Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/06 maq. 18-21
  • Na ke na le Bothata ba ho Ja?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke na le Bothata ba ho Ja?
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kakaretso
  • Na U ka Iphumana U le Boemong Boo?
  • Nka Khato Hona Joale!
  • Ke Hobane’ng ha ke Tšoenyeha ka Boima ba Ka ba ’Mele?
    Tsoha!—1999
  • Bothata ba ho Ipolaisa Tlala le ba Bonyollo—Linnete le Likotsi Tsa Bona
    Tsoha!—1999
  • Ho Thusa Batho ba Nang le Bothata ba ho Ja
    Tsoha!—1992
  • Bothata ba ho Ja—Ke Eng se ka Thusang?
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 10/06 maq. 18-21

Bacha Baa Botsa . . .

Na ke na le Bothata ba ho Ja?

“Ka linako tse ling ha ke lula fatše ke e-ja, ke kenoa ke letsoalo ebe ke qala ho thothomela. Ke tšaba hore ke tla nona. Se lumang ka kelellong ea ka ke hore ke lokela ho theola boima ba ’mele ka lik’hilograma tse ling tse peli.’”—Melissa.a

“Ke batla ho boheha, ’me ke tšaba ho nona. Empa ha ke batle hore batho ba tsebe hore kea itlhatsisa ha ke qeta ho ja. Ho hlabisa lihlong.”—Amber.

“Ke ipolella hore: ‘ . . . Tsatsing lena ke tlil’o ntlafatsa . . . ’ Ebe ha letsatsi le ntse le sekama ho fihla nako eo ke seng ke sitoa ho itšoara, ke ntan’o itlopa lijo. Ka mor’a moo ke ikutloa ke le molato ebe ke lakatsa ho shoa.”—Jennifer.

U BATLA ho boheha, ’me hoo ha ho phoso. U batla ho khothatsoa ha u tšoenyehile kapa u tepeletse maikutlo. Le hoo ha ho phoso. Empa haeba u tšoana le e mong oa banana ba qotsitsoeng mona, e ka ’na eaba u na le bothata. Haeba ho joalo, hase uena feela. Ha e le hantle, bacha ba limilione—haholo-holo banana—ba na le bothata ba ho ja.b

A re hlahlobisiseng bothata ba ho ipolaisa tlala, ba ho ja haholo ebe motho ha a qeta o ntša lijo tseo a li jeleng le ba ho itlopa lijo. Bo bong le bo bong ba mathata ana bo na le matšoao a bo khethollang, empa kaofela ha ’ona a tsamaisana le ho ikutloa ka tsela e sa tloaelehang ka lijo. Haeba u nahana hore u na le bo bong ba mathata a hlalositsoeng ka tlaase mona, tseba hore u ka thusoa. U ka ntlafatsa boemo ba hao!

Kakaretso

◼ HO IPOLAISA TLALA. Ho sa tsotellehe hore na o mosesanyane hakae, ngoanana ea nang le bothata ba ho ipolaisa tlala o ipona a le motenya ha a icheba ka seiponeng. E le hore a theole boima ba ’mele, o etsa lintho tse feteletseng. E mong ea bileng le bothata boo o re: “Ke ile ka lemalla ho bala hore na lijo tseo ke li jang li na le lik’halori tse kae. Ke ne ke rera esale pele hore na ke tla ja eng bekeng eo, ke tsamaea ke sa je lijo tse ling ke bile ke ikoetlisa ka matla neng le neng ha ke nahana hore ke jele lik’halori tse ngata haholo. Ke ne ke e-noa hoo e ka bang lipilisi tse tšeletseng ka letsatsi tse hlephisang mala.”

Ka mor’a nakoana, matšoao a ho ipolaisa tlala a qala ho bonahala. Letšoao le atisang ho hlahella ke ho theoha ha boima ba ’mele, empa motho ea nang le bothata a ka boetse a hlotheha moriri, a omella letlalo, a khathala a ba a fokolloa ke masapo. A se hlole a ea matsatsing hantle kapa a tlōloa ke likhoeli tse ’maloa ka ho latellana.

Matšoao ana a ka ’na a utloahala eka ha a kotsi, empa tseba hore—Ho Ipolaisa Tlala ho kotsi. Phuputso e ’ngoe e fumane hore ho batho ba lekholo ba nang le bothata boo, ba ka bang leshome ba qetella ba shoele, hangata ka lebaka la ho se sebetsa ha setho se itseng kapa ka lebaka la mathata a mang a tsamaisanang le ho haelloa ke phepo e nepahetseng.

◼ HO JA HAHOLO EBE MOTHO O NTŠA LIJO TSEO A LI JELENG. Ho e-na le hore a ipolaise tlala, ngoanana ea nang le bothata ba ho ja haholo ebe ha a qeta o ntša lijo tseo a li jeleng o itlopa lijo, a ka ja lik’halori tse ka bang 15 000 ka lihora tse peli feela! Ka mor’a moo o ntša lijo tseo a li jeleng, hangata ka ho itlhatsisa kapa ka ho noa meriana e hlephisang mala kapa e tlhotlang metsi ’meleng e etsang hore motho a ntše metsi khafetsa.

Motho o atisa ho itlopa lijo lekunutung. Ngoanana e mong o re: “Ha ke ne ke fihla pele ho ba bang hae ha ke e-tsoa sekolong, ke ne ke atisa ho itlopa lijo. Ke ne ke le hlokolosi hore ke pate mohlala oa seo.” Empa ka mor’a ho itlopa lijo o ne a ikutloa a le molato. O re: “Ke ne ke apareloa ke masoabi, empa ke ne ke tseba hore ho bonolo ho phumola seo ke se entseng. Ke ne ke ea mokatong o ka holimo, ke fihle ke hlatse, ka mor’a moo ke ikutloe ke imolohile ke bile ke e-na le matla.”

Ho sa tsotellehe hore na ho ka ’na ha bonahala eka ho molemo hakae, ho ntša lijo ka maleng ho kotsi. Tšebeliso e mpe ea meriana e hlephisang mala e ka senya lera la mala ’me ea ruruisa mala kapa ea etsa hore a be le tšoaetso. Ho hlatsa khafetsa ho ka etsa hore motho a lahleheloe ke metsi ’meleng, ha bolisa meno, ha senya ’metso esita le ho emisa pelo.

◼ HO ITLOPA LIJO. Motho ea itlopang lijo o tšoana le ea jang haholo ebe o ntša lijo tseo a li jeleng, ka bobeli ba ja ka bonyollo. Phapang ke hore eena ha a ntše lijo tseo a li jeleng. Ka hona, motho ea itlopang lijo a ka ’na a ba motenya. Leha ho le joalo, ba bang ka mor’a ho itlopa lijo ba ipolaisa tlala kapa hona ho ikoetlisa ka matla. Ka linako tse ling ha motho a fokotsa boima ba ’mele ka tsela ena, ba lelapa le metsoalle ba ka ’na ba se ke ba hlokomela hore o na le bothata.

Ba nang le bothata ba ho itlopa lijo ba tšoana le ba nang le bothata ba ho ipolaisa tlala le ba nang le bothata ba ho ja haholo ebe ha ba qeta ba ntša lijo tseo ba li jeleng ka hore le bona ba talima lijo ka leihlo le fosahetseng. Ngoanana e mong ha a bua ka eena le ka ba bang ba nang le bothata, o re: “Lijo ke motsoalle oa rōna oa lekunutung—mohlomong ebile ke tsona feela motsoalle oa rōna.” E mong o re: “Nakong eo ke itlopang lijo, ho bonahala ho se letho le leng la bohlokoa. Ho bonahala lijo e le tsona feela tsa bohlokoa—lia ntšelisa—ebe ka mor’a ho itlopa lijo ke ikutloa ke le molato ke bile ke tepeletse maikutlo.”

Le haeba motho a sa ntše lijo tseo a li jeleng, ho itlopa lijo ho kotsi. Ho ka bakela motho lefu la tsoekere, khatello e phahameng ea mali, lefu la pelo le maloetse a mang a mangata. Hape ho ka bakela motho ho khathatseha kelellong.

Na U ka Iphumana U le Boemong Boo?

Ke ’nete hore batho ba bangata ba batlang ho theola boima ba ’mele kapa ho ikoetlisa hore ba phele hantle ha ba na bothata ba ho ja. Empa ka mor’a ho hlahloba boitsebiso bo ka holimo, u ka ’na ua ipotsa hore na ha u tseleng e lebisang teng na. Ipotse:

◼ Na tsela eo ke jang ka eona e ntlhabisa lihlong kapa hona ho ntšoabisa?

◼ Na ke patela ba bang tsela eo ke jang ka eona?

◼ Na lijo ke tsona tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba ka?

◼ Na ka letsatsi ke ea sekaleng ka makhetlo a fetang le le leng?

◼ Na ke ikemiselitse ho etsa lintho tse ka bang kotsi e le hore ke theole boima ba ’mele?

◼ Na nkile ka itlhatsisa, ka sebelisa meriana e hlephisang mala kapa e tlhotlang metsi ’meleng?

◼ Na tsela eo ke jang ka eona e ama lintho tse ling tseo ke li etsang bophelong? Ka mohlala, na ke khetha ho ba mong ho e-na le ho ba le ba bang e le hore ke tsebe ho itlopa lijo kapa ho ntša ka sekhukhu tseo ke li jeleng?

Haeba u araba lipotso tsena ka tsela e bontšang hore u na le bothata, ipotse:

◼ Na ke hlile ke thabela tsela eo ke phelang ka eona?

Ke’ng seo u ka se etsang ka taba ee?

Nka Khato Hona Joale!

Mohato oa pele ke hore u lumele hore u na le bothata. Danielle o re: “Ka mor’a ho nahana ka hona, ke ile ka hlokomela hore ke ikutloa ka tsela e tšoanang le eo banana ba ipolaisang tlala ba ikutloang ka eona le ho etsa lintho tseo ba li etsang. Ke ile ka tšoha ha ke hlokomela hore ke etsa sona seo ba se etsang.”

Mohato o latelang ke ho rapela Jehova ka bothata ba hao.c Mo kōpe hore a u fe temohisiso ea hore na ke eng e bakileng bothata e le hore u khone ho bo hlōla. U ka rapela joaloka Davida ea ileng a re: “Mpatlisise ka hohle, Molimo, ’me u tsebe pelo ea ka. Ntlhahlobe, ’me u tsebe menahano ea ka e ntlhokisang botsitso, u bone hore na ho na le tsela leha e le efe e bohloko ka ho ’na, u ntsamaise tseleng ea nako e sa lekanyetsoang.”—Pesaleme ea 139:23, 24.

Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua fumana hore u leqe ho ntlafatsa tsela eo u jang ka eona. E ka ’na eaba u se u e tloaetse hoo e kang ke temallo. Bona ke bothata bo bong boo u lokelang ho bo lebisa ho Jehova ka thapelo. Ke seo Danielle a ileng a tlameha ho se etsa. O re: “Qalong, ke ne ke hlile ke sa batle ho khaotsa. Kahoo ke ile ka tlameha ho rapella takatso ea hore ke ntlafatse.”

Mohato oa boraro, bua le motsoali kapa motho e moholo ea ka khonang ho u thusa. Batho ba baholo ba amehileng ka uena ha ba na ho u hlabisa lihlong. Ho e-na le hoo, ba tla leka ho etsisa Jehova, eo Bibele e reng ka eena: “Ha aa nyelisa kapa a nyonya mahloreho a ea hlorileng; ha aa mo patela sefahleho sa hae, o ile a utloa ha a hoeletsa ho kōpa thuso ho eena.”—Pesaleme ea 22:24.

Ke ’nete hore ha ho bonolo ho hlaphoheloa. Maemong a mang ho hlokahala thuso ea litsebi.d Ntho ea bohlokoa ke ho nka khato. Ke seo ngoanana e mong ea nang le bothata ba ho ja haholo ebe ha a qeta o ntša lijo tseo a li jeleng a ileng a rera ho se etsa. O re: “Ka letsatsi le leng ke ile ka qala ho hlokomela hore ha e le hantle ho ntša lijo tseo ke li jeleng ho laola bophelo ba ka. Empa ke ne ke sa tsebe hantle hore na ebe ke tla khona ho khaotsa seo. Qetellong, ke ile ka etsa ntho e thata ka ho fetisisa. Ke ile ka kōpa thuso.”

U ka etsa se tšoanang!

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

b Kaha boholo ba batho ba nang le bothata ba ho ja ke banana, re tla bua ka banana e le bona ba nang le bothata. Empa melao-motheo e mengata e tšohliloeng mona e tla sebetsa le ho bashanyana.

c Ha u sithabetse, u ka kholiseha hore Jehova oa u tsotella ka ho thuisa ka litemana tse kang: Exoda 3:7; Pesaleme ea 9:9; 34:18; 51:17; 55:22; Esaia 57:15; 2 Bakorinthe 4:7; Bafilipi 4:6, 7; 1 Petrose 5:7; 1 Johanne 5:14.

d Bakreste ba lokela ho netefatsa hore phekolo eo ba e nkang ha e khahlanong le melao-motheo ea Bibele.

SEO U KA NAHANANG KA SONA

◼ Na u nahana hore e ka ’na eaba u na le bothata ba ho ja? Haeba ho joalo, u ka kōpa mang hore a u thuse?

◼ U ka thusa motsoalle ea nang le bothata ba ho ja joang?

[Lebokose le leqepheng la 19]

“Ke nahana hore u na le bothata ...”

Haeba e mong oa lelapa kapa motsoalle a u bolella seo, loantša boikutlo ba ho ikemela. Nka hore motsoalle ea itseng oa bona hore mose oa hao o qala ho qhaqholoha ka morao. Na u ke ke ua ananela ha a ka u bolella seo pele u qhaqholoha kaofela? Bibele e re: “Ho na le motsoalle ea khomarelang haufi ho feta mor’abo motho.” (Liproverbia 18:24) Ha motho e mong a u atamela a amehile ka bothata bo itseng boo e ka ’nang eaba u na le bona, motho eo o ipaka ho ba motsoalle ea joalo!

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 19]

“Ke ne ke tlameha ho ba mosesanyane”

“Ke ile ka qala ke theola boima ba ’mele. Ka mor’a moo, ka ntša leino la haka, ’me ka sitoa ho ja. Seo se ile sa mpakela bothata ba ho ipolaisa tlala. Ke ne ke amehile ka ho feteletseng ka ponahalo ea ka. Ho ne ho se mohla ke leng mosesanyane ka ho lekaneng. Ke ne ke otile ka tsela e makatsang. Ke sohlokile ’mele oa ka habohloko! Hona joale manala a ka a hana ho hōla. Ke sentse tsela eo ’mele oa ka o lokelang ho sebetsa ka eona. Ke senyehetsoe ke mpa ka makhetlo a mane. Ke khaolitse ho ilela khoeli pele ho nako, ’me ’mele oa ka ha o sa khona ho hlahisa matla a lekaneng. Ke boetse ke na le bothata ba ho ruruha mala. Lintho tsena kaofela li bakiloe ke hore ke ne ke nahana hore ke tlameha ho ba mosesanyane.”—Nicole.

[Lebokose le leqepheng la 20]

Haeba motho a khutlela morao

U ka ’na ua hlōla bothata ba ho ja, empa ka mor’a libeke kapa esita le likhoeli oa khutlela ho bona. Ha sena se etsahala, u se ke ua tela. Bibele ea lumela hore “ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng.” (Liproverbia 24:16) Ho khoptjoa ha ho bolele hore motho o hlōlehile. Ho mpa ho totobatsa feela hore u lokela ho tiisa le ho feta boikemisetsong ba hao, ho ela hloko matšoao a lemosang hore u ka ’na ua khutlela morao le hore mohlomong u lokela ho boela u buisana ka bolokolohi le batho ba ka u thusang.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]

Bala ka ho eketsehileng ka bona

Haeba u na le bothata ba ho ja, e ka ba bohlale hore u bale boitsebiso bo buang ka bona. Ha u tseba ka bothata haholoanyane, ho batla ho le bonolo ho bo loantša. U ka ’na ua rua molemo ka ho hlahloba boitsebiso bo thusang Tsoheng! ea February 8, 1999, leqepheng la 23-32 le ea May 8, 1999, leqepheng la 13-15.

[Lebokose le leqepheng la 21]

TLHOKOMELISO HO BATSOALI

U ka etsa’ng haeba morali oa hao a e-na le bothata ba ho ja? Ntlha ea pele, hlahloba boitsebiso bo sehloohong sena ka hloko hammoho le bo litšupisong tse fanoeng leqepheng la 20. Leka ho utloisisa hore na ke’ng e entseng hore a khethe ho etsa seo.

Ho hlokometsoe hore batho ba bangata ba nang le bothata ba ho ja ba ikhella fatše ebile ke batho ba ratang hore lintho li etsoe ka tsela e phethahetseng, ba ipehelang lipakane tse holimo. Etsa bonnete ba hore ha u tlatsetse ho seo. Thusa morali oa hao hore a itšepe. (Esaia 50:4) Ho loantša boikutlo ba ho batla hore lintho li etsoe ka tsela e phethahetseng, etsa hore “ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe.”—Bafilipi 4:5.

Hape hlahlobisisa tsela eo u ikutloang ka eona ka lijo le ka boima ba ’mele. Na mohlomong u ’nile ua buella lintho tsee u sa hlokomele ka seo u se buang kapa seo u se etsang? Hopola hore bacha ba nkela ponahalo holimo. Esita le ho soasoa ka hore “ngoana ke poropotloana” kapa ka hore o hōla joalokaha eka oa nosetsoa ho ka jala pherekano kelellong e susumetsehang habonolo ea mocha.

Ha u se u nahanne le ho rapela ka taba ena, buisana le morali oa hao ho tsoa pelong.

◼ Nahana ka hloko esale pele seo u tla se bua le hore na u tla se bua neng.

◼ Hlalosa ka ho hlaka seo u amehileng ka sona le hore u lakatsa ho thusa.

◼ U se ke ua makala haeba qalong a leka ho itšireletsa.

◼ Mamela ’me u se ke ua fela pelo.

Habohlokoa le ho feta, tšehetsa morali oa hao ha a leka ho ntlafatsa. Mo thuseng le le lelapa hore a hlaphoheloe!

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

U ka ’na ua lokela ho rapella takatso ea hore u ntlafatse

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela