Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 2/8 leq. 23
  • Ha Lijo e E-ba Sera sa Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Lijo e E-ba Sera sa Hao
  • Tsoha!—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Eng se Bakang Bothata ba ho Ja?
    Tsoha!—1999
  • Bothata ba ho Ja—Ke Eng se ka Thusang?
    Tsoha!—1999
  • Ke Hobane’ng ha ke Tšoenyeha ka Boima ba Ka ba ’Mele?
    Tsoha!—1999
  • Ho Thusa Batho ba Nang le Bothata ba ho Ja
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 2/8 leq. 23

Ha Lijo e E-ba Sera sa Hao

Jean o hopola ka ho hlaka kamoo a neng a tšehoa le ho songoa kateng ha a le ka tlaase ho lilemo tse 20. Sesosa e ne e le eng? E ne e le eena ngoanana e molelele le ea motenya ka ho fetisisa sehlopheng sa hae sekolong. Empa e ne e se seo feela. Jean o re: “Ho hobe le ho feta botenya ke hore ke ne ke le lihlong ’me ke sa tloaele batho. Ke ne ke atisa ho jeoa ke bolutu, ke batla ho ba karolo ea sehlopha se itseng, empa boholo ba nako ke ikutloa eka ke mokhelo.”

Jean o ne a kholisehile hore ’mele oa hae e ne e le oona sesosa sa mathata ana ’ohle a hae le hore ’mele o mosesaane, o motle o ne o tla lokisa lintho tsohle. E ne e se hore Jean o motenya haholo. Ha e le hantle o ne a se le motenya hakaalo, kaha o ne a le bolelele ba limithara tse 1,83 ’me a le boima ba lik’hilograma tse 66. Ho ntse ho le joalo, Jean o ile a ikutloa hore o motenya, ’me ha a le lilemo li 23 a etsa qeto ea hore o theola boima ba ’mele. O ile a nahana hore ‘ha ke le mosesaane, batho ba bang ba tla thabela hore ke be har’a bona. Qetellong, ke tla ikutloa ke amoheleha ke bile ke le oa bohlokoa.’

Jean oa hlalosa: “Pono eo ea booatla e ile ea ntšoaseletsa bothateng ba ho ipolaisa tlala le bonyollo bo nkileng lilemo tse leshome le metso e meli. Ke ’nete hore ke ile ka ba mosesaane, ka ota hoo ke ileng ka batla ke e-shoa, empa ho e-na le ho inatefisetsa bophelo, ka senya bophelo ba ka ’me ka ipakela ho tepella maikutlong le mesarelo ka lilemo tse fetang leshome.”

JEAN ha a mong. Ho ea ka khakanyo e ’ngoe, hoo e ka bang motho a le mong e motšehali oa Amerika ho ba 100 o ba le bothata ba ho ipolaisa tlala ha a le lilemong tse ka tlaase ho 20 kapa lilemong tsa bocha, ’me mohlomong ba menang palo eo ka makhetlo a mararo ba ba le bothata ba bonyollo. Dr. Mary Pipher o re: “Ke sebelitse likolong le likolecheng ka lilemo tse ngata, ’me ke iponetse hore bothata ba ho ja bo jele setsi ho feta leha e neng pele.”

Hape bo mefuta e mengata. Bothata ba ho ja boo ho neng ho nahanoa hore ke ba batho ba ruileng, hona joale bo jele setsi ho batho ba merabe eohle, ba lichaba tsohle le ba maemo ’ohle a moruo. Esita le palo ea banna ba fumanoang ba e-na le bothata bona ea eketseha, e leng ho etsang hore makasine ea Newsweek e bitse bothata bona ba ho ja “mosenyi ea se nang leeme.”

Leha ho le joalo, taba e batlang e tšosa ke hore ho bonahala palo ea bana ba tlaase lilemong ba phekoleloang bothata bona e ntse e eketseha. Margaret Beck, eo e leng motšoareli oa mookameli setsing sa bothata ba ho ja, Toronto, o re: “Ho na le bananyana ba ka tlaase ho lilemo tse 10, esita le ba lilemo li 6, ba amoheloang mananeong a sepetlele.” Oa phaella: “E sa le palo e nyenyane, empa ea eketseha.”

Ha e le hantle, bothata ba ho ja bo ama batho ba limilione—haholo-holo banana le basali ba bacha.a Mosebeletsi oa sechaba Nancy Kolodny o re: “Ha ba nahane ka lijo kapa hona ho sebelisa lijo ka tsela eo batho ba bangata ba etsang ka eona. Ho e-na le hore ba je ha ba lapile, ba jelle ho matlafatsa ’mele le ho ba le bophelo bo botle, ba jelle monyaka, kapa ba je ho thabela botsoalle le ba bang, ha ba bona lijo ba kopana lihlooho ’me ba etsa lintho tse ‘tsoileng tseleng’ tse kang ho etsa lintho tse makatsang pele ba ka ja, kapa ba batle ho ntša lijo hang-hang ’meleng ea bona.”

A re ke re hlahlobisise mefuta e ’meli e atileng ea bothata bona ba ho ja: bothata ba ho ipolaisa tlala le ba bonyollo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Kaha hangata bothata ba ho ja bo ama basali ho feta banna, lihloohong tsena re tla bua haholo ka motho ea nang le bothata e le e motšehali.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela