse ngata li bolela hore bothata ba ho ja bo amana le lintho tse ngata e seng lijo feela. Mosebeletsi oa sechaba Nancy Kolodny o re: “Bothata ba ho ja ke letšoao le u bolellang hore u lokela ho hlokomela boemo bo itseng bophelong ba hao boo u bo hlokomolohang kapa u bo qobang. Bothata ba ho ja ke khopotso ea hore ha u bue ka lintho tse u hatellang kelellong le tse u ferekanyang tseo e ka ’nang ea ba u feta ho tsona.”

Ke lintho tsa mofuta ofe tse hatellang le hona ho ferekanya kelello? Ho ba bang e ka ’na ea e-ba lintho tse amanang le bothata bo itseng ka lapeng. Ka mohlala, Geneen Roth o sa hopola hore bongoaneng ba hae, o ne a sebelisa lijo—haholo-holo lipompong—ho “iphapanyetsa mamati a khahleloang le ho tjolietsana.” O re: “Ha ke ne ke hlokomela hore batsoali ba ka ba haufi le ho loana, feela joalokaha u chencha seteishene sa TV, ke ne ke ee ke tlose kelello ea ka ho omaneng ha ’Mè le Ntate ke e ise lefatšeng leo ho seng letho le phelang ho lona haese ’na le monate o ka hanong la ka.”

Ka linako tse ling bothata ba ho ja bo na le metso e tebileng ho feta. Ka mohlala, The New Teenage Body Book e re: “Liphuputso li bontša hore batho ba hlorisoang ka likamano tsa botona le botšehali (ba hleka-hlekoang kapa ba tšoaroang hampe) ka ho se hlokomele ba ka ’na ba leka ho itšireletsa ka ho etsa hore ’mele ea bona e se be e hohelang batho ba boleng bo fapaneng le ka ho beha likelello tsa bona nthong e ’ngoe e sireletsehileng joaloka lijo.” Ke ’nete hore batho ha baa lokela ho potlakela ho etsa qeto ea hore motho ea nang le bothata ba ho ja o kile a hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali.

Ka lehlakoreng le leng, bothata ba ho ja bo ka ’na ba itlhahela le moo ho bonahalang eka ho na le tikoloho e nang le khutso. Ke ’nete hore ngoanana ea phelang tikolohong eo ho eona a se nang bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto kapa ho hlahisa maikutlo a hae ha a utloile bohloko, a ka ’na a oela habonolo bothateng ba ho ipolaisa tlala. Ponahalong ea ka ntle, lintho li tsamaea hantle; empa ka hare, o ferekane ’me o ikutloa a hloka taolo bophelong ba hae. A sa batle hore e be lerabele pepenene, o lebisa kelello ea hae karolong e ’ngoe ea bophelo ba hae eo a ka e laolang—’mele oa hae.

Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore bothata ba ho ja hase kamehla bo bakoang ke mathata a itseng a lelapa kapa ho hlorisoa ka likamano tsa botona le botšehali. Ho ba bang, bothata ba ho ja bo bakoa ke hore boima ba ’mele ke ntho e nketsoeng holimo ka lapeng. Mohlomong motsoali o motenya kapa o lula a itima lijo ’me a kenya moea o feteletseng oa ho ba hlokolosi—kapa o bileng o nang le tšabo—mabapi le lijo. Ho ba bang, ho kena bonneng kapa bosaling e ba sona sesosa. Liphetoho tsa ’mele tseo e leng karolo ea ho kena bosaling li ka ’na tsa etsa hore ngoanana a nahane hore o motenya—haholo-holo haeba a kena ho tsona pele ho lithaka tsa hae. A ka ’na a nka mehato e feteletseng ea ho fokotsa liqholo tsa bosali haeba a fumana phetoho ena e mo tšosa.

Ho phaella ho qotseng lisosa tse amanang le maikutlo, bafuputsi ba bang ba bolela hore ho ka ameha sesosa se itseng ’meleng. Ka mohlala, ba bontša hore bothata ba bonyollo bo ka ’na ba bakoa ke khathatso ea lik’hemik’hale tsa bokong ba motho ea nang le bothata. Ba bolela hore likarolo tsa boko tse laolang maikutlo le takatso ea lijo lia ameha le hore sena se ka ’na sa hlalosa lebaka leo ka lona ka linako tse ling meriana e loantšang khatello ea maikutlo e atlehang ho bebofatsa matšoao a bothata ba bonyollo.

Leha ho le joalo, ho thata hore bafuputsi ba qoolle sesosa se le seng se bakang bothata ba ho ipolaisa tlala le ba bonyollo. Empa ho ka etsoa eng ho thusa batho ba nang le bothata ba ho ja?

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Hangata batho ba nang le bothata ba ho ipolaisa tlala ba na le pono e fosahetseng ka ponahalo ea bona

[Setšoantšo se leqepheng la 28, 29]

Mecha ea phatlalatso e khothalletsa maikutlo a hore botle ke bosesaane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela