Bothata ba ho Ipolaisa Tlala le ba Bonyollo—Linnete le Likotsi Tsa Bona
“Lijo ke moroalo o boima oa maikutlo ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe e ka lekanngoang ka lik’halori [lik’hilojule] kapa ligrama.”—Sengoli Janet Greeson.
BOTHATA ba ho ipolaisa tlala le ba bonyollo ke ’ona mathata a mabeli a atileng haholo a ho ja. Bo bong le bo bong bo na le litšobotsi tsa bona tse ikhethang. Leha ho le joalo, joalokaha re tla bona, a ka ba kotsi ka bobeli—e bile a ka bolaea.
Bothata ba ho Ipolaisa Tlala
Batho ba nang le bothata ba ho ipolaisa tlala, ba hana ho ja kapa ba ja lijo tse nyenyane hoo ba haelloang ke phepo e ntle ’meleng. Nahana ka Antoinette ea lilemo li 17, ea bolelang hore ka nako e ’ngoe boima ba hae ba ’mele bo ile ba theohela ho lik’hilograma tse 37—e leng boima bo tlaase haholo bakeng sa mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ea bolelele ba limithara tse 1,7. O re: “Ke ne ke sa je lik’halori tse fetang 250 [lik’hilojule tse 1 047] ka letsatsi ’me ke ne ke boloka tlaleho ea seo ke se jang.”
Batho ba nang le bothata ba ho ipolaisa tlala ba amehile haholo ka lijo, ’me ba fetelletsa lintho e le ha ba qoba ho nona. Heather o re: “Ke ile ka qala ho tšoella lijo sakatukung ea tafole ke etsa eka ke itlhakola molomo.” Susan o ile a ikoetlisa ka matla e le ha a leka ho lula a le mosesaane. O re: “Hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng, ke ne ke matha sebaka sa limaele tse robeli [lik’hilomithara tse 12], kapa ke sesa hora, ho seng joalo ke ne ke tšoenyeha haholo ’me ke ikutloa ke le molato. Hoseng ho hong le ho hong ke ne ke thabela ho ipekha sekaleng ho tiisa hore boima ba ka ba ’mele bo ntse bo le ka tlaase ho liponto tse 100 [lik’hilograma tse 45], hangata eo e le eona ntho feela e hlileng e nthabisang.”
Ho makatsang ke hore batho ba bang ba nang le bothata ba ho ipolaisa tlala ke liapehi tse hloahloa ’me ba pheha lijo tse lutlisang mathe tseo bona ka bobona ba sa batleng ho li thetsa. Antoinette o re: “Hona ha eka bothata ba ka bo totile, ke hona ha ke ne ke pheha letsatsi le leng le le leng ’me ke lokisetsa khaitseli ea ka le moen’a ka mofao oa motšehare. Ke ne ke sa ba lumelle hore ba atamele sehatsetsing. Ke ne ke e-na le boikutlo ba hore ho re ’na feela ka kichineng ka moo.”
Ho ea ka buka e bitsoang A Parent’s Guide to Anorexia and Bulimia, batho ba bang ba nang le bothata ba ho ipolaisa tlala “ba ba makhethe ka tsela e feteletseng ’me ba ka ’na ba batla hore litho tse ling tsa lelapa li phele ka litekanyetso tsa bona tse sa utloahaleng tseo ho leng thata ho li finyella. Ho se be makasine kapa lieta kapa komiki e ka siuoang moo e sa luleng teng leha e le ka motsotsoana feela. Ba ka ’na ba ameha ka ho tšoanang kapa ka ho feteletseng, ha ho tluoa bohloeking le ponahalong ea ’mele, ba qeta lihora tse ngata ba le ka ntlong ea ho hlapela ba inotleletse ’me ba hanela ba bang ho kena hore le bona ba itokisetse ho ea sekolong kapa mosebetsing.”
Bothata bona bo sa tloaelehang ba ho ipolaisa tlala bo bakoa ke’ng? Ka tloaelo, mocha kapa motho ea kenang lilemong tsa ho tiea—eo hangata e leng motho e motšehali—o ipehela pakane ea ho fokotsa boima ba hae ba ’mele ka lik’hilograma tse itseng. Leha ho le joalo, ha a e finyella pakane eo ea hae, ha a khotsofale. Ha a icheba ka seiponeng, o ntse a ipona a le motenya, ’me kahoo o etsa qeto ea hore ho fokotsa lik’hilograma tse ling tse seng kae hape ho tla ba molemonyana. Lebili leo le tsoela pele ho fihlela ha boima ba ’mele ba motho ea itimang lijo bo theohela ka tlaase ho karolo ea 15 lekholong kapa ho feta ea boima bo tloaelehileng ba batho ba seemo sa hae.
Ha litaba li le boemong bona metsoalle le litho tse ling tsa lelapa ba qala ho ngongoreha ha ba bona hore motho ea itimang lijo o shebahala a otile, a bile a mamarane. Empa motho ea nang le bothata ba ho ipolaisa tlala o bona lintho ka tsela e fapaneng. Alan, mohlankana ea nang le bothata ba ho ipolaisa tlala ea bolelele ba limithara tse 1,75 eo boima ba hae ba ’mele bo kileng ba theohela ho lik’hilograma tse 33, o re: “Ke ne ke sa nahane hore ke shebahala ke otile.” O re: “Ha boima ba hao ba ’mele bo ntse bo theoha ho feta, kelello ea hao e khopama le ho feta ’me u sitoa ho ipona ka tsela e hlakileng.”a
Ka mor’a nako e itseng, bothata ba ho ipolaisa tlala bo ka baka ho kula ho tebileng, ho akarelletsa ho fokola ha masapo le ho senyeha ha liphio. Bo ka ba ba bolaea. Heather o re: “Ngaka ea ka e ile ea mpolella hore ke timme ’mele oa ka limatlafatsi tse ngata hoo haeba ke ne nka tsoela pele ho ja ka tsela ena likhoeling tse peli tse latelang, ke ne ke tla bolaoa ke khaello ea phepo e nepahetseng.” The Harvard Mental Health Letter e tlaleha hore nakong ea lilemo tse fetang leshome, basali ba etsang karolo ea 5 lekholong ba ileng ba fumanoa ba e-na le bothata ba ho ipolaisa tlala ba ile ba shoa.
Bothata ba Bonyollo—Ho ja ka Meharo le ho Itlhoekisa Mala
Bothata ba ho ja bo tsejoang e le bonyollo bo tšoauoa ka ho ja ka meharo (ho phaka, hoo mohlomong motho a ka jang lijo tse etsang lik’hilojule tse ka bang 21 000 kapa ho feta) le ho itlhoekisa mala (ho ntša lijo ka maleng, hangata ka ho itlhatsisa kapa ka ho sebelisa mala).b
Ho fapana le bothata ba ho ipolaisa tlala, bothata ba bonyollo ha bo bonahale habonolo. Motho ea nang le bothata boo a ka ’na a se ke a ota hakaalo, ’me tsela ea hae ea ho ja e ka ’na ea bonahala e tloaelehile—bonyane ho batho ba bang. Empa motho ea nang le bothata ba bonyollo ha a phele bophelo bo tloaelehileng. Ha e le hantle, o amehile haholo ka lijo hoo lintho tse ling tsohle e seng tsa bohlokoa. Melinda ea lilemo li 16 o re: “Ha ke ntse ke tloaela ho ja ka meharo le ho itlhatsisa ka mor’a ho ja, ha kea ka ka hlola ke ameha hakaalo ka lintho tse ling kapa ka batho ba bang. Ha e le hantle ke ile ka lebala hore na ke ntho e joang ho ithabisa le metsoalle.”
Geneen Roth, mongoli le tichere lefapheng la bothata ba ho ja, o hlalosa bonyollo e le “ho theohela tšotlehong e hlokang lithibelo.” O re nakong eo a jang bonyollo “ha a tsotelle letho—e bang ke metsoalle, kapa ba lelapa . . . Ha a tsotelle letho haese lijo feela.” Lydia ea lilemo li 17 ea nang le bothata bona, o hlalosa boemo ba hae ka tsela e tšoanang hantle. O re: “Ke ikutloa eka ke mochine o silang lithōle. Ke topela lijo, ke li hlafune kapele, ebe kea li hlatsa. Ho etsahala ntho e tšoanang nako le nako.”
Motho ea nang le bothata ba bonyollo o leka ka matla ho qoba ho nona ho ka ’nang ha bakoa ke meharo ea hae. Ka hona, hang ha a qeta ho ja ka meharo, oa itlhatsisa kapa a sebelise mala e le hore a ntše lijo tseo pele li iketsa mafura ’meleng.c Le hoja khopolo ena e ka ’na ea utloahala e nyontša, motho ea itloaelitseng bonyollo ha a e talime ka tsela eo. Nancy Kolodny eo e leng mosebeletsi oa sechaba oa hlalosa: “Ha u ntse u tloaela ho ja ka meharo le ho itlhoekisa mala ka mor’a ho ja, u ea u ntse u nolofalloa. Boikutlo ba hao ba pele ba ho nyonya kapa esita le ba ho tšaba ka potlako bo nkeloa sebaka ke ho lemalla ho pheta-pheta tloaelo ena ea ho ja ka meharo le ho itlhatsisa.”
Bothata ba bonyollo bo kotsi haholo. Ka mohlala, ho lula motho a hloekisa mala ka ho itlhatsisa ho beha lehano kotsing ea liasiti tse bohale tsa ka maleng, tse ka senyang meno a motho ea nang le bothata ba bonyollo. Tloaelo eo e ka boetse ea senyetsa motho ea nang le bothata boo ’metso, sebete, matšoafo le pelo. Maemong a feteletseng, lehlatso le ka phatlola moholu esita le ho bolaea. Ho noa ka ho feteletseng meriana e sebelisang mala le hona ho ka ba kotsi. Ho ka senya tšebetso ea mala ’me hape ho ka baka letšollo le sa khaotseng le ho tsoa mali ka morao. Joaloka tabeng ea ho hlatsa khafetsa-khafetsa, tšebeliso e mpe ea meriana e sebelisang mala e ka bolaea maemong a feteletseng.
Ho ea ka National Institute of Mental Health, litlaleho tsa bothata ba ho ja li ntse li eketseha. Ke’ng se bakelang mosali e mocha ho bapalla lefung joalo ka ho ipolaisa tlala? Ke hobane’ng ha motho e mong a ka ameha ka lijo hakaalo hoo a ka jang ka meharo ’me ha a qeta a amehe ka boima ba ’mele hoo a utloang a tlameha ho ntša lijo tseo a li jeleng? Lipotso tsena li tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litsebi tse ling li bolela hore ho theola boima ba ’mele oa motho ka karolo ea 20 ho isa ho 25 lekholong ho ka fetola lik’hemik’hale tsa boko ’me ho ka ’na ha fetola pono ea motho, ha etsa hore a bone monono le moo o leng sieo.
b Ba bang ba nka ho lemalla ho ja ka meharo, le hoja ho ka ’na ha se ke ha itlhoekisoa mala ka mor’a ho ja ho joalo le hona e le bothata ba ho ja.
c E le hore ba se ke ba nona, batho ba bangata ba nang le bothata ba bonyollo ba ikoetlisa ka matla letsatsi le leng le le leng. Ba bang ba bona ba atleha ho theola boima ba ’mele hoo ka mor’a nako ba bang le bothata ba ho ipolaisa tlala, ’me ka mor’a moo ba ka ’na ba theputsa pakeng tsa bothata ba ho ipolaisa tlala le bonyollo.