Bacha Baa Botsa . . .
Nka Khaotsa Joang ho Intša Kotsi?
“Ke ne ke utloa bohloko maikutlong hoo ke neng ke sitoa ho itšoara. Eaba joale ke fumana ntho eo nka e laolang—e leng ho ikutloisa bohloko ’meleng.”—Jennifer, 20.a
“Ha ke teneha, ke ne ke itšeha ’mele. E ne e le mokhoa oo ke llang ka ’ona. Ka mor’a moo ke ne ke thaba.”—Jessica, 17.
“Ho se ho fetile libeke tse peli joale ke e-s’o intše kotsi. Ho ’na ke nako e telele. Ha ke kholoe hore ho na le mohla ke tla khaotsa ka ho feletseng.”—Jamie, 16.
JENNIFER, Jessica, le Jamie ha ba tsebane, empa ho na le ntho eo ba tšoanang ka eona. Ka boraro ba bona ba ne ba utloile bohloko maikutlong. ’Me boraro ba bona ba ile ba sebelisa mokhoa o tšoanang ho sebetsana le ho utloa bohloko ha bona. Jennifer, Jessica le Jamie ba ile ba fumana ba imoloha ka nakoana ha ba intša kotsi.b
Le hoja ho ka utloahala ho makatsa, ho intša kotsi ho atile haholo kajeno bacheng le bathong ba sa tsoa kena lilemong tsa ho ba batho ba baholo. National Post ea Canada e re mokhoa ona “o tšosa batsoali, o emisa lihlooho tsa baeletsi ba fanang ka tataiso [likolong] hammoho le ho hulisa lingaka ka thata.” E boetse e re ho intša kotsi “ho ka fetoha e ’ngoe ea lintho tse lemalloang tseo ho leng thata ka ho fetisisa ho li tsoela tseo lingaka li li tsebang.” Na uena kapa motho eo u mo tsebang le makhoba a mokhoa oo? Haeba ho joalo, u ka etsa eng ka hona?
Pele ho tsohle, leka ho fumana mabaka a u susumelletsang hore u intše kotsi. U hopole hore ho intša kotsi hase feela ntho eo motho a tloaetseng ho e etsa ha ho e-na le ho mo khathatsang. Hangata e mpa e le tsela ea ho theola khatello e itseng ea kelello. Motho ea intšang kotsi o ikimolla bohloko ba maikutlo ka ho ikutloisa bohloko ’meleng. Ka hona, ipotse: ‘Ho intša kotsi ho ntsoela molemo ofe? Ke nahana ka eng nakong eo ke batlang ho intša kotsi?’ Na ho na le boemo bo itseng bophelong—mohlomong ba lelapa leno kapa metsoalle ea hao—bo u utloisang bohloko?
Ha ho pelaelo hore ho tla hlokahala boikemisetso hore u itlhahlobe joalo. Empa moputso o ka ba moholo. Ka tloaelo bona ke bohato ba pele bo lebisang ho khaotseng ho intša kotsi. Leha ho le joalo, ho hlokahala ho fetang feela ho fumana sesosa sa mokhoa ona.
Bohlokoa ba ho Phetlela Motho e Mong Sefuba
Haeba u na le bothata ba ho intša kotsi, ho bolella motsoalle eo u mo tšepang le ea hōlileng tsebong ka matšoenyeho a hao ho tla u tsoela molemo. Maele a Bibele a re: “Masoabi a fifatsa pelo ea motho; empa puo e molemo ea e thabisa.” (Liproverbia 12:25, Bibele ea Sesotho) Ho phetlela motho e mong sefuba ho ka etsa hore u utloe mantsoe ao u a hlokang a tšelisang, a mosa.—Liproverbia 25:11.
U lokela ho bolella mang? Ho ka ba molemo ho khetha motho ea moholo ho uena ea bontšang bohlale, ea hōlileng tsebong ’me a e-na le kutloelo-bohloko. Bakreste ba na le monyetla oa baholo ka phuthehong, ba tšoanang le “sebaka sa ho ipatela pula e nang ka sefefo, joaloka melapo ea metsi naheng e se nang metsi, joaloka moriti oa lefika le leholo naheng e phophothehileng.”—Esaia 32:2.
Ke ’nete hore u ka ’na ua sehoa ke letsoalo ha u nahana ho bolella motho e mong lekunutu la hao. U ka ’na ua ikutloa ka tsela e tšoanang le eo Sara a ileng a ikutloa ka eona. Oa lumela: “Pele ke ne ke thatafalloa ke ho tšepa motho. Ke ne ke lumela hore hang ha batho ba ka ntseba—ba hla ba ntseba hantle—ba tla ’nyonya le ho thella lipelo ’me ba ikhule ho ’na.” Leha ho le joalo, ka mor’a hore a phetlele motho e mong sefuba, Sara o ile a lemoha ’nete ea se boleloang ke Bibele ho Liproverbia 18:24: “Ho na le motsoalle ea khomarelang haufi ho feta mor’abo motho.” O re: “Bakreste ba hōlileng tsebong bao ke ileng ka ba phetlela sefuba ha baa ka ba ’nyatsa le ka mohla, ho sa tsotellehe hore na ke ile ka ba bolella eng ka mokhoa oa ka oa ho intša kotsi. Ho e-na le hoo, ba ile ba mpha litlhahiso tse sebetsang. Ba ile ba buisana le ’na ka Mangolo, ka mamello ba nkhothatsa nakong eo ke neng ke ikutloa ke nyahame ’me ke ikutloa ke se motho oa bohlokoa.”
Ke hobane’ng ha u sa bue le motho e mong ka bothata ba hao ba ho intša kotsi? Haeba u utloa hore u sitoa ho bolella motho u mo shebile mahlong, leka ho mo bolella ka lengolo kapa ka thelefono. Ho phetlela motho e mong sefuba e ka ba mohato oa bohlokoa ho u thuseng hore u tlohele mokhoa ona. Jennifer o re: “Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e bile ho tseba hore ho na le motho ea hlileng a ntsotellang, eo nka buang le eena ha ke sithabetse maikutlong.”c
Bohlokoa ba Thapelo
Donna o ne a bona ho le ho putsoa pele. O ne a ikutloa hore o hloka thuso ea Molimo. Empa hape o ne a na le boikutlo ba hore a ke ke a mo thusa ho fihlela ha a khaolitse ho intša kotsi. Donna o ile a thusoa ke eng? Ntho e ’ngoe ebile ho nahanisisa ka 1 Likronike 29:17, e bitsang Jehova Molimo “ea hlahlobang lipelo.” Donna o re: “Jehova o ne a tseba hore ka pelong, ke batla ka pelo ea ka eohle hore ke khaotse ho itšeha ’mele. Ka mor’a hore ke qale ho mo rapela hore a nthuse, ke ile ka hlolloa. Butle-butle, ke ile ka ’na ka tiea lengole.”
Mopesaleme Davida, ea neng a tseba mahlomola hantle, o ile a ngola: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.” (Pesaleme ea 55:22) Jehova o tseba matšoenyeho a hao. Ho feta moo, ‘oa u tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Haeba pelo ea hao e u tsoa, hopola hore Molimo o ‘moholo ho pelo ea hao ’me o tseba lintho tsohle.’ Ruri oa utloisisa hore na ke hobane’ng ha u intša kotsi le hore na ke hobane’ng ha ho le boima ho khaotsa. (1 Johanne 3:19, 20) Haeba u mo atamela ka thapelo ’me u leka ka matla ho hlōla mokhoa ona, ‘ka sebele u tla u thusa.’—Esaia 41:10.
Ho thoe’ng haeba u iphumana u se u entse ketso eo hape? Na see se bolela hore u hlōtsoe ke phetho? Le letho! Liproverbia 24:16 e re: “Etsoe ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me ka sebele o tla ema.” Ha a bua ka temana eo ea Bibele, Donna o re: “Ke ile ka oela ka makhetlo a fetang a supileng, empa ha kea ka ka inehela.” Donna o ile a lemoha hore ho phehella ke ntho ea bohlokoa. Ho joalo le ka Karen. O re: “Ha ke nke hore ha ke boela ke intša kotsi e se e le ha ke hlōtsoe, empa ke ithutile ho nka seo e le ho oela ha nakoana, ’me ke ’nile ka iteka hape ka makhetlo a mangata ha ho hlokahala.”
Haeba ho Hlokahala Thuso e Eketsehileng
Jesu o ile a hlokomela hore ba ‘kulang ba hloka ngaka.’ (Mareka 2:17) Maemong a mangata ho hlokahala hore motho a ee ngakeng e le hore e hlahlobe haeba ho e-na le boloetse bo itseng boo e leng bona bo susumelletsang motho hore a intše kotsi, ebe e khothalletsa phekolo e itseng.d Jennifer o ile a khetha ho fumana thuso e joalo, e ileng ea thusana le tšehetso eo a neng a e fuoe ke balebeli ba lerato ba Bakreste. O re: “Baholo hase lingaka, empa ba ntšehelitse haholo. Le hoja ka linako tse ling ke ee ke fihleloe ke mohopolo oa ho intša kotsi, ke atlehile ho o laola ka thuso ea Jehova, ea phutheho le ka ho sebelisa mekhoa e itseng eo ke ithutileng eona e le hore ke sebetsane ka katleho le boemo bona.”e
Tiiseha hore u ka ithuta mekhoa e mecha e molemo ea ho sebetsana le boemo. Joaloka mopesaleme, rapela: “Tiisa mehato ea ka polelong ea hao, e se eka ho ke ke ha e-ba le mofuta oa ntho e kotsi e ka nkhatellang.” (Pesaleme ea 119:133) Ka sebele u tla khotsofala u be u itlhomphe hape ha u hlōla mokhoa ona e le hore o se hlole o u laola.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang sehloohong sena a fetotsoe.
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng tabeng ea ho intša kotsi—hore na ho akarelletsa eng le hore na ho bakoa ke eng—bona sehlooho se reng “Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha ke Intša Kotsi?” tokollong ea Tsoha! ea January 2006.
c U ka ’na ua itloaetsa ho ngola maikutlo a hao fatše ka linako tse ling. Bangoli ba lipesaleme tsa Bibele e ne e le banna ba nang le maikutlo a tebileng ba neng ba sebelisa mantsoe ho hlalosa maikutlo a bona a ho ikoahlaea, a khalefo, a ho tsieleha le a ho utloa bohloko. Ka mohlala, u ka ’na ua rata ho sheba Pesaleme ea 6, 13, 42, 55, le ea 69.
d Ka linako tse ling ho intša kotsi ho bakoa ke boemo bo bong, bo kang ba ho imeloa kelellong, ho ba le maikutlo a loantšanang a ferekanyang kelello, boloetse ba menahano e sa laoleheng e susumelletsang motho ho etsa lintho ka ho feteletseng, kapa maloetse a amanang le ho ja. Tsoha! ha e buelle mofuta o itseng oa phekolo. Bakreste ba lokela ho etsa bonnete ba hore phekolo leha e le efe eo ba e khethang ha e hanane le melao-motheo ea Bibele.
e Litokollo tse fetileng tsa Tsoha! li ne li e-na le lihlooho tse buang ka mabaka ao hangata a susumelletsang batho hore ba intše kotsi. Ka mohlala, bona letoto la lihlooho tse reng “Ho Utloisisa Mafu a ho Feto-fetoha ha Maikutlo ho sa Laoleheng” (January 8, 2004), “Thuso Bakeng sa Bacha ba Tepelletseng Maikutlo” (September 8, 2001) le tse buang ka mathata a ho ja (February 8, 1999), hammoho le sehlooho sa “Bacha Baa Botsa. . . Motsoali oa Ka ke Lekhoba la Tahi—Nka Tobana le Boemo ka Katleho Joang?” (August 8, 1992).
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ Ke lintho life tseo u ka li etsang ho e-na le ho intša kotsi ha u utloile bohloko maikutlong?
◼ U ka phetlela mang sefuba haeba u na le bothata ba ho intša kotsi?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]
HO THUSA MOTHO EA NANG LE BOTHATA BA HO INTŠA KOTSI
U ka thusa setho sa lelapa kapa motsoalle ea nang le bothata ba ho intša kotsi joang? Kaha motho ea intšang kotsi a ka ’na a hloka haholo-holo motho eo a ka mo phetlelang sefuba, u ka ba motho ea joalo. Leka ho ba “motsoalle oa ’nete . . . ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liproverbia 17:17) Ke ’nete hore qalong u ka ferekana ’me ua batla ho mo bolella hore a khaotse ho intša kotsi hang-hang. Empa mokhoa ona o ka ’na ua etsa hore motho ea nang le bothata a u koekoetle. Etsoe ho hlokahala ho fetang feela ho bolella motho hore a khaotse. Ho tla hloka temohisiso ho thusa motho ea intšang kotsi hore a ithute mekhoa e mecha ea ho sebetsana le mathata. (Liproverbia 16:23) Ho tla boela ho nke nako. Ka hona, e-ba le mamello. ‘Potlakela ho utloa, u liehe ho bua.’—Jakobo 1:19.
Haeba u mocha, u se ke ua nka hore u ka thusa motho ea intšang kotsi u le mong. Hopola hore e ka ’na eaba ho na le mathata a ipatileng kapa bokuli bo ka ’nang ba hloka phekolo. Hape motho ea intšang kotsi o beha bophelo ba hae kotsing—esita le haeba a sa rera ho ipolaea. Ka hona, e tla ba bohlale hore u khothalletse motho ea intšang kotsi hore a bolelle motho ea hōlileng, ea tsotellang, taba ena.
[Litšoantšo tse leqepheng la 19]
Le ka mohla u se ke ua khella tlaase matla a ho phetlela motho ea u ratang sefuba le bohlokoa ba thapelo