Ho Thusa Batho ba Nang le Bothata ba ho Ja
MALAPA a limillione lefatšeng ka bophara a lokela ho mamella setho se seng se nang le bothata ba ho ja. Ho ja botlofa le ho hlatsa lijo ka boomo, ho itima lijo nako e telele, le ho ja ho sa laoleheng ho fetohile seoa libakeng tse ling.
Bothata bona ba ho ja haholo-holo ke ba basali. Bo ama batho ba batšehali ba lilemo tsohle, ba nyetsoeng le ba sa nyaloang. Bana le bacha, hammoho le basali ba hōlileng, ho akarelletsa le bo-nkhono, ba baloa har’a bahlaseluoa ba bothata bona.a
Haeba motho e mong eo u mo tsotellang a e-na le bothata ba ho ja, ha ho pelaelo hore u batla ho mo thusa. Empa ho bolella motho hore a khaotse ho ja botlofa le ho hlatsa lijo ka boomo ho joaloka ho bolella motho ea nang le lefu la pneumonia hore a khaotse ho hohlola. Pele u ka thusa motho ea nang le bothata ba ho ja, u tlameha ho khetholla le ho lebisa tlhokomelo litšitisong tse tebileng tsa maikutlo tseo hangata e leng motso oa bothata. Kahoo tsebo—eseng boikemisetso bo botle feela—ke ea bohlokoa. Ka linako tse ling sesosa sa bothata bona ke ho hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali nakong e fetileng. Haeba ho joalo, hangata mohlaseluoa eo o tla hloka thuso e khethehileng ea moeletsi ea nang le tsebo.b
Sebetsana le Bothata
Hase ka mehla ho leng bonolo ho hlokomela hore ngoana oa hao, molekane kapa motsoalle o na le bothata ba ho ja. Hona ho bakoa ke hore batho ba nang le bothata bona ba ka ’na ba pata mokhoa oa bona. (Bona lebokose.) Leha ho le joalo, bothata ba ho ja bo ke ke ba itlosa. Haeba u ka buisana le mohlaseluoa ’me a fuoa thuso, o na le menyetla e molemonyana ea ho fola.
Leha ho le joalo, pele u ka buisana le mohlaseluoa eo u mo belaellang, lokisetsa ka hloko seo u tla se bua le nako e molemohali ea ho se bua. E lokela ho ba nakong eo u khutsitseng ka eona ’me ho ke ke ha e-ba le litšitiso. Katamelo e fosahetseng—e joaloka ho etsa litšoso tse fetelletseng—e tla sitisa puisano esita le ho mpefatsa lintho.
Ha u buisana le motho eo u belaellang hore o na le bothata ba ho ja, u se ke ua mo ahlola, empa u tobe taba. Ka mohlala, u ka ’na ua re, ‘U theotse boima ba ’mele haholo. Liaparo tsa hao li bonahala li le khōlō ho u feta. Na ho na le lebaka?’ Kapa, ‘Ke utloile u hlatsa ka kamoreng ea ho itlhatsoetsa. Kea tseba hore sena se hlabisa lihlong empa ke batla ho u thusa. Na re ka phetlelana lifuba?’ Esita leha motho a arabela ka bohale le ka ho latola, katamelo e khutsitseng e ka mo susumelletsa hore a buisane le uena ka bothata bona. (Liproverbia 16:21) Ho finyella puisano e bulehileng ke sepheo sa sebele bakeng sa puisano ea lōna ka lekhetlo la pele.
Hangata bothata ba ho ja bo ba teng ha litho tsa lelapa li amehile ka boholo ba ’mele ka ho fetelletseng leha bana ba rorisoa ka ponahalo ea bona kapa lintho tseo ba li finyelletseng. Kahoo, lelapeng leo setho se seng se nang le bothata ba ho ja, litho tse ling li ka ’na tsa tlameha ho hlahlobisisa boikutlo ba tsona le lintho tsa bohlokoa tse tlang pele bophelong. Tharollo ea bothata ba mohlaseluoa e ka ’na ea hloka hore litho tsa lelapa li etse liphetoho. Ka sebele, boiteko ba bona hangata ke le leng la mabaka a bohlokoa ka ho fetisisa a ka thusang mohlaseluoa hore a fole.
Qoba ho Hlōlisana ka Matla
Lelapeng le leng batsoali ba halefileng ba ile ba leka ho qobella ngoana ea itimang lijo hore a je, empa ngoanana eo o ile a hana ’me a ikutloa a thabile hore o ile a hlōla boiteko ba batsoali ba hae. Kahoo hopola hore u ke ke ua qobella motho e mong hore a je kapa a khaotse ho ja botlofa. Ha u leka ho qobella mohlaseluoa haholoanyane, ntoa e ka ba e thata le ho feta.
Joe, eo morali oa hae Lee, a ileng a batla a e-shoa ka baka la ho itima lijo, oa lumela: “Lintho li ne li mpefala nako e ’ngoe le e ’ngoe ha ke bua ka taba ea ho ja. Ke ile ka tlameha ho khaotsa ho bua ka taba ea lijo ka ho felletseng.” Mosali oa hae Ann, o hlalosa se ileng sa thusa morali oa bona: “Re ile ra mo thusa hore a ikutloe hore a ka khona ho laola bophelo ba hae ka ntle le ho retelehela maemong a fetelletseng hakaalo. Sena se pholositse bophelo ba hae.” Ka bohlale, khaotsa ho bua ka taba eohle ea lijo. Thusa mohlaseluoa hore a bone hore haeba a e-ja, u etsa joalo molemong oa hae eseng bakeng sa hao.
Ho mo Thusa Hore a Itšepe
Batho ba bangata ba nang le bothata ba ho ja ke ba ratang ho etsa lintho ka tsela e phethahetseng. Ba bangata ba bile le phihlelo e fokolang ea ho hlōloa ke ho etsa lintho. Batsoali ba bona—ka boikemisetso bo botle—ka linako tse ling ba ile ba tlatsetsa bothateng bona. Joang? Ka ho ba sireletsa ka ho fetelletseng, ba leka ho ba sireletsa kotsing efe kapa efe.
Kahoo ho hlokahala hore motsoali a thuse ngoana oa hae ho elelloa hore liphoso tsa hae ke karolo ea bophelo ’me hase tsona tse lekanyetsang boikutlo ba hae ba ho itšepa. Liproverbia 24:16 e re: “Hobane ea lokileng, leha a ka oa hasupa, o tla boela a tsohe.” Ngoana a ke ke a utloisoa bohloko ka ho fetelletseng ke kotsi haeba a rutoa hore ho hlōloa ke lintho ho tloaelehile, ke ha nakoana, ’me ho ka hlōloa.
Motsoali o boetse o tlameha ho amohela le ho ananela botho bo khethehileng ba ngoana e mong le e mong. Le hoja motsoali oa Mokreste a leka ka matla ho koetlisa ngoana oa hae “ka mohopolo o tataisoang ke Jehova” o sa ntse a lokela ho lumella ngoana oa hae hore e be motho ea ikemetseng. (Ba-Efese 6:4, NW) U se ke ua leka ho etsa hore ngoana oa hao a itšoare ka tsela eo u e nahanang. Hore ngoana a tsebe ho hlōla bothata ba ho ja o tlameha ho ikutloa hore u hlompha botho ba hae bo khethehileng le ho ananela.
Hlaolela Puisano e Bulehileng
Malapeng a mangata moo ngoana kapa molekane oa lenyalo a nang le bothata ba ho ja ho na le puisano e fokolang. Hangata batho ba nang le bothata bona ba hlōleha ho hlahisa maikutlo a bona a sebele haeba a fapana le a motsoali kapa a molekane oa lenyalo. Sena se etsahala haholo-holo lelapeng leo ho nang le molao, o reng ‘Haeba ho se ntho eo u ka e buang, ho molemo hore u thole.’ Kahoo mohlaseluoa o retelehela lijong hore a se hopole ho ferekana maikutlong.
Ka mohlala, Matthew o ne a hlōleha ho thusa mosali oa hae ho hlōla mokhoa oa hae oa ho ja ka ho sa laoleheng. O ile a tletleba: “Nako e ’ngoe le e ’ngoe ha a khopehile o ne a lla ebe o il’o ja. Ha ho mohla . . . a mpolellang se mo khathatsang.” Moeletsi o ile a fana ka tlhahiso ea hore beke e ’ngoe le e ’ngoe, ba behelle nako e ka etsang hora ka thōko bakeng sa ho buisana le hore e mong le e mong a hlahise maikutlo a hae ka ntle le hore e mong a mo kene hanong. Matthew o ile a re: “Ke ile ka fahloloha. Ke ne ke sa tsebe hore Monica o ne a sa thabisoe ke lintho tse ngata hakana le hore ke ne ke e-na le tšekamelo ea ho itokafatsa. Ke ne ke nahana hore ke semameli se setle empa ho ne ho se joalo.”
Kahoo, hore u thuse molekane oa hao kapa ngoana oa hao, ikemisetse ho mamela maikutlo a hae a sa tšoaneng le a hao le ho se khotsofale ha hae. Ho latela Mangolo, ho mamela “ha mofutsana a lla” ho loketse. (Liproverbia 21:13, BPN) Joe le Ann ba ile ba tlameha ho ithuta thuto ena.
Mabapi le morali oa hae ea neng a itima lijo, Joe oa lumela: “Ke ile ka tlameha ho khaotsa ho potlakela ho etsa liqeto le ho teneha ha Lee a ne a e-na le pono e fapaneng.” Mosali oa hae Ann, o itse: “Mamela seo ngoana a batlang ho se bua. U se ke ua leka ho ’molella seo a lokelang ho se bua. Mamela kamoo a hlileng a ikutloang ka teng ka lintho.”
Ann o ile a etsa mohlala oa taba ena: “Nakong e fetileng, ha Lee a ne a tletleba ka hore motho e mong o mo utloisitse bohloko, ke ne ke ’molella hore motho eo o ne a hlile a sa ikemisetsa ho etsa joalo. Empa o ne a khopeha le ho feta. Hona joale ha a tletleba ke re ho eena: ‘Kea tseba hore seo se tlamehile ho u utloisa bohloko. Ke bona lebaka leo ka lona se neng se ka etsa hore a utloe bohloko.’ Ke leka ho bontša kutloelo-bohloko ho e-na le ho fetola pono ea hae hona hoo.” Kahoo mamela e le kannete, ’me u se ke ua nahana hore u se u tseba boikemisetso ba motho e mong kapa boikutlo ba hae.
Ha ho e-na le puisano e bulehileng, motho a ka fumana matšeliso ha a utloile bohloko ’me ha a ikutloe a qobelloa ho retelehela mekhoeng e sa lokang ea ho ja. Dawn o hlalositse lebaka leo ka lona a sa kang a khutlela mokhoeng oa hae oa ho ja ka ho sa laoleheng le ho hlatsa ka boomo: “Ha ke khopehile, ka mehla ke tseba ho buisana le monna oa ka hobane oa utloisisa ’me oa ntšelisa.”
Bontša Lerato la Boitelo
Ntate ea utloileng bohloko eo morali oa hae ea itimang lijo a ileng a bolaoa ke lefu la pelo o ile a fana ka keletso ena: “Rata bana ba hao ho feta kamoo u nahanang hore ho lekane.” E, bontša lerato la hao ka liketso. Thusa ngoana oa hao le molekane oa hao ho utloisisa hore lerato la hao ho bona ha lea itšetleha ka ponahalo ea bona kapa seo ba se finyelletseng. Empa ho rata motho ea nang le bothata bo tebileng ba ho ja ha ho bonolo. Ke ka baka leo senotlolo e leng lerato le nang le boitelo, leo Bibele e le hlalosang e le le mosa, le mamellang le le tšoarelang. Ke ho ikemisetsa ho etelletsa lithahasello tsa motho e mong ka pele ho tsa hao.—1 Ba-Korinthe 13:4-8.
Ha banyalani ba bang ba elelloa hore morali oa bona o ne a e-ja botlofa le ho hlatsa lijo ka boomo, ba ne ba sa tsebe seo ba lokelang ho se etsa. Ntate o ile a hlokomela: “Ke ile ka ikutloa hore haeba u sa kholiseha ka seo u tlamehang ho se etsa, etsa ntho e mosa. Ke ile ka hlokomela hore ke pabala ea ngoanana e nang le bothata bo tebileng ba botho. Ntho e mosa e ne e le ho mo fa kholiseho le tšehetso ea maikutlo.”
O ile a botsa morali oa hae: “Na u ka khathatseha ha ’na le ’mè oa hao re ka u botsa ka mehla kamoo u sebetsanang le bothata ba hao ka teng?” O ile a bontša kananelo ka tlhokomelo ena e mosa ’me nako le nako batsoali ba ne ba ’motsa.
Ntate oa hae o hlalositse: “Ho ne ho e-na le linako tse ling tseo a neng a khona ho qeta matsatsi a ’maloa ’me le libeke kapa esita le likhoeli pele a ka khutlela mokhoeng oa hae hape. Empa ha a lumela hore o ile a inehela mokhoeng oo hape, re ile ra leka ho mo khothatsa le hore re se ke ra bonahala re soabile.” ’Mè o ile a phaella: “Re ile ra bua haholo. Ke ile ka ’molella hore ho totobetse hore o ne a etsa tsoelo-pele. Ke itse: ‘U mpe u se ke ua tela. U ile ua qeta libeke tse peli lekhetlong lena. E re re bone hore na u tla qeta nako e kae ha joale.’”
Ntate o ile a hlokomela: “Le leng la mabaka ao ka ’ona re ileng ra hlōleha ho hlokomela mekhoa e mebe ea ho ja ea morali oa rōna ke hore ke ka seoelo re neng re e-ja lijo tsa mantsiboea hammoho. Kahoo ke ile ka fetola kemiso ea ka ea mosebetsi hore ke be lapeng le lelapa bakeng sa lijo tsa mantsiboea.” Ho etsa tokisetso eo ea ho ja hammoho le ho fana ka tlhokomelo e mosa le e lerato ho ile ha thusa morali oa bona hore a fole ka ho felletseng.
Ha le ntse le etsa sohle se molemohali molemong oa mohlaseluoa, ke habohlokoa ho fana ka taeo e hlokahalang, eo e leng pontšo ea lerato. (Liproverbia 13:24) U se ke ua sireletsa mohlaseluoa liphellong tsa liketso tsa hae. Ho etsa hore a sebelise chelete ea hae ho reka lijo tseo a li hlatsitseng, kapa ho etsa hore a hloekise moo a neng a hlatsetsa teng ka boomo ka kamoreng ea ho itlhatsoetsa ho ka mo ruta hore oa ikarabella bakeng sa boitšoaro ba hae. Ka ho phehella hore a phele tumellanong le melao ea lelapa e se nang litaelo tse thata, u ’montša hore u na le tšepo ea hore a ka khona ho laola bophelo ba hae ka nepo. Sena se ka matlafatsa boikutlo ba ho itšepa boo hangata bo leng sieo har’a batho ba nang le bothata ba ho ja.
Ka baka la ho ferekana maikutlong, mohlaseluoa a ka ’na a bua ka bohale. Haeba a etsa joalo, tsitlallela ho talima sesosa sa bothata. Leka ho fumana le ho sebetsana le sesosa sa “bohloko.” (Jobo 6:2, 3) Ena e bile phephetso e khethehileng ho Joe le Ann ha morali oa bona ea itimang lijo a ba hlaha ’me a bua mantsoe a hlabang.
Ann o itse: “Re ile ra tsoela pele ho ’montša lerato ho e-na le ho mo lahlela seterateng.” Monna oa hae o ile a phaella: “Re ile ra tsoela pele ho ’matlela thuso le ho ’molella kamoo re mo tsotellang ka teng.” Phello e bile efe? Qetellong o ile a elelloa hore batsoali ba hae ba mo rata haholo, ’me o ile a qala ho buisana le bona.
Haeba mohlaseluoa e le ngoana, khatello e bang holim’a batsoali, haholo-holo ’mè ke e matla. Kahoo banna ba tlameha ho neha basali ba bona tšehetso ea bohlokoa maikutlong. U se ke ua senya lenyalo la hao ka lebaka la bohloko ba ngoana oa hao. Lumela mefokolo ea hao.
Maemong a mang u ka batla thuso ka ntle ho lelapa. Hlahloba mabaka ’ohle a amehang ’me u lekanyetse mofuta oa thuso o tla ba molemohali. Ho tla hlokahala botsitso haeba mohlaseluoa a sa e rate. Mo tsebise hore u tla nka khato ea ho pholosa bophelo ba hae haeba ho hlokahala empa qoba ho bua lintho tseo u ke keng ua li phethahatsa.
Ho tla ba le linako tseo u ikutloang u fokola ka tsona ’me le boemo bo bonahala bo hloka tharollo, empa le ka mohla u se lebale ho beha mathata a joalo ka thapelo ka pel’a Molimo oa lerato. O ka thusa! Joe oa lumela: “Re ile ra elelloa hore e ne e le bothata bo ka holimo ho matla a rōna hore re ka sebetsana le bona. Taba e ka sehloohong eo re ileng ra ithuta eona ke ho beha tšepo ea rōna e felletseng ho Jehova Molimo. Ha ho mohla a ileng a re soetsa.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Who Develop Eating Disorders?” tokollong ea Awake! ea rōna ea December 22, 1990.
b Bona sehlooho “Ho Thusa ba Hlokofalitsoeng ke ho Robala le Beng ka Bona” tokollong ea makasine oa rōna oa Molula-Qhooa oa April 1, 1984.
[Lebokose le leqepheng la 13]
MATŠOAO A MANG A BOTHATA BA HO JA
◼ Ho ja ho lekanyelitsoeng ho kang ho itima lijo ho matla ka nako e telele
◼ Ho theoha ha boima ba ’mele ka ho fetelletseng kapa ho feto-fetoha ha boima ba ’mele
◼ Mekhoa e sa tloaelehang ea ho ja e kang ho khabela lijo likotoana tse nyenyane
◼ Tšabo e matla ea ho nona ho sa tsotellehe boima bo tlaase ba ’mele
◼ Ho tšoareha le ho bua ka lijo le/kapa boima ba ’mele, hangata ho tsamaisana le ho itlhakisa ka matla
◼ Ho khaotsa ho ilela khoeli ka nakoana
◼ Ho ikhula ho batho ba bang, matšoao a ho rata ho ba mong, haholo-holo ho qeta nako e telele ka kamoreng ea ho itlhatsoetsa
◼ Ho fetoha ha maikutlo, joaloka ho tepella maikutlong kapa ho teneha
◼ Ho ja haholo nakong ea khalefo, ea ho tšoha kapa ea ho thaba haholo
◼ Tšebeliso e mpe ea lipilisi tse bolaeang takatso ea lijo kapa lipilisi tsa mala
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ho mamela ho bontšang kutloelo-bohloko ke habohlokoa