Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/06 maq. 10-12
  • Ke Hobane’ng ha ke Intša Kotsi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ke Intša Kotsi?
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Fapa-fapane
  • “Mokhoa oa ho Sebetsana le Khatello ea Kelello”
  • “Linako Tse Mahlonoko”
  • Nka Khaotsa Joang ho Intša Kotsi?
    Tsoha!—2006
  • Ha Mocha a Intša Kotsi
    Tsoha!—2013
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2006
  • Ke Hobane’ng ha ke Itšeha?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 1/06 maq. 10-12

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha ke Intša Kotsi?

“Ke ne ke itšehile hampe lenonyeletsong la letsoho hoo ke ileng ka tlameha ho ea rokoa. Ka nako eo, ke ile ka bolella ngaka hore ke sehiloe ke tleloubu ea lebone, e leng se neng se hlile se etsahetse—seo ke sa kang ka se bua ke hore ke ne ke itšehile ka boomo.”—Sasha, 23.

“Batsoali ba ka ba hlokometse maqeba a ka, empa ao ba a hlokometseng ke a seng mabe hakaalo ’me a bonahala eka ke mengoapo. . . . Ka linako tse ling ba bona leo ba sa le tsebeng, ebe ke hlaha ka lebaka le itseng. . . . Ha ke batle hore ba tsebe.”—Ariel 13.

“Ke ’nile ka intša kotsi ho tloha ha ke le lilemo li 11. Ke ne ke tseba hore Molimo o nka ’mele oa motho e le oa bohlokoa, empa sena le sona ha sea ka sa etsa hore ke khaotse.”—Jennifer, 20.

E KA ’na eaba u tseba motho ea kang Sasha, Ariel, kapa Jennifer.a E ka ’na eaba ke motho eo u kenang sekolo le eena. E ka ’na eaba ke ngoan’eno. E ka ’na eaba ke uena. United States feela, ho hakantsoe hore batho ba limilione—bao boholo ba bona e leng bacha—ba intša kotsi ka boomo ka mekhoa e fapaneng, e kang ho itšeha, ho ichesa, ho itetetsa, kapa ho ikhobola letlalo.b

Na ba teng batho ba ka intšang kotsi ka boomo? Nakong e fetileng, ba bangata ba ne ba tla amahanya boitšoaro bo joalo le feshene e makatsang kapa sehlotšoana sa bolumeli bo itseng bo sa amoheleheng. Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena mokhoa ona oa ho intša kotsi o se o tsejoa haholo. Ho joalo le ka palo ea ba hlahellang ba ipolelang hore ba na le bothata bona. Michael Hollander, motsamaisi oa setsi se seng sa phekolo United States o re: “Tleliniki e ’ngoe le e ’ngoe e re bothata bona boa eketseha.”

Ha motho a intša kotsi, hase hangata a shoang empa hona ho kotsi. Nka mohlala oa Beth. O re: “Ha ke intša kotsi, ke sebelisa lehare. Ke ’nile ka kena sepetlele habeli. Ka lekhetlo le leng ke ile ka tlameha ho potlakisetsoa lefapheng la ba hlokang thuso ea potlako ka lebaka la leqeba le lebe.” Joaloka ba bangata ba nang le bothata bona, Beth o tsoetse pele ka mokhoa ona ho fihlela e le motho e moholo. O re: “Ke entse sena ho tloha ha ke le lilemo li 15, ’me hona joale ke lilemo li 30.”

Na uena kapa motho e mong eo u mo tsebang le bothateng bo tšoanang ba ho intša kotsi? Haeba ho joalo, u se ke ua lahla tšepo. Thuso ea fumaneha. Tokollong e latelang ea Tsoha! re tla tšohla kamoo ba intšang kotsi ba ka thusoang kateng.c Leha ho le joalo, ho tla ba hotle ho qala ka ho bua ka batho ba nang le bothata bona le hore na ke hobane’ng ha ba etsa joalo.

Ba Fapa-fapane

Ho thata ho beha batho ba intšang kotsi sehlopheng se le seng. Ba bang ba tsoa malapeng a nang le mathata; ba bang ba tsoa malapeng a tsitsitseng, a thabileng. Ba bang ke ba feilang sekolong, empa bongata ke ba sebetsang hantle haholo sekolong. Hangata batho ba intšang kotsi ba na le matšoao a fokolang a hore ba na le mathata, haeba a ka bonahala, etsoe hase kamehla ho bonahalang ha motho a imetsoe ke mathata. Bibele e re: “Esita le litšehong pelo e ka ’na ea utloa bohloko.”—Liproverbia 14:13.

Hape, ho fapana ka batho hore na ba intša kotsi ka ho teba hakae. Ka mohlala, phuputso e ’ngoe e fumane hore batho ba bang ba itšeha hanngoe feela ka selemo, ha ba bang ka karolelano ba itšeha habeli ka letsatsi. Ho fumanoe ho thahasellisa hore banna ba bangata ba intša kotsi ho feta kamoo ho kileng ha nahanoa kateng. Leha ho le joalo, bothata bona bo fumanoa haholo bananeng ba lilemong tsa bocha.d

Esita leha e le batho ba fapa-fapaneng joalo, ba bang ba intšang kotsi ba na le lintho tse itseng tseo ba tšoanang ka tsona. Encyclopedia e ’ngoe ea bacha e re: “Bacha ba intšang kotsi hangata ba inka ba se na matla a ho etsa leha e le eng, ba sitoa ho tšepa ba bang bakeng sa ho ba bolella kamoo ba ikutloang kateng, ba ikutloa ba se na mang oe! kapa ba lahliloe kherehloa, ba tšohile ’me baa ikhalala.”

Ke ’nete hore ba bang ba ka ’na ba re tlhaloso ena e ka tšoanela hoo e batlang e le mocha leha e le ofe ea boemong ba ho tšaba le ho se sireletsehe ho tsamaisanang le ho hōla. Leha ho le joalo, bakeng sa motho ea intšang kotsi, ho ba thata haholo ho loantšana le maikutlo ana. Ho sitoa ho phetlela motho eo a mo tšepang sefuba bakeng sa lintho tse mo tšoenyang ho ka etsa hore khatello ea sekolong, ea mosebetsing kapa likhohlano tsa lapeng li shebahale eka ke thaba eo a ke keng a e hlōla. Ha a bone tharollo ’me o ikutloa ho se motho eo a ka buisanang le eena. O sitoa ho mamella khatello ena e bang teng kelellong. Qetellong, o sibolla ho itseng: Ka ho intša kotsi, ho bonahala a imoloha ka tsela e itseng bohlokong ba maikutlo, ’me o ikutloa a ka tsoela pele le bophelo ba hae—bonyane ka nakoana.

Ke hobane’ng ha motho ea intšang kotsi a khetha ho utloa bohloko ’meleng e le hore a lebale ka bohloko bo maikutlong? Ho etsa mohlala, nahana hore na ho etsahala’ng ha u le ngakeng ’me e tlameha ho u enta. Hang ha e qala, na u se u kile ua iphumana u itsipa kapa mohlomong u itlhaba ka manala, hore feela u se ke ua nahana haholo ka bohloko ba lemao? Motho ea intšang kotsi o etsa se tšoanang, le hoja eena a hlile a intša kotsi. Ho eena, ho intša kotsi ho etsa hore kelello ea hae e imolohe bohlokong ba maikutlo boo a leng ho bona. ’Me o nka bohloko ba maikutlo bo le matla hoo a khethang ho utloa bohloko ’meleng. Mohlomong ke lona lebaka le entseng hore e mong ea nang le bothata bona ba ho intša kotsi a bo bitse “moriana oa ka ha ke le matšoenyehong.”

“Mokhoa oa ho Sebetsana le Khatello ea Kelello”

Ho ba sa tloaelanang le boloetse bona ba ho intša kotsi, ho ka bonahala sena e le teko ea ho ipolaea. Empa hangata ha ho joalo. Sabrina Solin Weill, mohlophisi ea ka sehloohong oa makasine ea bacha, oa ngola: “Ka kakaretso, batho bana ba mpa ba leka ho felisa bohloko boo ba bo utloang, eseng bophelo ba bona.” Ka hona, buka e ’ngoe e bua ka ho intša kotsi e le “‘ntho e pholosang bophelo’ ho e-na le ho ba e bo felisang.” Hape e bitsa mokhoa ona “mokhoa oa ho sebetsana le khatello ea kelello.” Khatello ea mofuta ofe?

Ho fumanehile hore ba bangata ba intšang kotsi ba kile ba oela koluoeng e itseng, e kang ho hlekefetsoa ha e sa le bana kapa ho se hlokomeloe. Ho ba bang, lintoa tsa lelapa kapa ho lemalla joala ha motsoali e mong e bile lona lebaka. Ho ba bang, ho ameha lefu le itseng la kelello.

Ho ka ’na ha e-ba le mathata a mang hape. Ka mohlala, Sara o re o ne a le teronkong ea seo a se bitsang ho itlhokofatsa ka ho lebella phetheho. Le hoja a ile a fumana thuso e tsoang ho baholo ba Bakreste ka mor’a hore a etse phoso e tebileng, o ne a ntse a ikutloa a le molato haholo ka mefokolo ea hae ea letsatsi le letsatsi. Sara o re: “Ke ile ka nahana hore ke tlameha ho ‘itšoara ka thata.’ Ke ne ke nka ho intša kotsi e le khalemelo. Ho ‘ikhalemela’ ho ne ho akarelletsa ho ifothola moriri, ho itšeha manonyeletso a matsoho le liphaka, ho ikotla le ho itetetsa, le ho ipha kotlo e kang ea ho kenya letsoho la ka metsing a chesang haholo, ho lula ka ntle serameng se kenellang masapong ke sa apara baki, kapa ho qeta letsatsi lohle ke sa ja.”

Ho Sara, ho intša kotsi e ne e le pontšo ea hore oa inyatsa. O re: “Ho na le linako tseo ke neng ke tseba hore Jehova o tšoaretse liphoso tsa ka, empa ke ne ke sa batle hore a ntšoarele. Ke ne ke batla ho utloa bohloko hobane ke ne ke itlhoile. Le hoja ke ne ke tseba hore le ka mohla Jehova o ne a ke ke a nahana ka sebaka sa tlhokofatso se kang lihele tse rutoang ke Bokreste-’mōtoana, ke ne ke batla hore a nketsetse tsona ke le mong.”

“Linako Tse Mahlonoko”

Ba bang ba ka ’na ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha mokhoa o mobe joalo e le hona o hlahellang lilemong tsa morao tjena. Leha ho le joalo, liithuti tsa Bibele lia tseba hore tsena ke “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1) Ka hona, ha ba makale ha ba utloa hore batho—ho akarelletsa le bacha—ba ba le mekhoa eo ho leng thata ho e hlalosa.

Bibele ea lumela hore ‘khatello e ka etsa hore ea bohlale a etse ka bohlanya.’ (Moeklesia 7:7) Liphephetso tsa lilemo tsa bocha—maemong a mang hammoho le liketsahalo tse bohloko tse hlahetseng motho—e ka ba motheo oa boitšoaro bo kotsi, bo akarelletsang ho intša kotsi. Mocha ea ikutloang a le mong ’me a lumela hore ha a na motho eo a ka buang le eena a ka ’na a qala mokhoa oa ho itšeha moo a lekang ho ikimolla maikutlong. Empa ho imoloha leha e le hofe ho ka bonahalang ho ba teng ha motho a intša kotsi ke ha nakoana. E se khale bothata boo bo khutla hape, ebe motho o boela a intša kotsi.

Ka kakaretso, ba nang le bothata ba ho intša kotsi ba batla ho tlohela mokhoa ona empa ha ho bonolo. Ba bang ba khonne joang ho khaotsa mokhoa oo oa ho intša kotsi? Sena se tla tšohloa sehloohong sa “Bacha Baa Botsa . . . ” se reng “Nka Khaotsa Joang ho Intša Kotsi?” koranteng ea Tsoha! ea February, 2006.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang sehloohong sena a fetotsoe.

b Ho intša kotsi ha hoa lokela ho ferekanngoa le ho iphunya ’mele kapa ho icheselletsa mongolo letlalong. Ka tloaelo, tsena li tsamaisana haholo le feshene ho feta ho ba ntho eo motho a e lemallang. Bona Tsoha! ea August 8, 2000, leqepheng la 18-9.

c Levitike 19:28 e re: “Le se ke la iphatsa ’meleng ka lebaka la moea o shoeleng.” Mokhoa ona oa bohetene—oo ho bonahalang o ne o etsetsoa hore ho bōptjoe khotso le melimo eo ho neng ho nahanoa hore mofu o matsohong a eona—o fapane le mokhoa oa ho intša kotsi o tšohloang mona.

d Ka lebaka lena, re tla bua ka batho ba intšang kotsi e le ba batšehali. Leha ho le joalo, melao-motheo e tšohloang e sebetsa ho ba batona le ba batšehali.

SEO U KA NAHANANG KA SONA

◼ Ke hobane’ng ha bacha ba bang ba khetha mokhoa oo oa ho intša kotsi?

◼ Ka mor’a hore u bale sehlooho sena, na u ka nahana ka litsela tse ling tse molemo tsa ho sebetsana le maikutlo a sithabetsang?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

“Esita le litšehong pelo e ka ’na ea utloa bohloko.”—Liproverbia 14:13

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

“Ka kakaretso, batho bana ba mpa ba leka ho felisa bohloko boo ba bo utloang, eseng bophelo ba bona”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

Re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’—2 Timothea 3:1

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela