Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 5/8 maq. 13-15
  • Ke Hobane’ng ha ke Tšoenyeha ka Boima ba Ka ba ’Mele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ke Tšoenyeha ka Boima ba Ka ba ’Mele?
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ipolaisa Tlala
  • Kotlo ea ka Sephiring
  • Likotsi Bophelong
  • Bothata ba ho Ipolaisa Tlala le ba Bonyollo—Linnete le Likotsi Tsa Bona
    Tsoha!—1999
  • Na ke na le Bothata ba ho Ja?
    Tsoha!—2006
  • Nka Etsa’ng Haeba ke sa Rate Tsela eo ke Shebahalang ka Eona?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Nka Hlōla ho Tšoenyeha ka Boima ba Ka ba ’Mele Joang?
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 5/8 maq. 13-15

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha ke Tšoenyeha ka Boima ba Ka ba ’Mele?

“Ho na le ntoa e kupang e sa laolehe ka hloohong ea ka. Ka nģ’e ’ngoe ke batla ho ja, empa ka nģ’e ’ngoe ha ke batle ho ja hobane ke tšaba hore ke tla nona haholo.”—Jaimee.

KE’NG ntho eo u e tšabang ka ho fetisisa? Ntle ho pelaelo, banana ba bangata ba ne ba tla araba ka ho re: ke ho nona. Ha e le hantle, phuputso e ’ngoe e bontšitse hore basali ba bangata ba bacha kajeno ba amehile ka ho nona ho feta ho ameha ka ntoa ea nyutlelie, ho tšoaroa ke kankere, kapa hona ho shoelloa ke batsoali!

Ka linako tse ling motho o qalella ho tšoenyeha ka boima ba ’mele a sa le tlaase lilemong ka mokhoa o makatsang. Dr. Catherine Steiner-Adair o bolela hore banana ba bangata le pele ba fihla lilemong tsa boroetsana ba khobokana ho ea “bua ka botenya”—moqoqo o senolang hore ha ba rate ’mele ea bona. Kamoo ho bonahalang kateng, hase moqoqo feela tjee. Phuputsong e entsoeng ho banana ba 2 379, ba etsang karolo ea 40 lekholong ba ne ba hlile ba leka ho theola boima ba ’mele. ’Me phuputso eo e ne e etsoa ho banana ba pakeng tsa lilemo tse robong le tse leshome feela!

Ha nako e ntse e-ea, ba bangata ba bacha bana ba ka ’na ba tšoaseha lerabeng la ho ja lijo tse itseng feela. Ho hobe le ho feta ke hore ba bang ba ka ’na ba qetella ba tšoana le Jenna ea lilemo li 20. Moroetsana enoa ea bolelele ba limithara tse 1,6 o etsa boima ba lik’hilograma tse 40 feela! Jenna o re: “Ehlile ha ke batle ho ja. Ntho e hlileng e ntšoenyang ke hore ke qetile lilemo tse tharo ke leka ho theola boima ba ka ba ’mele, ’me ha nka ja bo tla khutla kaofela ka mor’a khoeli feela.”

Mohlomong u utloisisa kamoo Jenna a ikutloang kateng. E ka ’na eaba le uena u ’nile ua batla ho ba mosesaane e le hore u shebahale hantle. Ka sebele, ha ho phoso ho ameha ka ponahalo ea hao. Leha ho le joalo, takatso ea Jenna ea ho ba mosesaane e batlile e mo bolaea. Joang?

Ho Ipolaisa Tlala

Jenna o loantšana le bothata bo kotsi ba ho ipolaisa tlala bo bitsoang anorexia nervosa. Hoa tšoana le ka Jaimee, ea qotsitsoeng qalong. Banana bana ba ile ba qeta nakoana e itseng ba hlile ba ipolaisa tlala, ’me hase bona feela. Ho hakanngoa hore ngoanana a le mong ho ba lekholo o na le bothata ba ho ipolaisa tlala. Seo se bolela hore basali ba bacha ba limilione baa ameha—mohlomong ho bile ho na le e mong eo u mo tsebang!a

Bothata ba ho ipolaisa tlala bo ka ’na ba qala bo bonahala eka ha bo kotsi. Ngoanana e monyenyane a ka ’na a qala ka ho fokotsa ho ja ka tsela e bonahalang eka ha e kotsi, mohlomong e le hore a fokotse lik’hilograma tse seng kae feela. Leha ho le joalo, ha a finyella pakane eo ea hae, ha a khotsofale. Ha a icheba ka seiponeng ka ho se amohele, o re: “Ke ntse ke le motenya haholo!” Kahoo o etsa qeto ea ho fokotsa lik’hilograma tse ling tse seng kae. Tse ling hape tse seng kae. Le tse ling hape. Taba ena e tsoela pele, ’me ho qaleha bothata ba ho ipolaisa tlala.

Ke ’nete hore hase batho bohle ba fokotsang ho ja ba nang le bothata ba ho ipolaisa tlala. Ba bang ba hlile ba na le mabaka a utloahalang a ho tšoenyeha ka boima ba ’mele, ’me ho bona ho ka ’na ha e-ba molemo hore ba fokotse lik’hilograma tse seng kae. Empa banana ba bangata ba na le pono e sothehileng ka ’mele ea bona. FDA Consumer e bapisa ho ba le pono e sothehileng ka ponahalo ea ’mele le ho icheba ka seiponeng se etselitsoeng ho sotha pono ea sebele. Makasine eo e re: “U ipona u le motenya ho feta kamoo u leng kateng.”

Ke ka hona, motho ea nang le bothata ba ho ipolaisa tlala a tšabang ho nona—esita le haeba a se a ntse a itšaletse e le masapo feela. A ka ’na a ikoetlisa ka matla hore a ’ne a fokotse boima ’me a ipekha sekaleng ka makhetlo a ’maloa ka letsatsi ho tiisa hore ha a “khutlele morao.” Ha a e-ja, o ja lijo tse nyenyane haholo. Kapa a ka ’na a se ke a ja ka ho feletseng. Heather o re: “Letsatsi le leng le le leng ke ne ke ea sekolong ka lijo tseo ’mè oa ka a nketselitseng tsona, ’me hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng ke ne ke li qhala. Kapelenyana ke ile ka tloaela ho se je hoo le ha ke ne ke se ke batla ho ja, ke neng ke sitoa. Ke ne ke sa lape.”

Qalong, batho ba tšoanang le Heather ba nang le bothata ba ho ipolaisa tlala ba thabisoa ke ho ipona ba theohile ka lik’hilograma tse itseng. Empa qetellong khaello ea phepo e nepahetseng e ba beha kotsing. Motho ea nang le bothata ba ho ipolaisa tlala o ba le ho otsela le ho tepella ho sa tloaelehang. Mosebetsi oa hae oa sekolo o qala ho hula ka thata. A ka ’na a khaotsa ho ilela khoeli.b Ha nako e ntse e-ea, ho otla ha hae ha pelo le khatello ea hae ea mali li ka ’na tsa e-ba tlaase ka tsela e sa tloaelehang. Leha ho le joalo, motho ea nang le bothata ba ho ipolaisa tlala ha a elelloe hore a ka ’na a kena kotsing. Ha e le hantle, kotsi eo a e bonang feela ke ea ho boela boimeng ba ’mele boo a bo lahlileng—leha e le ka k’hilograma e le ’ngoe.

Leha ho le joalo, bothata ba ho ipolaisa tlala hase bona feela bothata ba ho ja, leha e le hore ke bona bo atileng ka ho fetisisa. Bothata ba bonyollo bo sotla banana ba bangata ho feta ba nang le bothata ba ho ipolaisa tlala ka makhetlo a ka bang mararo. Ho boetse ho na le bothata ba ho lemalla ho ja ka meharo, bo amanang haufi-ufi le bonyollo. A re ke re hlahlobisiseng bothata bona.

Kotlo ea ka Sephiring

“Motsoalle e mong oa ka o sa tsoa mpolella hore o pata lijo ’me o li jella sephiring. Ebe o itlhatsisa tsona. O re o ’nile a etsa sena ka lilemo tse peli.” Ana ke mantsoe a mocha e mong ao a ileng a a ngola ha a ne a kōpa keletso makasineng e ’ngoe ’me a hlalosa matšoao a tloaelehileng a bothata ba ho ja ba bonyollo.

Motho ea nang le bothata ba bonyollo o tla ja ka meharo, kapa a je lijo tse ngata a phaka. Ebe o ntša lijo tseo a li jeleng ’meleng oa hae, hangata ka ho itlhatsisa.c Ke ’nete hore khopolo ea ho hloekisa mala ka tsela ena e ka ’na ea utloahala e nyontša. Leha ho le joalo mosebeletsi oa sechaba Nancy J. Kolodny oa ngola: “Ha u ntse u tloaela ho ja ka meharo le ho itlhoekisa mala ka mor’a ho ja, u ea u ntse u nolofalloa. Boikutlo ba hao ba pele ba ho nyonya kapa esita le ba ho tšaba ka potlako bo nkeloa sebaka ke ho lemalla ho pheta-pheta tloaelo ena ea ho ja ka meharo le ho itlhatsisa.”

Bothata ba ho ipolaisa tlala le ba bonyollo bo ’nile ba bitsoa “li-ea-thoteng-li-bapile.” Le hoja bothata ka bong bo na le matšoao a fapaneng, ka bobeli a bakoa ke ho tšaba lijo.d Leha ho le joalo, ho bonolo ho boloka bothata ba bonyollo e le sephiri ho fapana le ba ho ipolaisa tlala. Etsoe, ho ja ka meharo ho etsa hore motho ea nang le bothata a se ke a theoha boimeng ba ’mele, ’me ho itlhoekisa mala ho mo etsa hore a se ke a nona. Ka hona, motho ea nang le bothata ba bonyollo a ka ’na a se ke a nona kapa a ota, ’me tsela ea hae ea ho ja e ka ’na ea bonahala e tloaelehile mahlong a batho. Mosali e mong ea bitsoang Lindsey o re: “Ka lilemo tse robong ke ne ke e-ja ka meharo ’me ke itlhatsisa ka makhetlo a mane ho isa ho a mahlano ka letsatsi. . . . Ho ne ho se na motho ea tsebang ka bothata ba ka ba bonyollo, hobane ke ne ke bo pata tlas’a lekoko la ho iketsa eka ke khotsofetse, ke thabile le ho ba le boima bo lekaneng ba ’mele.”

Leha ho le joalo, ho batla ho e-na le phapang e itseng ka motho ea nang le bothata ba ho lemalla ho ja ka meharo. Ho tšoana le motho ea nang le bothata ba bonyollo, motho enoa o tla ja lijo tse ngata ka nako e le ’ngoe. The New Teenage Body Book e re: “Kaha bothata bona ba ho ja ka meharo ha bo tsamaee le ho itlhoekisa mala, motho ea nang le bothata ba ho lemalla ho ja ka meharo a ka ’na a ba motenya ka tsela e sa tloaelehang kapa a ikimela ka ’mele.”

Likotsi Bophelong

Mefuta ena e meraro ea bothata ba ho ja e ka ba kotsi haholo bophelong. Bothata ba ho ipolaisa tlala bo ka bakela batho khaello ea phepo e nepahetseng, ’me mabakeng a mangata ba bang ba hakanya hore bo ka bolaea hoo e ka bang karolo ea 15 lekholong ea bona. Ho ja ka meharo, ebang ho lateloa ke ho hloekisa mala ka mor’a moo kapa che, ho kotsi bophelong. Ha nako e ntse e-ea, botenya bo ka baka lefu la pelo, la tsoekere, le mefuta e meng ea kankere e leng mafu a behang bophelo kotsing. Ho itlhatsisa ho ka phatlola ’metso, ’me tšebeliso e mpe ea meriana e sebelisang mala le e ntšang metsi a mangata ’meleng e ka baka ho tsietsana ha pelo maemong a feteletseng.

Leha ho le joalo, ho na le karolo e ’ngoe hape ea bothata ba ho ja e lokelang ho nahaneloa. Batho ba nang le bothata ba ho ipolaisa tlala, ba bonyollo le ba ho ja ka meharo hangata ke batho ba sa thabang. Ba atisa ho ikhalala ’me ho ka etsahala hore hangata ba ikutloe ba tšoenyehile ’me ba tepeletse maikutlong. Ka ho hlakileng ba hloka thuso. Empa batho ba nang le bothata ba ho ja ba ka thusoa joang hore ba lokolohe tšabong ea boima ba ’mele? Potso ena e tla tšohloa sehloohong se latelang letotong lena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bothata ba ho ipolaisa tlala bo ama le bashemane. Leha ho le joalo, kaha hangata ke banana ba nang le bothata ba ho ipolaisa tlala, re tla bua ka motho ea nang le bothata e le e motšehali.

b Ho ea ka litlaleho tsa tleliniki, motho e motšehali ho thoe o na le bothata ba ho ipolaisa tlala haeba boima ba hae ba ’mele bo theohela ka tlaase ho bo tloaelehileng ka karolo ea 15 lekholong kapa a se a sa ilele khoeli ka likhoeli tse tharo kapa ho feta.

c Mekhoa e meng ea ho itlhoekisa mala e akarelletsa ho noa meriana e sebelisang mala kapa e ntšang metsi a mangata ’meleng.

d Batho ba bangata ba nang le bothata ba ho ja ba theputsa pakeng tsa bothata ba ho ipolaisa tlala le ba bonyollo.

[Lebokose le leqepheng la 14]

Maikutlo a Sothehileng ka Ponahalo ea ’Mele

Banana ba bangata ba tšoenyehileng ka boima ba ’mele ha ba na lebaka la ho tšoenyeha. Phuputsong e ’ngoe, banana ba etsang karolo ea 58 lekholong ba pakeng tsa lilemo tse 5 le 17 ba ne ba lumela hore ba batenya, athe ha e le hantle, e ne e le ba etsang karolo ea 17 lekholong feela ba neng ba hlile ba le batenya. Phuputsong e ’ngoe hape, basali ba etsang karolo ea 45 lekholong bao ha e le hantle ba neng ba otile ba ile ba nahana hore ba ’mele e meholo haholo. Phuputso e ’ngoe e ileng ea etsoa Canada e ile ea fumana hore basali ba etsang karolo ea 70 lekholong naheng eo ba amehile haholo ka botenya ba bona, ’me karolo ea 40 lekholong e latela mokhoa o sa tsitsang oa ho itima lijo—mokhoa oa ho theola boima ba ’mele ’me ebe motho o khutlela boimeng boo hape.

Ka ho hlakileng, maikutlo a sothehileng ka ponahalo ea ’mele a ka etsa hore banana ba bang ba tšoenyehe ka ho feteletseng ka ntho eo ha e le hantle e seng bothata. Kristin ea lilemo li 16 o re: “Ke na le motsoalle ea noang lipilisi tse ngata tsa ho theola ’mele hape ke tseba le banana ba seng bakae ba nang le bothata ba ho ipolaisa tlala.” Oa phaella: “Ha ho le ea mong oa bona ea hlileng a leng motenya.”

Ke ka ho utloahalang makasine ea FDA Consumer e khothalletsang: “Ho e-na le hore o batle ho theola boima ba ’mele hobane ‘motho e mong le e mong’ a theola boima ba hae ba ’mele kapa hobane u se mosesaane joalokaha o ne o ka rata, qala pele ka ho botsa ngaka kapa setsebi sa phepo e nepahetseng hore na ua ikimela kapa hore na ’mele oa hao o na le mafura a mangata haholo bakeng sa motho oa lilemo tsa hao le bolelele ba hao.”

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ba bangata ba tšoenyehileng ka boima ba bona ba ’mele ha ba na lebaka la ho tšoenyeha

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela