Ho Phahama le ho oa ha Khoebo ea Lefatše
Karolo 4—Phetoho e Khōlō ea Mesebetsi ea Lifeme—E Tlisitse Phello Efe?
PHETOHO e khōlō ea mesebetsi ea lifeme e qalile lekholong la bo18 la lilemo ’me ea fetola lefatše ho feta lintho tse seng kae tse kileng tsa le fetola pele. Tsebo ea theknoloji, chelete e lekaneng, ho fumaneha habonolo ha thepa eo ho ka etsoang lintho ka eona, ho li tsamaisa habonolo le lihlahisoa tse seng li felile ka theko e tlaase—litlhokahalo tsena le tse ling bakeng sa ho ntšetsa pele mesebetsi ea lifeme joale li ile tsa iketsa ngatana-’ngoe Engelane. Sena se ile sa qalisa keketseho e ikhethang le e potlakileng ea tlhahiso ea lintho.
Leha ho le joalo, lintho tse neng li lokisa tsela li ne li etsahetse pejana. Mashala a neng a fumaneha habonolo Brithani a ile a sebelisoa e le libeso. Hape, ha Kontinente ea Europe e ntse e tsekolloa ke lintoa tsa bolumeli, Engelane e ne e thabela khotso e khōlō. Naha ena e ne e e-na le tsamaiso e phahameng haholo ea libanka. Esita le ho ikarola ha eona Kerekeng ea Roma e K’hatholike e bile habohlokoa kaha ho bonahala Boprostanta bo ne bo hatella boiketlo ba moruo hona hoo ’me bo ne bo leka ho bōpa leholimo lefatšeng.
Mathoasong a bo-1740, palo ea baahi ba Brithani e ile ea eketseha ka sekhahla. Lifeme li ile tsa tlameha ho batla mekhoa e mecha ea ho sebetsana le tlhoko ena e eketsehang. Ho bonahala hore ho bile le tšekamelo ea ho sebelisa mechine e mengata le e molemonyana. Ha tsamaiso ea libanka e ne e kalimana ka lichelete bakeng sa ho hloma likhoebo tse ncha, basebetsi ba bangata ba ile ba subuhlellana lifekthering tse tletseng mechine. Mekhatlo ea basebetsi, eo pele e neng e thibetsoe, e ile ea lumelloa ka molao. Basebetsi ba Brithani ba neng ba sa thibeloe haholo ke melao ea mekhatlo ea bo-rakhoebo Kontinenteng ea Europe ba ne ba lefshoa bakeng sa mesebetsi ea bona ea nakoana. Sena se ile sa ba neha tšusumetso e eketsehileng ea ho batla litsela tse molemonyana tsa ho hlahisa lintho ka mokhoa o potlakileng.
Brithani e ne e boetse e e-na le basebetsi ba koetlisitsoeng hantle. Moprofesa Shepard B. Clough o bolela hore “ho ne ho se liunivesithi tse lekanang le tsa Glasgow le Edinburgh lipatlisisong tsa saense le ho etsa liteko bofelong ba lekholo la borobeli la lilemo.” Kaha Brithani e ne e le eona e itlhommeng pele, phethoho e khōlō ea mesebetsi ea lifeme e ile ea saballa hohle Europe le United States. E sa ntse e tsoela pele ho fihlela kajeno linaheng tse tsoelang pele.
Likarolo tse Hlokisang Tšepo
Ka lebaka la liketsahalo tsena The Columbia History of the World e bolela hore “katleho e hlollang e ile ea fihla litoropong tsa Engelane, e ile ea bona boemo bo ntlafalitsoeng ba bophelo, tsoelo-pele ea moetlo oa profensi le boikhohomoso bo eketsehileng le ho itšepa.” Brithani e bile “ea fumana boemo bo phahameng ba sesole, haholo-holo sesoleng sa metsing, ’me puso eo hamorao ea e neha matla a maholo a ‘likamano tsa tšebelisano-’moho mahareng a lichaba.’” Tsebo ea mesebetsi e meng ea lifeme e ile ea neha naha eo matla a moruo ho feta linaha tseo e hlōlisanang le tsona. Makunutu a eona a moruo e ne e le a bohlokoa hoo ho ileng ha etsoa melao e a thibelang hore a tsejoe ke mang le mang.
Ka mohlala, ha Samuel Slater a tloha Brithani ka 1789, o ile a ikhakanya hobane basebetsi ba neng ba sebetsa lifekthering tsa masela ba ne ba sa lumelloa ho fallela linaheng tse ling. O ile a ferekanya melao e thibelang ho romelloa ha masela ka ho tšoara polane eohle ea setsi seo ho etsoang masela ho sona Brithani ka hlooho. Sena se ile sa mo nolofalletsa ho haha fektheri ea pele ea cotton eo ho seng e tšoanang le eona e kileng ea hahuoa United States.
Molao o thibelang makunutu a khoebo o sa le teng. Makasine oa Time o bolela hore “lik’hamphani le linaha li phehella ho sebelisana hammoho ho pata makunutu joaloka marua-rua a batlang lijo ka mahlo a matšo.” Ho utsoa tsebo ea motho e mong ho ka boloka lilemo tse ngata tsa ho etsa liphuputso le ho boloka litšenyehelo tse ngata. Kahoo “ebang sehlahisoa ke moriana kapa li-muffin, hona joale lik’hamphani li leka ka matla ho feta leha e le neng pele ho fumana litsela tsa ho sireletsa makunutu a likhoebo tsa tsona.” Thaothe e ’ngoe e sebetsang femeng ea electronics ea lumela: “Ho na le meharo e mengata khoebong. Haeba u ka iphumana u le boemong bo loketseng, u ka fetoha ralimillione ka ho panya ha leihlo.”
Fektheri ea masela e bontša lehlakore le leng le hlokisang tšepo la tsoelo-pele ea moruo. Ha mekhoa e mecha ea ho loha ka mochine e ne e ntlafatsa tlhahiso ea liaparo tse entsoeng ka cotton, tlhokahalo ea cotton e ile ea eketseha. Empa ho ne ho hlokahala nako e ngata ea ho e sebetsa ka matsoho hoo phepelo ea eona e neng e sitisa ho ikamahanya le tlhoko ea eona. Joale ka 1793, Eli Whitney o ile a qapa mochine o khethang cotton. Nakong ea lilemo tse 20 kotulo ea U.S. ea cotton e ne e eketsehile ka makhetlo a 57 ho feta seo e ’nileng ea e-ba sona pele! Empa joalokaha Moprofesa Clough a bolela, tšibollo ea Whitney ea mochine ona e ne e boetse e ikarabella ‘bakeng sa ho atolosoa ha masimo a cotton le bokhoba ba Manegro.’ Le hoja o bile molemo, Clough o hlalosa hore mochine o khethang cotton o “tlatselitse haholo qhoebeshanong e ileng ea hōla mahareng a linaha tsa Leboea le tsa Boroa tsa [U.S.], tse qetelletseng ka Ntoa mahareng a Linaha.”
Phetoho e khōlō ea mesebetsi ea lifeme e thusitse ho etsa tsamaiso ea lifeme tse khōlō tse tsamaisoang ke barui. Ke barui feela ba neng ba khona ho reka mechine e theko e boima eo boholo ba eona le boima bo neng bo batla hore e kenngoe mehahong e hahiloeng hantle moo e neng e ke ke ea ntšuoa teng. Mehaho ena e ne e hahuoa moo motlakase o neng o fumaneha habonolo le moo thepa eo ho ka etsoang lintho ka eona e neng e ka isoa teng ka litšenyehelo tse fokolang haholo. Kahoo ho ne ho bonahala khoebo e tsepamisitse maikutlo litsing tse khōlō tsa lifeme.
Tšebeliso ea matla lifemeng—metsi ’me hamorao steam—e ne e le lintho tse hlokahalang bakeng sa mechine eo e mengata e neng e hloka ho tsamaisoa ka nako e le ’ngoe. Kahoo lifektheri li ile tsa hōla. Ha li ntse li hōla haholoanyane, ho ne ho se ho sa hlokahale hore li hire batho ba eketsehileng. Basebetsi ba ne ba se ba sa sebeletse batho; ba ne ba sebeletsa lik’hamphani.
Ha khoebo e hōla haholoanyane, mathata a tšehetso ea chelete a ne a eketseha. Ho kopanela lintho ho ile ha eketseha haholoanyane ’me ho kopanela thepa ha lik’hamphani ho ileng ha eketseha ka lekhetlo la pele lekholong la bo17 la lilemo ebile ha bona. (Bona lebokose.) Empa sena se ile sa thusa ho boloka matla matsohong a batho ba ’maloa kaha batho ba entseng matsete kapa beng ba liabo ba ne ba e-na le taolo e fokolang feela holim’a tsamaiso. Bo-rakhoebo bao ka ho tšoanang ba neng ba sebeletsa joaloka batsamaisi ba lik’hamphani tse ngata kapa libanka ba bile le matla a maholo. Clough o bua ka “ho kopana ha batsamaisi” moo “sehlotšoana sa batho se neng se ka lekanyetsa chelete eo khoebo e neng e tla e kalingoa, se ne se tla hanela ho neha ba hlōlisang chelete, ’me se ne se ka iphumanela matla a maholo hoo se ka lekanyetsang mesebetsi ea mebuso esita le ho liha lipuso tse neng li le mabifi khahlanong le tsona.”—Mongolo o tšekalletseng ke oa rōna.
Kahoo, phetoho e khōlō ea mesebetsi ea lifeme e ile ea neha khoebo matla a eketsehileng. Na matla ana a ne a tla sebelisoa ka tsela e nang le boikarabelo?
Khoebo e Lokolohileng Kapa Moruo o Laoloang?
Tsamaiso ea moruo e sa laoloeng ke ’muso e hlile ea hlahella ka ho felletseng Engelane. Hape se tsebahalang e le tsamaiso ea khoebo e lokolohileng kapa khoebo ea ’maraka, tsamaiso ea moruo e sa laoloeng ke ’muso e ile ea hlahisa liabo tse limillione esita le litekanyetso tse phahameng ka ho fetisisa tsa bophelo historing.
Leha ho le joalo, esita le batšehetsi ba tšepahalang ba tsamaiso ea moruo e sa laoloeng ke ’muso baa lumela hore e na le bofokoli. Ka mohlala, khōlo ea moruo tlas’a tsamaiso ea moruo e sa laoloeng ke ’muso ha e tšepahale. Ho se tsitse ha eona nako le nako ho baka mathata a moruo le ho phahama le ho oa ha ’ona. Ho se tsitse hoo pele ho neng ho bakoa ke litšusumetso tsa ka ntle joaloka lintoa kapa boemo ba leholimo ho ka bakoa ke tsamaiso ea moruo ka boeona.
Bofokoli ba bobeli ke hore ha tsamaiso ea moruo e sa laoloeng ke ’muso e ne e hlahisa lihlahisoa tse ntle, hangata e hlahisa liphello tse mpe—mosi, metsoako e chefu kapa maemo a mosebetsi a kotsi bophelong bo botle. Phetoho e khōlō ea mesebetsi ea lifeme e ile ea hlakisa sena, ’me ea tlatsetsa ho se bitsoang ho futhumala ha lefatše ho nang le liphello tse sa batleheng.a
Bofokoli ba boraro ke hore tsamaiso ea moruo e sa laoloeng ke ’muso ha e etse bonnete ba hore matlotlo kapa lihlahisoa li abjoa ka ho hlokang leeme. Ka mohlala, nahana ka United States. Ka 1986 karolo ea 20 lekholong ea malapa a eona a futsanehileng ka ho fetisisa e ne e amohela chelete e ka tlaase ho feta karolo ea 5 lekholong ea kakaretso ea chelete ea naha ha barui bona ba ne ba amohela hoo e ka bang karolo ea 45 lekholong ea chelete.
Ha tsamaiso ea moruo e sa laoloeng ke ’muso e hōla ka botlalo nakong ea phetoho e khōlō ea mesebetsi ea lifeme, bofokoli ba eona bo hlile ba totobala. Batho ba kang Karl Marx ba ile ba e nyatsa, ba ile ba batla hore e nkeloe sebaka ke moruo o laoloang ke ’muso. Ba ile ba buella hore ’muso o behe melao ea tlhahiso ea lintho, o laole litheko le ho tsamaisa khoebo ho sa tsotellehe hore na ke ea mang. Leha ho le joalo, kajeno ka mor’a lilemo tse mashome tsa liteko Soviet Union le Europe Bochabela, tsamaiso ena e felletsoe ke thahasello. Merero e kang ho loana ntoeng kapa ho ntšetsa pele mananeo a ho ea sepaka-pakeng e hloka boiteko bo matla. Letsatsi le letsatsi ’maraka oa litlhoko tsa motheo o haelloa ka ho tebileng.
Leha ho le joalo, batšehetsi ba tsamaiso ea moruo e sa laoloeng ke ’muso ba tla lumela joalokaha Adam Smith eo boholo ba lithuto tsa tsamaiso ena li itšetlehileng ho eena a bolela hore ho itšunya-tšunya ha ’muso moruong ho ke ke ha qojoa ka ho felletseng. Haeba mathata a kang ho phahama le ho theoha ha theko ea lintho le ho hloka mosebetsi a ka laoloa ka katleho, a lokela ho laoloa ke ’muso. Kahoo, linaha tse ngata tse nang le tsamaiso ea khoebo e lokolohileng li suthetse hōle le tsamaiso ea moruo e sa laoloeng ke ’muso ’me li ile tsamaisong e kopanetsoeng.
Mabapi le tloaelo ena, 1990 Britannica Book of the Year e ile ea bolela esale pele: “Ho bonahala ho ka etsahala . . . [hore] litsamaiso tsa moruo li ka felisa liphapang tse ileng tsa li khetholla nakong e fetileng le ho fihlella qeto e tšoanang, e leng moo ’maraka le tlhophiso li leng teng ka nako e le ’ngoe ka litekanyetso tse fapaneng. Lichaba tse nang le qeto e joalo e tšoanang li ka ’na tsa tsoela pele ho iketsetsa tsamaiso ea moruo e sa laoloeng ke ’muso le tsamaiso ea puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho, empa ho bonahala li tla senola litšobotsi tse ngata tse tšoanang bakeng sa mathata a tsona a moruo ha mohlomong li ntse li bontša liphapang tsa bohlokoa.”
Se Tlatsetsang Mathateng
Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea qala ka 1914. Ha e qala, khoebo e meharo e ne e le malala-a-laotsoe ho nehelana ka lithunya, litanka le lifofane lichabeng tse loanang ’me phetoho e khōlō ea mesebetsi ea lifeme e ile ea nolofatsa sena.
The Columbia History of the World e hlokomela hore le hoja “phetoho e khōlō ea mesebetsi ea lifeme e ile ea thusa ho rarolla mathata a mangata a motho a ho sebetsa ka matsoho,” e boetse “ea tlatsetsa mathateng a mangata a sechaba a tebileng le a rarahaneng haholo.”
Kajeno, lilemo tse 78 ka mor’a 1914, re na le mabaka a mangata ho feta leha e le neng pele ho lumela mantsoe ana. Ka ho loketseng, sehlooho se latelang letotong lena e tla ba “Ho Tšoaseha Khoebong e Khōlō ho Ntse ho Ipha Matla.”
a Bona Awake! ea September 8, 1989.
[Lebokose le leqepheng la 18]
’Maraka oa Liabo—O Phetha Seo o se Qalileng
Ho ea bofelong ba lekholo la bo17 la lilemo, e ne e le tloaelo ho qalisa khoebo e ncha ka ho kopanya chelete ea batho ba bangata ba entseng matsete. Liabo li ne li rekisoa ka theko e fanoeng. Ho kopanela liabo hona ho ’nile ha bitsoa e ’ngoe ea litšibollo tsa bohlokoa tse kileng tsa etsoa mokhatlong oa khoebo. Manyesemane a ile a leka mekhatlo e joalo bohareng ba lilemo tsa bo-1500, empa mekhatlo ena e ile ea tlala hohle ka mor’a ho thehoa ha English East India Company ka 1600.
Ha lik’hamphani tse kopanetseng liabo li ntse li eketseha le lenane la beng ba liabo le lona le ile la eketseha. Pele ba ne ba kopana le bareki ba bona libakeng tse fapaneng, ’me ka linako tse ling ba ne ba kopana matlung a ho jela. Hamorao, litsi tsena li ile tsa thehoa bakeng sa ho fana ka sebaka sa ho rekisa liabo. The London Stock Exchange e ile ea thehoa ka 1773. Empa mohlomong setsi sa khale ka ho fetisisa lefatšeng e ka ba se leng Amsterdam, seo ba bang ba bolelang hore se butsoe ka 1642, kapa mohlomong se leng Antwerp, seo ba bang ba bolelang hore se thehiloe morao koana ka 1531.
Lik’hamphani tsa liabo li ne li e-na le melemo e kang e latelang: ho nehelana ka chelete e lekaneng bakeng sa ho tsamaisa mekhatlo e meholo ea khoebo; ho neha sechaba monyetla oa ho sebelisa esita le chelete e nyenyane feela; ho fokotsa tahlehelo ho motho leha e le ofe ea entseng letsete haeba moruo o theoha; ho neha beng ba liabo chelete ka potlako ka ho rekisa liabo tsa bona kaofela kapa tse ling tsa tsona le hore liabo li fetisetsoe ho ba bang joaloka lefa.
Leha ho le joalo, ho theoha le ho phahama ha theko ea liabo ho ka bolela tlokotsi e khōlō. Hape, joalokaha koluoa ea haufinyane ea Wall Street e bontšitse, ’me mohlomong e susumetsoa ke khoebo e etsang phaello ka matsete a k’hamphani batho ka kakaretso ba sa tsebe ke tloaelo e ntseng e ja setsi. Batho ka bomong ba sebelisa boitsebiso kapa ho bo rekisa esale pele—mohlomong tsebo ea ho kopanya lik’hamphani tse peli—’me ka ho etsa joalo li etse phaello ka liabo tsa lik’hamphani tse joalo. Motsoalle oa monna ea neng a qosoa ka baka la tloaelo ena ka 1989 o ile a amahanya sena le meharo. Leha ho e-na le phetoho linaheng tse ngata ho thibela khoebo e etsang phaello ka matsete a k’hamphani ao ka kakaretso batho ba sa a tsebeng, makasine oa Time o ile oa hlalosa: “Melao feela e ke ke ea lekana ho rarolla bothata bona.”
Letsatsing la Jehova la kahlolo le atamelang ka potlako, bothata bona bo tla rarolloa ka ho sa feleng. Silivera le khauta e tla ba lintho tse hlokang thuso ’me matsete le liabo e tla ba pampiri feela e se nang thuso. Ezekiele 7:19 (BPN) e re: “Ba tla akhela silifera ea bona literateng, khauta ea bona ba e nyonye.” Sofonia 1:18 e tsoela pele ho re: “Leha e le silivera ea bona, leha e le gauda ea bona, li ke ke tsa tseba ho ba namolela letsatsing la khalefo ea Jehova.”
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ho sibolloa ha mochine o khethang “cotton” ho ile ha fella ka keketseho ea mosebetsi oa makhoba
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
The Old Print Shop/Kenneth M. Newman