Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 11/8 maq. 26-29
  • Karolo 7—Ho Batla Maemo a Molemo ka Tsela ea Lipolotiki

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo 7—Ho Batla Maemo a Molemo ka Tsela ea Lipolotiki
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maemo a Molemo a Marx le More
  • Tsamaiso ea Moruo e sa Laoloeng ke ’Muso ho ea Sebakeng se Molemo
  • Maemo a Molemo ka Phetohelo Kapa ka ho Feto-fetoha ho Tsoelang Pele
  • Bokomonisi bo Hlahisa Bolumeli Hape
  • “Glasnost” le “Perestroika”
  • Na Ruri Bolumeli Boa Hlokahala?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Karolo 19: lekholong la bo17 la lilemo ho ea ho la bo19—Bokreste-’mōtoana bo Loana le Phetoho ea Lefatše
    Tsoha!—1989
  • Karolo 4—Phetoho e Khōlō ea Mesebetsi ea Lifeme—E Tlisitse Phello Efe?
    Tsoha!—1992
  • ‘’Me Lerako le Ile la Heleha’
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 11/8 maq. 26-29

Puso ea Motho e Lekantsoe Sekaleng

Karolo 7—Ho Batla Maemo a Molemo ka Tsela ea Lipolotiki

“Socialism”: tsamaiso ea sechaba e buellang hore thepa ke ea Naha le taolo ea tlhahiso ea tsona eo makomonisi a e talimang e le bohato bo mahareng a tsamaiso ea moruo le bokomonisi; “Communism”: tsamaiso ea sechaba e buellang hore ho se be le lihlopha tsa batho, hore ho kopaneloe tlhahiso ea lintho le lintho tsa bohlokoa bophelong le ho abuoa ha lihlahisoa tsa moruo ka mokhoa o lekanang.

TŠŌMO ea Segerike e bua ka molingoana o mong o bitsoang Cronus, oo nakong ea puso ea oona Greece e ileng ea thabela mehla ea boiketlo bo boholo. Dictionary of the History of Ideas ea hlalosa: “Bohle ba ne ba arolelana lintho ka ho lekana, thepa eo e neng e le ea motho ka mong e ne e sa tsejoe ’me khotso le kutloano li ne li rena ntle ho tšitiso.” Ha o tletleba ka baka la “Mehla ea Boiketlo” e lahlehileng, mohloli ’ona oo oa phaella: “Mehato ea pele ea tsamaiso ea puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho e ile ea hlahella.”

Leha ho le joalo, ha eaba ho fihlela bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo ha tsamaiso ea puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho e ileng ea qala ho hlahella joaloka mokha oa bopolotiki. E ile ea amoheloa habonolo haholo-holo Fora, moo Phetohelo ea Mafora e ileng ea sisinya likhopolo tsa boholo-holo. Moo, joaloka linaheng tse ling tsa Europe, Phetohelo ea Moruo e ile ea baka mathata a kahisano. Batho ba ne ba se ba itokiselitse khopolo ea hore mehloli ea sechaba ea lintho ho e-na le thepa eo eseng ea batho bohle e tla nolofalletsa matšoele a batho ho abelana litholoana tsa mesebetsi ea bona e kopaneng ka ho lekanang.

Tsamaiso ea puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho hase khopolo e ncha. Bo-rafilosofi ba Magerike Aristotle le Plato ba ngotse ka eona. Hamorao lekholong la lilemo la bo16 nakong ea Tsosoloso ea Boprotestanta, moprista e moholo oa K’hatholike oa Jeremane Thomas Müntzer, o ile a batla mokhatlo oa batho o sa aroloang lihlopha. Empa lipono tsa hae li ne li ikhanyetsa, haholo-holo pitso ea hae ea ho tsohela ’muso matla haeba ho hlokahala hore a finyelle pakane ena. Lekholong la bo19 la lilemo, monna oa Wales Robert Owen, le banna ba Mafora Étienne Cabet le Pierre-Joseph Proudhon, le banchafatsi ba bang ba bangata, bao har’a bona ho neng ho e-na le baruti ba tsebahalang, ba ile ba ruta hore tsamaiso ea puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho e ne e mpa e le Bokreste ka lebitso le leng feela.

Maemo a Molemo a Marx le More

Buka ea litšupiso e boletsoeng ka holimo e re, “ha ho lea mong ho babuelli bana ba tsamaiso ea puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho ea ileng a ba le tšusumetso e khōlō joaloka e bakiloeng ke Karl Marx eo libuka tsa hae li fetohileng motheo oa tekanyetso ea mohopolo oa tsamaiso ea puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho le bohato.”a Marx o ile a ruta hore ka ntoa ea ho arola batho lihlopha histori e ntse e hatela pele hanyenyane; ’me hang ha ho fumanoe tsamaiso e lokileng ea lipolotiki, ka kutloisiso eo histori e tla khaotsa. Tsamaiso ena e lokileng e tla rarolla mathata a mekhatlo ea batho ea nako e fetileng. E mong le e mong o tla phela ka khotso, tokoloho, le katleho ho sa hlokahale mebuso kapa mabotho a sesole.

Sena se utloahala se tšoana hantle le seo tona-khōlō ea Brithani Sir Thomas More a se hlalositseng bukeng ea hae Utopia ka 1516. Lentsoe leo, e leng lebitso la Segerike le qapiloeng ke More, le bolela “sebaka se seng teng” (ou-topos), ’me mohlomong le ne le e-na le molumo o tšoanang le eu-topos, e bolelang “sebaka se setle.” Mohlomong Utopia eo More a ngotseng ka eona e ne le naha e inahanetsoeng (sebaka se seng teng) eo leha ho le joalo e neng e le naha ea sebele (sebaka se setle). Ka hona, “Utopia” e ile ea bolela “sebaka sa phetheho ea sebele haholo-holo melaong, ’musong le maemong a sechaba.” Buka ea More e ne e le bopaki bo hlakileng ba ho haella ha maemo a lokileng a moruo le a sechaba a neng a le teng nakong ea hae Europe, ao hamorao a ileng a tlatsetsa tsamaisong ea puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho haholo-holo Engelane.

Likhopolo tsa Marx li bontša lipono tsa rafilosofi oa Jeremane Georg Wilhelm Friedrich Hegel. Ho latela Dictionary of the History of Ideas, “tšobotsi ea seka bolumeli ea puso ea Marx e ile ea lokisoa ke filosofi ea Hegel ea ho qapa thuto ea Bokreste ea bofetoheli.” Khahlanong le tlaleho ena ea “thuto ea Bokreste ea bofetoheli,” ho hlalosa mongoli Georg Sabine, Marx o ile a etsa “boipiletso bo matla ba boitšoaro bo tšehelitsoeng ke seka bolumeli. E ne e se letho haese boipiletso ba ho kopanela mokolokong oa tsoelo pele le lipolotiki.” Tsamaiso ea puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho e ne e le leqhubu la bokamoso; mohlomong ba bang ba ne ba nahana hore ka ’nete ke Bokreste bo hahamalletseng tlhōlo tlas’a lebitso le lecha!

Tsamaiso ea Moruo e sa Laoloeng ke ’Muso ho ea Sebakeng se Molemo

Marx o ile a phela hore a ngole moqolo oa pele oa buka ea hae Das Kapital. E ’meli ea ho qetela e ngotsoe le ho hatisoa ka 1885 le ka 1894 ke mosebetsi-’moho le eena ea haufi-ufi Friedrich Engels, rafilosofi oa tsamaiso ea puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho oa Mojeremane. Das Kapital e hlalosa setso sa histori ea tsamaiso ea taolo ea moruo e sa laoloeng ke naha e leng tšobotsi ea tsamaiso ea moruo ea boemeli ea mokhoa oa Bophirimela. E thehiloe holim’a khoebo le phehisano tse sa laoloeng ke Naha, tsamaiso ea moruo e sa laoloeng ke naha joalokaha e hlalosoa ke Marx e bokella mehloli ea lihlahisoa le ho e abela batho ba ka thōko ba nang le tšebelisano-’moho. Ho latela Marx, tsamaiso ea moruo e sa laoloeng ke naha e hlahisa sehlopha sa batho se bohareng le sehlopha sa batho ba sebetsang, e leng ho tsosang bora mahareng a lihlopha tsena tse peli ’me ho lebise khatellong ea sehlopha se sebetsang. A sebelisa pono ea litsebi tsa moruo, Marx o ile a phea khang hore tsamaiso ea moruo e sa laoloeng ke naha ha e le hantle hase puso ea sechaba ka sechaba, le hore tsamaiso ea puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho ke motheo oa puso ea sechaba ka sechaba ’me e tsoela batho molemo ka ho hōlisa ho lekana le tokoloho.

Maemo a molemo a ka finyelloa hang ha sehlopha sa batho ba sebetsang ka thata se ka tsohela sehlopha sa batho ba bohareng matla le ho itokolla khatellong ea sona, ’me ha etsa seo Marx a se bitsitseng “bompoli ba sehlopha sa batho ba sebetsang ka thata.” (Bona lebokose, leqephe 29.) Leha ho le joalo, lipono tsa hae li ile tsa fetoha ha nako e ntse e tsamaea. O ile a qala ho lumella mefuta e ’meli e fapaneng ea phetohelo, ea mofuta o mabifi le o mong oa ka ho sa feleng. Sena se ile sa phahamisa potso e thahasellisang.

Maemo a Molemo ka Phetohelo Kapa ka ho Feto-fetoha ho Tsoelang Pele

“Communism” e hlaha lentsoeng la Selatine communis le bolelang “ntho e tšoanang, eo e leng ea bohle.” Joaloka tsamaiso ea puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho, bokomonisi bo bolela hore khoebo e lokolohileng e lebisa tabeng ea ho hloka mosebetsi, bofutsana, ho fetoha ha moruo, le likhohlano tsa basebetsi le baokameli. Tharollo mathateng ana ke ho aba leruo la sechaba ka ho lekanang le ka toka haholoanyane.

Empa bofelong ba lekholo le fetileng la lilemo, balateli ba Marx ba ne ba sa lumellane le kamoo ho ka finyelloang liqeto tseo ba lumellaneng ka tsona. Mathoasong a lilemo tsa bo-1900, karolo eo ea mokha oa kahisano o ileng oa hana pefo le ho buella ho sebetsa ka har’a tsamaiso ea palamente ea puso ea sechaba ka sechaba o ile oa fumana matla, ’me o ile oa hōla hoba seo hona joale se bitsoang tsamaiso ea puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho ea puso ea sechaba ka sechaba. Ena ke tsamaiso ea puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho eo kajeno e fumanoang linaheng tsa puso ea sechaba ka sechaba tse kang tsa Rephabliki e Kopaneng ea Jeremane, Fora, le Brithani. Bakeng sa boikemisetso bohle le merero, mekha ena e hanne khopolo ea sebele ea bo-Marxist ’me e thahasella feela ho qalisa boemo ba boiketlo bakeng sa baahi ba eona.

Leha ho le joalo, molateli e mong ea inehetseng oa Marx, ea neng a lumela ka matla hore Maemo a Molemo a bokomonisi a ne a ka finyelloa feela ka ho tsohela ’muso matla e ne e le Lenin. Lithuto tsa hae, hammoho le tsa Marx, li sebeletsa joaloka motheo oa bokomonisi ba boholo-holo. Lenin eo lebitso la hae hantle e leng Vladimir Ilich Ulyanov, o hlahetse ho seo kajeno e leng Soviet Union ka 1870. Ka 1889 o ile a fetohela ho bo-Marxist. Ka mor’a selemo sa 1900, hoba a lelekoe Siberia, boholo ba nako o ile a lula Europe Bophirimela. Ha puso ea boemphera e ne e lihuoa, o ile a khutlela Russia ’me a thea Mokha oa Bokomonisi oa Russia, ’me a etella pele Phetohelo ea Bolshevik ea 1917. Ka mor’a moo o ile a sebeletsa e le moeta-pele oa pele oa Soviet Union ho fihlela a e-shoa ka 1924. O ne a talima Mokha oa Bokomonisi e le o rutiloeng hantle, e le sehlopha sa bafetoheli se nang le matla ’me se sebeletsa joaloka baeta-pele ba sehlopha sa batho se sebetsang. Balateli ba Menshevik ha ba ka ba lumellana le sena.—Bona lebokose, leqephe 29.

Phapang mahareng a phetohelo le ho feto-fetoha ho tsoelang pele ha li sa hlalosoa ka ho hlakileng. Ka 1978 buka Comparing Political Systems: Power and Policy in Three Worlds e hlokometse: “Bokomonisi ha bo tsebe hantle hore na ke katamelo efe eo bo lokelang ho e latela bakeng sa ho finyella lipakane tsa Puso Moo Sechaba se Nang le Lentsoe Lipolotiking le tlhahisong ea lintho. . . . Liphapang mahareng a Bokomonisi le Puso Moo Sechaba se Nang le Lentsoe Lipolotiking le tlhahisong ea lintho li fokotsehile haholo.” Hona joale ka 1990, mantsoe ana a qala ho utloahala ka ho hlakileng ha bokomonisi bo etsa liphetoho tse potlakileng Europe Bochabela.

Bokomonisi bo Hlahisa Bolumeli Hape

“Re batla lintho tsa bohlokoa moeeng . . . Melao ea boitšoaro eo bolumeli bo e hlahisitseng le ho e koetla ka makholo-kholo a lilemo e ka thusa mosebetsing oa nchafatso naheng ea rōna.” Batho ba ’maloa ba ne ba nahana hore ba tla utloa mantsoe ana molomong oa mongoli-kakaretso oa Mokha oa Bokomonisi oa Soviet Union. Empa ka la 30 November, 1989, Mikhail Gorbachev o ile a tsebisa ka ho fetola pono ena mabapi le bolumeli nakong eo mopapa a etetseng Italy ka eona.

Na mohlomong sena se tšehetsa khopolo ea hore Bakreste ba pele ka bobona e ne e le makomonisi, hore ba ne ba sebelisa puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho ea Bokreste? Batho ba bang ba bolela joalo, ba supa Liketso 4:32, e reng ka Bakreste ba Jerusalema: “Lintho tsa e mong le e mong ba ne ba re, ke tsa bohle.” Leha ho le joalo, phuputso e senola hore sena e ne e le tokisetso ea nakoana e bakiloeng ke maemo a ke keng a qojoa, eseng tsamaiso ea ka mehla ea “Bokreste” ea puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho. Ka lebaka la hobane ba ne ba abelana thepa ka tsela ea lerato, “ho ne ho se motho ea hlokang har’a bona.” E, “e mong le e mong o na a abeloa kamoo a hlokang kateng.”—Liketso 4:34, 35.

“Glasnost” le “Perestroika”

Ho tloha bofelong ba likhoeli tsa 1989, Soviet Union le metsoalle ea eona ea mebuso ea Bokomonisi Europe Bochabela e latsoitse phetoho e potlakileng ea lipolotiki. Ka lebaka la glasnost, kapa ho pepesa ntho ebile e ntse e sireletsoa hore batho bohle ba bone liphetoho tsena. Baahi ba Europe Bochabela ba ne ba batla liphetoho tse khōlō tseo ho isa bohōleng bo itseng ba ileng ba li nehoa. Baeta-pele ba Bokomonisi ba ile ba lumela hore ho hlokahala tsamaiso e nang le botho le e mosa haholoanyane ’me ba etsa boipiletso ba “ho tsosolosa tsamaiso ea puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho ka sebōpeho se fapaneng, e nang le tsebo, le e molemo ka ho eketsehileng,” joalokaha ho hlalositse setsebi sa moruo sa Poland.

Ea ka sehloohong har’a baeta-pele bana e bile Gorbachev eo nakoana hoba e be tona-khōlō ka 1985 a ileng a hlahisa khopolo ea perestroika (ho haha hape). Nakong ea ketelo ea hae Italy, o ile a sireletsa perestroika joaloka e hlokahalang mabapi le ho tobana le liphepetso tsa lilemong tsa bo-1990. O itse: “Ha e le mona ho se ho qalisitsoe ka liphetoho tsa motheo, linaha tsa puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho li tšela moeli oo ho ke keng ha khutleloa morao. Leha ho le joalo, ho fosahetse ho tsitlallela joaloka ba bangata ba Bophirimela hore sena ke ho oa ha tsamaiso ea puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho. Ho e-na le hoo, sena bolela hore tsoelo-pele ea puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho e tla phehella khōlo ea eona ka libōpeho tse ngata.”

Kahoo baeta-pele ba Bokomonisi ha ba e-s’o ikemisetse ho lumellana le tlhaloso ea selemong se fetileng e entsoeng ke moqolotsi oa litaba Charles Krauthammer ea ngotseng: “Potso ea nako e telele eo rafilosofi e mong le e mong oa lipolotiki a amehileng haholo ka eona ho tloha mehleng ea Plato—ke hore ke mofuta ofe oa puso o molemo?—e arabiloe. Ka mor’a lilemo tse likete tsa ho leka mefuta eohle ea tsamaiso ea lipolotiki, re phetha lilemo tsena tse sekete ka tsebo e tiileng ea hore pusong e lokolohileng le tsamaiso ea moruo e sa laoloeng ke naha, re fumane seo re neng re se batla.”

Leha ho le joalo, koranta ea Jeremane Die Zeit e lumela ka botšepehi hore puso ea sechaba ka sechaba e hlahisitse boemo bo soabisang Bophirimela, ’me e hlokomelisa ka “ho se hiroe, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, botekatse, ho thibeloa ha mananeo a sechaba, ho fokotsoa ha lekhetho, le khaello ea chelete,” ’me eaba oa botsa: “Na ka sebele ona ke mokhatlo oa batho o phethahetseng oo ka ho sa feleng o ithorisitseng ka puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho?”

Maele a tloaelehileng a re tšoene ha e ipone lekopo. Ke ’muso oa mofuta ofe o sa phethahalang oa motho o ka nyatsang bofokoli ba ’muso o mong? Linnete li bontša hore ’muso o phethahetseng oa motho—maemo a molemo—ha se ntho e leng teng. Bo-ralipolotiki ba sa ntse ba batla “sebaka se setle.” E sa ntse e le ‘sebaka se ke keng’ sa fumanoa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Marx o tsoetsoe ke batsoali ba Bajode ka 1818 ho seo nakong eo se neng se bitsoa Prussia, ’me o ile a kena sekolo Jeremane le ho sebetsa joaloka moqolotsi oa litaba; ka mor’a 1849 o ile a qeta nako e ngata ea bophelo ba hae London moo a ileng a shoela teng ka 1883.

[Lebokose le leqepheng la 29]

TLHALOSO EA MANTSOE A BOKOMONISI LE BOHATELLI

BOLSHEVIKS/MENSHEVIKS: Russian Social Democratic Labor Party e theiloe ka 1898 ’me ea arohana lihlopha tse peli ka 1903: Bolsheviks, ha e le hantle e bolela “letšoele la batho,” tlas’a Lenin, e ne e le batho ba thabelang ho boloka mokha oo o le monyenyane o na le palo e lekanyelitsoeng ea batho ba batlang ho tlisa liphetoho tsa motheo; Mensheviks, e bolela “litho tsa sehlotšoana sa batho,” se ratang mokha o moholoanyane o sebelisang mekhoa ea puso ea sechaba ka sechaba.

BOURGEOISIE/PROLETARIAT: Marx o ile a ruta hore proletariat (sehlopha sa batho ba sebetsang) se ne se tla ketola bourgeoisie (sehlopha sa batho ba bohareng, ho akarelletsa le beng ba lifeme) ’me se thehe “puso ea bohatelli ea batho ba sebetsang,” ’me ka tsela eo se hlahise mokhatlo oa batho o sa aroloang lihlopha.

COMINTERN: Khutsufatso ea Communist International (kapa, Third International), e leng mokha o theiloeng ke ke Lenin ka 1919 ho ntšetsa bokomonisi pele; o ile oa fela ka 1943, o ne o etelletsoe pele ke First International (1864-76), oo ho oona ho tsoileng lihlopha tse ngata tsa kahisano Europe, le Second International (1889-1919), le palamente ea machaba ea mekhatlo ea kahisano.

COMMUNIST MANIFESTO: Ke mantsoe a builoeng ke Marx le Engels e le motheo oa puso ea saense ea sechaba eo ka nako e telele e sebelelitseng e le motheo oa mekha ea European Socialist le Communist.

EUROCOMMUNISM: Ke bokomonisi ba mekha ea Europe Bophirimela; e sebetsang ka ntle ho taolo ea tona-khōlō ea Soviet ’me e ikemiselitse ho sebeletsa mebusong e kopaneng, e pheha khang hore “puso ea bohatelli” ha e sa hlokahala.

SCIENTIFIC/UTOPIAN SOCIALISM: Ke mantsoe a sebelisitsoeng ke Marx ho etsa phapang mahareng a lithuto tsa hae tseo ho nahanoang hore li thehiloe tsamaisong ea tlhahlobong ea saense ea histori le mesebetsing ea taolo ea moruo e sa laoloang ke naha le maemo a molemo a Utopia a puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlahisong ea lintho bakeng sa bahlahlami ba hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela