Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 6/8 maq. 14-16
  • Nka Hlōla ho Tšoenyeha ka Boima ba Ka ba ’Mele Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Hlōla ho Tšoenyeha ka Boima ba Ka ba ’Mele Joang?
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Icheba Seiponeng
  • Ho Hlalosa Botle ba Sebele
  • Matla a Bolella Motho eo U mo Tšepang Makunutu a Hao
  • E-ba le Mamello—Ho Hlaphoheloa ho Tla Butle-butle
  • Nka Etsa’ng Haeba ke sa Rate Tsela eo ke Shebahalang ka Eona?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke Hobane’ng ha ke Tšoenyeha ka Boima ba Ka ba ’Mele?
    Tsoha!—1999
  • Na ke na le Bothata ba ho Ja?
    Tsoha!—2006
  • Bothata ba ho Ipolaisa Tlala le ba Bonyollo—Linnete le Likotsi Tsa Bona
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 6/8 maq. 14-16

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Hlōla ho Tšoenyeha ka Boima ba Ka ba ’Mele Joang?

“Qaka e khōlō bophelong ba ka ke hore na ke etse ‘sandwich’ ea mayoneise kapa che. Nka tsepamisa kelello ea ka joang nthong leha e le efe ha ke tšoenyehile hakaale ka mayoneise? Qeto ea ho qetella e bile efe? Ho se je mayoneise—e na le lik’hilojule tse ngata haholo. Bothata ba ho ipolaisa tlala bo boetse boa hlōla. Ke hlōtsoe.”—Jaimee.

BOTHATA ba ho ja bo hlasela bacha ba limilione.a Ba bangata ha ba qale ba e-na le sepheo sa ho ipolaisa tlala (anorexia) kapa ho itloaetsa ho ba menyollo (bulimia). Ho fapana le moo, ba bangata ba qalile ba e-na le pakane ea ho fokotsa lik’hilograma tse seng kae feela. Leha ho le joalo, le pele ba hlokomela ba ile ba iphumana ba tšoasehile lerabeng lena le sa rateheng la ho ipolaisa tlala kapa ho ja ho tlōla. Jaimee o re: “Ke qalile ho hloaea lijo e le ho laola boima ba ka ba ’mele, empa hona joale ke tsona tse ntaolang.”

Haeba u iphumana u tšoenyeha ka lijo le liphello tseo li bang le tsona boimeng ba hao ba ’mele, ke’ng seo u ka se etsang? Ntlha ea pele, hlokomela hore bacha ba bangata ba ile ba loantša bothata ba ho ja ’me ba bo hlōla! Empa joang?

Ho Icheba Seiponeng

Bohato ba bohlokoa e le hore u hlōle ntoa ea bothata ba ho ja ke hore u amohele ponahalo ea hao. Buka e reng Changing Bodies, Changing Lives e re: “Batho ba bangata ba nang le bothata ba ho ja ba na le maikutlo a sothehileng ka bona. Ha ba talime ’mele ea bona ka tsela ea sebele ’me ba lula ba itšoaea-tšoaea liphoso, haholo-holo ka ponahalo ea bona.”

Ka sebele, bacha ba bang ba ikala ka ponahalo ea bona ea ’mele; ’me phosonyana leha e le efe e bonoa e le e tšabehang. Vicki ea lilemo li 17 o re: “Ke motenya ka tsela e ntenang. Ke letheka le sephara hoo ke sitoang ho apara phahlo leha e le efe e subeloang.” Esita le ka mor’a ho fokotsa lik’hilograma tse 10, Vicki o ne a ntse a sa khotsofala. O ne a hana ho ja kapa a ja haholo ebe o itlhatsisa lijo tseo a li jeleng.

Ke ’nete hore ha ho phoso ho tšoenyeha ho isa bohōleng bo itseng ka hore na u shebahala joang. Ntlheng ena, ke ho thahasellisang ho hlokomela hore Bibele e bua hantle ka sebōpeho se setle le ponahalo e ntle ea basali le banna ba ’maloa, ho akarelletsa Sara, Ragele, Josefa, Davida le Abigaile.b Bibele e bile e bolela hore mohlokomeli oa Davida, Abishage, o ne a “le motle haholo.”—1 Marena 1:4.

Ho Hlalosa Botle ba Sebele

Leha ho le joalo, Bibele ha e hatise ponahalo ea ’mele kapa sebōpeho sa ’mele e le tsa bohlokoa. Ho e-na le hoo, e tlotlisa “motho ea ka sephiring oa pelo.” (1 Petrose 3:4) Ke motho ea ka hare ea hlileng a etsang hore motho a khahlehe kapa a nyatsehe mahlong a Molimo le batho.—Liproverbia 11:20, 22.

Nahana ka mor’a Morena Davida, Absalome. Bibele e re: “Ho no ho se motho hohle Iseraeleng, ea tumileng ka botle ba hae, joalo ka Absalome; ho tloha bohatong ba maoto, ho isa har’a hlooho, ho no ho se koli ho eena.” (2 Samuele 14:25) Leha ho le joalo, mohlankana enoa o ne a le mano. Boikhohomoso le takatso ea bophahamo li ile tsa mo susumelletsa hore a leke ho inkela ka likhoka matla a morena ea khethiloeng ke Jehova. Ka hona, Bibele ha e behe Absalome boemong bo botle empa e mo hlalosa e le monna ea sa tšepahaleng ka tsela e soabisang le ea nang le lehloeo le bolaeang.

Botle ba motho ba sebele, ha boa itšetleha ka pōpeho ea ’mele. Ka lebaka le utloahalang, Bibele e re: “Fumana bohlale; ’me hammoho le sohle seo u se fumanang, fumana kutloisiso. Bo tla fa hlooho ea hao mofapa-hlooho o khahlehang; bo tla beha moqhaka oa botle holim’a hao.”—Liproverbia 4:7, 9, NW.

Leha ho le joalo, ke ’nete hore hangata bothata ba ho ja ha bo bakoe ke ho se khotsofalle ponahalo ea motho feela. Buka e ’ngoe ea litšupiso e re: “Batho ba tšoenyehang ka lijo ’me ba qetella ba e-na le bothata ba ho ja joaloka ba ho ipolaisa tlala, bonyollo le ba ho ja ho tlōla, hangata ke ba ikhalalang—ha ba inke e le ba bohlokoa ’me ba nahana hore le ba bang ha ba ba nke e le ba bohlokoa.”

Ho na le lisosa tse ’maloa tse ka tlatselletsang boikutlong ba ho ikhalala. Ka mohlala, ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng ho ka u tlisetsa maikutlo a mangata a ferekanyang—haholo-holo haeba u kene ho bona pele ho lithaka tsa hao. ’Me hape, bacha ba bang ba hōletse malapeng a lulang a na le moferefere, mohlomong ba hlekefetsoa ’meleng kapa ba hlekefetsoa ka likamano tsa botona le botšehali. Ho sa tsotellehe hore na sesosa ke eng, hangata ho hlaphoheloa ho akarelletsa ho amohela boemo leha e le bofe bo hlohlelletsang maikutlo a joalo a ho ikhalala. Sena se bolela ho ananela bohlokoa ba hao ba sebele u le motho. Ka sebele, bonyane motho e mong le e mong o na le litšoaneleho tse itseng tse babatsehang. (Bapisa le 1 Bakorinthe 12:14-18.) Ke ’nete hore u ka ’na ua se ke ua ipona u e-na le tsona, empa motsoalle ea hōlileng tsebong a ka ’na a u bontša tsona.

Empa ho thoe’ng haeba u hlile u lokela ho theola boima ba ’mele ka mabaka a utloahalang a bophelo? Bibele e re khothalletsa hore re be “ba itekanetseng mekhoeng.” (1 Timothea 3:11) Kahoo, ke hantle ho qoba ho hloea lijo ka ho feteletseng kapa ho fetoha phofu ea ho sebelisa litsela tsa ho fokotsa boima ba ’mele ka potlako. Mohlomong tsela e molemohali ea ho fokotsa lik’hilograma tse sa hlokahaleng ke ho ja lijo tse matlafatsang le ho fumana boikoetliso ka tsela e lekaneng. Makasine ea FDA Consumer e re: “Feela joaloka linthong tse ling tse ngata, ho na le tsela e nepahetseng le e fosahetseng ea ho fokotsa boima ba ’mele. Tsela e fosahetseng ke ea ho se je lijo tse ling, ho ikemisetsa ho se je letho haese bohobe le metsi, ho noa lipilisi tse theolang ’mele, kapa ho itlhatsisa.”

Matla a Bolella Motho eo U mo Tšepang Makunutu a Hao

Mosebeletsi oa sechaba Nancy Kolodny o bapisa ho ba le bothata ba ho ja le “ho tsamaea tseleng e matsoelintsoeke u le mong, u se na ’mapa kapa sesupa-tsela, u sa tsebe hantle litsela tse tsoang, ebile u sa tsebe hantle hore na u tla tsoa neng kapa haeba u tla ke u fumane tsela ea ho tsoa moo. . . . Ha nako e ntse e lelefala u le ka hare u tsieleha le ho ferekana ho feta ha u ntse u leka ho fumana tsela ea ho tsoa moo.” Ka hona, haeba u e-na le matšoao a bothata ba ho ipolaisa tlala kapa bonyollo, ho hlokahala u fumane thuso. U ke ke ua khona ho intša har’a “matsoelintsoeke” ao ka bouena. Ka hona bolella motsoali kapa motho e mong e moholo eo u mo tšepang makunutu a hao. Maele a Bibele a re: “Motsoalle oa motho o mo rata ka mehla; e ba ngoan’abo tlokotsing ea hae.”—Liproverbia 17:17.

Lipaki tsa Jehova tse ngata li fumane botsoalle bo joalo ba batho ba ka tšeptjoang har’a baholo ka phuthehong ea Bokreste. Ke ’nete hore baholo hase lingaka, ’me thuso ea bona e ke ke ea nkela thuso ea bongaka sebaka. Leha ho le joalo, balebeli ba Bakreste ba ke ke ba ithiba litsebe hore ba se ke ba utloa “mohoo o belaelang oa ea tlaase,” ’me keletso ea bona le lithapelo tsa bona li ka fana ka thuso e le hore “ea sa ikutloeng hantle a fole” moeeng.—Liproverbia 21:13, NW; Jakobo 5:13-15.

Haeba u ikutloa u sa phutholoha ho bolella motho e mong makunutu a hao le talimane, ngola maikutlo a hao lengolong, ’me u kōpe karabelo. Ntho ea bohlokoa ke hore u hlahise taba e tsebahale. Nancy Kolodny oa ngola: “Ka ho amohela ’nete ea hore u se u sitoa ho sebetsana le boemo u le mong, u itlama ho lumella motho e mong hore a u thuse ho tloha hona joale ho ea pele.” Oa phaella: “Mehato ena e ka ’na ea e-ba boima hore u nahane ka eona le hore u e nke, empa ke mehato e molemo, e tla u kenya tseleng e nepahetseng ea ho tsoa har’a matsoelintsoeke.”

Bacha ba Bakreste ba na le mohloli o mong o matlahali—thapelo. Ho rapela Molimo hase feela mokhoa oa ho etsa sa mokana motho o na le khotso ea kelello. Ke puisano ea sebele le ea bohlokoa le ’Mōpi, ea u utloisisang hamolemonyana ho feta kamoo u ikutloisisang kateng! (1 Johanne 3:19, 20) Kahoo, le hoja ena e se nako ea Jehova e behiloeng ea ho felisa maloetse ’ohle, Molimo oa rōna ea lerato a ka tataisa mehato ea hao e le hore u se ke ua therekela. (Pesaleme ea 55:22) Ho tsoa phihlelong ea hae, mopesaleme Davida o ile a ngola: “Ka na ka batla Jehova, ’me a nkaraba, a ba a mpholosa ho tšabeng ha ka kaofela. Mohlomohi ha a rapela, Jehova oa utloa; o mo pholosa mahlomoleng a hae kaofela.”—Pesaleme ea 34:4, 6.

Ka hona, leka ka mekhoa eohle ho bolella Jehova Molimo maikutlo a hao a tebileng. Moapostola Petrose o ile a ngola: “Lahlelang matšoenyeho ’ohle a lōna ho eena, hobane oa le tsotella.” (1 Petrose 5:7) E le hore u hahe kananelo ea mosa o lerato oa Jehova, ke hobane’ng ha u sa bale ka hloko Pesaleme ea 34, 77, 86, 103 le ea 139? Ho thuisa ka lipesaleme tsena ho tla matlafatsa kholiseho ea hao ea hore Jehova o tšepahala ka ho sa sekisetseng le hore o batla hore u atlehe. Ka ho bala Lentsoe la hae, u tla qetella u ikutloa joaloka Davida, ea ileng a ngola: “Neng le neng ha ke tšoenyehile ’me ke khathatsehile, ua ntšelisa le ho ’nyakallisa.”—Pesaleme ea 94:19, Today’s English Version.

E-ba le Mamello—Ho Hlaphoheloa ho Tla Butle-butle

Ba bangata ba thusoang bothateng ba ho ja ha ba hlaphoheloe ka ho panya ha leihlo. Nahana ka Jaimee, ea qotsitsoeng sethathong. Esita leha a se a ntse a fuoa thuso, o ne a ntse a fumana ho le thata ho ja leha e se e le sona sekotloloana sa lesheleshele. O re: “Ke tlameha ho lula ke ipolella hore sena se molemong ua ka le hore ke hloka ho ja e le hore ke phele. Khaba e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke e ja e ne ekare e boima ba lik’hilograma tse sekete.”

Le hoja ka nako e ’ngoe Jaimee a ne a le makhatheng a lefu, o ile a etsa qeto ea ho hlōla ho tšoenyeha ha hae ka lijo. O ile a re: “Ha ke na ho shoa. Ke tla loantša bothata bona ’me ke tla bo hlōla. Ke tla hlōla bothata ba ho ipolaisa tlala. Ho tla ba thata, empa ke tla bo hlōla.” Le uena u ka bo hlōla!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Tsoha! ea May 8, 1999, leqepheng la 13-15.

b Bona Genese 12:11; 29:17; 39:6; 1 Samuele 17:42; 25:3.

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Ho ja lijo tse itekanetseng le ho ikoetlisa ka ho lekaneng ho ka u thusa ho laola boima ba hao ba ’mele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela