Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 19
  • Ke Hobane’ng ha ke Itšeha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ke Itšeha?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho itšeha ke eng?
  • Ke hobane’ng ha batho ba itšeha?
  • Haeba u na le bothata bona, u ka etsa’ng ho khaotsa?
  • Ke Hobane’ng ha ke Intša Kotsi?
    Tsoha!—2006
  • Se Entseng Hore ke Tlohele Mosebetsi o Hlamatsehang
    Tsoha!—2010
  • Nka Khaotsa Joang ho Intša Kotsi?
    Tsoha!—2006
  • Ha Mocha a Intša Kotsi
    Tsoha!—2013
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 19

BACHA BAA BOTSA

Ke Hobane’ng ha ke Itšeha?

  • Ho itšeha ke eng?

  • Ke hobane’ng ha batho ba itšeha?

  • Haeba u na le bothata bona, u ka etsa’ng ho khaotsa?

  • Puisano

  • Lipotso tseo u ka nahanang ka tsona

  • Mangolo a nkhothatsang

Ho itšeha ke eng?

Motho ea itšehang ke ea lemaletseng ho intša kotsi ka lintho tse sehang. Ke tsela e ’ngoe eo batho ba itematsang ka eona. Ba bang baa ichesa, ba intša matetetso kapa baa ikotla. Sehlooho sena se bua ka batho ba itšehang, empa melao-motheo e fanoeng mona e ea sebetsa le ho batho ba sebelisang mekhoa e meng ea ho intša kotsi.

Itlhahlobe: ’Nete kapa Bohata.

  1. Ke banana feela ba itšehang.

  2. Ha motho a itšeha, o tlōla taelo ea Bibele e ho Levitike 19:28, e reng: “Le se ke la iphatsa ’meleng.”

Likarabo tse nepahetseng:

  1. Bohata. Le hoja ho bonahala eka ke banana haholo ba nang le bothata bona, bashemane ba bang le bona baa itšeha le ho itematsa ka litsela tse itseng.

  2. Bohata. Levitike 19:28 e bua ka moetlo oa bohetene oa boholo-holo, eseng ho lemalla ho intša kotsi ho tšohloang sehloohong sena. Leha ho le joalo, ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore ’Mōpi oa rōna ea lerato ha a batle hore re intše kotsi.—1 Bakorinthe 6:​12; 2 Bakorinthe 7:1; 1 Johanne 4:8.

Ke hobane’ng ha batho ba itšeha?

Itlhahlobe: U nahana hore ke polelo efe e nepahetseng ho tsee?

Batho ba itšeha . . .

  1. hobane ba leka ho kokobetsa bohloko boo ba bo utloang maikutlong.

  2. hobane ba leka ho ipolaea.

Karabo e nepahetseng: A. Batho ba bangata ba itšehang ha ba batle ho shoa. Ba mpa ba batla ho kokobetsa bohloko boo ba bo utloang maikutlong.

Hlokomela seo bacha ba bang ba neng ba tloaetse ho itšeha ba se buang.

Celia: “Ho ne ho etsa hore ke ikutloe ke imolohile.”

Tamara: “Ho ne ho ntebatsa mathata. Bohloko boo ke neng ke bo utloa ’meleng, bo ne bo le betere ho feta boo ke neng ke bo utloa maikutlong.”

Carrie: “Ke ne ke sa batle ho sareloa. Ho itšeha ho ne ho etsa hore ke se ke ka nahana ka bohloko boo ke bo utloang maikutlong, empa ke nahane ka boo ke bo utloang ’meleng.”

Jerrine: “Nako le nako ha ke itšeha, ke ne ke lebala ka lintho tse etsahalang bophelong ba ka, ’me ke nka hore ho ke ke ha hlokahala hore ke rarolle mathata a ka. Ke ne ke thabela seo.”

Haeba u na le bothata bona, u ka etsa’ng ho khaotsa?

Ho rapela Jehova Molimo e ka ba mohato oa bohlokoa o ka u thusang hore u khaotse. Bibele e re: ‘Lahlela matšoenyeho ’ohle a hao ho eena, hobane oa u tsotella.’​—1 Petrose 5:7.

Tlhahiso: Qala ka ho etsa thapelo e khutšoanyane, mohlomong u ka re ho Jehova, “Ke kōpa u nthuse.” Ha nako e ntse e ea, u tla khona ho buisana le eena ka bolokolohi le ho bolella “Molimo oa matšeliso ’ohle” tsela eo u ikutloang ka eona.​—2 Bakorinthe 1:​3, 4.

Thapelo hase setšehetso sa nakoana feela. Empa ha u rapela u buisana le Ntate oa hao oa leholimo, ea u tšepisang hore: “Ka sebele ke tla u thusa. Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho la ka le letona la ho loka.”​—Esaia 41:10.

Batho ba bangata ba nang le bothata ba ho itšeha, ba boetse ba thusitsoe ke ho buisana le batsoali ba bona kapa motho e moholo eo ba mo tšepang. Nahana ka se builoeng ke bacha bana ba bararo ba ileng ba etsa seo.

Puisano

  • Diana ea lilemo li 21

  • Kathy ea lilemo li 15

  • Lorena ea lilemo li 17

U ne u le lilemo li kae ha u qala ho itšeha?

Lorena: Ke ne nka ba lilemo li 14, ha ke qala ho itšeha.

Diana: Ke ne ke le lilemo li 18, ’me ka linako tse ling ke qeta beke kapa tse peli ke itšeha letsatsi le leng le le leng ebe ka mor’a moo ke qeta khoeli ke sa itšehe.

Kathy: Ke qalile ha ke le lilemo li 14. Le hona joale ke ntse ke itšeha ka linako tse ling.

Ke eng e neng e etsa hore u batle ho ikutloisa bohloko?

Kathy: Ke ne ke e-na le bothata ba ho se ithate. Ke nahana hore ha ho na motho ea ka batlang ho ba motsoalle oa ka.

Diana: Ka linako tse ling ha ke utloile bohloko ke ne ke ferekana, ebe seo se etsa hore ke nyahame. Ke ne ke nyahama hoo ke sithabelang maikutlo. Ke utloa ke imetsoe hoo e neng eka ha ke itšeha ke tla imoloha.

Lorena: Ka linako tse ling ke ne ke ikutloa ke sithabetse, ke koatile kapa ke se na thuso. Ke ne ke ikutloa ke sa hloeka, ’me ke batla ho tlosa maikutlo ao a tepeletsang. Ka linako tse ling, ke ne ke nahana hore ke lokeloa ke bohloko boo ke bo utloang ’meleng.

Na ho ikutloisa bohloko ho ne ho u kokobetsa maikutlo?

Diana: E, ho ne ho a kokobetsa. Ha ke qeta ho itšeha ke ne ke ikutloa ke imolohile, ekare ho tlositsoe moroalo o boima mahetleng a ka.

Kathy: Ho tšoana le ho lla. Ke ne ke ikutloa ke le betere ha ke qeta ho itšeha, joalokaha batho ba bang ba ikutloa ba le betere ha ba qeta ho lla.

Lorena: Ha ke itšeha ho ne ho tšoana le ha ke phunya balune lesoba, ho kokobetsa maikutlo a ntepeletsang. Balune eo ha e thunye empa e ntša butle-butle maikutlo ao.

Na u ne u tšaba ho bolella motho e mong hore u ua itšeha?

Lorena: E, ke ne ke tšaba. Ke ne ke tšaba hore batho ba tla nahana hore kea makatsa. Hape ke sa batle hore ba tsebe se etsahalang bophelong ba ka.

Diana: Batho ba ne ba lula ba mpolella hore ke motho ea matla, ’me ke ne ke batla hore ba lule ba nahana joalo. Ke ne ke nahana hore ha nka kōpa thuso ke tla be ke bontša hore kea fokola.

Kathy: Ke ne ke tšaba hore batho ba tla nahana hore ke fapane hlooho, e leng se neng se tla ntšithabetsa le ho feta. Ho feta moo, ke ne ke nahana hore ha ke etse phoso ha ke itšeha.

Ke’ng e u thusitseng hore u khaotse ho itšeha?

Lorena: Ke ile ka bolella ’mè oa ka hore kea itšeha. Hape ke ile ka ea ngakeng, e ileng ea nthusa ho laola maikutlo a ntepeletsang. Ke ile ka ’na ka khibela ka makhetlo a ’maloa, empa ka thusoa ke ho ntlafatsa kemiso ea ka ea ho ithuta Bibele. Ke boetse ke kopanela ka mafolofolo tšebeletsong ea Bokreste. Mohlomong ke tla ’ne ke be le bothata ba ho ikutloa ke se na thuso, empa ha maikutlo a joalo a fihla, ke leka ho a hlōla.

Kathy: Ausi e mong oa Mokreste ea ntšieang ka lilemo tse leshome, o ile a hlokomela hore ke na le bothata, ’me qetellong ka mo phetlela sefuba. Ke ile ka makala ha a re le eena o kile a ba le bothata ba ho itšeha. Seo se ile sa etsa hore ke phutholohe ho buisana le eena kaha o ne a fetile boemong boo. Hape ke ile ka thusoa ke ngaka e ileng ea thusa batsoali ba ka hore ba utloisise tsela eo ke ikutloang ka eona.

Diana: Ka le leng mantsiboea ha ke chaketse banyalani ba bang bao ke ba tšepang, ntate oa teng o ile a hlokomela hore ke na le bothata. O ile a bua le ’na ka mosa ’me a mphehella hore ke ba bolelle bothata ba ka. Mosali oa hae o ile a nkopa ka mofuthu feela joalokaha ’mè a ne a etsa ha ke sa le monyenyane. Ke ile ka lla, ’me le eena a lla. Ho ne ho se bonolo ho ba bolella hore kea itšeha, empa kea thaba hore ebe ke ile ka ba bolella.

Bibele e u thusitse joang?

Diana: Bibele e nthusitse ho elelloa hore nka se khone ho loantša bothata bona ke le mong. Ke hloka thuso ea Jehova Molimo.​—Liproverbia 3:​5, 6.

Kathy: Ho bala Bibele le ho tseba hore molaetsa o ka ho eona o tsoa ho Molimo—ho ntšelisa haholo!​—2 Timothea 3:​16.

Lorena: Ha ke bala litemana tse nkamang maikutlo, ke li ngola fatše e le hore ke tle ke nahanisise ka tsona hamorao.—1 Timothea 4:​15.

Na ho na le temana eo ka ho khetheha e u thusitseng?

Diana: Liproverbia 18:1 e re: “Ea itšehlang thajana o tla batla tabatabelo ea hae ea boithati; o tla phasoloha khahlanong le bohlale bohle bo sebetsang.” Ka linako tse ling ke thatafalloa ho ba har’a batho, empa temana ena e nthusa ho hlokomela hore ho kotsi ho itšehla thajana.

Kathy: Litemana tse peli tsa Bibele tseo ke li ratang ke Matheu 10:29 le 31, moo Jesu a reng ha ho serobele le se seng se shoang Jehova Molimo a sa tsebe. O ile a phaella ka ho re: “Le se ke la tšaba: le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.” Esita le hona joale, ha ke bala mantsoe ao a nkhopotsa hore ke oa bohlokoa ho Jehova.

Lorena: Ke ananela mantsoe a ho Esaia 41:​9, 10, moo Jehova a reng ho batho ba hae: “Ha kea u lahla. U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena. . . . Ke tla u matlafatsa.” Mantsoe a litemaneng tsena a etsa hore ke nahane ka lerako leo ho seng letho le ka kenang ho lona. Aa nkhothatsa hobane kea tseba hore Jehova o oa nthata le hore o tla lula e-na le ’na.

Lipotso tseo u ka nahanang ka tsona

  • Ke mang eo u ka buang le eena ha u hloka thuso?

  • U ka re’ng thapelong ho Jehova Molimo ha u mo bolella bothata ba hao?

  • Ke lintho life tse peli (tse sa hlokeng hore u intše kotsi) tseo u ka li etsang ho kokobetsa maikutlo ha u sithabetse le ha u tšoenyehile?

Mangolo a nkhothatsang

Tlhahiso: Ha u fumana temana ea Bibele e u tiisetsang hore Jehova o oa u rata kapa e u thusang hore u italime ka tsela e loketseng le hore u se ke ua nyahamisoa ke liphoso tseo u li entseng, e ngole fatše. Ngola polelo kapa tse peli ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha u nka temana eo e le ea bohlokoa. E le ho u thusa ho etsa seo, nahana ka a mang a mangolo a ileng a thusa Diana, Kathy le Lorena ho etsa seo.

  • Baroma 8:​38, 39

    “Litemana tsena li mpontša hore Jehova o oa nthata, esita le ha ke bona eka ha ho sa na thuso.”​—Diana.

  • Pesaleme ea 73:23

    “Litemana tse kang ena li ntiisetsa hore ha ke mong. Ke utloa eka Jehova o lehlakoreng la ka.”​—Kathy.

  • 1 Petrose 5:​10

    “Bothata bo ka ’na ba se ke ba raroloha hang-hang; re ka ’na ra tlameha ho bo mamella ‘ka nakoana.’ Leha ho le joalo, qetellong Jehova a ka re matlafatsa e le hore re mamelle bothata leha e le bofe.”​—Lorena.

Mangolo a mang ao u ka nahanang ka ’ona

  • Pesaleme ea 34:18

  • Pesaleme ea 54:4

  • Pesaleme ea 55:22

  • Esaia 57:15

  • Matheu 11:28, 29

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela