Bothata ba ho Ja—Ke Eng se ka Thusang?
HAEBA morali oa hao a e-na le bothata ba ho ja, o lokela ho thusoa. U se ke ua liehela taba ka tšepo ea hore bothata bo tla iphelisa ka bobona. Bothata ba ho ja ke boloetse bo rarahaneng, bo amang ’mele le maikutlo.
Ke ’nete hore litsebi li hlahisitse mefuta e mengata e ferekanyang ea liphekolo tsa mathata a ho ja. Tse ling li buella tšebeliso ea meriana. Tse ling li khothalletsa tharollo ea mathata a kelello. Tse ngata li bolela hore ho kopanngoa ha tsona li le peli ho molemo ka ho fetisisa. Li boetse li buella hore lelapa le fuoe tlhokomeliso, e leng seo tse ling li bolelang hore ke ha bohlokoa haholo-holo haeba motho ea nang le bothata a ntse a lula ka lapeng.a
Le hoja litsebi li ka ’na tsa fapana ka mekhoa ea ho sebetsana le boemo, bonyane tse ngata lia lumellana ntlheng e le ’ngoe: Mathata a ho ja ha a amane le lijo feela. A re hlahlobeng tse ling tsa lintho tse tebileng tseo hangata li lokelang ho fuoa tlhokomelo ha ho thusoa motho ea nang le bothata ba ho ipolaisa tlala kapa ba bonyollo hore a hlaphoheloe.
Pono e Leka-lekaneng ka Ponahalo ea ’Mele
Mosali e mong o re: “Ke ile ka khaotsa ho reka limakasine tsa feshene ha ke le lilemo tse ka bang 24. Ho ipapisa le limotlelara ho ne ho e-na le tšusumetso e matla haholo le e mpe ho ’na.” Joalokaha ho se ho bontšitsoe, mecha ea phatlalatso e ka khopamisa boikutlo ba ngoanana ka botle. Ha e le hantle, ’mè oa ngoanana e mong ea nang le bothata ba ho ja o bua ka “phatlalatso e sa khaotseng ea likoranta le limakasine tsa rōna le ea thelevishene e buellang ho ba mosesaane, ho ba mosesaane, ho ba mosesaane.” O re: “’Na le morali’aka re rata ho ba basesaane, empa re nahana hore ho lula re amehile ka bosesaane ho etsa hore ebe bona bo ka sehloohong bophelong rōna, bo tlang pele ho lintho tse ling tsohle.” Ho hlakile hore e le hore motho a hlaphoheloe bothateng ba ho ja ho ka ’na ha hlokahala hore a be le tumelo e ncha mabapi le se bōpang botle ba sebele.
Bibele e ka thusa ntlheng ena. Moapostola oa Mokreste Petrose o ile a ngola: “Le se ke la lumella mokhabo oa lōna hore e be oa ho lohuoa ha moriri ha ka ntle le oa ho roala mekhabiso ea khauta kapa ho apara liaparo tsa ka ntle, empa a e be motho ea ka sephiring oa pelo ka seaparo se ke keng sa bola sa moea o thōtseng le o bonolo, oo e leng oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo.”—1 Petrose 3:3, 4.
Petrose o bolela hore re lokela ho ameha haholo ka litšoaneleho tsa ka hare ho feta sebōpeho sa ka ntle. Ha e le hantle, Bibele ea re tiisetsa: “Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.” (1 Samuele 16:7) Sena sea khothatsa, kaha le hoja re ke ke ra fetola litšobotsi tse itseng tsa ’mele ea rōna, ka linako tsohle re ka ntlafatsa botho ba rōna.—Baefese 4:22-24.
Kaha bothata ba ho ja bo ka mpefatsoa ke ha motho a le boemong bo etsang hore a ikhalale, mohlomong ho hlokahala hore u boele u inke u le motho oa bohlokoa. Ke ’nete hore Bibele e re bolella hore re se ke ra inahana borōna haholo ho feta kamoo ho hlokahalang kateng. (Baroma 12:3) Leha ho le joalo, e boetse e re bolella hore esita le serobele se le seng ke sa bohlokoa mahlong a Molimo, ’me ea phaella: “Le ba bohlokoa haholoanyane ho feta lirobele tse ngata.” (Luka 12:6, 7) Kahoo, Bibele e ka u thusa ho hlaolela boitlhompho bo tla etsa hore u thabele bophelo. Ananela ’mele oa hao, ’me u tla o hlokomela.—Bapisa le Baefese 5:29.
Empa ho thoe’ng haeba u hlile u tlameha ho theola boima ba ’mele? Mohlomong lijo tse hahang ’mele le lenaneo le loketseng la boikoetliso li ka thusa. Bibele e re “koetliso ea ’mele e na le molemo” esita le hoja e le o lekanyelitsoeng. (1 Timothea 4:8) Empa le ka mohla u se ke ua ameha ka ho feteletseng ka boima ba hao ba ’mele. Phuputsong e entsoeng ka ponahalo ea ’mele ho fihletsoe qeto ea hore “mohlomong tsela e molemo ka ho fetisisa ke ho ikoetlisa haholo—le ho ikamohela ka tsela eo u leng ka eona ho e-na le ho leka ho itšoantša le limotlelara tseo botle ba tsona bo hlalosoang ka tsela e sa qaqang le e leeme.” Mosali e mong ea lilemo li 33 oa United States o ile a fumana hore tsela ena e molemo. O re: “Ke na le molao o le mong feela o bonolo. Sebeletsa ho ntlafatsa seo ka ho utloahalang u ka se ntlafatsang, ’me u se ke ua qeta nako u tšoenyehile ka tse ling.”
Haeba u e-na le pono e nepahetseng ka bophelo ’me u boetse u ja lijo tse hahang ’mele ’me u e-na le lenaneo le loketseng la boikoetliso, mohlomong lik’hilograma tseo u lokelang ho li fokotsa li tla fokotseha.
Ho Fumana “Motsoalle oa ’Nete”
Ka mor’a ho hlahloba batho ba ’maloa ba nang le bothata ba bonyollo, Moprofesa James Pennebaker o ile a etsa qeto ea hore ho isa bohōleng bo itseng, taba ea bona ea ho lula ba e-ja ’me ba hloekisa mala ha ba qeta ho ja e qobeletse basali bana ho phela bophelo bo habeli. O re: “Hoo e ka bang e mong le e mong eo ho ileng ha buisanoa le eena o ile a hlokomela bongata ba nako le boiteko tse hlokahalang ho patela metsoalle le ba lelapa mekhoa ea hae ea ho ja. Kaofela ha bona ba ne ba phelela leshano ’me ba ho hloile.”
Ka hona, bohato ba pele bo boholo ba ho hlaphoheloa, ke ho bua. Batho ba nang le bothata ba ho ipolaisa tlala le ba bonyollo ba lokela ho bua ka bothata ba bona. Ho mang? Maele a Bibele a re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liproverbia 17:17, NW) “Motsoalle oa ’nete” e ka ba motsoali kapa motho e mong e moholo ea hōlileng tsebong. Ba bang ba boetse ba fumane ho hlokahala hore ba tšollele pelo ea bona ho motho e mong ea nang le phihlelo ea phekolo ea bothata ba ho ja.
Lipaki tsa Jehova li na le mohloli o mong hape—baholo ba phutheho. Banna bana ba ka ba joaloka “tšireletso ha moea o foka, joalo ka lehaha ha sefefo se e-tla, joalo ka molatsoana oa metsi naheng e omileng, le joalo ka moriti oa lefika le phahameng naheng e nyoriloeng.” (Esaia 32:2) Ke ’nete hore baholo hase lingaka, kahoo ho phaella keletsong ea bona e molemo, u ka ’na ua hloka phekolo ea meriana. Leha ho le joalo, banna bana ba nang le litšoaneleho tsa moea e ka ba tšehetso e babatsehang ho u thusa hore u hlaphoheloe.b—Jakobo 5:14, 15.
Leha ho le joalo, ’Mōpi oa hao ke eena ea ka sehloohong eo u ka mo bolellang makunutu a hao. Mopesaleme o ile a ngola: “Jarisa Jehova phahlo tsa hao, ’me o tla u tšehetsa; a ke ke a lumela hore ea lokileng a ’ne a sisinngoe.” (Pesaleme ea 55:22) E, Jehova Molimo o tsotella bana ba hae ba lefatšeng. Kahoo, le ka mohla u se ke ua hlokomoloha ho mo rapela ka lintho tse tebileng tse u tšoenyang. Petrose oa re eletsa: ‘Le lahlele matšoenyeho ’ohle a lōna ho eena, hobane oa le tsotella.’—1 Petrose 5:7.
Ha ho Kena Sepetlele ho Hlokahala
Ho kena sepetlele ka bohona hase pheko. Leha ho le joalo, haeba ngoanana a haelloa ke phepo ka lebaka la bothata bo tebileng ba ho ipolaisa tlala, ho ka ’na ha hlokahala hore a fuoe tlhokomelo e khethehileng. Ka ho utloahalang, hase khato e bonolo hore motsoali a e nke. Nahana ka Emily, eo morali oa hae a ileng a tlameha ho kenngoa sepetlele ka mor’a hore bophelo e be bo “sa mamelleheng ho eena le ho rōna,” kamoo Emily a behang taba kateng. Oa phaella: “Ho mo kenya sepetlele le ho mo siea a lla e ne e le ntho e thata ka ho fetisisa eo nkileng ka feta ho eona, e bile letsatsi le mahlonoko ka ho fetisisa leo nkileng ka ba le lona.” E bile boemo bo tšoanang le ka Elaine, eo le eena a ileng a tlameha ho kenya morali oa hae sepetlele. O re: “Ke hopola eka motsotso o mahlonoko ka ho fetisisa oo nkileng ka ba le oona ke ha a ne a le sepetlele ’me a hana ho ja ’me kahoo ba tlameha ho mo fepa ka methapo. Ke ne ke bona eka ba mo sitisa ho sebelisa matla a hae a boikhethelo.”
Ho kenngoa sepetlele e ka ’na ea se ke ea e-ba khopolo e monate, empa mabakeng a mang ho ka ’na ha hlokahala. Ho ba ’maloa ba nang le bothata ba ho ja, ho betla tsela ea hore ba hlaphoheloe. Emily o re ka morali oa hae: “O ne a tlamehile ho kena sepetlele. Ke ho kena sepetlele ho ileng ha mo thusa hore a qale ho hlaphoheloa.”
Ho Phela Kantle ho Bothata ba ho Ja
E le karolo ea ho hlaphoheloa, batho ba nang le bothata ba ho ipolaisa tlala kapa ba bonyollo ba lokela ho ithuta ho phela kantle ho bothata ba ho ja. Sena se ka ba thata. Ka mohlala, Kim o hakanya hore nakong eo a neng a ipolaisa tlala, o ile a lahleheloa ke lik’hilograma tse 18 ka likhoeli tse leshome. Empa hore a boele a fumane lik’hilograma tse 16 ho tseo tse lahlehileng ho ile ha mo nka lilemo tse robong! Kim o re: “Ka boikitlaetso bo matla, ke ile ka boela ka ithuta butle-butle ho ja ka tsela e tloaelehileng, ho ja ke sa bale k’halori [k’hilojule] e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e jang, ke sa lekanyetse lijo tseo ke li jang, ke sa je lijo ‘tse sireletsehileng’ feela, ho ja ke sa tšoha haeba ke sa tsebe metsoako ea sejo se phehiloeng kapa se tsoekere seo ke se jang, kapa ho ja feela lireschorenteng tse rekisang le lisalate.”
Empa ho hlaphoheloa ha Kim ho ne ho akarelletsa ho hong hape. O re: “Ke ile ka ithuta ho hlokomela le ho hlalosa maikutlo a ka ka mantsoe e seng ka liketso kapa mokhoa oa ho ja. Ho lemoha litsela tse ncha tsa ho tobana le ho rarolla likhohlano le ba bang ho ile ha bula monyetla oa ho ba le botsoalle bo haufi le metsoalle le ba lelapa.”
Ka ho hlakileng, ho hlaphoheloa bothateng ba ho ja ke phephetso, empa qetellong ho tšoanela boiteko bo entsoeng. Ke sona seo Jean, ea qotsitsoeng sehloohong se qalang letotong lena, a se lumelang. O re: “Ha motho a boela a ja ka tsela e hlokang taolo, ho ne ho tla tšoana le ho khutlela ka seleng e etselitsoeng batho ba mafu a kelello ka mor’a ho phela ka bolokolohi ka nakoana.”
Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa u ka rata hore motho e mong a u etele ho tla u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tsoha! ha e buelle phekolo e itseng ka ho khetheha. Bakreste ba lokela ho iketsetsa qeto, ba kholisehile hore phekolo leha e le efe eo ba e khethang ha e khahlanong le melao-motheo ea Bibele. Ba bang ha baa lokela ho nyatsa-nyatsa kapa ho ahlola liqetong tse joalo.
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le ho thusa ba nang le bothata ba ho ipolaisa tlala le ba bonyollo, bona sehlooho se reng “Ho Thusa Batho ba Nang le Bothata ba ho Ja,” tokollong ea Tsoha! ea March 8, 1992 le letoto le tlas’a sehlooho se reng “Bothata ba ho Ja—Ke’ng se ka Etsoang?” tokollong (ea Senyesemane) ea December 22, 1990.
[Lebokose le leqepheng la 31]
Ho Rala Motheo oa ho Hlaphoheloa
KE’NG seo u lokelang ho se etsa haeba u belaella hore morali oa hao o na le bothata ba ho ja? Ka ho hlakileng u ke ke ua hlokomoloha boemo boo. Empa u phunya seso joang ka taba eo? Sengoli Michael Riera o re: “Ka linako tse ling ho mo botsa ka ho toba hoa sebetsa, empa hangata ho fella ka boikutlo ba ho tsielehisoa ke ho hloka ha hae meeli.”
Ka lebaka lena, katamelo e bonolo e ka ’na ea ipaka e atleha haholoanyane. Riera o buella hore “ha u buisana le morali oa hao, o lokela ho utloisisa le ho hlokomela hore ha u mo qose ka hore o entse phoso e itseng. Haeba u ka finyella sena, bacha ba bangata ba tla u bolella ’nete, ’me ka tsela e itseng ba ikutloe ba thusehile. Batsoali ba bang ba ’nile ba atleha ka lebaka la ho ngolla bacha ba bona mangolo a ba bolellang hore ba amehile ka bona le hore baa ba tšehetsa. Joale, ha ba buisana le bona, motheo o se o raliloe.”
[Lebokose le leqepheng la 32]
Phephetso ho Batsoali
HO BA le ngoana ea nang le bothata ba ho ja ho hlahisetsa batsoali liphephetso tse ’maloa. Ntate e mong o re: “U tlameha ho ba matla le ho ba le boikemisetso. U bona ngoana oa hao a timella ka pel’a mahlo a hao.”
Haeba u e-na le ngoana ea nang le bothata ba ho ja, ke ho utloahalang ho lebella hore ka linako tse ling u tla ikutloa u ferekantsoe ke manganga a hae. Empa e-ba le mamello. Le ka mohla u se ke ua khaotsa ho mo bontša lerato. Emily, eo morali oa hae a neng a e-na le bothata ba ho ipolaisa tlala, oa lumela hore sena hase kamehla se leng bonolo. Leha ho le joalo, o re: “Kamehla ke ne ke leka ho mo ama; ke leka ho mo haka; ke leka ho mo aka. . . . Ke ile ka nahana hore haeba nka khaotsa ho mo bontša boikutlo bo mofuthu le ho mo bontša lerato, ho ne ho se mohla re tla fumana tsela ea ho boelana.”
Tsela e ’ngoe e molemo ka ho fetisisa ea ho thusa ngoana oa hao ho hlaphoheloa bothateng ba ho ja ke ho buisana le eena. Ha u buisana le eena, mohlomong u tla lokela ho mamela ho fapana le ho bua haholo. ’Me u hanele tšekamelo ea ho mo kena hanong ka lipolelo tse kang “Seo hase ’nete” kapa, “Ha ua lokela ho ikutloa ka tsela eo.” Ka sebele, u se ke ua ‘thiba tsebe ea hao hore e se ke ea utloa mohoo o belaelang oa ea tlaase.’ (Liproverbia 21:13, NW) Ha ho e-na le puisano e bulehileng, mocha o tla ba le moo a ka retelehelang teng nakong ea tsieleho ’me mohlomong hoo ho ka fokotsa monyetla oa hore a sebelise mekhoa ena ea ho ja e kotsi bophelong.
[Litšoantšo tse leqepheng la 30]
Ho hloka mamello, kutloisiso le lerato le matla ho thusa batho ba nang le bothata ba ho ja